Molaetsa wa moPoresidente Cyril Ramaphosa ka dikgato tse ding tsa moruo le kahisano karabelong ya sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso,


E se e le matsatsi a 25 haesale Afrika Borwa e qadile ho kgina metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, e le ho thibela ho ata ha kokwanahloko ya corona.


Ho kginwa hona ho le qositse hore le be le mokoka le mamello.


Ho le sotlile haholo hoo ho ileng ha hlokeha hore le intshe sehlabelo.


Ke pheta mantswe a ka ke re, ke le rolela kgaebana ebile ke a le leboha.


Sewa sena sa kokwanahloko ya corona se sithabeditse maphelo a lona sa ba sa ruthutha le moruo wa rona.


Sefutho sa yona se tla tswelapele ho thefulaka le dibekeng le dikgweding tse tlang.


Sewa sena se bakile tahlehelo ya hanghang ya kuno ya dikgwebo le batho ka bomong ka ho tshwanang, se tebisitse bofuma sa ba sa eketsa tlala.


Dikgato tse potlakileng ebile e le tse bonahalang tseo re di nkileng ho diehisa ho ata ha kokwanahloko ena, di ne di hlokeha ruri.


Di re file monyetla wa ho arabela ka bokgabane ho eketseheng ho ke keng ha qojwa habobebe ha ditshwaetso, esita le ho pholosa maphelo a diketekete tsa batho.


Leha ho kginwa hona ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara ho na le ditlamorao tse bosula moruong wa rona, tseo ha se letho papisong le masisapelo a neng a ka etsahala bathong, kahisanong le moruong, haeba kokwanahloko ena ya corona e ne e ka ata hara setjhaba sa habo rona e sa natswa.


Borasaense ba tsa bongaka hammoho le dingaka tsa habo rona ba re tsebisitse hore re sa le mosikong wa sewa sena.


Ntle le meriana e netefaditsweng ya pheko kapa ya diente, re ka lebella hore sewa sena se tla tswelapele e ntse e le bothata haufinyane.


Ntlha ya rona ya bohlokwa e ka sehloohong jwale ke ho matlafatsa bokenadipakeng bo hlokehang ba ho thibela le ho diehisa ho ata ha bohloko bona, esita le ho pholosa maphelo a batho.


Ho fihlela jwale, kokwanahloko ena ya corona e se e bolaile bonnyane ba batho ba 58 naheng ya rona.
Ena ke tahlehelo eo re tla e ilela, hobane re tseba mahlonoko le masetladibete ao baratuwa ba bona ba leng ho ona.


Ho tswa ditekong tse kahodimo ho 126 000 tse entsweng, ho netefaditswe hore ditshwaetso tse teng tse hlwailweng di 3 465.


Batho ba kahodimo ho 2 milione ba se ba hlahlobilwe dibakeng tse fapaneng naha ka bophara, mme ho bona, ba kahodimo ho 15 000 ba fetiseditswe moo ba ilo etswa diteko teng.


Ntho enngwe e tsamaisanang le mekutu ena e neng e sa lebellwa ya tsa bophelo bo botle ba setjhaba, ke dikgato tsa ho baballa maphelo tseo re di nkang, e le ho leleka tlala le bofumanehi esita le ho bea moruo wa rona motjheng wa tsosoloso.


Phirimaneng ena, ke batla ho bua le lona ka karabelo ya rona moruong le kahisanong, mabapi le tshohanyetso ena ya tsa bophelo bo botle lefatsheng lohle.


Sewa sena se batla karabelo ya moruo e tla lebahanya thebe le tshenyo ena eo se e bakang.


Karabelo ya rona moruong e ka arolwa ka mekgahlelo e meraro.


Mokgahlelo wa pele o qadile mahareng a Tlhakubele ha re ne re phatlalatsa sewa sa kokwanahloko ya corona e le koduwa ya naha.


Sena se ile sa akga dikgato tsa lethathama le batsi la ho bebofatsa ditlamorao tse mpempe dikgwebong, setjhabeng le bathong ka bomong.


Dikgato tsena di ne di akga kimollo lekgethong, ho ntshuwa ha ditjhelete tsa kimollo ya dikoduwa, phumantsho ya tshohanyetso, tshehetso ya meputso ka Letlole la Inshorense ya ho fellwa ke Mesebetsi (UIF) esita le ho thusa dikgwebo tse nyenyane ka tjhelete.


Jwale re kene mokgahlelong wa bobedi wa karabelo ya rona ya ho tsitsisa moruo, ho rarolla bothata ba nyotobelo e kgolo diphepelong le ditlhokong esita le ho pholosa mesebetsi.


E le karolo ya mokgahlelo ona, phirimaneng ena re tsebisa ka kimollo ya setjhaba ya tonanahadi hammoho le tshehetso ya moruo ya R500 bilione, e leng sekepele se ka etsang 10% ya Palo yohle ya Boleng ba Dihlahiswa tsa Naha (GDP).


Mokgahlelo wa boraro ke mawala a moruo ao re tla a kenya tshebetsong hore a sututse tsosoloso ya moruo wa rona ha naha e bitoha kahara tebetebe ya sewa sena.


Setsiketsing sa mawala a tsosoloso ya moruo e tla ba dikgato tseo re tla tsepama ho tsona, e le ho kgothaletsa patleho le phepelo ka bokenadipakeng bo kang ba lenaneo la kaho e toma ya meralo ya motheo, ho kenngwa tshebetsong ho potlakileng ha ditlhabollo tsa moruo, ho fetolwa ha moruo wa rona esita le ho tsitlallela dikgatong tse ding tsohle tse tla hotetsa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle.

Re tla e talola taba ena matsatsing a tlang.


Nakong ya matsatsi a mmalwa a fetileng, re ne re bontshana le ba bangatanyana ba amehang.


Re ile ra teana le ba kgwebo, basebetsi le lebatowa la setjhaba la Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le tsa Bosebetsi (NEDLAC).


Re ile ra teana le Ditonakgolo, Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso (bo-MEC) le Bomajoro ba Ditoropo tse Kgolo hammoho le ditho tsa Lekgotla la Boeletsi ba Moruo la Moporesidente.


Kamora dikopano tsena, Kabinete e nketse ditshisinyo tse fapaneng hloohong ya ba ya phethela pokello ya tshehetso ya kimollo ya setjhaba le moruo, e tsepameng setsiketsing sa mokgahlelo wa bobedi wa karabelo ya rona moruong.

Sena se amana le:

Ya pele, ke bajete e toma ya bophelo bo botle ya ho arabela kokwanahlokong ena ya corona,

Ya bobedi, ke ho inola setjhaba tlaleng le matshwenyehong,

Ya boraro, ke tshehetso ya dikhamphane le basebetsi,

Ya bone, ke ho bulwa botjha ha mapatlelo a moruo butlebutle.

Sekgahla sa kokwanahloko ya corona se hloka bajete ya tonanahadi ya kokwanahloko ya corona, e ka bang R500 bilione, e le ho lebisa mehlodi motjheng wa twantsho ya sewa sena.


Sena se tla akga kabobotjha ya tjhelete e kaalo ka R130 bilione kahara bajete e teng jwale.


Ditjhelete tse ding tsohle di tla kgwahlapiswa mehloding ya kwano lapeng, e kang UIF, le ho balekane ba lefatshe lohle hammoho le ho ditheo tsa ditjhelete tsa matjhaba.


Ho fihlela jwale ho se ho builwe le Banka ya Lefatshe, Letlole la Ditjhelete tsa Matjhaba, Banka e Ntjha ya Ntshetsopele ya BRICS le Banka ya Ntshetsopele ya Afrika, mme di sebetsa le Lefapha la Matlotlo a Naha ka dikananyo tse fapaneng tsa ditjhelete.


Tse ding tsa ditheo tsena di se di theile dipokello tsa ditjhelete tse reretsweng ho thusa dinaha tse tshwanelehileng tse jwaloka rona, e le ho rarolla maqakabetsi a kokwanahloko ena ya corona.

 

Tabeng ya pele, tjhelete ena e tla sebedisetswa ho thusa karabelong ya bophelo bo botle mabapi le kokwanahloko ya corona.
Sekepele sa R20 bilione se tla lebiswa tharollong ya mekutu ya rona ya ho lwantsha sewa sena.


Haeba re batla ho e laola ka katleho taba ya keketseho e lebelletsweng ya ditshwaetso re be re netefatse hore e mong le e mong ya batlang kalafo o a e fumana, re tlameha ho eketsa tjhelete bakeng sa disebediswa tsa ho itshireletsa tsa basebetsi ba bophelo bo botle, tlhahlobisiso ya setjhaba, keketso ya bokgoni ba ho etsa diteko, ho eketsa dibethe dipetlele, difehlamoya, ditlhare le basebetsi ka kakaretso.


Ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho thefutse pokello ya kuno ya bomasepala ka nako eo ditlhoko tsa yona di eketsehileng haholo.


Tjhelete enngwe hape e kaalo ka R20 bilione e tla fuwa bomasepala bakeng sa phano ya phepelo ya tshohanyetso ya metsi, tlhwekiso e eketsehileng ya dipalangwang tsa setjhaba le disebediswa tse ding, esita le ho fana ka dijo le bodulo ho baleleri.


Dintlha tse tebileng di tla tsebahatswa bajeteng e otlollotsweng e tla tekwa ke Letona la tsa Ditjhelete. Ntho enngwe ya bohlokwa e hlokang keketso ya seshwaihadi sa tjhelete, ke ya ho inola setjhaba tlaleng le matshwenyehong dibakeng tsa rona naha ka bophara.


Leha re kentse tshebetsong mekgwa ya ho sireletsa meputso ya basebetsi ba ditheong tse ngodisitsweng ka molao re bile re nanabeditse tshehetso dikgwebong tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolwanyane (di-SMME), ho na le dimilione tsa Maafrika Borwa a mesebetsing e sa ngodiswang ka molao le bao ba sa sebetseng ho hang, mme bana ba hula ka falese hore ba iphedise.


Bofuma le kgaello ya dijo di tebile ka mokgwa o bonahalang ka nako ya dibeke tse mmalwa feela.
Hore re tle re kgone ho fihlella malapa ao a tlokotsing ka ho fetisisa naheng ena, re nkile qeto ya hore re fane ka ditsiane tsa nakwana ka dikgwedi tse tsheletseng nakong ena ya kokwanahloko ya corona.

Re tla lebisa R50 bilione kimollong ya mathata a bao ba anngweng ke kokwanahloko ya corona ka ho fetisisa.


Sena se bolela hore ba amohelang tjhelete ya bana ba tla ekeletswa ka R300 ka Motsheanong, athe ho tloha moo ba tla ekeletswa ka R500 kgwedi le kgwedi ho tloha ka Phuptjane ho ya ho Mphalane.


Ba bang bohle ba amohelang ditsiane tsa mmuso ba tla ekeletswa ka R250 ka kgwedi nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tse tlang.

Ho feta moo, ho tla lefshwa ditsiane tse kgethehileng tsa Kimollo ya Setjhaba Matshwenyehong a COVID-19 tsa R350 ka kgwedi nakong ya dikgwedi tse tsheletseng, bathong bao ha jwale ba sa sebetseng ho hang ba bile ba sa amohele ditsiane tsa mofuta ofe kapa ofe, ba bile ba sa fumane le tefo ya UIF.


Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tla fana ka dintlha tsohle tse hlokehang tsa ho etsa kopo le ho fumana tjhelete ena.


Re se re e ananetse taba hore bokgoni ba mmuso ba ho nanabetsa dijo, ha bo lekane tlhokeho ena e kgolo e ropohileng haesale ho ne ho qale sewa sena.


Matsatsing a mmalwa a tlang Akgente ya Tshireletso ya Setjhaba ya Afrika Borwa (SASSA) e tla kenya tshebetsong tharollo e sebetsang ka sefutho sa theknoloji ya ho nanabetsa diphallelo tsa dijo ka divaotjhara le phetisetso ya tjhelete, e le ho netefatsa hore thuso e fihlella ka potlako le ka bokgabane ho bao ba e hlokang.


Ho feta moo, e le ho kwala sekgeo sa tlhokeho hanghang, Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tshwarana ka matsoho le Letlole la Tshehetsano, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso (di-NGO) le mekgatlo ya setjhaba ho aba diphuthelwana tsa dijo tse 250 000 ho pharalla le naha, ka nako ya dibeke tse pedi tse tlang.


Re tshwenyehile haholo ke ho utlwa ditlaleho tsa batho ba kgopo ba sebedisetsang kabo ena ya dijo le diphallelo tse ding ho etsa bonyofonyofo.


Ha re ka ke ra qeaqea ho netefatsa hore bao ba tjhang ba tshola diketsong tse jwalo ba tjamelana le potomane ya molao.


Leha ho na le makgobonthithi a mangatanyana a seng a le teng mmusong a bokenadipakeng ba ho henahenana le leqeme le hodimo la mesebetsi, a kang a Lenaneo le Atollotsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le a Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba (CWP), tsena ha di a lekana.


Koduwa ya kokwanahloko ya corona e tla baka tahlehelo ya mesebetsi bathong ba bangata.


Keketso ya R100 bilione e tla beellwa ka thoko bakeng sa ho sireletsa le ho thea mesebetsi.

Haesale ho tloha ha ho ne ho phatlalatswa boemo ba koduwa ya naha nakong e kahodimo ho kgwedi e fetileng, mmuso o se o kentse tshebetsong dikgato tse ngatanyana tsa ho tshehetsa meputso ya basebetsi le ho thusa dikhamphane tse tebetebeng.
Ha la kajeno le dikela, melemo e kgethehileng ya COVID-19 ya UIF e ne e se e lefile R1.6 bilione, e thusang dikhamphane tse kahodimo ho 37 000 le basebetsi ba kahodimo ho 600 000.


R40 bilione ya ditefo tsa tshehetso ya kuno e se e beelletswe ka thoko bakeng sa basebetsi bao bahiri ba bona ba sa kgoneng ho ba lefa meputso ya bona.

Re tswelapele ho fana ka diphallelo ka mokgwa wa dikadimo tsa ditjhelete, wa dithuso tsa ditjhelete le wa tlhophobotjha ya mekitlane ya di-SMME, beng ba di-spaza le dikgwebo tse ding tsa baitshokodi.


Ho fihlela kajeno, boleng ba diphallelo tsena bo kahodimo ho R100 milione.


Keketso ya tjhelete ya R2 bilione e tla fumantshwa, e le ho phallela di-SMME le beng ba di-spaza esita le dikgwebo tse ding tse nyenyane.


Sesebediswa sa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) sa ho tshehetsa dikhamphane hore di fumane kapa di hlahise disebediswa tsa boitshireletso, se se se sebedisitswe dibekeng tse mmalwa tse fetileng, mme ho na le tjhelete e kaalo ka R162 milione e seng e ananetswe ho fihlela jwale.


Mekgwa e meng ya tshehetso e se e nanabeditswe ho banono, baatlelete le basebetsi ba setekgeniki, esita le bao ba obelang dilahlwang le ba nkang seabo mesebetsing ya setjhaba e lekaleng la tsa tikoloho.


Leha mekgwa ena e fana ka kimollo e bonahalang dikhamphaneng tse ngata le basebetsing ba bangata, ho totobetse hore ho na le tlhokeho ya tonanahadi mapatlelong ohle a moruo.


Kahoo, re tla lelekela tlhophiso ya R200 bilione ya tiisetso ya dikadimo tsa ditjhelete ka selekane le dibanka tse kgolo, le Lefapha la Matlotlo a Naha esita le Banka ya Risefe ya Afrika Borwa (SARB).


Sena se tla thusa dikgwebo ka ditjeo tsa tshebetso tse kang ho lefa meputso, rente le bafepedi ba bang.


Mokgahlelong wa sethatho, dikhamphane tse nang le kuno e katlase ho R300 milione ka selemo di tla fumana tokelo yah o thuswa.


Ho lebelletswe hore tlhophiso ena e tla tshehetsa difeme tse kahodimo ho 700 000 le basebetsi ba kahodimo ho 3 milione nakong ena e thata.


Dibanka tse ngatanyana di se di le malalaalaotswe ho fana ka thuso ena pele kgwedi e fela.


Mmuso o boetse o sebeletsa ho fumana mekgwa e eketsehileng ya tshehetso bakeng sa makala a amehang a tlokotsing, a kang indasteri ya ditekesi.


E le ho eketsa hodima mekgwa e seng e le teng ya kimollo lekgethong, re tla boela re lelekela phomolo ya dikgwedi tse nne bakeng sa dikhamphane tse lefang lekgetho la ntshetsopele ya boqhetseke, re be re potlakise dipuseletso tsa lekgetho la theko (VAT) le tiehiso ya dikgwedi tse tharo bakeng sa ho lefa lekgetho esita le yona tefo ya pele ya lekgetho la khabone.

 

E le ho thusa dikgwebo tse ngata, moolwane wa nako e fetileng wa kuno bakeng sa ditlhophobotjha tsa lekgetho o eketswa ho ya ho R100 milione ka selemo, mme tefo ya sekepele sa lekgetho la meputso (PAYE) le ka hlophiswang botjha, e tla eketswa ho ya ho 35%.


Dikgwebo tse nang le kuno e kahodimo ho R100 milione ka selemo di ka etsa kopo ka kotloloho Tshebeletsong ya Pokello ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS), moo ho tla shejwa maemo a kgwebo kanngwe bakeng sa ditlhophobotjha tsa ditefo tsa lekgetho la tsona.


Ha ho dikotlo tse tla ba teng bakeng sa ditefo tse diehileng ho kenngwa, ha feela ba ka hlahisa bopaki ba hore ba ne ba le tebetebeng nakong ena ya koduwa.


Balefi ba lekgetho ba kenyang letsoho Letloleng la Tshehetsano, ba tla kgona ho tseka phokoletso e eketsehileng e fihlellang ho 10% lekgethong la bona la kuno.


Palo yohle dikgatong tsena tsa lekgetho, e tshwanela ho fana ka bonnyane ba R70 bilione ya kimollo ya tjhelete kapa ya ditefo tse yang ka kotloloho dikgwebong le bathong ka bomong.


Letona la tsa Ditjhelete le tla fana ka dintlha tse ding tse tebileng mabapi le ditaba tsena le ditsebiso tse ding tse amanang le lekgetho.


Ho kenngweng tshebetsong ha dikgato tsena tsohle, re ikemiseditse ho netefatsa hore basadi, batjha le batho ba holofetseng ba fumana lereko le tshehetso.


SARB e se e entse seabo sa bohlokwa sa ho tshehetsa moruo wa sebele.


E ipapisitse le matla ao e a apesitsweng ke Molaotheo, SARB e fokoditse sekgahla sa tswala ka dintlha tse 200, e leng ketso e utollotseng bonnyane ba R80 bilione moruong wa sebele, le ho nka dikgato tse ding tsa ho fana ka phihlello ya tjhelete ka potlako mekgwatsamaisong ya tsa ditjhelete.


Dibanka tse ngatanyana tse kgolo le dikhamphane tsa inshorense di se di thusitse mekutung ya kimollo moruong, ka ho diehisa kapa ho fokotsa sekepele sa tefo ya kgwedi le kgwedi, ho fana ka kimollo ya mekitlane, le ho tlohela ditefiso tsa ditjeo tsa dibanka bakeng sa ba kgolang ditsiane tsa mmuso.


Karolo ya bone eo Kabinete e nkileng qeto ka yona ke pulobotjha ya mapatlelo a moruo butlebutle.


Re tla latela mokgwa o seng kotsi hakaalo wa ho kgutlela tshebetsong e mahlahahlaha ya moruo, re tsitsise maemo dipakeng tsa tlhokeho e tswelang pele ya ho kgina ho ata ha kokwanahloko ya corona hammoho le tlhokeho ya ho busetsa batho mesebetsing.


Jwaloka ha ke boletse pejana, haeba re fedisa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha kapelepele kapa ha bohlaswa, re ipea kotsing e mpehadi ya ho ropohabotjha ho ke keng ha laoleha ha bohloko bona.


Kahoo, re tla latela mokgwa o kenngwang ka mekgahlelo, re tataiswa ke bopaki bo teng bo botle ka ho fetisisa ba saense, ba hore re di nyehlise hanyane hanyane dithibelo tsa ho kgutlela tshebetsong e mahlahahlaha ya moruo.


Ha re ntse re etsa jwalo, re tla dula re lomahantse meno boikitlaetsong ba rona ba ho thibela tshwaetseho ya kokwanahloko ena.

Kahoo, re tla tshwanela ho tlola matjato dibekeng le dikgweding tse tlang, re be re arabele maemong ho ya kamoo a etsahalang ka teng.


Ka Labone, ke tla bua le setjhaba ka dikgato tse tla nkuwa tsa ho bula mapatlelo a moruo botjha, ha ho se ho fedile ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.


Koduwa ena ha e na ho dula e le teng ka ho sa feleng, mme le tla fihla letsatsi leo ka lona ho sa tlo hlola ho hlokeha dikgato tsena.


Ho fihlela ka nako eo, re tlameha ho netefatsa hore batho bohle ba habo rona ba fumana tshehetso e lekaneng. Sefutho sa lenaneo lena la kimollo ya tshohanyetso se entse nalane.


Se a bontsha hore ha re ka ke ra senya matsapa afe kapa afe, kapa tjhelete efe kapa efe, boikitlaetsong ba rona ba ho tshehetsa batho ba habo rona esita le ho ba sireletsa hore ba se ke ba lemala.


Re tla etsa, ebile re a tlameha ho etsa kahohlehohle hore re tswe tebetebeng ena ya tlokotsi ya batho, ya kahisano le ya moruo.

Naha ya habo rona hammoho le lefatshe leo re phelang ho lona, di tla fetohela ruri.


Re ikemiseditse hore re se ke ra busetsa feela moruo wa rona moo o neng o le hona teng, empa re hahamalle pele hape le ka moruo o motjha wa lefatshe lohle le letjha la sebele.


Mawala a moruo wa rona ha ho ntse ho hatelwa pele, a tla hloka selekane se setjha sa setjhaba ho bohle ba nkang seabo, e leng ba kgwebo, basebetsi, setjhaba le mmuso, ho hlopha moruo botjha le ho fihlella kgolo e kenyeletsang bohle.


Ho ahelleng hodima tshebedisanommoho e ntseng e thewa hara balekane bohle ba setjhaba nakong ena ya koduwa, re tla akofisa ditlhabollo tsa moruo tse hlokehang e le ho fokotsa ditjeo tsa ho etsa kgwebo, ho kgothaletsa tlhahiso ya kwano lapeng le kaho ya diindasteri, ho ntjhafatsa kahohlehohle dikgwebo tseo e leng tsa mmuso le ho matlafatsa lekala la baitshokodi.

Re tla thea selekane sa phetolo e potlakileng ya moruo, se netefatsang se bile se ntshetsa pele boemo ba moruo ba basadi, batjha le batho ba holofetseng, se tla etsa hore ditoropo tsa habo rona, ditorotswana, metsana le dibaka tsa mahaeng e be ditsi tse mahlahahlaha tsa moruo o tjhatsi.


Moruo wa rona o motjha o tlameha ho thewa hodima tlhokeho ya leeme, matlafatso, toka le tekano.


Moruo ona o tlameha ho sebedisa tsohle tseo re nang le tsona tsa mohlodi o mong le o mong, bokgoni bo bong le bo bong esita le bosibolli bo bong le bo bong tshebeletsong ya setjhaba sa naha ena.


Moruo wa rona o motjha o tlameha ho bula menyako o be o fane ka menyetla e metjha.


Kgweding e fetileng, Maafrika Borwa a ile a bulelana dipelo.


Esita le mothating ona moo sehlabelo se seholo hakaalo se batlehang ho rona, re lelaleditse mahlo a rona bokamosong bo betere ka tshepo e toma.


Esita leha re iphumana re le kotsing e kgolo, esita leha dihlabelo tse kgolo di hlokeha, esita leha re ke ke ra dumella phadimeho ya rona ho sisinyeha, re lelaleditse mahlo a rona pele bokamosong bo betere.


Ke na le tshepo e kgolo ka matla le ho tsoha molota ha Maafrika Borwa, a ileng a bontsha kgafetsa kgafetsa nalaneng yohle ya rona, hore a ka lebahanya thebe le diqholotso dife kapa dife.


Re tla phahama.


Re tla hlola.


Re tla hlamasela.


A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o sireletse le setjhaba sa yona.


Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore