Thuso ho maAforika Borwa haeba lefu le ka hlahela motho a le mose

Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba ka tshebedisanommoho le mafapha a bodiplomate kapa a dikhonsulara a mose, a fana ka thuso ya ditlhophiso le keletso ho ba leloko haeba lefu le ka hlahela moAforika Borwa mose.

Thuso e kenyeletsa:

  • phumantsho ya tumello ya ho tlisa setopo lapeng ho Lefapha la Bophelo bo Botle
  • ho o teanya le ditho tsa lapa la mofu le batsamaisi ba mafu ba tshepahalang naheng eo lefu le hlahetseng ho yona
  • phumantsho ya ditjeho bakeng sa ho tsamaisa setopo le/kapa ho tjheswa le/kapa ho bolokelwa moo, haeba ba leloko ba kopa jwalo
  • phumantsho ya tlhahisoleseding mabapi le maemo le ditsamaiso tsa moo tse amang mofu. Ho tshwanela hore ho dulwe ho hopolwa hore mokgwa oo motho a shwang ka ona o na le kamano le ka moo ba ka sehloohong tulong eo ba sebetsanang le taba ena.

Haeba mofu a ne a na le inshorense ya maeto, e ikopanye le ba inshorense pele ho netefatsa haeba mofu o na le tshireletso ya lefu e bang a hlokahala. Mmuso wa Aforika Borwa ha o fane ka thuso ya ditjhelete efe kapa efe mabapi le lefu la maAforika Borwa a timellang mose.

Bala ka lesedi le fetang lena mabapi le thuso e teng haeba moAforika Borwa a shwella mose. Hape o ka ikopanya le Moemedi wa Aforika Borwa ya mose kapa Lefapha la Bophelo bo Botle nomorong ena 012 395 8000.

 

Share this page