Keletso bakeng sa maAforika Borwa a etelang mose

Ha o etela mose, melao ya naha ya boditjhaba e sebetsa ho e mong le e mong. MaAforika Borwa ha a qhelelwa ka thoko molaong wa moo baditjhabeng mme a keke a fumana tshwaro e ikgethang.

Batlisisa ka ha moo o yang teng, o tsepamisitse maikutlo hodima dintlha tsa tshireletso ya hao, polokeho, bophelo bo botle, phallo, melawana ya madiboho le ho tshela. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho ikopanya le moemedi wa Aforika Borwa wa bodiplomate kapa bokhonsulara mme o dule o tshwere dintlha tsa ho iteanya le wena le tsa baheno ka dinako tsohle.

Fumana dintlha tse batsi ka ho etela mose, kapa o ikopanye le Bolaodi bo ka Sehloohong ba Ditshebeletso tsa Bokhonsulara.

 

Share this page