Ho ngodiswa ha MaAforika Borwa Mose

Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba (DIRCO) le fana ka tshebeletso ya boithaopo ya boingodiso bakeng sa baahi ba Aforika Borwa ba etelang kapa ho dula mose. Tshebeletso ena ho fanwa ka yona haeba ho ka ba le lebaka la hore o batlehe bakeng sa keletso e potlakileng mabapi le koduwa ya tlhaho kapa merusu ya badudi kapa mabaka a tshohanyetso lapeng.

Tlhahisoleseding eo ho fannweng ka yona ka tsela ya foromo ya boingodiso ya marangrang a ROSA e ka sebediswa ke Lefapha ho:

  • ikopanya le baahi ba Aforika Borwa le malapa a bona bakeng sa sepheo sefe kapa sefe se hlokahalang, seo e ka bang se tshwaneleha.
  • netefatsa tshireletso le ho phela hantle ha baahi ba Aforika Borwa ba mose mme le hore ho nehelanwe ka thuso ho bona.

Ingodise ka marangrang a ROSA.DIRCO e sebedisa mokgwa wa Tshireletso wa Khompyuta (SSL) le theknoloji ya lebota la khompyuta ho tshireletsa tlhahisoleseding ya hao.

 

Share this page