Mokgwa wa ho ngodisa koloi ya motho ya hlokahetseng kapa koloi e hapilweng ke banka

O tlameha ho ngodisa koloi ya motho ya hlokahetseng kapa koloi e hapilweng ke banka tlasa lebitso le letjha setheong sa heno se haufi sa ngodiso. Nehelana ka dintho tse latelang:

  • Tokomane ya boitsebiso ya RSA;
  • Haeba o sena tokomane ya boitsebiso ya RSA:
    • Tokomane ya boitsebiso e fanweng ke naha e nngwe kapa
    • Lengolo la nomoro ya ngodiso ya sephethephethe
  • Lengolo la kenyelletso kapa phetolo ya lebitso haeba koloi e tlo ngodiswa tlasa khamphani
  • Polelo ya theho kapa lengolo la phetolo ya lebitso haeba koloi e tlo ngodiswa tlasa khamphani e kwetsweng
  • Haeba koloi e ngodisitswe tlasa lebitso la motho ya hlokahetseng, lengolo la phethahatso ho tswa ho mophethahatsi ya kgethilweng
  • Haeba koloi e hapilwe ke banka, taelo ya lekgotla kapa tokomane ya nehelano ya boithaopo e tekennweng ke monga yona, kapa afidafiti e ngotsweng ke monga koloi.

Tlatsa foromo ya kopo (foromo ya MVR1A kapa RLV)

Ithute haholwanyane ho websaete ya eNaTIS.

Who to contact

 

Published Date

Share this page