Mekgatlo ya Tshireletso ya Mollo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka theho ya Mokgatlo wa Thibelo ya Mollo

O ka qala Mokgatlo wa Thibelo ya Mollo bakeng sa ho thibela le ho tima mollo wa naha sebakeng seo o dulang ho sona ebang:

  • o le mong wa sebaka
  • o le mohiri
  • o le Ofisiri ya Tsamaiso lekgotleng la selehae
  • naha ya Mmuso e behilwe ka tlasa taolo ya hao (hokenyeletswa sebaka sa Sesole sa Aforika Borwa)
  • o hlokometse sebaka ka tlasa ditaelo tsa Lekgotla le Phahameng.

O tlameha ho dula tulong e:

  • hlaselwang ke mollo wa naha kgafetsa kapa
  • kotsing  ya mollo wa naha kapa
  • nang le moru kapa dimela.

O ka se thehe mokgatlo ka bo wena. Le tlameha ho ba sehlopha sa batho ho ya ka dipehelo tse ka hodimo, ba dulang sebakang se le seng.

Maikarabelo a lona jwaloka Mokgatlo wa Thibelo ya Mollo e tla ba ho:

  • qapa le ho kenya tshebetsong maano a ho sebetsana le mollo wa naha sebakang sa hao
  • qolla maemo a tlhaho a ka bang sesosa sa mollo
  • tsebisa ditho tse sebakeng sa hao ka sekgahla sa dikotsi tsa mollo
  • hlophisa le ho kwetlisa ditho tse sebakeng sa hao ho tima, ho hlokomela le ho thibela mollo
  • nehela Letona la Temothuo, Meru le Botshwasi dipalopalo ka tsa mollo wa naha sebakang sa hao
  • fana ka tlhahisoleseding e hlokwang ke Letona bakeng sa ho thibela mollo wa naha

O lokela ho etsang

  1. Hlophisa kopano le batho ba nang le kgahleho mme ba ena le bokgoni
  2. Ebang ho se ho ena le tshebeletso ya tsa mollo, o tlameha ho ba ngolla tsebiso ya hore o batla ho qala mokgatlo wa thibelo ya mollo mme o memele  Ofisiri ya Sehloho ya tsa Mollo kopanong.

    Boloka diketsahalo tsa kopano, mme di tlameha ho hlahisa tse latelang:

    • Hore ho bile le tumellano ya bohle bakeng sa ho thehwa ha mokgatlo wa thibelo ya mollo
    • Palo ya batho ba dumellanang le ho thehwa ha mokgatlo
    • Palo ya batho ba kgahlanong le ho thehwa ha mokgatlo; le
    • Palo ya batho ba kgethileng ho se nke karolo tabeng ya ho thehwa ha mokgatlo.
  3. Ngola le ho tekena tumellano e hlalosang hore o setho sa mokgatlo
  4. Kgetha modulasetulo le lekgotla la tsamaiso
  5. Reha mokgatlo wa thibelo ya mollo lebitso le tlhaloso ya sebaka
  6. boloka mabitso a ba tlileng le dintlha tsa ho ikopanya le bona tse kenyeletsang aterese ya poso ya batho bohle.
  7. Hula mme o romele Foromo ya 1 ka tlasa diforomo tse tlatswang bakeng sa tumello ya DAFF.
  8. Ha DAFF e amohela kopo ya hao o tlameha ho tswela pele ka ho hula Foromo ya 2 mme o hlomathise tse latelang:
  • diketsahalo tsa kopano
  • molaotheo wa FPA le
  • morero wa kgwebo wa FPA, e kenyeletsang tshebediso ya maano le melao ya tsa mollo wa naha.

Nako ya tshebetso

Ha ho na nako e behilweng

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala

Diforomo tse tlatswang

Forms are available from the Department of Forestry, Fisheries and the Environmentvvvv
 

Dintlha tsa ho iteanya

 

Department of Forestry, Fisheries and the Environment

Tel: 012 319 6000 

Forestry Regulation & Oversight

Mr AR .Madula  

Tel: 012 309 5710

 

Fax: 012 309 5840

 

E-mail address: RennyM@daff.gov.za

Share this page