Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi

Basebedisi kaofela ba metsi ba lokela ho ingodisa le Lefapha la Merero ya Metsi. O lokela ho ingodisetsa ho sebedisa metsi ha o sa fumane metsi ho tswa ho moabi wa tshebeletso, masepala wa lehae, lekgotla la metsi, lekgotla la nosetso, sekema sa metsi sa mmuso kapa ho baabing ba bang ba metsi a maholo, mme ba sebedisa metsi bakeng sa ho:

  • nosetsa
  • a sebedisetsa ho rafa
  • a sebedisa indasetering
  • phepong e kgolo, kapa
  • maemong a Tumello e Akaretsang.

Nakong e tlang, ha basebedisi ba metsi ba lokela ho etsa kopo bakeng sa laesense, bao ba sa kang ba ingodisa ba tla qephisa menyetla ya bona ya ho fumana laesense ya ho sebedisa metsi.

Kaofela batho kapa mekgatlo e lokelang ho ingodisetsa tshebediso ya metsi ba ka iteanya le kantoro efe kapa efe ya Department of Water Affairs.

 

E-mail: warmsenquiries@dwa.gov.za
Toll free number 0800 200 200

Share this page