Kopo ya ho tlisa/tsamaisa dihlahiswa tsa nama tse tse butswitseng

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho etsa kopo ya ho reka kantle ho naha kapa ho tsamaisa dihlahiswa tsa nama e tswakilweng ka dikhemikhale ho di tlisa ka hare kapa ho di fetisa le ka Aforika Borwa

Ebang o batla ho reka dihlahiswa tsa nama e tswakilweng ka dikhemikhale (mohl. tse phehilweng, tse potisitsweng, tse omisitsweng) kantle ho naha mme o di tlise ka hara Riphaboliki ya Aforika Borwa, kapa ho tsamaisa dihlahiswa tse jwalo ka sepalangwang ho di fetisa le ka Aforika Borwa, o tlameha ho etsa kopo le ho fumantshwa phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha kapa phemiti ya ho di tsamaisa ka sepalangwang, ke Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo. O tlameha ho fumana phemiti ena  pele phahlo e tloha naheng e rekisetsang kantle.

Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo wa Aforika Borwa o tla fa dinaha tseo ho tsona a hlahlobileng le ho amohela ditshebeletso tsa diphoofolo le boemo ba bophelo ba diphoofolo, diphemiti tsa ho reka diphoofolo kantle ho naha kapa ho tsamaisa dihlahiswa tsa nama tse tswakilweng ka dikhemikhale ka sepalangwang.

Ho na le melao e fapaneng ya ho reka kantle ho naha e sebetsang ho ya ka dihlahiswa le boemo ba bophelo ba diphoofolo dinaheng ka bonngwe. Ka ha ditlhoko tsa bophelo di fetoha kgafetsa, o kotjwa ho iteanya le Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo.

Ho etsa kopo ya diphemiti tsa ho reka dihlahiswa tsa nama kantle ho naha bakeng sa ho di rekisa, o tlameha ho tswa dikhamphaning tsa Aforika Borwa kapa ho ba morekisi ya hirilweng Aforika Borwa ke khamphani ya matjhabeng.

Diphemiti tsa ho reka diphoofolo kantle ho naha di molaong nako e behetsweng le bakeng sa phahlo e le nngwe feela. Ka kakaretso, ho reka kantle ho naha ka dinaha tsa borarong ha ho a dumellwa. Bakeng sa dihlahiswa tsa nama tse ka hara ditshelo tse kwetsweng, o tlameha ho fumana tumello hape ho tswa ho Biro ya Maemo ya Aforika Borwa.

O lokela ho etsang

  • Tlatsa foromo ya Kopo ya Ho reka Diphoofolo kapa Dihlahiswa tsa Diphoofolo kantle ho naha o di tlise Aforika Borwa.
  • Ebang dihlahiswa di tsamaiswa ka sepalangwang ho feta le ka Riphaboliking ya Aforika Borwa, o tlameha ho isa khopi ya phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha e tswang naheng ya ho qetela eo phahlo e yang ho yona le kopo ya phemiti ya ho tsamaisa diphoofolo ka sepalangwang ya Aforika Borwa. 
  • Kenya tjhelete ya phemiti akhaonteng ya banka ya Lefapha:
    Lebitso la banka: Standard Bank of South Africa
    Lebitso la monga akhaonte: National Department of Agriculture
    Nomoro ya akhaonte: 011219556 International Band
    Lekala: 010845
    IB brand 0001982 Khoutu ya Senthara
    Khoutu ya Swift: SBZA-ZAJJ
    Lebitso la lekala: Arcadia.
  • Hape o ka lefa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi.
  • Tshupiso e tlameha ho ba lebitso le sefane sa moreki wa kantle.
  • Romela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo ho:
    Motsamaisi: Bophelo ba Diphoofolo
    Yuniti ya Molao wa Ho reka le Ho rekisetsa kantle ho naha
    Poso ya poraevete ya X138
    Pretoria
    0001
    Aforika Borwa.
  • Ha ho na kopo e tla sebetswa kantle ho bopaki ba tefo. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bankeng bo tlameha ho fekesetswa ho: 012 329 8292 bo lebiswe ho: Ina Labuschagne.
  • O kotjwa ho bolela foromong ya kopo hore  na phemiti e tla latwa kapa e romelwe ho wena.
  • Kamora ho amohela foromo e tlatsitsweng ya kopo le bopaki ba tefo, Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le thempoleiti ya Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo di tla ntshwa mme di romelwe ho wena ka ho toba.
  • O tlameha ho fumana setefekeiti sa bophelo ba diphoofolo ho tswa ho balaodi ba bongaka ba diphoofolo naheng e rekisetsang kantle pele sehlahiswa se tsamaiswa ka sekepe. Setefekeiti sena sa bophelo se tlameha ho phethahatsa ho ya ka maemo a boletsweng phemiting ya ho reka diphoofolo kantle ya Aforika Borwa kapa se tlameha ho ba ho bile le puisano ka sona pakeng tsa balaodi ba bongaka ba diphoofolo ba Aforika Borwa le naha e rekisetsang kantle. Ebang o hloka tsebiso efe kapa efe ka ditlhoko tsa nnete tsa sehlahiswa se itseng sa phoofolo, o ka fumana dikhopi tsa sampole tsa Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo Kantorong ya Diphemiti.
  • O tlameha ho hlahisa tse latelang ho Ofisiri ya Taolo ya Ho reka Diphoofolo Kantle ho naha ya Aforika Borwa Boemakepeng:
    • Phemiti ya Sethato ya Ho reka Diphoofolo Kantle ho naha.
    • Setefekeiti sa Sethato sa Bophelo ba Diphoofolo.

Phahlo kaofela ya dihlahiswa tsa nama e tlameha ho hlahlojwa sebakeng se le seng sa tse latelang tsa tlhahlobo tse boletsweng phemiting ya ho reka kantle ho naha:

  • Durban - Mohala. 031 337 4346/7
  • Cape Town - Mohala. 021 551 2050
  • City Deep (ho tswa dinaheng tsa boahelane feela) Mohala. 011 613 1636 
  • O jara boikarabelo ba ditjeho tsa banka hammoho le ditjeho tsa Banka ya Matjhabeng; Lefapha le ke ke la fana ka phemiti ebang tjhelete e felletseng ya ZAR R120 e sa amohelwe.

(E boeleditswe selemo le selemo le ho phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso).

Nako ya tshebetso

Hang ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso kantorong ya Naha e se e amohetse ho reka kantle, ho nka matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano a mosebetsi ho sebetsa kopo le ho ntsha phemiti.

Ditjeo ke bokae

R220

Diforomo tse tlatswang

Application to Import Animals or Animal Products Into South Africa

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page