Kopo ya ho tlisa ho tswa ntle nama

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho tlisa nama ho tswa ntle ho Aforika Borwa

Ebang o batla ho reka nama e foreshe (tala) (ho kenyeletsa dikahare) kantle ho naha mme o e tlise ka hara Riphaboliki ya Aforika Borwa, kapa ho tsamaisa nama e jwalo ka sepalangwang ho e fetisa ka Aforika Borwa, molao o hloka hore o etse kopo mme o fumantshwe phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha kapa phemiti ya ho tsamaisa ka sepalangwang, ke. Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo

Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo wa Aforika Borwa o tla fa dinaha tseo ho tsona a hlahlobileng le ho amohela ditshebeletso tsa diphoofolo le boemo ba bophelo ba diphoofolo, diphemiti tsa ho reka diphoofolo kantle ho naha kapa ho tsamaisa nama e foreshe (tala) ka sepalangwang. (Tlhahisoleseding e fumanwa ho tswa ho ElmarieV@daff.gov.za , Mohala. 012 319 7700 kapa Fekese 012 329 6892).

Ho na le melao e fapaneng ya ho reka kantle ho naha e sebetsang ho ya ka dihlahiswa le boemo ba bophelo ba diphoofolo dinaheng ka bonngwe. Ka ha ditlhoko tsa bophelo di fetoha kgafetsa, o kotjwa ho iteanya le Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo (Mohala: 012 319 7420 /7524 /7700, Fekese 012 329 6892) ho fumana ditlhoko tsa moraorao. Diphemiti tsa ho reka diphoofolo kantle ho naha di molaong nako e behetsweng le bakeng sa phahlo e le nngwe feela.  

Ka kakaretso, ho reka kantle ho naha ka dinaha tsa borarong ha ho a dumellwa.
 
Jwaloka moreki wa kantle, ke boikarabelo ba hao ho bala le ho phethahatsa ho ya ka maemo a leng phemiting ya ho reka diphoofolo kantle ho naha.

Ho ya ka molao wa polokeho ya Nama wa 2000 (Molao wa 40 wa 2000) nama e hwammeng le e hatseditsweng e ka rekwa kantle ho naha ho tswa bohlabelong ba diphoofolo, dibakeng tseo ho sehwang le ho hlophisa nama ho tsona feela, tse dumelletsweng ke Ofisiri ya Ketsamolao ya Naha ya Aforika Borwa.

Lenane la dibaka tse dumelletsweng le ka fumanwa mona kapa letsetsa 012 319 7700 kapa fekesetsa kopo ho 012 329 6892.

Phahlo ya nama e rekilweng kantle ho naha ho tswa mose e tsamaiswa lewatleng e ka rekwa feela ka ditshelo tse nang le dihatsetsi. Ho ke ke hwa dumellwa phahlo tse kgolo tse arotsweng dikotwana. Nama e foreshe (tala) e ka rekwa feela kantle ho naha ha e hatseditswe kapa e hwamisitswe ka dithemphereitjhara tse boletsweng phemiting ya ho reka diphoofolo kantle ho naha.

O lokela ho etsang

  1. Tlatsa foromo ya ho reka kantle ho naha/ho tsamaisa nama ka sepalangwang o e tlise/fetise le ka Riphaboliking ya Aforika Borwa.
  2. Ebang dihlahiswa di tsamaiswa ka sepalangwang ho feta le ka Riphaboliking ya Aforika Borwa, o tlameha ho isa khopi ya phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha e tswang naheng ya ho qetela eo phahlo e yang ho yona le kopo ya phemiti ya ho tsamaisa diphoofolo ka sepalangwang ya Aforika Borwa. 
  3. O tlameha ho lefella phemiti.
  4. Kenya tjhelete ya phemiti akhaonteng ya banka ya Lefapha:
    Lebitso la banka: Standard Bank of South Africa
    Lebitso la monga akhaonte: National Department of Agriculture
    Nomoro ya akhaonte: 011219556 International Band
    Lekala: 010845
    IB brand 0001982 Khoutu ya Senthara
    Khoutu ya Swift: SBZA-ZAJJ
    Lebitso la Lekala: Arcadia.
  5. Moo o etsetsang motho e mong kopo, o kotjwa ho lefa lebitsong la motho eo kapa la khamphani eo. Tshupiso e tlameha ho ba lebitso le sefane sa moreki wa kantle.
  6. Ditefello di ka boela tsa etswa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi tse boletsweng tlasa dintlha tseo o ka iteanyang le bona ka tsona.
  7. O jara boikarabelo ba ditjeho tsa banka hammoho le ditjeho tsa Banka ya Matjhabeng; Lefapha le ke ke la fana ka phemiti ebang tjhelete e felletseng e sa amohelwe (E boeleditswe selemo le selemo le ho phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso). 
  8. Tjheke e ngotsweng ho lefa ho Motsamaisikakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi e ka hlomathiswa foromong ya kopo mme ya poswa.
  9. Romela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo ho:
    Motsamaisi: Bophelo ba Diphoofolo
    Yuniti ya Molao wa Ho reka le Ho rekisetsa kantle ho naha
    Poso ya poraevete ya X138
    Pretoria
    0001
    Aforika Borwa.
  10. Ha ho na kopo e tla sebetswa kantle ho bopaki ba tefo. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bankeng bo tlameha ho fekesetswa ho: 012 329 8292 bo lebiswe ho: Ina Labuschagne.
  11. O kotjwa ho bolela foromong ya kopo hore  na phemiti e tla latwa kapa e romelwe ho wena.
  12. Kamora ho amohela foromo e tlatsitsweng ya kopo le bopaki ba tefo, Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le thempoleiti ya Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo di tla ntshwa mme di romelwe ho wena ka ho toba.
  13. O tlameha ho fumana setefekeiti sa bophelo ba diphoofolo ho tswa ho balaodi ba bongaka ba diphoofolo naheng e rekisetsang kantle pele sehlahiswa se tsamaiswa ka sekepe. Setefekeiti sena sa bophelo se tlameha ho phethahatsa ho ya ka maemo a boletsweng phemiting ya ho reka diphoofolo kantle ya Aforika Borwa kapa se tlameha ho ba ho bile le puisano ka sona pakeng tsa balaodi ba bongaka ba diphoofolo ba Aforika Borwa le naha e rekisetsang kantle. 
  14. Ebang o hloka tsebiso efe kapa efe ka ditlhoko tsa nnete tsa sehlahiswa se itseng sa phoofolo, o ka fumana dikhopi tsa sampole tsa Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo Kantorong ya Diphemiti.
  15. O tlameha ho hlahisa tse latelang ho Ofisiri ya Taolo ya Ho reka Diphoofolo Kantle ho naha ya Aforika Borwa Boemakepeng.
    1. Phemiti ya Sethato ya Ho reka Diphoofolo Kantle ho naha.
    2. Setefekeiti sa Sethato sa Bophelo ba Diphoofolo.
  16. Phahlo kaofela ya dihlahiswa tsa nama e tlameha ho hlahlojwa sebakeng se le seng sa tse latelang tsa tlhahlobo tse boletsweng phemiting ya ho reka kantle ho naha:
    • Durban: Mohala: 031 337 4346/7 
    • Cape Town: Mohala: 021 551 2050 
    • City Deep (ho tswa dinaheng tsa boahelane feela): Mohala:011 613 1636.
    • Port Elizabeth (ho etswe tlhophiso pele): Mohala: 041 585 8907.

Nako ya tshebetso

Hang ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso kantorong ya Naha e se e amohetse ho reka kantle ho naha, ho nka matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano a mosebetsi ho sebetsa kopo le ho fana ka phemiti.

Ditjeo ke bokae

R220

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page