Kopo ya ngodiso jwalo ka moromedi wa setswantle

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho etsa kopo ya phemiti ya ho romela thepa kantle ho naha

Ho romela thepa tse ding kantle ho Aforika Borwa, o tlameha ho ba le phemiti e netefatsang hore o phethahatsa ho ya ka mehato e loketseng ya taolo ya ho romela kantle. 

Ho romelwa ha thepa tse ding ho ka behelwa moedi/thibelwa ho tshehetsa mawa a boamohedi kapa ho thusa bahlahisi ba lehae ho fumana dihlahiswa tse tala pele di romelwa kantle.

Phemiti ya ho romela kantle e hlokeha ho netefatsa hore thepa tse romelwang ke motho kapa mokgatlo di phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa ditumellano tsa matjhaba. Diphemiti tsa ho romela di boela di thusa ho laola phallo e tswang ya thepa ya mofuta wa lewa le itseng kapa ya thepa e semokolwang kapa e utswitsweng.

Leano le sebetsang thomelong ya thepa kantle le fapana ho tswa karolong e nngwe ho ya ho e nngwe. Ebang o hloka tlhahisoleseding ya leano mabapi le ho romelwa ha thepa tse totobetseng, o tlameha ho neha kantoro ya Taolo ya ho Tlisa le ho Romela thepa Khomisheneng ya Tsamaiso ya Kgwebisano Matjhabeng (ITAC) dintlha tsa thepa e itseng eo o batlang ho e romela.

Ha se thepa kapa dihlahiswa kaofela tse itshetlehileng mehatong ya taolo ya ho romela kantle. Lenane la thepa tse itshetlehileng mehatong ya taolo ya ho romela kantle le fumaneha ITAC mme le ka poswa, la fekeswa kapa la imeilelwa ho wena ka kopo.

O lokela ho etsang

  1. Letsetsa Taolo ya ho Tlisa le ho Romela kantle ho: 086 184 3384 kapa ngolla Molaodi e Moholo: Taolo ya ho Tlisa le ho Romela kantle ho naha, Private Bag x192, Pretoria mme o fane ka dintlha tseo ba ka iteanyang le wena ka tsona hore ITAC e kgone ho o romella diforomo.
  2. Fumana diforomo inthaneteng mme o tlatse tse latelang tsa kopo.
  3. Isa diforomo Botsamaising ba: Taolo ya ho Tlisa le ho Romela kantle ho naha.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka nako e ka fihlang ho matsatsi a mararo ho sebetsa kopo ya hao ya tshebeletso ya phemiti ya ho romela thepa kantle ho naha.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Dintlha tsa ho iteanya

 

Export Control
Tel: 0861 843 384 / 012 394 3590/1
Physical address The Import and Export Unit, International Trade Administration Commission, 77 Meintjies Street, Block D, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address Import and Export Control, Private Bag X192, Pretoria, 0001
Web address http://www.itac.org.za

 

Share this page