Lenaneo la Bokgoni le Ntlafatso la Diaparo le Theksthaele (CTCP)

CTCP e ikemiseditse ho hodisa kgwebo ho bahlahisi le dikarolong tse ding tsa letoto la boleng ka hara Aforika Borwa, hore dikgwebo tsena di tsebe ho fepela dikhasetama le ho hlodisana le bomphato ba bona lefatsheng ka bophara. Bokgoni bona bo kenyelletsa dintlha tse kang ditjeo, boleng, boikamahanyo, botsitso, tlwaelo le bokgoni ba ho ntjhafatsa.

Ka mora hore mmuso o kenye pehelo ya hore dihlahiswa di hlahiswe ka hara naha ka 100%, lekala la diphahlo, masela, letlalo, le dieta le bone ho hlahiswa hape ha dihlahiswa tsa ka naheng moo tlhahiso ya tsona e neng e kgaotswe. Tsena di kenyeletsa malapi a motheo, dirifi, malapi a diofarolo le a di shambrayi.

Bonamodi bona, bo boela bo tshehetswa ke Lenaneo la Ntlafatso ya Ditlhodisano tsa Dikgwebo tsa Diphahlo le Masela, bo bile le seabo ho fetoleng dintho lekaleng lena. Mabapi le ho arabela ho phophoma ha diphahlo tse boleng bo tlase tse tswang kantle, mmuso o ekeditse lekgetho la direkwantle la diphahlo ho ba 45% ho ya ka melao ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le lenaneo lena ho tswa ho Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri.

 

the dti Customer Contact Centre
Tel: 0861 843 384

Share this page