Etsa kopo ya ho ithutela ngwana lapeng

Haeba o kgetha ho ithutela ngwana wa hao lapeng o lokela ho etsa kopo ho Lefapha la Thuto la Porofense ya hao bakeng sa ho ngodisa ngwana wa hao bakeng sa ho mo rutela lapeng. O ka ithutela ngwana wa hao kapa o hire morupelli ho etsa jwalo.

Dithuto tseo o di nehang ngwana wa hao di tshwanela ho ba ka tlasa maemo a latelang a tlamang a mekgahlelo ya thuto:

  • mokgahlelo wa motheo (dikereiti 1 - 3)
  • mokgahlelo o mahareng (dikereiti 4 - 6)
  • mokgahlelo o phahameng (dikereiti 7 - 9).

Fumana dintlha ka botlalo mabapi le ho ithutela ngwana lapeng kapa o ikopanye le Lefapha la Thuto ya Motheo.

Share this page