Etsa kopo ya ho ntshuwa botjha ha setifikeiti sa materiki (ho fetolwa ha dintlha)

Lefapha la Thuto ya Motheo kapa lefapha la thuto la porofense le tla ntsha botjha setifikeiti sa materiki se nang le dintlha tse fetotsweng tlasa maemo a itseng.

Bakeng sa ho fetola tlhahisoleseding e teng ho setifikeiti sa hao sa materiki, o tshwanela ho etsa kopo ho Lefapha la Thuto ya Motheo kapa lefapha la thuto la porofense ya heno ka ho tlatsa foromo e nepahetseng (Kopo ya Diphethoho/Ditokiso tsa Dintlha tsa Motho: Diphoso tsa Tsamaiso kapa Kopo ya ho ntshuwa botjha ha setifikeiti se phahameng/NSC ka lebaka la phethoho ya dintlha tsa motho: Diphethoho tsa Molao).O tshwanela ho ya kantorong e haufinyane ya lefapha la thuto ka bowena hore mosebeletsi a kgone ho buisana le wena pele ho etswa diphethoho.

O ka kopa setatemente sa sephetho ha o ntse o emetse ho lokollwa ha setifikeiti sa hao.

Fumana dintlha ka botlalo ka ho ntshuwa botjha ha setifikeiti sa materiki kapa o ikopanye le Lefapha la Thuto ya Motheo.

 

  • National office: 012 357 4511/13
    E-mal: certification@dbe.gov.za
  • Eastern Cape: (043) 604 7709/73
  • Free State: (051) 404 8000
  • Gauteng: (011) 355 0588
  • KwaZulu Natal: (031) 327 0538/0331
  • Limpopo: (015) 290 7747/7830
  • Mpumalanga: (013) 766 0033
  • Northern Cape: (053) 839 6585
  • North West: (018) 384 3100/51
  • Western Cape: (021) 467 2483

Share this page