Ingodise le setsi sa AET

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho ingodisa le setsi sa AET

Na o motho e moholo kapa e motjha ya batlang ho fumana thuto ya motheo? Ha o wa siuwa ke nako; o ka ingodisa le setsi sa Thuto le Thupelo ya Batho ba Baholo (AET).

AET ke lenaneo le itshetlehileng hodima diphetho le reretsweng ho o fa disebediswa tsa motheo tsa ho ithua, tsebo le bokgoni, le ho o fa mangolo a thuto a ananelwang naheng ka bophara.

Mang kapa mang ya sa phethelang sekolo se tlwaelehileng, mme a batla ho fumana mangolo a thuto tikolohong e fetofetohang, a ka ingodisa le setsi sefe kapa sefe sa AET. Ditsi tsa AET di kanna tsa o fa diteko ho fumana hore na o boemong ba pele, ba bobedi kapa ba boraro ba AET.

Seo o lokelang ho se etsa

  1. Ingodise setsing se heno se haufi sa AET.
  2. Nehelana ka lengolo la hao la tswalo kapa tokomane ya boitsebiso le direkote dife kapa dife tsa hao tsa sekolo.

Ho nka nako e kae

Ho ka nka beke e le nngwe kapa tse pedi ho ingodisa.

Ho bitsa bokae

Ditefiso di ka fapana ho ya ka ditsi tse fapaneng.

Diforomo tse lokelang ho tlatswa

O ka fumana foromo ya ngodiso ditsing tsa AET.

Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Official

Province

Tel

Fax

Mrs Z Mgoduka

Eastern Cape

040 608 4024

040 608 4660

Ms NF Gxwati

Free State

051 404 8800

051 430 0863

Ms T Masondo

Gauteng

011 355 0753

011 355 0343

Mr Muzi Mahlambe

KwaZulu-Natal

033 341 8506

033 341 8802

Ms SR Mantshiu

Limpopo

015 291 2564

015 291 2012

Ms N Molemane

Mpumalanga

013 766 5370

013 766 7231

Mr R Phillips

Northern Cape

053 839 6349

053 830 2308

Ms J Mekgoe

North West

018 389 8130

018 389 8246

Mr A Damon

Western Cape

021 467 2606

021 467 9385

 

Share this page