Fumana lengolo le leng la metriki sebakeng sa le lahlehileng

Lengolo le lahlehileng kapa le senyehileng

Etsa kopo bakeng sa puseletso ya lengolo la hao la metriki (Lengolo le Phahameng la Naha) Lefapheng la Thuto ya Motheo kapa lefapheng la porofense la thuto haeba o lahlile kapa o sentse lengolo la hao la sethathong la thuto. O ka etsa kopo mme wa lefella le letjha inthaneteng.

O ka etsa kopo ya setatamente sa diphetho ha o ntse o emetse hore lengolo la hao le tswe. Haeba lengolo la hao le senyehile, o tlameha ho kgutlisetsa lengolo leo le senyehileng lefapheng la Thuto ya Motheo.

Hlokomela: Ho etsa kopo ya lengolo la metriki le senyehileng kapa le lahlehileng ho kanna ha fapana diporofenseng tse fapaneng.

Phetolo ya boemo

Haeba o ngotse metriki ka dihlahlobo tse fapaneng mme o batla ho kopanya diphetho tsa hao hore o tshwanelehe bakeng sa Lengolo la Naha, o tlameha ho etsa kopo ya lengolo la puseletso: phetolo ya boemo. Lefapha ha le kopanye diphetho tsa hao ka boiketsetso, ntle leha o ngotse tlhahlobo ya tlatsetso. O boetse o ka etsa kopo ya sena inthaneteng.

O ka etsa kopo ya setatamente sa netefatso ya diphetho ha o ntse o emetse Lengolo le Phahameng la Naha.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka lengolo la puseletso Lefapheng la Thuto ya Motheo.

  • Ofisi ya naha: 012 357 4511/13
    certification@dbe.gov.za
  • Kapa Botjhabela: 043 604 7709/73
  • Foreistata: 051 404 8000
  • Gauteng: 011 355 0588
  • KwaZulu-Natal: 031 327 0538/0331
  • Limpopo: 015 290 7747/7830
  • Mpumalanga: 013 766 0033
  • Kapa Leboya: 053 839 6585
  • Leboya Bophirima: 018 384 3100/51
  • Kapa Bophirima: 021 467 2483

Share this page