Kopo ya ho adoptha wa lelapa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho adoptha wa lelapa kapa wa leloko wa naha e nngwe ho ya ho nngwe hape

Adoptha ngwana wa e mong wa leloko la hao wa Afrika Borwa e be o ilo dula le ngwana eo mose. Ha o le motho wa Afrika Borwa mme ngwana a dula matjhabeng, o ka etsa hore ngwana eo a tle ho wena mona Afrika Borwa hang ho ba o mo adopthe ho tswa naheng eo ya matjhaba.

Ho adoptha ngwana naheng e nngwe ho tswa ho e nngwe hape ho kenyelletsa phetiso ya molao ya ditokelo le boikarabelo ba batswadi ho tswa ho motswadi(batswadi) ho ya ho wena ho fetela ka nqane ho meedi ya matjhaba.

Ho adoptha ngwana wa e mong wa leloko la hao ya leng motho wa Afrika Borwa, o lokela ho ya bolaoding bo ka sehloohong ba naha eo o dulang ho yona. Ha ho se na bolaodi bo nang le matla naheng ya heno, o ka iteanya le ba Ditshebeletso tsa Setjhaba Matjhabeng (ISS) ho thusa ka ho adoptha.

Ha ngwana a dula naheng ya matjhaba, o lokela ho ya ho South African Central Authority (SACA), eo yona e tla fetisetsa taba eo mokgatlong o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana. Ha mokgatlo wa tshireletso ya bana o fumana hore o a tshwaneleha ho ba motswadi ya ka adopthang ka mora tekolo le tlhahlobo, ona o tla ngola raporoto e felletseng o e romele bolaoding bo ka sehloohong ba matjhabeng. Bolaodi bo ka sehloohong ba matjhabeng, bona, bo tla batlisisa le ho ngola raporoto ya thuto ya ngwana e be ba e romela Afrika Borwa.

Ha ho ka etseha hore dinaha ka bobedi di dumelle ho adopthwa, o tla tshwanela ho ya naheng eo ya matjhaba ho ya phethahatsa adopshene eo.

Adopshene tsa ba lelapa kapa ba leloko di ka etswa le naha efe kapa efe e se nang tumellano ya tshebedisano (naha e nang le selekane sa Hague kapa e se nang selekane sa Hague).

O lokela ho etsang

  • Ha Afrika Borwa e le naha eo a tswaletsweng ho yona, mokgwatshebetso o tla ba ka tsela e latelang:
    • Ha o le naheng ya matjhaba mme o batla ho adoptha ngwana wa Afrika Borwa ya amanang le wena, o lokela ho iteanya le bolaodi bo ka sehloohong ba naha eo o dulang ho yona.
    • Mokgatlo o ananetsweng ka molao wa ho adoptha o tla o lekola le ho o hlahloba ho bona hore na o a tshwaneleha ho ka ba motswadi ya ka adopthang. Ha mokgatlo o ka fumana hore o a tshwaneleha bakeng sa ho adoptha, ona o tla ngola raporoto e felletseng ya thuto ya lapeng e be o e romela ho SACA, eo yona, e tla e fetisetsa mokgatlong o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana.
    • Mokgatlo wa tshireletso ya bana wa Afrika Borwa o tla etsa dipatlisiso le ho bona hore na ngwana eo a ka adopthiwa. Mosebeletsi wa setjhaba o tla etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong ya batlang tumello ya ho adoptha o fana ka tumello lekgotleng la dinyewe tsa bana.
    • Ba amehang ba tla fuwa matsatsi a 60 moo ba ka kgonang ho hula tumello ya bona pele ngwana a nkuwa a ka adopthiwa
    • Mokgatlo wa ho adoptha o tla ngola raporoto e felletseng ya thuto ya ngwana e be o e romela naheng ya matjhabeng.
    • Ha ho ka etseha hore dinaha ka bobedi di dumelle ho adopthwa, o tla tshwanela ho tla Afrika Borwa ho tla phethahatsa adopshene eo.
  • Boemong boo Afrika Borwa e leng yona naha e amohelang mme wena o le motho wa Afrika Borwa hape o batla ho adoptha ngwana eo e leng wa leloko la hao ho tswa naheng ya matjhaba, mokgwatshebetso wa adopshene eo o tla ba ka tsela e latelang:
    • O lokela ho teanya le ba South African Central Authority (SACA), bao ba tla romela taba ena mokgatlong o ananetsweng ka molao bakeng sa tshireletso ya bana.
    • Mokgatlo wa tshireletso ya bana o tla o lekola le ho o hlahloba ho bona hore na o a tshwaneleha ho ka ba motswadi ya ka adopthang. Ha mokgatlo wa tshireletso o fumana hore o a tshwaneleha ho adoptha, ona o tla ngola raporoto e felletseng ya thuto ya lapeng e be o e romela bolaoding bo ka sehloohong ba matjhabeng.
    • Bolaodi bo ka sehloohong ba matjhabeng, ka mokgatlo wa bona, bo tla batlisisa ka bokgoni ba ho adoptha ngwana e be bo ngola raporoto e felletseng ya thuto ya ngwana. Raporoto e tla fetisetswa ho South African Central Authority.
    • Ha ho ka etseha hore dinaha ka bobedi di dumelle ho adopthwa, o tla tshwanela ho ya naheng eo ya matjhaba ho ya phethahatsa adopshene eo.

Nako ya tshebetso

E fapana go ya ka kgopelo.

E dira tshenyagelo ya bokae

O swanetše go dira kgopelo mokgahlong wo o dumeletšwego wa go šoma ka bana ba mafepša.

Diforomo tse tlatswang

Iteanye le Bolaodi bo nang le Matla naheng eo o dulang ho yona.
 

Dintlha tsa ho iteanya

Iteanye le Bolaodi bo nang le Matla naheng eo o dulang ho yona.

 

Share this page