Ho adoptha ngwana wa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape ho nang le karolo ya selehae

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le kopo ya ho adoptha ngwana wa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape ho nang le karolo ya selehae

Ha o le motho wa Afrika Borwa ya dulang mose, o na le kgahleho ya ho adoptha ngwana wa Afrika Borwa, o lokela ho iteanya le bolaodi bo ka sehloohong ba naha eo o dulang ho yona.

Ha ho se na bolaodi bo nang le matla naheng ya heno, o ka iteanya le ba Ditshebeletso tsa Setjhaba Matjhabeng (ISS).

Ho adoptha ngwana wa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape ke ho beha ngwana tlhokomelong ya saruri ya motho eo e seng motswadi wa hae ka tswalo kapa mohlokomedi ya dulang naheng ya matjhaba. Hona ho neha ngwana lelapa la saruri moo a neng sa kgone ho fumana lelapa le tshwanelehileng naheng eo a tswaletsweng ho yona.

O lokela ho etsang

  1. Iteanye le bolaodi bo ka sehloohong kapa ISS naheng eo o dulang ho yona.
  2. Bolaodi bo ka sehloohong kapa ISS e naheng ya heno e tla kgothaletsa mokgatlo wa ho adoptha o tla lekola le ho hlahloba hore na wena o a tshwaneleha.
  3. Ha bolaodi bo ka sehloohong kapa ISS e fumana hore o a tshwaneleha ho adoptha, yona e tla ngola raporoto e felletseng ya thuto ya lapeng e be e e romela ho SACA.
  4. SACA e tla romela taba ho mokgatlo o ananetsweng ka molao wa ho adoptha ho bona hore na ho na le ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa.
  5. Mosebeletsi wa setjhaba o tla etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong ya batlang tumello ya ho adoptha o fana ka tumello Lekgotleng la dinyewe tsa Bana.
  6. Ba amehang ba tla fuwa matsatsi a 60 moo ba ka kgonang ho hula tumello ya bona pele ngwana a nkuwa a ka adopthiwa.
  7. Hang ho ba mokgatlo wa ho adoptha o romele raporoto e thehetsang ho adoptha, SACA e tla fana ka Athikele ya 17, e kgothaletsang ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape.  
  8. SACA e tla romela raporoto ya thuto ya ngwana bolaoding bo ka sehloohong bo naheng ya heno hore ho bapiswe wena le ngwana.
  9. Ha o ntse o na le kgahleho ya ho adoptha ngwana, bolaodi bo ka sehloohong bo naheng ya matjhabeng bo tla fana ka Athikele ya 17 e fanang ka tumello ya ho adoptha ngwana e be bo e romela ho SACA.
  10. O tla mengwa hore o ye Afrika Borwa bakeng sa ho ya phethahatsa adopshene lekgotleng la dinyewe tsa bana.  
  11. Lekgotla la dinyewe tsa bana le tla fana ka taelo ya molao ya ho adoptha mme ditokomane tse tshwanetseng di tla romelwa ho SACA bakeng sa ho ya tiisetswa le ho ngodisa adopshene.
  12. Ha adopshene ena e hlophisitswe le naha e nngwe ya Hague, SACA e tla etsa bonnete ba hore ho fanwa ka Setifikeiti sa ho latela Molao.
  13. Mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana o tla etsa bonnete ba hore Lefapha la Ditaba tsa Lehae le fumana khopi ya taelo ya molao ya adopshene le hore ho etswa diphetolo tsa mabitso hape ho fanwa le ka setifikeiti se setjha sa tswalo.
  14. Mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshirelstso ya bana o tla o romela setifikeiti se setjha sa tswalo.
  15. Ejensi ya matjhabeng ya ho adoptha e tla o neha ditshebeletso tsa tlhokomelo ya ka mora nako bakeng sa nako ya dilemo tse hlano.

Nako ya tshebetso

E fapana go ya ka kgopelo.

E dira tshenyagelo ya bokae

O swanetše go dira kgopelo mokgahlong wo o dumeletšwego wa go šoma ka bana ba mafepša

Diforomo tse tlatswang

Iteanye le bolaodi bo ka sehloohong kapa ISS naheng eo o dulang ho yona.

Dintlha tsa ho iteanya

Iteanye le bolaodi bo ka sehloohong kapa ISS naheng eo o dulang ho yona.

Lenane la boiteanyo la diofisi tsa provense tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano

 

Share this page