Ho adoptha ngwana naheng ya selekane

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Adopshene ka ho ya ka Selekane sa Hague

Ha o le motho wa naha e nngwe mme o batla ho adoptha ngwana wa Afrika Borwa, o lokela hore o batlisise pele hore na naha ya heno ke e nngwe e welang Selekaneng sa Hague. Selekane se beha tshebetso e ntle haholo ya ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape pakeng tsa dinaha tse nkang karolo.  

O ka sebedisa hape le mofuta ona wa ho adoptha ha naha ya heno, jwalo ka Afrika Borwa, e saenne selekane sa Hague.

Selekane se ela hloko kgahleho e ntle haholo ya ngwana mme se batla ho sireletsa ho kwetelwa, ho tshwarwa ka tsela e sa lokang, thekiso le ho tsamaiswa ha bana ka tsela e seng molaong.

Bolaodi bo ka sehloohong ba naha eo o dulang ho yona bo lokela ho o romela mokgatlong o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana bakeng sa tekolo. Mokgatlo o tla sebedisana hape le mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana mona Afrika Borwa ho o thusa ho sheba ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa.  

O lokela ho etsang

  • Iteanye le Bolaodi bo ka Sehloohong ba naha eo o dulang ho yona.
  • Bolaodi bo ka Sehloohong bo tla o romela mokgatlong wa adopshene wa naha ya heno ho ya lekola le ho hlahloba ho bona hore na o a tshwaneleha ho adoptha ngwana.
  • Ha mokgatlo wa tshireletso o fumana hore o a tshwaneleha ho adoptha, ona o tla ngola raporoto e felletseng ya thuto ya lapeng e be o e romela ho Bolaodi bo ka Sehloohong ba Afrika Borwa e leng South African Central Authority (SACA).
  • SACA e tla romela raporoto mokgatlong wa tshireletso ya bana o nang le tumellano ya tshebetso ya ho adoptha le mokgatlo wa matjhabeng hore o shebe ngwana ya le teng bakeng sa ho adopthiwa.
  • Ha ho na le ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa, mokgatlo wa tshireletso ya bana o tla ngola raporoto ya thuto ya ngwana e be o e romela ho SACA ho ya ananelwa bakeng sa ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape (Athikele ya 17).
  • Mokgatlo wa tshireletso ya bana o mona Afrika Borwa o tla romela raporoto mokgatlong wa matjhaba ho bapisa ngwana le bao e tla bang batswadi.  
  • Ha o ntse o na le kgahleho ya ho adoptha, Bolaodi bo ka Sehloohong ba naha eo o dulang ho yona bo tla fana ka Athikele ya 17, e ho nehang tumello ya ho adoptha.
  • Athikele ya 17 ho tswa Bolaoding bo ka Sehloohong ba naha ya heno e tla romelwa mokgatlong o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana o Afrika Borwa. Mokgatlo o sireletsang bana o tla o bolella hore o ye Afrika Borwa ho ya phethahatsa adopshene lekgotleng la dinyewe tsa bana.
  • Lekgotla le tla phethahatsa ho adoptha e be ditokomane tsa lekgotla di romelwa ho SACA bakeng sa tiisetso le ngodiso ya adopshene.
  • SACA e tla be e se e fana ka Setifikeiti sa ho Latela Molao.
  • Mokgatlo wa matjhabeng wa ho adoptha o tla o neha ditshebeletso tsa tlhokomelo ya ka mora nako bakeng sa nako ya dilemo tse hlano.

Nako ya tshebetso

E fapana ka ho ya ka taba ka nngwe.

Ditjeo ke bokae

O lokela ho lefa mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana bakeng sa ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape.

Diforomo tse tlatswang

Dintlha tsa ho iteanya

Iteanye le Bolaodi bo nang le Matla kapa ISS naheng eo o dulang ho yona.

 

Share this page