Ho adoptha ngwana naheng eo e seng ya selekane

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho adoptha ngwana naheng ya selekane

Ha o le motho wa naheng e nngwe mme o na le kgahleho ya ho adoptha ngwana wa Afrika Borwa, empa naha ya heno e eso ka e saena selekane sa Hague, o ka adoptha ka ho sebedisa Bolaodi bo nang le Matla kapa Ditshebeletso tsa Setjhaba tsa Matjhaba e leng International Social Services (ISS) naheng eo o dulang ho yona.

O lokela ho etsang

  1. Iteanye le Bolaodi bo nang le Matla kapa ISS naheng eo o dulang ho yona.
  2. Bolaodi bo nang le Matla kapa ISS o tla o romela mokgatlong wa adopshene wa naha ya heno ho ya lekola le ho hlahloba ho bona hore na o a tshwaneleha ho adoptha ngwana
  3. Ha mokgatlo wa adopshene o fumana hore o a tshwaneleha ho adoptha, ona o tla ngola raporoto ya thuto ya lapeng e be o e romela ho Bolaodi bo ka Sehloohong ba Afrika Borwa e leng South African Central Authority (SACA).
  4. SACA e tla romela raporoto mokgatlong wa tshireletso ya bana o nang le tumellano ya tshebetso ya ho adoptha le ejensi ya matjhabeng hore e shebe ngwana ya le teng bakeng sa ho adopthiwa.
  5. Ha ho na le ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa, mokgatlo wa tshireletso ya bana o tla ngola raporoto ya thuto ya ngwana e be o e romela ho SACA ho ya ananelwa bakeng sa ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape (Athikele ya 17).
  6. Mokgatlo wa tshireletso ya bana o tla romela raporoto ejensing ya matjhaba ho bapisa ngwana le bao e tla bang batswadi.
  7. Ha o ntse o na le kgahleho ya ho adoptha, Bolaodi bo nang le Matla ba naha eo o dulang ho yona kapa ISS eo tla fana ka Athikele ya 17, e ho nehang tumello ya ho adoptha.
  8. Karolo ya 17 e tswang Bolaoding bo nang le Matla ba naha ya heno kapa ISS e tla romelwa mokgatlong o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana. Ejensi ya adopshene e Afrika Borwa e tla o bolella hore o ye Afrika Borwa ho ya phethahatsa adopshene lekgotleng la dinyewe tsa bana.
  9. Lekgotla le tla phethahatsa ho adoptha e be ditokomane tsa lekgotla di romelwa ho SACA bakeng sa tiisetso le ngodiso ya adopshene
  10. SACA e tla be e se e fana ka Setifikeiti sa ho Latela Molao.

Ejensi ya matjhabeng ya ho adoptha e tla o neha ditshebeletso tsa tlhokomelo ya ka mora nako bakeng sa nako ya dilemo tse hlano.

Nako ya tshebetso

E fapana ka ho ya ka taba ka nngwe.

Ditjeo ke bokae

O lokela ho lefa mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana bakeng sa ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape.

Diforomo tse tlatswang

Iteanye le Bolaodi bo nang le Matla kapa ISS naheng eo o dulang ho yona.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page