Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 12 Phuptjane

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e lakaletsa Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela ho fola ka potlako le ho netefaletsa setjhaba hore o fumana tlhokomelo e hlwahlwa ka ho fetisisa ya bongaka. Kabinete e nyakaletse hore o arabela kalafo hantle le ho pheta kopo ya yona ho boraditaba le setjhaba hore ho hlomphuwe boinotshi ba Mopresidente wa mehleng le lelapa la hae nakong ena.

1.2. Kabinete e thoholetsa mosebetsi wa Moifo wa Tshebetso wa Twantsho ya Bobodu  wa Lekala la Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Polokeho o ileng wa thehwa ke Mopresidente Jacob Zuma ka 2010. Lekgetlo la pele nalaneng ya demokerasi ya rona, ditlokotsebe tse sebedisitseng tshepo ya setjhaba hampe le mehlodi di ile tsa tsebahatswa le hore di arabelle diketso tsa tsona phatlalatsa. Ho se mamelle bobodu ka ho phethahala ha Mmuso wa Aforika Borwa ho re atametsa haufi le pono ya rona bakeng sa 2030 moo setjhaba sa Aforika Borwa se tla itshupang ka maemo a phahameng a boitshwaro le tlhompho e phethahetseng.

Qeto ena e matla e batla ho thibela batho ba makaleng a poraefete le a setjhaba ho kena diketsahalong tsa bobodu le botlokotsebe le ho kgannwa ke boitlamo ba rona ba ho netefatsa hore baahi bohle ba bolokehile le ho ikutlwa ba bolokehile.

1.3. Kabinete e nyefola ka bohale diketsahalo tsa semorabe tsa haufinyana tjena dikarolong tse ding tsa naha ya rona. Ha ho na sebaka sa bosemorabe naheng le demokerasing ya rona, haholoholo dikolong tsa rona, moo dintlha tsa bohlokwa tsa Molaotheo wa demokerasi ya rona di lokelang ho kgothaletswa le ho tshireletswa.

Kabinete e thoholetsa Lefapha la Thuto ya Motheo ka ketso ya lona ya potlako ya ho sebetsana le bosemorabe dikolong mme le kgothaletsa batswadi bohle, baithuti, le matitjhere ho tlaleha bosemorabe le tlhekefetso dikolong. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle ho sebetsana le bosemorabe hohle moo bo hlahellang teng setjhabeng sa rona.

1.4. Kabinete e ananela leeto la Mopresidente wa Amerika, Barack Obama ho la Aforika Borwa, e leng karolo ya ketelo ya dinaha tse tharo e leng Senegal, Tanzania le Aforika Borwa mahareng a la 26 Phuptjane le 3 Phupu 2013. Puisano ya rona ya maele a sepolotiki le Amerika e tswela pele ka sekgahla se setle hodima dikamano tsa bobedi ba rona. Amerika e dula e le molekane wa bohlokwa ho tsa kgwebisano, matsete, bohahlaudi le theknoloji.

1.5. Kabinete e thoholeditse kopano ya bohlokwa mabapi le Sekema sa Setifikeiti sa Tshupo sa Kimberley (KPCS) e neng e tshwerwe mahareng a la 4 le 7 Phuptjane 2013 ho la Kimberley. Seboka sena se tshohlile hara tse ding ditsela tsa ho matlafatsa bohlwahlwa ba sekema sa setifikeiti sa tshupo sa taemane e tala. Sena ke ho netefatsa hore kgwebisano ya taemane ha e lefelle merusu ya mekgatlo ya marabele le batshehetsi ba yona ba batlang ho kgella fatshe mebuso e molaong.  Dikgothaletso ho tswa kopanong ena di tla sekasekwa kopanong ya seboka ya KPCS e tla tshwarwa ha morao selemong sena.

1.6. Kabinete e ananetse hore ho hopolwa ha Letsatsi la Batjha leo ka 2013 le tshwayang sehopotso sa dilemo tse 37 sa Merusu ya Phutjane 16 ya Soweto se tla ketekwa tlasa mookotaba o reng “Ha re sebetseng mmoho bakeng sa ntshetsopele ya batjha le Aforika Borwa e hlokang dithethefatsi”. Kabinete e ananetse boinehelo bo entsweng ke sehlopha sa 1976 bakeng sa ho fetola nalane ya naha le ho tsepamisa Aforika Borwa tseleng e isang demokerasing. Kabinete e ile ya pheta hore, ha batjha ba 1976 ba lwanetse tokoloho le ho thehwa ha mmuso wa demokerasi, tshebetso ya batjha ba kajeno ke e isang ho sebetsaneng ka katleho le diphephetso tsa bofuma, tlhoko ya mesebetsi, HIV le AIDS, bointshetsopele; le tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa oohle le mekgatlo ho sebetsa mmoho bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba batjha le ho lwanela ho tlosa barekisi ba dithethefatsi metseng ya rona. Ho hopolwa ha Letsatsi la Batjha la naha ho tla tshwarwa ka Sontaha, 16 Phuptjane 2013 ho la Newcastle, KwaZulu-Natal.

1.7. Kabinete e lakaletsa Mokgatlo wa Baithuti wa Aforika Borwa (Cosas) mahlohonolo sehopotsong sa ona sa dilemo tse 34, o nang le metso ya yona ho ntwa ya Soweto ya 1976 bakeng sa thuto e lefellweng, e nang le boleng le ho ipapisa le maemo. Naha e ikamahanya le Cosas ha e keteka diphihlello tsa yona tse babatsehang le ho kgothaletsa thuto e nang le boleng bakeng sa bohle. Kabinete hape e thoholetsa boetapele ba Cosas bakeng sa ho etsa matsapa a ho bokanya batjha kgahlanong le tshebediso e mpe ya dithethefatsi.

1.8. Kabinete e nyefola diketso tsa ho tshollela mantle pontsheng ho la Kapa Bophirima ke baipelaetsi ba kgahlanong le matlwana a mabakete. Le ha, Mmuso o hlompha tokelo ya baahi ya ho ipelaetsa, mokgwa o tjena wa ho ipelaetsa o hloka seriti mme o ka baka kotsi e kgolo bophelong bo botle ba badudi le ho baipelaetsi ka bo bona. Kabinete e etsa kgoeletso ho baahi ho hlahisa dingongoreho tsa bona ka tsela e lokileng le ho hlompha ditsha tsa mmuso ho sa natswe dingongoreho tsa bona. Ho fetafeta moo Kabinete e entse kgoeletso ho ba ka sehloohong hore ba sebetsane le mabaka ka potlako ka tsela e ipapisitseng le Molaotheo wa rona.

1.9 Mmuso, tlasa boetapele ba Motlatsa Mopresidente Kgalema Motlanthe, o ile wa kopana le baetapele ba bodumedi ba emetseng Lekgotla la Aforika Borwa la Dikereke le Khonferense ya Babishopo ba Katholiki ba Aforika Borwa ho tshohla dingongoreho tsa bona tsa kamoo Projeke ya Ntlafatso ya Mebila e Bulehileng ya Gauteng e tlang ho thefula bafutsana le hore mmuso ha o kgathalle dihloko tsa ba kojwana di mahetleng.

Kabinete e boela e pheta hore mmuso ha o a kenyeletsa dipalangwang tsa setjhaba tse ngodisitsweng (tse sebediswang haholo ke ba kojwana di mahetleng) ditefellong tsa mebila e lefuwang ya Gauteng. Hodima moo, bakeng sa ho sebetsana le dingongoreho tsa boramakoloi ba bang, mmuso o theotse ditefello le ho hlahisa ditefello tse ntjha tse nyehlisitsweng bakeng sa mekgahlelo yohle ya makoloi.

Kabinete e kgothaletsa boramakoloi ba Gauteng ho ingodisa bakeng sa di e-tag le ho nka projeke ena jwaloka mekutu ya naha ya ho aha meralo ya motheo ya setjhaba.

1.10. Kabinete e lakaletsa dihlopha tsa Bolo tsa Bafana Bafana le Banyana Banyana le Sehlopha sa Kerikete sa Diprothea mahlohonolo ka ho hlola ha bona bolong le keriketeng. Kabinete e lakaletsa dihlopha tsa setjhaba mahlohonolo bakeng sa ditlholo tsa bona tse lwanetsweng ka thata bekeng e sa tswa feta le ho kgothaletsa maAforika Borwa oohle ho tshehetsa dihlopha tsa rona tsa naha.

1.11. Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha Power FM, seteishene sa radio se setjha sa dipuisano, jwaloka setlabotjha indastering ena. Kabinete e ananetse hore seteishene sena se tla sebetsana haholo le dipolotiki, mabaka a kahisano le dipapadi le ho imatahanya le letoto la mapatlelo a radio a ka sebediswang bakeng sa ho hlahlella maAforika Borwa.

1.12. Kabinete e lakaletsa Motsamaisikakaretso wa Lefapha la Bophelo bo Botle, Ngaka Malebona Precious Matsoso, bakeng sa ho thonngwa ha hae jwaloka setho le e mong wa Motlatsa baduladitulo ba Boto ya Phethahatso ya Seboka sa Lefatshe sa Bophelo bo Botle bakeng sa dilemo tse tharo.

2. Dipuisano le Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ananetse hore Setsi sa Mautlwela a Ditjhelete sa Aforika Borwa se tla tshwara dikopano tsa Selemo ka seng ya 2013 le ya Seboka le Sehlopha sa Tshebetso sa Kakaretso sa Sehlopha sa Egmont sa dikarolwana tsa mautlwela a ditjhelete.

Sehlopha sa Egmont ke mokgatlo wa dikarolwana tsa mautlwela a ditjhelete ho tswa dinaheng tse 131.  Di kopana kgafetsa ho kgontsha tshebedisano mmoho bakeng sa ho hlwaya dikuno tsa botlokotsebe, ho thibela ho hasanngwa ha tjhelete ho seng molaong le ho thuswa ha boferekanyi ka ditjhelete ka sepheo sa ho tshireletsa mokgwa wa tsa tshebediso ya ditjhelete o nang le seriti.

2.2. Kabinete e ananetstse ho kgethwa ha Aforika Borwa bakeng sa ho sebetsa ho Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng la Moruo le Kahisano (ECOSOC) bakeng sa 2013 – 2015. Sena se hlahisa monyetla wa ho beha boetapele ba Aforika Borwa ka bohlale bakeng sa mabaka a ntshetsopele le ho matlafatsa karolo ya naha jwaloka sebapadi sa bohlokwa le se hlwahlwa dipuisanong le matjhabatjhaba.

Hape Aforika Borwa e tla netefatsa hore ECOSOC e boela e matlafaditswe le ho ahwa botjha hore e tle e kgone ho tobana le diphephetso ka bokgabane tsa lefatshe le fetofetohang le ditlhoko tsa dinaha tse ntseng di tswela pele.

2.3. Kabinete e ananetse tlaleho ka ha Setho se seng sa ka dinako tsohle sa Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng la Tshireletso (UNSC) ho tloha ka la 1 Pherekgong 2011 ho isa ho la 31 Tshitwe 2012.

Tlaleho ena e hlalosa kgahlamelo ya Aforika Borwa mokgweng wa taolo wa lefatshe bakeng sa ho boloka kgotso le polokeho ya matjhaba.

Ho ipapisitswe le mabaka a maitshwaro le dikgahleho tsa naha, Aforika Borwa ho UNSC e behile ka sehloohong tharollo ya diqabang le kgotso le botsitso Kontinenteng ya Aforika. Setho sa UNSC hape se file Aforika Borwa monyetla wa ho matlafatsa dikamano le balekane ba bohlokwa ba dinaha tse ntseng di tswela pele – Brazil, India, Nigeria le China – tse arolelaneng setho sa Lekgotla le Aforika Borwa.

3. Dihlomathiso tsa molao

3.1. Kabinete e tjhaetse monwana hore Sehlomathiso sa Molao wa Taolo ya Dikoduwa se phatlalatswe bakeng sa maikutlo a setjhaba.

Sepheo sa Sehlomathiso sena ke ho tobana le diphephetso tse bonahalang di le teng ho ya le mekgahlelo ya mmuso kamora ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Taolo ya Dikoduwa wa 2002. Sehlomathiso sena se tla tiisetsa botjha mosebetsi wa bomasepala ba ditereke mabapi le ho thehwa ha matla bakeng sa ntshetsopele le kgokahanyo ya moralo wa taolo ya dikoduwa. Sena se kenyeletsa ho kenngwa tshebetsong mosebetsi wa taolo ya dikoduwa bakeng sa tulo ya masepala.

Molao wa Taolo ya Dikoduwa wa 2002 o tobile dintlha tse nne: O theha moralo o batsi wa dibaka bakeng sa taolo ya dikoduwa; o thatiselletsa ho hodiswa ha leano le keneletseng la moralo wa bohlale ba taolo ya dikoduwa. Ho fetafeta moo sehlomathiso se fana ka tlhophiso le peho ya koduwa; mme se bua bakeng sa nako e seng kae ka matlole boiphumano le tokiso tsa kamora koduwa. Se fana ka baithaopi ba taolo ya dikoduwa le mabakanyana a mang a tlatsetso.

3.2. Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Molao wa Ditefello tsa thepa ya Bomasepala ba Mmuso wa Lehae Palamenteng.
Mmuso wa Lehae: Molao wa Ditefello tsa Thepa ya Bomasepala o qadile ho kena tshebetsong ka la 2 Phupu 2005. O ile wa ntlafatswa botjha ka 2008 le 2009. Sepheo sa dintlafatso botjha ke ho tlosa pherekano le ho fana ka bonnete ba molao bo utlwahalang.

Ntlafatso botjha e tla dumella ponaletso bakeng sa ho beha ditefello bakeng sa mekgahlelo e fapaneng ya thepa, kahoo e ntlafatsa kutlwisiso ya borathepa ditefello. Ntlafatso botjha ha e no kenyeletsa meralo e itseng ya motheo ya ditshebeletso tsa setjhaba e kang mebila, diporo, dibaka tsa maemafofane, matamo le metsi a dinoka hore di lefellwe. Tsena di laolwa ke setjhaba mme di ke ke tsa kgathatsa makala a poraefete. Sena se tla eketsa diketsahalo tsa moruo ho ya le meedi ya bomasepala . Hape sena se tla nyehela karolong ya ntshetsopele ya Dikgwebo tsa Mmuso ka ho fokotsa ditjeho tsa bona tsa motjha-o-tjhele.

3.3. Kabinete e tjhaetse monwana letoto la Melao ya Dikepe tsa Kgwebo bakeng sa ho tshohlwa Palamenteng. Dihlomathiso tsena ke karolo ya pakana ya mekutu e reretsweng ho fana ka sekgahla ho boitlamo ba Aforika Borwa tlasa Protokhole ya Mokgatlo wa Mawatle ya Matjhaba ya 1992.

3.3.1. Sepheo sa Sehlomathiso sa Molao wa Dikepe tsa Kgwebo (Tumellano ya Boikarabelo ho Setjhaba) ke ho: kenya tshebetsong Protokhole ya Mokgatlo wa Mawatle ya Matjhaba ya 1992; le ho o fetisa e le molao wa Tumellano ya Matjhaba ho Boikarabelo ho Setjhaba bakeng sa Tshenyo ka Tshilafatso ya Oli se ntlafaditsweng botjha sa, 1969. Tumellano ya Boikarabelo ho Setjhaba e theha le ho laola boikarabelo ba monga sekepe ya ngodisitsweng.

3.3.2. Sepheo sa Sehlomathiso sa Molao wa Dikepe tsa Kgwebo (Letlole la Matjhaba la Ditlhapiso tsa Tshilafatso ya Oli) ke ho: kenya tshebetsong Protokhole ya 1992 ho Tumellano ya Matjhaba bakeng sa ho Thehwa ha Letlole la Matjhaba bakeng sa Tshenyo ya Tshilafatso ka Oli, ya 1971 (Tumellano ya Letlole).

Tumellano ya Letlole e theha Letlole la Matjhaba, le bitswang Letlole la Matjhaba la Ditlhapiso tsa Tshilafatso ya Oli (IOPC). Sepheo sa Letlole ke ho lefella ditlhapiso ho mahlatsipa a tshenyo ka tshilafatso (ka hara moelelo wa Tumellano ya Boikarabelo ho Setjhaba) moo ba sa kgonang ho thola ditlhapiso, kapa ditlhapiso ka botlalo, tlasa dipehelo tsa Tumellano ya Boikarabelo ho Setjhaba. Letlole la IOPC le fumana ditjhelete ho tswa ho beng ba thepa.

Dihlomathiso tsa Boikarabelo ho Setjhaba le Letlole la Ditumellano di sebetsana le mabaka a boikarabelo le ditlhapiso bakeng sa tahlehelo kapa tshenyo e bakilweng ke tshwaetso ka lebaka la ho tsholoha kapa ho dutla ha oli e tswang ditankeng tsa oli.

3.3.3. Sehlomathiso sa Molao wa Dinyehelo wa Dikepe tsa Kgwebo (Letlole la Matjhaba la Ditlhapiso tsa Tshilafatso ya Oli) le Sehlomathiso sa Molao wa Tsamaiso ya Dikepe tsa Kgwebo (Letlole la Matjhaba la Ditlhapiso tsa Tshilafatso ya Oli) di fana ka ho kenngwa tshebetsong ha Protokhole ya Mokgatlo wa Mawatle wa Matjhaba ya 1992 ho ntlafatsa botjha Tumellano ya Matjhaba bakeng sa ho Thehwa ha Letlole la Matjhaba bakeng sa Tshenyo ka Tshilafatso ka Oli, ke Aforika Borwa.

Sehlomathiso sa molao wa Tsamaiso se tla fana ka tumello ya molao e hlokahalang ho kgontsha ba Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa ho tsamaisa pokello ya lekgetho la Letlole la Matjhaba la Ditlhapiso tsa Tshilafatso ya Oli. Sehlomathiso sa Molao wa Dinyehelo ke Sehlomathiso sa tjhelete se fanang ka ho behwa le pokello ya dinyehelo tse tshwanelang ho lefellwa ho Letlole.

4. Bathonngwa

4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho thonngwa ha ditho tse supileng (7) bakeng sa nako ya dilemo tse hlano (5) ho tloha ka la 12 Phuptjane 2013, ho sebetsa ho Lekala la Bophatlalatsi la Dipapadi le Boikgathollo, ho ya ka Molao wa Diloto ( wa nomoro ya 57 wa 1997).

a. Ngaka Vukile Charles Mehana;
b. Monghadi Thandisenzo Aleck Skhosana;
c. Mofumahadi Muditambi Ravele;
d. Mofumahadi Annamarie Louise van Wieringen;
e. Mofumahadi Krubavathi Jaram;
f. Monghadi Ado Moloabi; le
g. Monghadi Goliath Munro.

4.2. Kabinete e tjhaetse monwana ho thonngwa ha ditho tse tharo (3) bakeng sa nako ya dilemo tse hlano (5) ho tloha ka la 12 Phuptjane 2013, ho sebetsa ho Lekala la Bophatlalatsi la Bonono, Botjhaba le Setso ho ya ka Molao wa Diloto (wa nomoro ya 57 ya 1997).
a. Mofumahadi Hellen Kentse Makgae
b. Mofumahadi Violet Tyamzashe; le
c. Mofumahadi Brenda Sesane.

4.3. Kabinete e tjhaetse monwana ho thonngwa botjha ha bobedi ba Balaodi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (DBSA) ho ya ka karolo ya 7 ya Molao wa DBSA, (Molao wa 13 wa 1997).
a. Mofumahadi Thembisa Dingaan
b. Moprofesara Omar Latiff.

4.4 Kabinete e tjhaetse monwana ho thonngwa ha Batlatsa Balaodikakaretso ba latelang:
a. Mofumahadi Maseapo Kganedi Motlatsa Molaodikakaretso: Tshebeletso tsa Dihlopha ho Lefapha la Bonono le Botjhaba
b. Monghadi Mpho Joseph Mofokeng: Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete: Akhaonteng ya Kgwebo ya Metsi ho Lefapha la Merero ya Metsi

Dipatlisiso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 0835010139

Share this page

Similar categories to explore