Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro, la 7 Tshitwe 2016

Ha selemo se le haufi le ho fela, Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa mabapi le ho hopola selemo sa boraro sa ho hlokahala ha Nelson Mandela ka la 5 Tshitwe 2013.

“Mesebetsi ya rona ya letsatsi le letsatsi jwaloka maAforika Borwa a tlwaelehileng e tshwanela ho hlahisa bonnete bo teng ba seAforika Borwa bo tla matlafatsa tumelo ya batho ho toka, ho matlafatsa tshepo ya yona ho bokgabane ba botho, le ho dula re behile tshepo ya rona kaofela bakeng sa bophelo bo kgabane bakeng sa bohle.” – Nelson Mandela

Madiba o ne a imatahanya le dipehelo tsa Molaotheo wa rona le tjhebelopele ya setjhaba se lokolohileng, se nang le toka le se kopaneng se hlakisang hore ke seo setjhaba se tshwanelang ho se tsitlallela. Ho etsa sena, maAforika Borwa a lokela ho kopanngwa ke tjhebelopele e tshwanang ya setjhaba se betere.

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a mmuso

Moruo wa Aforika Borwa

1.1. Kabinete e thoholetsa bomphato bo kgabane ba Moifo wa Aforika Borwa – o bopilweng ka mmuso, dikgwebo, boramosebetsi le maAforika Borwa kaofela – bakeng sa ho sebetsa mmoho ho sireletsa tekolo ya Aforika Borwa ya matsete. Ka ho sebetsa ka thata le mosebetsi o kopanetsweng, moruo le tshepo ya botsetedi di fumantshitswe botsitso dinakong tsena tse boima tsa moruo.

Moporesidente Jacob Zuma o thehile Moifo wa SA hore mafapha a fapaneng a sebetse mmoho ho hotetsa botjha moruo wa rona, ho hohelal matsete le ho hlahisa mesebetsi bakeng sa batho ba bo rona. Dintshetsopele tsena tse ntle di lokela hore kgothatsa hore re tiise le ho sebetsa ka thata ho feta ho ntshetsa Aforika Borwa pele.

1.2. Ba Moody’s Investor Services, Fitch Ratings le Standard & Poor’s ba behile tekolo ya dikoloto tsa Aforika Borwa tse ikemetseng ka hodimo ho maemo a tlase a tekolo.
Dingongoreho tse hlahisitsweng ke makala ana di ananetswe mme rona mmoho le balekane ba rona ba kahisano re akofisa maitshunyako a ho ntlafatsa moruo. Kabinete e dula e na le tshepo ya hore tsela e tekilweng ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le moralo wa mmuso wa matlafatso ya maemo a ditjhelete, hammoho le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong, di tla thusa Aforika Borwa ho dula e le naha e maemong a botsetedi.

1.3. Kabinete e lemohile hore Palohohle ya Dihlahiswa tsa Aforika Borwa (GDP) e hotse ka 0.2% kotareng ya boraro. Banyehedi ba baholo ho kgolo ya GDP e bile merafo le lekala la dikwari, la ditjhelete, la thepa ya bodulo le ditshebeletso tsa dikgwebo, le ditshebeletso tsa kakaretso tsa mmuso. Lekala la temo, meru le ditlhapi le honyetse ka -0.3%; la tlhahiso ka -3.2%; motlakase, kgase le metsi ka -2.9%; le kgwebisano, dijo le bodulo ba baeti ka -2.1%. Komello e ntse e le sesosa se seholo ka ho fetisisa bakeng sa ho fokotseha lekaleng la temo.

1.4.  Phano ya Ditokelo tsa Mangolo a Matlo ho metse e mehlano ya Bahurutshe ke Letona la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu, Monghadi Gugile Nkwinti, ke e nngwe ya ditseko tsa mobu tse kgolo ka ho fetisisa tse kileng tsa etswa Polasing ya Diphoofolo tse Hlaha ya Motsane ka ntlenyana ho Zeerust ho la Leboya Bophirima.

Ho fetang dihektare tse 54 280, tse kenyeletsang polasi ya diphoofolo tse hlaha, ho ntse ho busetswa.

Hape, ho thakgolwa ha porojeke ya teko ya Moralo wa Leano la Matlafatso ya Ditokelo tsa Batho ba Lemang (leano la 50/50) bakeng sa Leboya Bophirima Polasing ya Stars Away Ottoshoop, ho la Zeerust, ho latela ho phethelwa ha tumellano e tla etsa hore basebeletsi ba polasing le rapolasi e be beng-mmoho ba polasi eo ya kgwebo.

1.5. Meralo ya motheo ya metsi ke karolo ya Moralo wa Naha wa Meralo ya Motheo bakeng sa ho fetola maemo a moruo wa rona ha ka nqa e nngwe re hlahisa mesebetsi le ho matlafatsa phano ya ditshebeletso tsa mantlha.

Ho thakgolwa ha Porojeke ya Tlatseletso ya Metsi ya Mokolo le Noka ya Crocodile (Bophirima) ho bontsha boitlamo ba mmuso ba ho arabela ho ditlhoko tsa baahi. Meralo ya motheo ya phethisetso ya metsi e fepela metsi ho Masepala wa Lehae wa Lephalale, ho diteishene tsa motlakase tsa Eskom (Matimba le Medupi), polante ya tlhwekiso ya metsi ya Zeeland, le Morafo wa Exxaro wa Grootegeluk. Hape e fetisetsa metsi ho tloha Nokeng e Bophirima ya Crocodile River haufi le Thabazimbi ho ya sebakeng sa Lephalale.

1.6. Ditshebetso tsa Metsi a ditshila tsa Welgedacht haufi le Springs, Gauteng, di ile tsa atoloswa bakeng sa ho mekamekana le tlhokahalo e eketsehileng ya ho hlwekiswa ha metsi a ditshila.
Bakeng sa ho fokotsa tshilafatso Tsamaisong ya Noka ya Lekoa, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le ntjhafaditse Polante ya Tlhwekiso ya Metsi a Ditshila ya Oranjeville Masepaleng wa Setereke wa Metsimaholo le ho Polante ya Tlhwekiso ya Metsi a Ditshila ya Leeuwkuil Masepaleng wa Setereke wa Emfuleni ka ditjeho tsa R44.4 milione. Hape, tjhelete e ka fetang R300 milione e behetswe ka thoko bakeng sa ho hlabolla dibaka tsa tlhwekiso ya metsi a ditshila tse 26 tse sa sebetsang hantle dikarolong tsa Gauteng le Foreistata.

1.7. Khomishene ya Beisine ya Noka ya Orange-Senqu hajwale e dutse ho tloha ka la 5 ho isa ka la 9 Tshitwe 2016 Emperors Palace ho la Kempton Park. Aforika Borwa, Lesotho, Botswana le Namibia ke dinaha tsa ditho ho khomishene ena. Khomishene e kenya tshebetsong lewa la ho tshela madiboho la bolaodi ba mehlodi ya metsi mme e sebeletsa bakeng sa merero ya ntshetsopele ya nako e telele ya sebaka sena.

1.8. Lepatlelo le letjha la Bo-Aforika, Beke ya Kgwebisano ya Aforika 2016 e ne e tshwerwe ho tloha ka la 28 Pudungwana ho isa ka la 2 Tshitwe tlasa mookotaba: “Re Hodisa Sebopeho sa Diphethoho tsa Moruo wa Kahisano ka Kgwebisano e Kopanetsweng ya Aforika”. Sena se fanne ka lepatlelo le pharalletseng, le kopanetsweng le ho kenyeletsa bakeng sa dipuisano tsa leano le tsa kgwebisano pakeng tsa dibaka tse fapafapaneng tse amanang le tsa kgwebisano.

Letona la Dikgwebo le Diindaseteri, Ngaka Rob Davies, le ne le kenetse Dipuisano tsa Sebaka sa Kontinente sa Kgwebisano e Lokolohileng (CFTA), tse thakgotsweng nakong ya Kopano ya Aforika (AU) tse neng di tshwaretswe Aforika Borwa ka la 15 Phupjane 2015. CFTA e rerile ho matlafatsa kgwebisano e kopaneng ya Aforika le ho aha Aforika e kopanetsweng ya batho ba bilione e le nngwe le GDP e akanyetswang ho 2.6 trilione ya Didolara tsa Amerika.

1.9. Mokgahlelo wa bobedi wa Foramo ya Saense ya Aforika Borwa o tshwerwe tlasa mookotaba “Re hotetsa meqoqo ka saense” ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Tshitwe Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa CSIR. Borasaense, baetsi ba maano, baithuti, dirutehi le setjhaba ba buisana ka dintlha tse amehang mabapi le saense, thekenoloji le ntlafatso.

Ho tsepamisitswe maikutlo hodima disaense tsa kahisano, mme dingangisano di kenyeletsa sekepele sa mokgolo o phedisang le 60% e tlalehilweng ya sekgahla sa ba nyahlatsang dithuto diyunivesithing tsa Aforika Borwa. Dihlooho tse ding di kenyeletsa bofalli bo bakwang ke ho fetofetoha ha tlelaemete, maikutlo ka diphedi tse hodiswang ka mekgwa ya saense, tshireletso ya dijo le kamoo saense ya kahisano e ka bopang bokamoso ba Aforika.

Mebuso ya Lehae

1.10.  Pitso ya Naha ya Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae (SALGA) e neng e tshwerwe haufinyana tjena ho tloha ka la 28 Pudungwana ho isa ka la 1 Tshitwe 2016 e phethetse ka ho itlama botjha ho lenaneo la ho Kgutlela Sethathong le ho hodisa bodulo bo kenyeletsang ka ho kenya tshebetsong Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele ya Ditoropo (IUDF). IUDF e rera tjhebelopele ya ho bopa “metsemeholo le ditoropo e nang le bophelo, e bolokehileng, e nang le mehlodi e hlwahlwa e momahaneng ho tsa kahisano, e kenyeletsang tsa moruo le e ka phehisanang le ya lefatshe, moo badudi ba nkang karolo ka mafolofolo bophelong ba ditoropo”.

Ntwa Kgahlanong le Merusu ho Basadi le Bana

1.11. Letsholo la hajwale la Matsatsi 16 a Ntwa Kgahlanong le Merusu ho Basadi le Bana la selemo sa 2016 tlasa mookotaba: “Mpalleng le nna: Re kgannela Aforika Borwa e Hlokang Merusu Pele”, le thakgotsweng ke Moporesidente Zuma, le kentse tseleng #365 days of Activism. Jwaloka karolo ya ho batalatsa phumantsho ya ditshebeletso tsa mmuso bakeng sa bohle, ka ho qolleha ba kotsing, ho thakgolwa ha sesebediswa sa matlafatso ya ba phelang ka boqhwala mabapi le Setsi sa Taolo sa Merusu e Itshetlehileng hodima Bong (GBV) sa dihora tse 24 se tla thusa batho ba sa utlweng ditsebeng ho fumantshwa le ho sebedisa ditshebeletso tsa seporofeshenale tsa dikeletso tsa setsi sena.

1.12. Kabinete e toboketsa ho kgesa ha yona ha diketso tsohle tsa merusu tse hlohlelletswang ke kgethollo. Mmuso o tswela pele ho sebetsana le dintlha tsa ditarasi, banna kapa basadi ba ratanang ba bong bo tshwanang, banna kapa basadi ba ratang bong bosele le batho ba bong bo sa tsamaelaneng le tlhaho ya bona. Bili ya Thibelo le Twantsho ya Ditlolo tsa Molao tsa Lehloyo le Puo tsa Lehloyo, eo hajwale e leng mokgahlelong wa dipuisano, e tla matlafatsa qobello le ho tjhutjhiswa.

Bophelo bo botle

1.13. Sehopotso sa Letsatsi la Lefatshe la AIDS ka la 1 Tshitwe 2016, tlasa mookotaba “Ho matsohong a rona ho fedisa HIV le TB”, se neng se eteletswe pele ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, se ile sa matlafatswa ke ho thakgolwa ha teko ya bongaka e ntjha ya ente ya HIV le AIDS e bitswang HVTN 702.

Kabinete e thoholetsa borasaense ba Aforika Borwa ba eteletseng pele diphuputso tsena tse hlokolosi. Teko ena ke e nngwe ya tse kgolohadi lefatsheng mme e bontsha bopaki ba boqhetseke ba tsa saense le bongaka.

1.14. Mmuso o tswela pele ka bolekane ba ona le bankakarolo kaofela – ho kenyeletswa PHILA le Mokgatlo wa Naha wa Aforika Borwa wa AIDS – ho fihlella moloko o phelang ntle le AIDS, ho emisaa ditshwaetso tse ntjha tsa HIV, ho fedisa sewa sa TB le ho kgothaletsa baahi ba rona kaofela ho etsa dikgetho tsa bophelo bo botle tse nang le boikarabelo.

Aforika Borwa e fihlelletse sepheo sa yona mabapi le pheko ya meriana ya kalafo (ARV) mme jwale rena le lenaneo le leholo ka ho fetisisa la ARV lefatsheng, moo ho bileng le batho ba 3.4 milione ba alafuweng ka selemo sa 2015. Sepheo sa thibelo ya tshwaetso ho tloha ho motswadi ho ya ho lesea se ile sa fihlellwa, moo ho nang le ho theoha ho bonahalang ho tloha ho ho feta 3.5% ka selemo sa 2010 ho ya ho 1.8% ka selemo sa 2014. Tshwaetso ka motabo ya HIV hara batjha ba dilemo tse 15-24 e theohile ho tloha ho 410 000 ka selemo sa 2011 ho ya ho 330 000 ka selemo sa 2014. Ditshwaetso tse ding tsa TB le mafu a TB di theohile, empa maikemisetso a ho fihlella phokotseho ya 50% ya mafu a TB ha e ya fihlellwa.

Dikhondomo tsa banna tse 800 milione le tse fetang 20 milione tsa basadi di ile tsa hasanngwa selemong se fetileng sa ditjhelete. Letsholo la diteko tsa HIV le bonahetse ka ho etswa ha diteko tse 35 milione tsa HIV nakong ya dilemo tse hlano. Aforika Borwa e na le metjhini e fetang 300 ya GeneXpert e behilweng naheng ka bophara mme diteko tse fetang 2.1 milione tsa GeneXpert di entswe. Ka selemo sa 2016 Aforika Borwa e kentse tshebetsong diteko tse tlwaelehileng le lenaneo la kalafo moo motho e mong le e mong a nang le HIV a behwang tlasa kalafo ho sa natswe palo ya disele tsa CD4 ya bona.

Bolaodi ba Dikoduwa

1.15. Kopano ya Matona a Ntshetsopeleng ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) a ikarabellang bakeng sa bolaodi ba dikotsi tsa dikoduwa e ne e tshwerwe ka la 26 Pudungwana 2016 ho la Mauritius tlasa bodulasetulo ba Letona la Puso e Kopanetsweng le Merero ya Botjhaba, Monghadi Des Van Rooyen.

Kopano e tjhaelletse monwana Lewa la Lebatowa la Boitokisetso ba Dikoduwa le Karabelo le ho theha Lebotho la Tshebetso ho phethela tshisinyo e mabapi le letlole la boitokisetso ba dikoduwa le karabelo. Moifo wa bongodi wa SADC o tla hlophisa kopano e kopanetsweng ya Matona a Bolaodi ba Dikoduwa le Ditjhelete ho sekaseka letlole la boitokisetso ba dikoduwa le karabelo bo sisintsweng.

Batjha

1.16. Jwaloka lenaneo la ho ntshetsapele batho ba batjha, Kampo ya Batjha ya naha sebakeng sa Bathalione ya 3 ya Sesole sa Aforika Borwa, e ile ya bulwa haufi le Kimberley ho la Kapa Leboya ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le la Tshireletso le la Mekaubere ya Ntwa, tlasa mookotaba #40YearsOn – Batjha ba ntse ba ntshetsa Aforika Borwa pele.

Sena se bokanya mmoho batjha ba 1 000 ho parola le morabe, botjhaba, bong, maemo le puo ho tswa diporofenseng kaofela ka morero wa ho hodisa boitsebiso ba naha, kaho ya setjhaba, momahano ya kahisano motlotlo wa naha le boahi bo mafolofolo hara batjha ba Aforika Borwa. Dipuisano di tla tshwarwa mabapi le diphephetso tse ngata tseo ba tobaneng le tsona jwaloka batjha.

Ho tloha esale ka Kampo ya Batjha ya Naha ya pele ka selemo sa 2012, bankakarolo ba batjha ba kenetse diporojeke ka hara metse ya bona tse reretsweng ho tlisa ntshetsopele. Kampo ya Batjha e fana ka monyetla bakeng sa batjha, bao hajwale e leng baetapele ho ya ka maemo a bona metseng ya bo bona, ho arolelana boiphihlelo ba bona le batjha ba bang.

Morero wa Ntshetsopele ya naha

1.17. NDP ke tjhebelopele le moralo wa nako e telele o sebetsang jwaloka moralo bakeng sa mosebetsi o tshwanelang ho etswa ho fihlella setjhaba se tswetseng pele bakeng sa Aforika Borwa ka selemo sa 2030. Dintlha tse ka sehlohlolong tsa NDP ke ho fokotsa bofutsana, tlhokeho ya mesebetsi le ho se lekalekane.

1.18. Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela a setjhaba, dikgwebo, boramesebetsi le setjhaba ka kakaretso ho bapala karolo ya bona mabapi le ho hodisa lebitso la boitsebiso ba NDP ka ho hlakisa ho kenngwa tshebetsong ha NDP ka maikitlaetso a ho sebetsa mmoho a tla thusa bakeng sa ho kenya moralo ona tshebetsong.

1.19. Kabinete e hlophisitse letsholo la ho nka ditshwantsho ho tshwaya boipiletso ba ho kena tshebetsong le tla etsa hore makala oohle a setjhaba a sebedise lebitso la boitsebiso la NDP.

2. Diqeto tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tshehetsa Letona la Dipalangwang, Mofumahadi Dipuo Peters, bakeng sa ho tsamaisa Bolaodi ba Maemakepe a Naha a Transnet, ho ya ka Karolo 79, karolwana (1) ya Molao wa Maemakepe a Naha, 2005 (Molao wa bo-12 wa 2005), ho fetola Tumellano ya Basebedisi ba Theminale ho dumella Letlole la Mawa a Mafura ho sebetsana le thepa ya Kgase ya Peterole e Mokedikedi (LPG) Boemakepeng ba Saldanha Bay. Kgiro le laesense tsa hajwale tsa Letlole la Mawa a Mafura di tla atoloswa ka bonyane ba dilemo tse 25 ho fana ka bonnete ba kgwebo le tshebetso bakeng sa matsete a moshwelella lekaleng la kgase le oli.

Sena se tsamaelana le dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso tse amanang le Operation Phakisa mabapi le ho hodisa Moruo wa Mawatle le merero e bataletseng e tekilweng ho NDP, ho hodisa kgolo ya moruo le ho matlafatsa tlhahiso ya mesebetsi.

2.2. Kabinete e tsebisitswe ka porojeke ya “Emergency Works” ya maemo a Ho Monywa ha Esete ya Merafo e ileng ya kenngwa tshebetsong jwaloka tharollo ya nako e kgutshwanyane bakeng sa ho bebofatsa ho Monywa ha Esete ya Merafo dithoteng tsa gauta tsa Witwatersrand. Tharollo ya nako e telele e tla kenngwa tshebetsong ho imatahantswe le dikgothaletso tse tekilweng ke Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC).

Jwaloka naha e haellwang ke metsi, porojeke ya ho Monywa ha Esete ya Merafo e nka monyetla wa paballo ya metsi le tshebediso botjha, ho netefatsa phano ya metsi a hlwekisitsweng hantle a nowang le mokgwa wa ho sutha tabeng ya ho itshetleha feela hodima metsi a hlwekileng a ditshebetso tsa diindaseteri. Ho feta moo, porojeke hape e bebofatsa tshilafatso le dikgahlamelo tse ding tse sa lokang.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Naha la Dikgwerekgwere, la 2016 bakeng sa ho kenngwa tshebetsong. Sena se latela nako e matla ya dipuisano bakeng sa ditshwaelo. Leano le beha bophelo bo botle ba batho bohareng ba ntshetsopele mme le hahamaletse pele mabapi le maemo a ntlafaditsweng a ditshebeletso, ntjhafatso le thekenoloji e nepahetseng bakeng sa ho netefatsa hore ho tla nka nako e telele ho ntlafatsa maphelo a ba futsanehileng.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollwa ha tlaleho ya Dipalopalo tsa Naha tsa Botlokotsebe bakeng sa dikotara tse pedi tse qalang tsa 2016/17, ke Letona la Sepolesa, Monghadi Nkosinathi Nhleko. Ho lokollwa hona ha kotara ka nngwe ho thusa mmuso ho beha leihlo maikemisetso a ka sehloohong, haholoholo phokotso ya botlokotsebe bo matla bo tlalehilweng, jwaloka ha ho tekilwe ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) mme di ka nna tsa sebediswa jwaloka matshwao a temoso nako e sa le teng bakeng sa ho matlafatsa ditshebetso tsa thibelo ya botlokotsebe le mawa a mafapha a fapafapaneng a mmuso. Letona Nhleko le tla lokolla dipalopalo tsa botlokotsebe pele ho la 31 Pherekgong 2017.

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Bobedi ya Naha ya ho Kenngwa Tshebetsong ha Tjhata ya Aforika e mabapi le Ditokelo le Thekolohelo ya Bana (Tjhata ya Bana) bakeng sa ho hlahiswa ho AU ka Pherekgong 2017.

Tjhata ya Bana e ile ya amohelwa ke AU ka selemo sa 1990 mme ke sesebediswa se pharaletseng se tekang ditokelo le ho hlalosa dipehelo tsa lefatshe le ditlwaelo bakeng sa maemo a bana. Tlaleho ya Bobedi ya Naha e bontsha kgatelopele e entsweng mabapi le ho kenngwa tshebetsong sehlopha sa maano le melao ya mmuso e bataletseng ho hodisa, ho sireletsa le ho lemoha ditokelo tsa bana. Tlaleho hape e ananela mekutu e tswelang pele le e hlabolohileng bakeng sa ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha mananeo le diporejeke tse mabapi le ho kgothaletsa ditokelo tsa bana.

2.6. Kabinete e tsebisitswe ka diphetho ho tswa ho Kopano ya bo-17 ya Pitso ya Mekga (CoP17) ho Khonvenshene ya Matjhaba ya Kgwebisano ka Dibopuwa tse Kotsing tsa Diphoofolo le Dimela tse Hlaha (CITES), e neng e tshwerwe ke Aforika Borwa ho tloha ka la 24 Loetse ho isa ka la 5 Mphalane 2016.

Mekga e dumellane ka mekgwa le mesebetsi e tla kenngwa tshebetsong ka hara thomo ya Khonvenshene ho netefatsa hore kgwebisano ya matjhaba e molaong e dula e le ya nako e telele le hore kgwebisano e seng molaong e ya fediswa. Mekga hape e dumellane ho lemoha hore batho ba lokela ho kgola molemo ho tswa ho tshebediso ya nako e telele ya mehlodi ya yona, ho kenyeletsa le ho tswa ho kgwebisano ya matjhaba e seng molaong.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana maemo a Aforika Borwa a ditherisano bakeng sa Kopano ya bo-13th ya CoP ho Khonvenshene ya Diphapang tsa Tlhaho (CBD COP13) le diporothokhole tsa yona e tla tshwarelwa Cancun, Mexico ho tloha ka la 4 ho isa ka la 17 Tshitwe 2016.

CBD COP13 e tla sekaseka dintlha tse latelang tse ka sehloohong: Tshebediso ya Mehlodi; Ho beha ka sehlohlolong le Kopanelo ya Diphapang tsa Tlhaho ka hare le ho parola le makala; le Diphapang tsa Mawatle le Mabopo.

2.8. Kabinete e tsebisitswe ka kgatelopele e entsweng ke mmuso mabapi le ho arabela ho ditlhaselo tse etswang ho melata le ho sebetsana le motso wa disosa tsa tsona.

O tataiswa ke IMC ya Bofalli, mmuso o kentse tshebetsong Operation Fiela, e tlisitseng merusu tlasa taolo. Ho tloha ka la 1 Phupu ho isa ka la 30 Loetse 2015, ditshebetso tse 702 di ile tsa hlophiswa, tse ileng tsa lebisa ho tshwarweng ha batho ba 9 741 moo ba 3 158 e neng e le melata.

Mosebetsi o entsweng mabapi le motso wa sesosa sa ditlhaselo ho tiisitse hore ho ne ho na le keketseho ya ho tseka menyetla ya moruo, mehlodi le ditshebeletso tsa setjhaba pakeng tsa melata le ba futsanehileng ba sa sebetseng le maAforika Borwa a dulang makeisheneng le mekhukhung.

Ho tjhaellwa monwana ha ho qetela ha Pampiri e Tshweu ya Bofalli ba Matjhaba ho rerilwe bakeng sa Hlakubele 2017, mme ho tla kenyeletsa leano la “First Safe Country” le tla thusa bakeng sa ho laola baphaphathehi le ba batlang botshabelo. Kabinete hape e tjhaelletse monwana Sehlomathiso sa Bili ya Baphaphathehi ka Loetse 2015 bakeng sa ho tekwa Palamenteng mme Lefapha la Merero ya Lehae le kentse tokomane ho SADC e memang dipuisano tse mabapi le kamoo ho ka sebetsanwang le bofalli ka hara lebatowa. Hape ho ile ha fumanwa mobu Lebombo, ho la Mpumalanga ka 2015 ho theha ditsi tsa ditsamaiso tsa bofalli haufi le moedi.

2.9. Kabinete e behilwe sehlohlolong ka ho kenngwa tshebetsong ha Tsamaiso ya Naha ya Tekolo e hlahisitsweng ka botlalo ho Tlaleho ya Selemo ka seng ya Tekolo ya selemo sa 2016 ho isa ho sa 2017 mme hape e tjhaelletse monwana Moralo wa Naha wa Tekolo wa botshelela wa selemo sa 2017 ho isa ho sa 2018.

Tsamaiso ya Naha ya Tekolo e ntse e hlahiswa ho parola le mmuso mme e ntse e bokeletsa sehlopha sa bopaki ho latela ditekolo tse 16 tsa moruo: ditekolo tse tshelela tsa temo/dibaka tsa mahae; ditekolo tse supa tsa bodulo ba batho le mmapa wa bopaki; ditekolo tse hlano tsa bana; le ditekolo tse nne tsa polokeho (moo ditekolo tse pedi tsa polokeho di tla qala).
Kabinete e mafielletse hore mafapha a tshwanela ho aba matlole a batlehang bakeng sa bodisa le peho leihlo tse kgabane le ho ba hlwahlwa ho netefatsa bokgabane le bohlwahlwa ba mananeo.

2.10. Kabinete e tsebisitswe ka diphetho le dikgothaletso ho tswa ho diphuputso tse neng di etswa ke Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso (DPSA) mabapi le sebopeho sa naha sa hore batho ba fihlelle Thusong Service Centres, e leng ditsi tsa tshebeletso tse nang le tsohle tse fanang ka tlhahisoleseding le ditshebeletso ho badudi.

Diphuputso di kgothaletsa hore ho be le ho hasanngwa ho lekalekanang ha Ditsi tsena le ho qaqolohanya dibaka tsa tshebeletso tsa mafapha a ka sehloohong e le ho eketsa palo ya batho ba ka fihlellang ditshebeletso, ho fokotsa bohole le ditjeho tsa ho tsamaya; le ho fokotsa matsete a meralo ya motheo ya tlatsetso. Ho tlatseletsa hodima Ditsi tse 197 tse teng tsa Thusong, diphuputso di hlwaile le ho kgothaletsa dibaka tsa tlatsetso tse 67 moo ditlhoko tsa ho fihlella tshebeletso di lokelang ho ntlafatswa bakeng sa ho mekamekana le ditseko tsa setjhaba le ho fokotsa bohole ba ho ya Ditsing tsena.

2.11. Kabinete e ile ya tsebiswa ka dipehelo tsa tshupiso e mabapi le ntshetsopele e tlamang ya bokgoni, matsatsi a tlamang a thupello le dintlha tse hodimo tse batlehang bakeng sa ho fihlella Tshebeletso e Phahameng ya Bolaodi (SMS). Sena se tla ntlafatsa boleng ba mehlodi ya kgiro ya batho, e leng ntlha e hlokolosi ya bokgoni ba mmuso ba ho etsa seo o se tshepetsweng le ho nyehela ho sepheo sa NDP sa ho aha puso e kgonang le e tswelang pele.

2.12. Kabinete e tjhaelletse monwana ka keketso ya meputso ya 2.5% e leng e tsamaelanang le ditjeho tsa ho phela ho ditho tsa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Aforika Borwa, ho tloha ka la 1 Mmesa 2016.

3. Dibili

Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa ho hlahiswa ha Dibili tse latelang Palamenteng:

3.1. Bili ya Botlokotsebe ba Inthanete le Tshireletso ya Dikgokahanyo tsa Inthanete ya selemo sa 2016, e matlafatsang tsamaiso ya toka ya botlokotsebe jwaloka ha ho lakaditswe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), ka ho lwantsa botlokotsebe ba inthanete, ho theha bokgoni bakeng sa ho sebetsana le tshireletso ya dikgokahanyo tsa inthanete le ho tshireletsa dikaho tsa motheo tsa tlhahisoleseding e hlokolosi.

E nyehela bakeng sa ho aha metse e bolokehileng jwaloka ha ho lakaditswe ho NDP. Ntlheng ena, mmuso o itlamme ho kenya tshebetsong mekgwa ya ho aha botshepehi le tshepo le tshebediso e bolokehileng ya Dithekenoloji tsa Tlhahisoleseding ya Dikgokahanyo.

3.2. Bili ya Makgotla a Dinyewe a Botjhaba ya selemo sa 2016, e nyehela bakeng sa ho fihlella puso e tswelang pele, e kgonang le ho ba ya maitshwaro a matle ka ho laola mosebetsi le diketso tsa setheo sa boetapele ba botjhaba tharollong ya diqaka, ho ya ka Molaotheo wa Aforika Borwa.

Sena se tla ntlafatsa phihlello ya ditshebeletso tsa toka ke bohle ka sepheo sa ho kgothaletsa momahano ya kahisano.

3.3. Sehlomathiso sa Bili ya Tsamaiso ya Diketso tsa Botlokotsebe ya 2016, e fetolang Molao wa Tsamaiso ya Diketso tsa Botlokotsebe, 1977 (Molao wa bo-51 wa 1977).

Dihlomathiso di neha makgotla a dinyewe boiponelo bo batsi mabapi le ho fana ka ditaelo tse mabapi le dihlopha tse kotsing, e leng batho ba nang le boqhwala ba kelello. Makgotla a dinyewe a tla thuswa ho etsa diqeto tse lokileng le tsamaiso e lokileng ya molao tse itshetlehileng hodima ditlaleho tsa dihlopha tsa ditsebi tse thehilweng ka nepo.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente wa Zambia Moporesidente Edgar Lungu o Leetong la Puso Aforika Borwa ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Tshitwe 2016. Ho lebeletswe hore Khomishene e Kopanetsweng ya ka Dinako Tsohle pakeng tsa dinaha tse pedi e tla thakgolwa, e tla beha leihlo Tumellano ya Kakaretso ya selemo sa 1996 le Boitlamo ba Maikemisetso ba selemo sa 1999 tse fanang ka sefutho ho ditumellano tsa bobedi bona.

Dinaha ka bobedi di na le dikamano tse ntle tsa bobedi le tsa moruo, moo Zambia e dutseng e le e nngwe ya balekane ba bararo ba ka hodimo ba kgwebisano le Aforika Borwa kontinenteng ya Aforika.

Thepa ya Aforika Borwa e romellwang ka ntle ho ya Zambia ka selemo sa 2014 e ne e le R29.5 bilione, ha thepa ya Zambia e romellwang ka ntle ho ya Aforika Borwa e fihlile ho R3.6 bilione.

4.2. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e tshware Seboka sa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo sa Aforika sa selemo sa 2017 ka bomphato le African Brains ka Phupu 2017. Sena se tla etellwa pele ke Lefapha la Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso.

4.3. Ka la 9 Tshitwe 2016, mmuso wa rona ka bomphato le Kantoro ya Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Dithethefatsi le Botlokotsebe le Yunivesithi ya Aforika Borwa, di tla tshwaya hape Letsatsi la Matjhaba le Kgahlanong le Bobodu tlasa mookotaba: “Re Kopane Kgahlanong le Bobodu”, e leng o tsamaelanang le maikemisetso a NDP a ho hatella boahi bo mafolofolo bo tla imatahanya le mmuso ntweng e kgahlanong le bobodu.

Ho tloha ka selemo sa 2014 re netefaditse ho tshwarwa ha batho ba 90 le ditheo tsa molao mabapi le bobodu le mabaka a tsamaelanang le bona. Ba mashome a mararo le metso e mmedi e ne e le bakeng sa dinyewe tseo ho tsona ho neng ho ameha tjhelete e etsang R5 milione bakeng sa nyewe ka nngwe e leng se ka etsang R3.8 bilione.  Batho ba setseng ba 58 ba tshwerweng e ne e le ba tjhelete e ka tlase ho R5 milione nyewe ka nngwe, tjhelete kaofela e amehang e ka fihla ho R188 milione.

Nakong yona eo, re kgonne ho amohela ditaelo tsa ho kginwa tse 871 tse ka fihlang ho R7.65 bilione hammoho le ditaelo tsa kamoho/kgapo tse 1 089 tse ka fihlang ho boleng ba R2.86 bilione.

Ho sebetsanwa le bobodu ka mekgwa e sehlopha, e kenyeletsang: Khoutu ya Boitshwaro ya Tshebeletso ya Mmuso; ho thehwa ha diyuniti tse ikgethang tsa twantsho ya bobodu tse kang Yuniti ya Botlokotsebe bo Hlophisitsweng ya Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS); Botsamaisi ba Dipatlisiso tsa Botlokotsebe bo ka Sehlohlolong; Yuniti e Ikgethang ya Botlokotsebe ba Dikgwebo ya Bolaodi ba Botjhutjhisi ba Naha; Yuniti ya Kgapo ya Thepa le Setsi sa Mautlwela sa Ditjhelete. Mekutu ena e matlafatswa ke Makgotla a Dinyewe a Botlokotsebe bo Ikgethang ba Dikgwebo le ho qala mehala ya tshohanyetso ya bobodu ya naha le ya makala.

4.4. Selemo sa 2016 se tshwaya Sehopotso sa bo-20 sa ho saenelwa hore e be molao Molaotheo wa Riphabliki ya Aforika Borwa wa selemo sa 1996 ke Moporesidente wa mehleng Moporesidente Nelson Mandela Sharpeville ka la 10 Tshitwe 1996.

Molaotheo o ile wa beha motheo bakeng sa setjhaba sa demokerasi le se bulehileng moo mmuso o itshetlehileng hodima thato ya batho. Sena ke mosebetsi wa motjha o molelele wa ntwa le ditherisano tsa mekga e mengata ya dipolotiki moo boradipolotiki, maqwetha le baemedi ba setjhaba ka kakaretso ba ileng ba nka karolo. E nkuwa e le e nngwe ya melaotheo e tswetseng pele le ho kgothaletsa diphethoho ka ho fetisisa lefatsheng.

Ho keteka sehopotso sa bo-20 tlasa mookotaba “Re keteka dilemo tse 20 tsa Molaotheo – re fetola setjhaba le ho kopanya setjhaba”, mmuso o tla kena letsholong la letoto la dipuisano le badudi le manaeo a ho eketsa temoso le tsebo ya Molaotheo, melemo ya yona le ditokelo tsa botho. Ketsahalo ya Naha e tla tshwarelwa Lebaleng la Dipapadi la George Thabe Sharpeville ka Moqebelo,10 Tshitwe 2016.

4.5. Ketsahalo ya Naha ya ho hopola Letsatsi la Poelano ka Labohlano, 16 Tshitwe 2016 tlasa mookotaba “Re Ngotla Karohano Tseleng ya Setjhaba se Hlokang Semorabe”, e tla etsahala Lebaleng la Dipapadi la Gopane Black Aces, Zeerust ho la Leboya Bophirima.

4.6. Kabinete e lebisa ditakaletso tse molemo ho maAforika Borwa kaofela bakeng sa sehla se tlang sa monyaka. Re ipiletsa ho maAforika a bo rona ho thusa batho ka bo mong le malapa ka hara metse ya bona, ka ho qolleha bana, maqheku le ba nang le boqhwala.

4.7. Tsebiso ka SAPS ya hore ditsha tsa mabenkele le tsona e tla ba ntlha e ka sehlohlolong nakong ya sehla sa monyaka e tswella ho netefatsa hore maAforika Borwa a bolokehile le ho ikutlwa jwalo. Ho jalwa ha ditho tsa sepolesa le baithuti ba sepolesa ditsheng tse fapaneng tsa mabenkele ho phatlalla le naha ho bopa karolo ya katamelo ya ho Kgutlela Sethathong ya SAPS ho ntlafatsa ponahalo, ho matlafatsa mosebetsi wa sepolesa le ho thibela botlokotsebe bo fapafapaneng bo batlang bo rata ho phahama nakong ya sehla sa monyaka.

Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela, ho imatahantswe le maikarabelo a tekilweng ho NDP, ho ba karolo ya tharollo le ho netefatsa sehla sa monyaka se bolokehileng le se thabisang bakeng sa bohle.

Ha maAforika Borwa a tla kena tseleng ho etela baratuwa le ditho tsa malapa, ka kopo fadimehang le ho netefatsa hore dipalangwang di maemong a loketseng tsela. Tsitlallelang lebelo le behilweng, le tlamme mabanta a tshireletso le ho se kganne le le tlasa tshusumetso ya tahi ha se ditaba tseo ho ka rerisanwang ka tsona bakeng sa ho netefatsa polokeho ya hao le ba bang ba o potileng.

Ha re thabela nako ya sehla sa monyaka se tlang, ka kopo tswellang ho sebedisa metsi ka hloko le ka bokgabane kaha metsi a dula e le mohlodi o haellang.

5. Selemo se felang

Selemo sena se felang ke bopaki ba palo e holang ya maikitlaetso a matsete a tsebisitsweng ka hara naha, e leng se bontshang tshepo ya badudi ba matjhaba ba botsetedi moruong wa Aforika Borwa. Hape se bontsha hore naha ya rona e tseleng ya ho hlasimoloha mme e tswela pele ho ba sebaka se hlwahlwa sa botsetedi. Ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong, MTSF maitshunyako a kang Operation Phakisa di re behile maemong a hodimo a ho fihlella Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

Re bopile menyetla e metjha ya kgwebisano e reretsweng ho bula phihlello ya mebaraka le ho tebisa dikamano tse teng tsa moruo. Sena se ile sa kenngwa tshebetsong ka dikopano tsa bobedi le Mafapha a Mmuso a tsepamiseditsweng maikutlo, dikopano le bao e ka nnang ya ba batsetedi, dipuisano le Ditjhemba tsa Kgwebo hammoho le ho nka karolo diphafilioneng le diketsahalong tsa kgothaletso ya bohahlaudi.

Maikitlaetso ana a tswetse dithekiso tse phahameng tsa thepa e hlahisitsweng ke difeme e romellwang ka ntle e ekeditseng boleng ka R 1.2 bilione e leng se etsang hore palo e kopaneng kaofela ya selemo e be R3.8 bilione. Ho feta moo, tsamaiso ka dipeipi ya Matsete a Otlolohileng a Matjhaba (FDI) e emela kgonahalo ya FDI ya R13.1 bilione haholoholo lekaleng la eneji le dikhemikhale. Sena se tlisa palo yohle ya kgonahalo ya FDI bakeng sa selemo sa 2016 ho R30 bilione.

Bohahlaudi ba matjhaba bo tswela pele ho ba karolo ya bohlokwa ya mekutu ya boqhetseke ba moruo, bo nyehelang ho tlhahiso ya mesebetsi le kgolo ya moruo. Dipalo tsa bahahlaudi ba kenang di phahame ka 14, 8% ka selemo sa 2016 ha ho bapiswa le nako e tshwanang ka selemo sa 2015.Palo kaofela ya ho ka etsang R39.3 bilione ya tjhelete e sebedisitsweng ka ho otloloha e ile ya fihlellwa nakong ya dikgwedi tse qalang tsa selemo sa 2016, e leng se nyehelang ho tlhahiso ya mesebetsi le ho jara moruo wa lehae. Tlhahisoleseding ena e tiisa hore Aforika Borwa e ntse e le sebaka se tummeng sa bahahlaudi ba matjhaba.

Jwaloka karolo ya Moralo wa Naha wa Meralo ya Motheo, re bone ho ba le matsete a meralo ya motheo thutong, ho tsa kalafo, metsi, eneji le dipalangwang. E leng kaofela tse hlahisitseng mesebetsi le ho ntlafatsa maphelo a batho ba bo rona. Ho tlisa botsitso ho marangrang a motlakase ho matlafaditse phepelo ya motlakase e tshepahalang bakeng sa Aforika Borwa.
Dipuisano tse fapafapaneng tsa mananeo a matjhaba di bakile hore ho be le sehlopha sa dimemorandamo tsa kutlwano le ditumellano tse saenwang. Tsena di sebetsa jwalo ka dithusi bakeng sa ntshetsopele ya moruo le ho fihlella merero ya rona e tswang ho NDP.

Re tshwere Dikgetho tse atlehileng tsa Mebuso ya Lehae mme hape, lebitsong la moya wa Botho, re tshwere diketsahalo tse kgolohadi tse fapafapaneng. Tsena di ne di kenyeletsa: AfricaCom; Foramo ya Taolo ya Inthanete ya Aforika; COP17) ho Khonvenshene ya Kgwebisano ya Matjhaba ya Diphedi tse Kotsing tsa Diphoofolo le Dimela tse Hlaha (CITES); Khonkerese ya bo-35 ya Matjhaba ya Sebopeho sa Lefatshe; Pitso ya Matjhaba ya AIDS ya bo-21 le tse ding tse ngata. Aforika Borwa e se e fetohile sebaka sa kgetho sa matjhaba.

Kabinete e thabisitswe ke hore baithuti ba bangata ditsheng tsa thuto e phahameng ho phatlalla le naha ba arabetse hantle kgoeletsong ya ho baballa lenaneo la dithuto la selemo sa 2016 le ho thoholetsa dikete tsa baithuti tse ngotseng dihlahlabo tsa tsona tsa makgaola kgang.

Dihlopha tsa rona tsa naha tsa dipapadi le baatlelete ba phahamiseditse folakga ya rona hodimo ka ditshebetso tsa bona le moya ho Diolimpiki tsa Rio tsa selemo sa 2016 hammoho le diketsahalo tse ding tsa dipapadi. MaAforika Borwa mapatlelong a fapaneng a re kgothaditse ka maitsebelo le ditalente le ho fumana dithoholetso tsa naha le tsa matjhaba. Aforika Borwa ke setjhaba se hlolang.

6. Melaetsa ya kutlwelo-bohloko le ya thoholetso

Kabinete e thoholetsa:

6.1. Sehlopha sa Springbok Sevens bakeng sa ho fofisetsa folakga ya naha hodimo ka ho hapa Letoto la Lefatshe la HSBC la Rugby Sevens ho la Dubai.

6.2. Mokwetlisi wa Diolimpiki wa diketswana tsa lesokwana, Roger Barrow, ya hapileng ka makgetlo a mabedi wa Aforika Borwa ya boletsweng e le Mokwetlisi wa Lefatshe wa Diketswana tsa Lesokwana wa Selemo wa 2016 ke Mokgatlo wa Diketswana tsa Lesokwana wa Matjhaba (Federation Internationale des Societes d'Aviron).

6.3. Moporesidente ya emetseng ho hlomamiswa Adama Barrow, ya kgethilweng jwaloka Moporesidente e motjha wa Gambia mme e na le tshepo ya hore dipuisano tsa nako e tlang di tla tswela dinaha ka bobedi molemo.

Matshediso:

6.4. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma mabapi le ho lebisa matshediso ho batho ba Cuba ka ho hlokahala ha Moporesidente wa bona wa mehleng le mohale wa diphethoho El Commandante Jefe Fidel Alejandro Castro Ruz, ya teletseng bophelo ba hae bakeng sa tokoloho le boipuso. Moporesidente Zuma o ne a le hara Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso tse neng di menngwe ho tshetleha puo tshebeletsong e ikgethang e neng e tshwaretswe Cuba. Castro o ne a nkile bohato bo tiileng kgahlanong le kgapo ya bokoloniale kontinenteng ya Aforika le ho bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa ho ntshetsa pele ntwa ya Aforika Borwa ya yona ya tokoloho.

6.5. MaAforika Borwa kaofela a ya mengwa ho bontsha bonngwe le batho ba Cuba ka ho saena dibuka tsa matshediso tse behilweng Meahong ya Kopano e Pretoria, Tuynhuys ho la Motse Kapa le Dikantorong tsa Ditonakgolo diporofenseng kaofela.

6.6. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho mmuso le batho ba Riphabliki ya Bofederale ya Brazil, ka ho qolleha malapa, metswalle le bamphato ba diphofu tsa sefofane sa kgiro se swahlamaneng hodima lebatowa le tletseng dithaba ho la Colombia. Kabinete e lakaletsa ba pholohileng ho fola ka potlako.

6.7. Kabinete e lebisa matshediso a yona ka ho hlokahala ha mokaubere wa Ntwa ya tsebahalang Riot Makhomanisi Mkhwanazi, eo hape a ileng a abelwa Kgau ya Mendi ya Sebete bakeng sa nyehelo ya hae ntweng ya tokoloho ya naha.

6.8. Kabinete e romela matshediso ho lelapa le metswalle ya sebini sa mmino wa Bodumedi se hapileng dikgau tse ngata Sifiso Ncwane, eo e neng e le kgalala e matla ka ho fetisisa ya mmino wa bodumedi e kileng ya hlahiswa ke Aforika Borwa.

Kabinete e leboha:

6.9. ditho tsa boraditaba bakeng sa mosebetsi wa bona wa ho netefatsa hore diqeto tsa Kabinete di fetisetswa ho maAforika Borwa hore ba kgone ho nka karolo meqoqong e nang le tlhahisoleseding ka ditaba tsa setjhaba.

6.10. baithaopi le mekgatlo eo e seng ya mmuso bakeng sa ho fana ntle le boinahanelo mekgahlelong yohle ya bophelo, ka moya wa nnete wa Botho.

6.11. dikgwebo le balekane ba tsa mesebetsi ba mekgatlo bakeng sa karolo eo ba dulang ba e bapala ho netefatsa hore Aforika Borwa e ikemiseditse bakeng sa kgolo ya moruo e lekalekanang.

6.12. maAforika Borwa kaofela ao maphelong a bona a letsatsi ka leng a bapalang karolo ya ho aha Aforika Borwa eo e leng ya bohle.

7. Dithonyo:

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

7.1. Monghadi Alvin P Rapea jwaloka Mongodi wa Sepolesa.

7.2. Mofumahadi MS Bronkhorst jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditshebetso ho Lefapha la Mesebetsi.

7.3. Monghadi D Mashitisho jwaloka Motsamaisi-Kakaretso (DG) wa Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere.

7.4. Mofumahadi L Shange jwaloka Motlatsi wa DG: Tsamaiso ho DPSA.

7.5. Mofumahadi TA Fosi jwaloka Molaodi-Kakaretso: Mawa a Bolaodi ho Mesebetsi ya Dikgatiso tsa Mmuso.

7.6. Ngaka Valanthan Munsami jwaloka Mohlanka e Moholo (CEO) wa Lekala la Aforika Borwa la Naha la Sepakapaka.

7.7. Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya SENTECH:
a) Mofumahadi Ntombizodwa Petunia Mbele (o thontswe hape);
b) Mofumahadi Reitumetse Jacqueline Huntley (o thontswe hape); le
c) Mofumahadi Lungile Myrtle Ndlovu.

7.8. Mofumahadi NJ Dewar jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete wa Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa.

7.9. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Lekala la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ya Puso:
a) Monghadi Zukile Nomvete (o thontswe hape le ho ba Modulasetulo);
b) Mofumahadi Seadimo Hessie Chaba (o thontswe hape);
c) Monghadi Graeme Alvan Victor (o thontswe hape);
d) Mofumahadi Nokuzola Nelly Ehrens;
e) Monghadi Mahomed Talib Sadik;
f) Mofumahadi Phuti Matlala;
g) Mofumahadi Nelisiwe Magubane;
h) Adv Ndumiso Mahlangu;
i) Ngaka Vuyokazi Felicity Mahlati;
j) Monghadi Nkhangweleni Walter Mudau (moemedi wa DPSA); le
k) Monghadi Job Stadi Mngomezulu (moemedi wa Lefapha la Matlotlo).

7.10. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Ditshebeletso tsa Lefatshe le Lekala la Phumantsho la Aforika Borwa:
a) Mofumahadi Mawethu Cawe (Modulasetulo);
b) Monghadi Xola Gladman Stock;
c) Mofumahadi Jabulile Nkosi; le
d) Monghadi Linda Cecil Nene.

7.11. Letlole le Bohareng la Eneji (SOC) LTD:
a) Monghadi Luvo Lincoln Makasi (Modulasetulo);
b) Monghadi Mosimaneotsile Jim Besnaar; le
c) Monghadi Neville Israel Mompati.

7.12. Taolo ya Naha ya Eneji ya Aforika Borwa:
a) Monghadi Christopher Forlee (jwaloka CEO le setho s aka dinako tsohle sa Taolo).

7.13. Koporasi ya Eneji ya Nutleleya ya Aforika Borwa:
a) Monghadi Phumzile Tshelane (o thontswe hape jwaloka CEO);
b) Ngaka Gregory Jerome Davids; le
c) Monghadi Samuel Matlobela Sekgota.

7.14. Ditho tsa Boto ya Naha ya Setheo sa Tahlo ya Matlakala a Radioactive:
a) Monghadi Tshepo Mofokeng (Modulasetulo);
b) Monghadi Luvuyo Mkontwana (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Monghadi Trevor Mark Gordan;
d) Ngaka Barry Kistnasamy;
e) Mofumahadi Mbali Ndlovu;
f) Monghadi Lebohang Sam Moleko;
g) Mofumahadi Lerato Makgae; le
h) Adv Mothusi Lucas Tsineng.

7.15. Ditho tsa Boto ya Naha ya Taolo ya Nutleleya:
a) Ngaka Thapelo Motshudi (Modulasetulo mme o thontswe hape);
b) Ngaka Pamela Zibuyile Dube (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Moambasadara Mochubeloa Jacob Seekoe;
d) Monghadi Abraham Pieter Le Roux;
e) Mofumahadi Phoibe Elsie Monale;
f) Monghadi Protas Thamsanqa Phili;
g) Mofumahadi Bridgette Motshidisi Mokoetle;
h) Monghadi Jeffrey Leaver (o thontswe hape);
i) Ngaka Bethuel Sehlapelo (o thontswe hape);
j) Monghadi Kabelo Samuel Kakoma (o thontswe hape); le
k) Mofumahadi D Bendeman (moemedi ho tswa ho Lefapha la Merero ya Tikoloho).

7.16. Monghadi Siyabulela Tsengiwe jwaloka Mokomishenara e Moholo wa Khomishene ya Matjhaba ya Tsamaiso ya Kgwebisano.

7.17. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Bolaodi ba Koporasi ya Sephethephethe sa Mebileng:
a) Monghadi Zola Malvern Percival Majavu (o thontswe hape le ho ba Modulasetulo);
b) Mofumahadi Thembeka Mdlulwa (o thontswe hape);
c) Mofumahadi Pinkie Mathabathe (o thontswe hape);
d) Mofumahadi Daphline Harridene Charlotte-Ann Ewertse (o thontswe hape);
e) Monghadi Thulani Matiki Norman Kgomo (o thontswe hape);
f) Moporofesara Maredi Ivan Mphahlele;
g) Mofumahadi Thandi Clarah Thankge; le
h) Ngaka Eddie Mogalefi Thebe.

7.18. Boto ya Lekgotla la Maipiletso la Difilimi le Diphatlalatso:
a) Mofumahadi Nonkoliso Isabela Sigcau;
b) Mofumahadi Nonduduzo Samukelisiwe Kheswa;
c) Adv Thembelihle Pretty Mapipa-Ndlovu;
d) Mofumahadi Manko Talitha Tsoehlisi;
e) Monghadi Sizwe Lindelo Snail;
f) Monghadi Lutendo Joy Malada;
g) Moporofesara Adelaide Simangele Verah Magwaza;
h) Monghadi Christopher Mamathuntsha; le
i) Ngaka Mbulaheni Mulaudzi.

7.19. Monghadi PK Legodi jwaloka CEO ya Lepelle Northern Water.

7.20. Ditho tsa Lekgotla la Taolo ya Bolaodi ba Diindaseteri tsa Tshireletso:
a) Monghadi Humphrey Nhlanhla Ngubane;
b) Monghadi Zwile Zulu;
c) Monghadi Methews Thembinkosi Oliphant; le
d) Majoro-Mokgenerale Cynthia Lindiwe Pilison.

Dipotso:
Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

 

Share this page

Similar categories to explore