Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 6 Phupu 2016

1. Ho kenngwa tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Mabapi le ho ntlafatsa maphelo a batho ba rona, Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Porojeke ya Mesebetsi ya Hlwekiso ya Metsi ka Bongata ya Ncora ho la Kapa Botjhabela ke Moporesidente Jacob Zuma. Polante ya R64 milione ya hlwekiso ya metsi e akanyeditswe ho tswela molemo malapa a 17 887 ho tswa metsaneng e 208 dibakeng tse nne tse mabapi. E hlahisitse mesebetsi e 188, moo batho ba lehae, batjha le basadi e leng bakgolamolemo ba ka sehloohong.

Ho thakgolwa ha porojeke ya ntjhafatso le tlhabollo ya Sekema sa Phepelo ya Metsi sa Vaal Gamagara sa R18 bilione ho la Kapa Leboya ke Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Nomvula Mokonyane e tla sebeletsa batho ba ka bang 150 000 ditoropong tse 3 le metsaneng e 22 ha e phethetswe. Hape, ho thakgolwa ha Porojeke ya Phepelo ya Metsi ya Metse ya Mahae Jericho ya R15 milione ekeditse polokeho ya phepelo ya metsi ho badudi ba Jericho Masepaleng wa Lehae wa Madibeng.

1.2. Matsete a mmuso meralo ya motheo ya dipalangwang a hlahisa tshebeletso ya dipalangwang tsa setjhaba e bolokehileng, e tshepahalang, e hlwahlwa le ho kgoneha ho phatlalla le naha. Melemo ya maemo a ntlafetseng a dipalangwang ke botshepehi ba botsetedi le ntshetsopele ya moruo.

Ho bulwa semmuso ha matsete a R190 milione a tsela ya Ballito Interchange le ntlafatso ya tsela e kgolo ya P455 ke Letona la Dipalangwang, Dipuo Peters ke dimotlolo tsa ditshehetso tse kgabane tsa matlole a kopanetsweng moo R123 milione e tswang ho SANRAL mme R67 milione e tswa ho Masepala wa KwaDukuza. Tsena di sebetsa jwaloka dithusi bakeng sa kgolo ya ho ya pele le matsete moo ntlafatso ya tsela e kgolo ya P455 e bulang mamati a ntshetsopele ya sebaka se setjha sa mabenkele sa R1 bilione se tla phethelwa ka selemo sa 2017.

Diterene tsa maemo a hodimo tse ntjha tse rekilweng ke Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa (Prasa) di tla thakgolwa hamorao selemong sena. Diterene tsena di tla thusa ka ntlafatso ya ditshebeletso le ho ba teng ha diterene bakeng sa basebedisi ba diterene ba Mamelodi. Dibese tsa basebedisi ba dibese tsa tlatsetso tse ntjha tse 70 di tla rekwa ka hara Motsemoholo Johannesburg tse tla hokela badudi ka tsela e betere le ho ntlafatsa bohlwahlwa ba moruo ka hara setsi sena sa ditjhelete sa naha.
Matsete ana a fetola boemo ba metse ya ditoropo e le karabelo ho ditlhoko tsa batho ba borona.

1.3. Ka la 16 Phupu 2016, Letona la Saense le Thekenoloji, Naledi Pandor o tla lokolla dikotlolo tse 16 bakeng sa ho atolosa MeerKAT, e leng porojeke ya Aforika Borwa ya Square Kilometre Array (SKA SA), dikilomitara tse 90 leboya bophirima ba Carnarvon. Theleskhoupu ya MeerKAT e hlahisitse ditshwantsho tse babatsehang tsa sepakapaka ho sebediswa feela dikotlolo tse nne tsa tse 64 tse reretsweng ho kenngwa qetellong ya porojeke; di hlahisa dinaledi tsa maqhubu a radio tsa lefatshe le hole tse so kang di bonwa haesale. Tshepiso ya tsa saense ya MeerKAT e fumana thahasello ya lefatshe kaofela mme jwale re se re le haufi le ho e fihlella. Ke bopaki ba mosebetsi wa boitelo wa makgolokgolo a baenjinere, borasaense, batsamaisi le basebeletsi ba bang, hammoho le balekane ba diindaseteri ba Aforika Borwa le ba matjhaba, le tshehetso ya mmuso le batho ba Aforika Borwa.

1.4. Mokete wa Naha wa Bonono o tshwarwang selemo ka seng ho la Grahamstown o nka matsatsi a 11 ho tloha ka la 30 Phuptjane ho isa la 10 Phupu 2016. Ona ke mokete wa mekgahlelo e mengata, mokete o moholo ka ho fetisisa wa selemo ka seng wa bonono kontinenteng ya Aforika, o nyehelang mabapi le ho fihlella Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) o bolelang hore “bonono le setso di bula dibaka tse matla bakeng sa dingangisano mabapi le moo setjhaba se iphumanang se le teng le moo se batlang ho leba teng”.

O tsheheditswe ka lewa la Mzansi Golden Economy, le behang hantle diindaseteri tsa setso ka hara Aforika Borwa bakeng sa ho nyehela ka bokgabane le ka ho pharalla kgolong ya moruo le tlhahisong ya mesebetsi. Ka tsamaiso ya Mzansi Golden Economy Open Call, Lefapha la Bonono le Botjhaba hape le thehile Letlole la ba Qalang bakeng sa ditsebi tsa bonono tse ntseng di thuthua. Morero ke ho hlahisa menyetla bakeng sa bangodi ba ntseng ba thuthua ho phatlalatsa dibuka tsa bona tsa pele, ho hlahisa dipapadi tsa bona tsa pele, ho hlahisa dialebamo tsa bona tsa pele kapa ho tshwara dipontso tsa bona tsa pele.

1.5. Bakeng sa ho atametsa ditshebeletso tsa thibelo ya botlokotsebe haufi le setjhaba, Kabinete e ananela seteishene sa sepolesa se sa tswa ahuwa sa Keimoes ho la Kapa Leboya, se sebeletsang baahi ba akanngwang ho ba 23 000.

Phola ho la Mpumalanga, nyehelo ya seteishene sa sepolesa ho badudi ke seteishene sa matla a motlakase sa Eskom sa Kusile ka bomphato le rakonteraka wa KCW JV e bontshitse sekgahla sa kgahlamelo ya ho sebetsa mmoho. Kaho ya seteishene sena, sa boleng ba R3 milione, e hlahisitse menyetla ya mesebetsi le ho matlafatsa batho ka maitsebelo le tsebo bakeng sa ho bopa tikoloho e batlang e bolokehile.

1.6. Aforika Borwa e tshwere Foramo ya Mebuso ya Lehae ya Commonwealth – pitso ya Lebatowa la Aforika e Borwa ka la 28 – 29 Phuptjane 2016. Pitso ena e epilweng tlasa mookotaba, “Re hotetsa Ntshetsopele ya Moruo wa Kahisano ya Moshwelella e Tobileng Setjhaba ka hara Aforika e ka tlasa Sahara”, e ne e shebane le karolo e bapalwang ke mebuso ya Aforika mabapi le ho sebetsana le Lenaneo le letjha la Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella (SDG) le tla phethelwa ka selemo sa 2030, le ho fihlella merero ya lona ka hara moelello wa Lenaneo la Aforika la 2063. Di-SDG di hlalosa lenaneo la ntshetsopele maemong a selehae ho ba ka ho qolleha ho bapa le ho etsa hore dibaka tsa bomasepala e be tse kenyeletsang ho feta setjhabeng, tse matla tlhahisong ho tsa moruo, tsa tikoloho ya moshwelella le ho itwanela ho phethophethoho ya tlelaemete le dikotsi tse ding.

1.7. Re ananela sephetho sa pitso ya pele haesale ya Boto ya Tsheho ya Meedi ya Bomasepala (MDB) e neng e le mabapi le Diphetho tsa Tsheho ya meedi le Dibaka tsa Bodulo e neng e tshwerwe ho tloha ka la 23 – 24 Phuptjane 2016. Pitso e ne e epilwe tlasa mookotaba, “Re lekola tse Fetileng le ho Rala Bokamoso” ho tsepamisitswe maikutlo dintlheng tsa bohlokwa tse amanang le tsheho ya meedi le ho hlahloba diphephetso tse tobaneng le mekgwa ya puso ya metsemeholo le tlhokeho ya ho fokotsa diwate dilemong tse ding le tse ding tse hlano. Mosebetsi wa ho netefatsa bomasepala ba moshwelella ho ile ha ba tlasa leihlo le ntjhotjho jwaloka karolo ya tsamaiso ya tsheho ya meedi. Dinyehelo tse tswang pitsong ena di tla tswela pele ho bopa ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha maano a ntshetsopele a tsheho ya meedi le dibaka tsa bodulo.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Bakeng sa boitokisetso ba Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tse tlang ka la 3 Phupu 2016, Kabinete e ile ya tsebiswa ka Boemo ba Boitokisetso, bo amanang le polokeho le tshireletso.

Ka Setheo sa Naha se Kopanetsweng sa Tshebetso le sa Mautlwela (NATJOINTS), ditshebetso di motjheng bakeng sa ho hlahisa tikoloho e bolokehileng le e tshireletsehileng ho netefatsa hore batho ka hara Aforika Borwa ba bolokehile le ho ikutlwa jwalo. Sena ke sa bohlokwa mabapi le ho nyehela ho tshepahalo ya dikgetho tse tlang.

Ho tlatseletsa, Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS), Bookamedi ba Botjthutjhisi ba Naha (NPA), Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo (DoJ) le Boto ya Dithuso tsa Semolao di kenetse Porothokhole e Kopanetsweng ya Botsamaisi ba Diketsahalo tsa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae bakeng sa ho qobella tshebetso ya Molao wa Ditlolo tsa Molao wa Dikgetho.

2.2. Kabinete hape e ile ya tsebiswa ka boitokisetso bo ntseng bo tswela pele bakeng sa Pitso ya Boraro ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ya Bodulo le Bodulo ba Ditoropong ba Moshwelella (Habitat III) e tla tshwarwa ke Kopano Kakaretso ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng Quito ho la Ecuador ho tloha ka la 17 ho isa la 20 Mphalane 2016.

Habitat III e rerile ho tiisetsa boitlamo bo botjha ba lefatshe bakeng sa ho sebetsana le bodulo le bodulo ba ditoropong ba moshwelella bakeng sa dilemo tse 20 tse tlang ka ho amohela tumellano e shebileng pele le sephetho se tla bang le sefutho. Kabinete e tshehetsa Boemo bo Tshwanang ba Aforika mabapi le Habitat III e tla tekwa ho Seboka sa Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso ya Kopano ya Aforika ho la Kigali, ka Phupu 2016. Sena se bopa motheo wa boemo ba Aforika Borwa ba ho kena ditherisanong. Dipuisano di tswela pele bakeng sa ho tsebisa ka tokomane ya maemo a sephetho ya Habitat III ya Aforika Borwa.

Aforika Borwa hape e nyehetse ho boitokisetso ba matjhaba ka ho tshwara Pitso ya Mookotaba ya Habitat III e mabapi le mekhukhu ka Mmesa 2016 tlasa mookotaba “Re etella pele diphethoho ka hara Motsemoholo: Ho tloha ho ditakana ho ya ho bodulo ba batho bo kopanetsweng, bo bolokehileng, bo itsekang le ba moshwelella” e amohetseng Tumello ya Pretoria jwaloka nyehelo ya semmuso ho tokomane ya moralo ya sephetho ya Habitat III.

2.3. Qeto ya Letona la Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri ya ho fana ka Setsha sa Moruo se Ikgethileng sa Musina-Makhado Lebatoweng la Vhembe la Limpopo, le ho fana ka Laesense e Ikgethileng ya Setsha sa Moruo ho Lekala la Ntshetsopele ya Moruo e ile ya dumellwa ke Kabinete. Khonsotiamo ya Hoi Mor e tla rala, ya ntshetsapele, ya tsamaisa le ho bapatsa Setsha sa Diindaseteri sa Eneji ya Aforika Borwa le Tlhabollo ya Dimetale ka hara setsha sena.

Sebaka sena se kgethilweng se tla hodisa ntshetsopele ya diindaseteri ka hara lebatowa ka ho tsepamisa maikutlo ka ho qolleha hodima bokgolamolemo ba diminerale, tshebetso ya dihlahiswa tsa temo, dikhemikhale tsa peterole, le diindaseteri tse ding tse bobebe jwaloka ha e le tabatabelo e teng ho Moralo wa Dintlha tse Robong.

Setsha sena se Ikgethang sa Moruo se tsheheditswe ka matsete a fetang R40 bilione a Lekala la Eneji le Dimetale. Ho kenngwa tshebetsong ha diporojeke tse fapafapaneng dilemong tse hlano tse tlang ho lebeletswe ho hlahisa mesebetsi e fetang 21 000.

Lebatowa la Musina-Makhado hape ke karolo ya Boikitlaetso ba Ntshetsopele ya Bodulo ya Trans-Limpopo mme e dutse hantle bakeng sa momahano ya lebatowa le dikgokelo le Mozambique, Zimbabwe le Botswana.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya Tshebetso ya Diphuputso le Ntshetsopele (R&D) tsa Lenaneo la Ditsiane tsa Lekgetho la 2014/15 ho Palamente. Mmuso o fana ka ditsiane tsa lekgetho tsa R&D bakeng sa ho kgothaletsa lekala la poraefete ho kenela R&D ka hara Aforika Borwa. Ditsiane di kenyeleditse theolelo ya 150% ya lekgetho ditjehong tse bakilweng ke diketsahalo tsa R&D tse tjhaelletsweng monwana ke Letona la Saense le Thekenoloji. Sena se ka fumanwa ke dikhamphani tsa boholo bofe kapa bofe makaleng oohle a moruo.

Dikhamphani tse 876 di nkile karolo ho ditsiane tsena ho tloha ka Pudungwana 2006 ho isa ho Hlakola 2015, ka ditseko tse etsang R6 bilione tsa phokoletso ya lekgetho ho R&D. Ho akanngwa hore R33.3 bilione ya ditjeho tsa R&D e ile ya tshehetswa ka ditsiane tsa nako ena. Tse ding tsa diphetho tsa dikhamphani tse kgotseng molemo di kenyeletsa: diphatlalatso tsa dibuka tsa saense tse 765; ditsamaiso tsa dipitso tse 649; dihlahiswa tse ntjha tse 1 062 tse thakgotsweng; mekgwa e 111 ya thepa ya mautlwela; le ditshireletso tsa tlhahiso ya thepa ya lehae le ya matjhaba tse 33.

2.5. Moralo wa Tjhebisano wa Thepa ya Mautlwela (IP) o ile wa tjhaellwa monwana ke Kabinete. Moralo wa Tjhebisano wa IP o rerile ho thusa ka seo e tla ba ho buisana ho tswellang le balekane ba mmuso le setjhaba ka kakaretso ho lebiseng ho ralweng ha Leano la Aforika Borwa la IP.

Morero o ka sehloohong ke ho matlafatsa tsamaiso ya tjhebisano mabapi le ho ralwa ha Leano la Aforika Borwa la IP ho netefatsa hore le emela mmuso ka bophara le ditjhebo tsa bankakarolo ba amehang ka hara setjhaba ka ho phatlalla.

Mmuso o tla netefatsa hore leano la IP le hlompha ditokelo tsa thuo ya thepa jwaloka ha di bopelletswe ka hara Molaotheo, ha ka ho le leng le etsa hore ho be le ho lekana le thahasello ya setjhaba le ho arabela ho maemo a Aforika Borwa a ikgethileng a ntjhafatso le ntshetsopele.

2.6. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphetho tsa kopano ya Maemo a Hodimo ya Lekgotla Kakaretso mabapi le Seboka sa Lefatshe sa Setjhaba sa Tlhahisoleseding o neng o tshwerwe ho tloha ka la 15 ho isa ka la 16 Tshitwe 2015.

Aforika Borwa e ne e eteletse pele ditsamaiso tsena lebitsong la G77+China, mme diphetho tse fihlelletsweng di ne di kgema le boemo ba Aforika Borwa. Lefapha la Dikgokahanyo tsa Mehala le Ditshebeletso tsa Poso le tla hlahisa lenaneo la ntshetsopele la Dikgokahanyo tsa Thekenoloji la Aforika Borwa ha mmela o ntse o puta.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Matlafatso ya Sepolesa la Botsitso ba Setjhaba la Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa. Sena se thathiselletsa mananeo a mmuso le boikitlaetso tse reretsweng ho boloka kgotso le botsitso ka hara naha. Sena se ama boitshepo ba boramatsete ba dinaha tse ka ntle le ho nyehela phihlellong ya NDP. Botsitso ba setjhaba le puso ya molao ke motheo wa ho netefatsa hore batho kaofela ka hara Aforika Borwa ba bolokehile le ho ikutlwa jwalo.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela le makala kaofela ho nka karolo ha naha ha e ntse e bala matsatsi a ntseng feta bakeng sa Pitso ya Matjhaba ya bo-21 ya AIDS tlasa mookotaba “Fumana Ditokelo tsa Tekatekano hona jwale”, ho tloha ka la 18 ho isa ka la 22 Phupu 2016, Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Albert Luthuli Durban.

Jwaloka karolo ya boitokisetso ba AIDS 2016 le ho lemosa makala kaofela, Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, jwaloka modulasetulo wa Lekgotla la Naha la AIDS la Aforika Borwa, o tla etella pele ho balwa ha matsatsi a mahlano a setseng pele ho pitso Union Buildings ka la 13 Phupu 2016. #5Days to #AIDS2016 e hlahisitswe bakeng sa ho netefatsa lepatlelo la ho buisana. Ho tlatseletsa ho #1Day to #AIDS2016 ho tla sebediswa ho tloha ka la 17 Phupu 2016 e leng se tla tshwaya letsatsi le le leng le setseng.

Baahi ba kgothaletswa ho apara diaparo tse kgubedu, tse tshweu kapa tse ntsho, mekgatlo e pepese thepa ya thuto le dikgohlopo dibakeng tse kgethehileng, le dibakeng tsa thapelo ho hlophisa ditshebeletso tse ikgethileng tsa thapelo le ho kgantsha dikerese tsa sehopotso. Temoso ya makala kaofela ke sa bohlokwa nakong ya boitokisetso ba AIDS 2016. Dintlha ka botlalo tsa diketsahalo tsena le tse ding di ka fumaneha ho www.gov.za

3.2. Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela ka la 18 Phupu ke se re hopotsang mosebetsi wa rona wa ho ntlafatsa maphelo a ba hlokang lehlohonolo ho re feta. "Ho etsa ho hotle ha ho felle. Re lokela ho ipheta re sa tswa ipheta." Re kgothaletsa batho kaofela ba Aforika Borwa ho sebedisa metsotso e 67 ya nako ya bona ho kenela tshebeletso e hlokang boinahanelo hobane mmoho ka mekutu e kopanetsweng re ka fetola lefatshe.

Selemong sena ho tla tsepamiswa maikutlo hodima thuto, ho tseba ho bala, polokeho ya dijo, bodulo le tikoloho. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho Bapala Karolo ya Ona ka ho thusa ho theha ditshingwana tsa dijo, ho balla bana, ho penta dikolo le ho nyehela ntshetsopeleng ya badudi.  

3.3. Selemong sena Aforika Borwa e hopola Sehopotso sa bo-60 sa Mohwanto wa Basadi, tlasa mookotaba: “Basadi ba kopane bakeng sa ho ntshetsa Aforika Borwa pele” ho thathiselletsa boitlamo ba Mmuso ba ho tsitlallela ho lebiseng setjhabeng se hlokang mekgwa kaofela ya kgethollo le ho ntshetsa Aforika Borwa Pele le ho qholotsa temoso mabapi le karolo eo basadi ba e bapalang ntshetsopeleng ya moruo wa kahisano. Matlafatso ya basadi ke karolo ya momahano ya kahisano le kaho ya setjhaba.

Sehopotso sa bo-60 sa Letsatsi la Naha la Basadi ka la 9 Phato, 2016 se tla hlakisa nalane ya boitseko ya basadi, ka ho pheta ‘Pale ya Basadi’. Nyehelo ya Basadi e entsweng ntweng ya boitseko kgahlanong le kgatello le kgethollo hammoho le diphihlello tsa basadi ka tlasa demokerasi di tla hlakiswa. Lenaneo la thuto ya setjhaba ka metjha e fapaneng ya dikgokahanyo ke mmuso, setjhaba ka kakaretso le lekala la poraefete le tla kenelwa ka diketsahalo tsa boitokisetso ka hara diporofense kaofela ho ya Letsatsing la Basadi ka la 9 Phato.

Ketsahalo e ka sehloohong ya Letsatsi la Basadi e tla tshwarelwa Union Buildings ho la Pretoria. Letsatsi le tla qala ka phareiti ho tloha Seteisheneng sa Bosman ho ya Lilian Ngoyi Square moo Moporesidente Jacob Zuma a tla bula Seemahale sa Women’s Living. Diketsahalo tsa semmuso hape di tla etellwa pele ke mohwanto wa basadi ho tswa dikarolong tse fapafapaneng tsa toropo ho leba Union Buildings.

3.4 Letona la Dikgokahanyo tsa Mehala le Ditshebeletso tsa Poso Ngaka Siyabonga Cwele le tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho kenela Pitso moo a Fuweng Marapo ka botlalo ya Kopano ya Diposo tsa BoAforika (PAPU) e reretsweng la 22-23 Phupu Yaoundé, ho la Cameroon. Pitso e rerile ho qetella boemo ba Aforika pele ho Khonkerese ya Lefatshe ya Kopano ya Diposo (UPU), e reretsweng la 19 Loetse - 7 Mphalane Istanbul, ho la Turkey.

Kabinete e tjhaelletse monwana maikemisetso a Aforika Borwa a ho iketa bakeng sa ho kgethwa hape lekaleng la Puso la UPU, ho imatahantswe le merero ya maano a dinaheng tsa ka ntle a ho hlabolla botjha ditheo tsa lefatshe le ho etella pele lenaneo la ntshetsopele. PAPU le UPU di tsepamisitse maikutlo bakeng sa kopanelo le tshebedisano-mmoho pakeng tsa beng ba diposo ba kgethilweng le bankakarolo ba bang bakeng sa ho matlafatsa ditshebeletso tsa lefatshe tsa poso ho phatlalla le lefatshe ho netefatsa hore ba fokotsa kgethollo ho tsa dijithale le ho bulelwa ho fumantshwa ha ditshebeletso tsa dikgokahanyo le tsa ditjhelete.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

4.1. MaAforika Borwa a lemohile ka kananelo hore Moporesidente Jacob Zuma o phatlaladitse la 3 Phato 2016 jwaloka letsatsi la phomolo bakeng sa ho kgontsha bakgethi kaofela ba ingodiseditseng dikgetho le ba nang tokelo ho kgetha ka bolokolohi letsatsing leo. Le ha IEC e tla leka ho netefatsa hore dikgetho ke tse lokolohileng le ho hloka leeme, ke boikarabelo ba mantlha ba bankakarolo kaofela ho kenyeletswa badudi le mekga ya dipolotiki. Kabinete e lakatsa ho kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho netefatsa kgotso le maikutlo a phodileng pele ho, nakong ya le kamora dikgetho tsa 2016 tsa mebuso ya lehae. Makala a qobello ya molalo a keke a mamella diketsahalo tse sitisang tse reretsweng ho hlotha bakgethi tokelo ya ho vouta. Re kgothaletsa bakgethi kaofela ba ingodisitseng ba sa tlo kgona ho vouta ka la 3 Phato ho etsa dikopo tsa kgetho e ikgethileng ho IEC.

4.2. MaAforika Borwa kaofela a kgothaletswa ho nka karolo tsamaisong ya ho thonya batho bakeng sa Dikgau tsa Naha tsa Tlotlo tsa 2017. Ditlotlo tsa Naha ke dikgau tse ka hodimo ka ho fetisisa tseo naha, ka Moporesidente wa yona, e di abelang baahi ba yona le baahi ba dinaheng tsa ka ntle ba hlahelletseng ka mahetla.

Ditho tsa setjhaba di mengwa ho thonya batho bao ba kgolwang hore ba tshwanelwa ke ho amohediswa ditlotlo tse hodimo ka ho fetisisa tsa naha. Ditho tsa setjhaba di lokela ho fana ka mabaka ka bokgutshwanyane mabapi le motho ya thontsweng mme diforomo tsa dithonyo di ka fumaneha websaeteng ya Kantoro ya Moporesidente.

4.3. Re amohetse diphetho tse tswang ho Tlaleho ya Maemo a Metsemeholo ya Aforika Borwa (SOCR) ya selemo sa 2016 e lokolotsweng ka la 22 Phuptjane 2016 ke Marangrang a Metsemeholo ya Aforika Borwa. SOCR e hlahisa tjhebelopele ya dilemo tse hlano mabapi le tshebetso le maemo a metsemeholo ya naha e meholo ka ho fetisisa le ho teka Lenaneo ka ho tsamaisa melaetsa ya bohlokwa ka meralo, ntshetsopele le tsamaiso ya metsemeholo ho ya molokong o tlang wa baetapele ba badudi. Tlaleho ena e phahamisa mesebetsi ya etsa hore metsemeholo ya rona e be e betere, e kenyeletsang ho feta le ho ba dibaka tse nang le bokgoni ba tlhahiso bakeng sa batho ba dulang ho yona.

4.4. Maitshunyako a mmuso a qala ho beha ditholwana mme bomasepala ba tshehetswa ka mefuta ya boikitlaetso e kang Back to Basics e arabelang ka bokgabane le ho bontsha matshwao a ntlafalo. Hape ke sesupo sa kgatelopele e entsweng bakeng sa ho lokisa botjha meralo ya bodulo ya nako ya kgethollo le ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso. Hape e hlakisa diphihlello tse ngata tse fetotseng boemo ba ditoropo tsa rona ho ba dibaka tsa demokerasi moo baahi bohle ba nang le bolokolohi ba ho kopakopana. Sena se boeletsa Tlaleho ya Mohlakisi Kakaretso wa Ditjhelete mabapi le Ditjhelete tsa Bomasepala tse bontshitseng ntlafalo e bonahalang Diphethong tsa Dihlahlobo dilemong tsa ditjhelete tse hlano tse fetileng ho tloha ka 2010/11 ho isa ho 2014/15. Tlaleho ya selemo sa 2015 ya Ditekolo tsa Ditjhelete tsa Bomasepala e lokolotsweng haufinyana tjena ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (statsSA) ke sesupo se seng sa hore mmuso o kgona ho fana ka ditshebeletso tsa mantlha tsa boleng ho setjhaba. Ho ya ka Tekolo ya Badudi ya statsSA ya 2016, palo e holang ya setjhaba e phela betere ho feta pele.

4.5. Kabinete e thahiselleditse tshehetso ya yona bakeng sa bolokolohi ba boqolotsi ba ditaba, bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo le tokelo ya mang kapa mang ya ho fumantshwa tlhahisoleseding ka hara Aforika Borwa. Ditokelo tsena, tse bopeletsweng hantle ka hara Molaotheo, di tla dula di le sehlohlolong le ho tshireletswa ke bohle.
Mosebetsi wa Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC) jwaloka kgaso ya setjhaba o dula e le wa bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya demokerasi ya rona e ntseng e hola.

Dipuisano tsa hajwale mabapi le diqeto tsa SABC tsa bohlophisi tse amanang le ho bontsha ditshwantsho tsa merusu le tshenyo ya thepa di lokelwa ho tshwarwa ka tsela e ahang e tla sebetsa bakeng sa ho matlafatsa demokerasi ya rona. Kabinete e dula e na le tshepo ya hore kgaso ya setjhaba e tla tswela pele ho sebeletsa ditabatabelo tsa batho bohle ba Aforika Borwa.

4.6. Ntlafalo ya Aforika Borwa ka dibaka tse 14 ho Lenane la Banka ya Lefatshe la Tshebetso ya Tsamaiso ya Dithoto la 2016 le re bolella hore ruri Aforika Borwa e hlile e bulehile bakeng sa kgwebo. Aforika Borwa e maemong a bo-20 hara dinaha tse 160 tse hlahlobuweng ke diphuputso, ho phahamela hodimo ho tloha ho 34 ka selemo sa 2014. Bobebe ba motsamao wa dithoto le ditshebeletso bo nyehela haholo ho maemo a bophehisani a naha, haholoholo jwaloka sebaka sa matsete.

4.7 Kabinete e fumane tlaleho ho tswa ho Matona a Mehlodi ya Diminerale, Mesebetsi le Ditjhelete ho latela dipuisano tsa bona tsa bohlokwa le bankakarolo indasetering ya dibanka. Sephetho sa tlaleho ena se tla tsebiswa ha mmela o ntse o puta.

4.8 Kabinete e amohela Tlaleho ya Diphuputso tsa Badudi ya selemo sa 2016 ke statsSA e bontshang kgatelopele eo re e entseng jwaloka setjhaba mabakeng a bohlokwa a phano ya ditshebeletso, haholoholo tabeng ya nako tebello ya ho phela ya batho ba bo rona.

Dipalopalo tsena ke tsela ya bohlokwa ya ho metha le ho bontsha moo ho batlehang meralo ya mawa a mmuso haholoholo tsamaiso e ntjha le etla kena ditulong tsa mebuso ya lehae ho latela dikgetho tsa la 3 Phato. Mmuso o tla kenella bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tse hlakisitsweng ke tlaleho ka Pono ya NDP ya 2030, e leng morero wa setjhaba ka setjhaba.

4.9 Kabinete e thoholetsa ba latelang:

  • Nkosinathi Maphumulo, ya tsebahalang haholo jwaloka Black Coffee, bakeng sa ho ba moAforika Borwa wa pele wa ho hapa Kgau ya Mosebetsi wa Matjhaba o Motle ya Black Entertainment Television (BET) ya maemo a Aforika.
  • Bafana Bafana bakeng sa ho hapa Mokgahlelo wa 2016 wa Mohope wa COSAFA. Sehlopha se neng se bopilwe ka boholo dibapadi tse ka tlasa dilemo tse 23 se lepang hore dintho di tsamaya hantle bakeng sa katleho ya naha lepatlelong la matjhaba.
  • Di-Springbok tlholong ya bona ya Ireland letotong la papadi ya teko ya boraro.
  • Bahlodi ba Dikgau tsa Foramo ya Naha ya Saense le Thekenoloji ya bo-18 e leng dikgau tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa saense, boenjinere, thekenoloji le ntlafatso (SETI) ka hara Aforika Borwa. Dikgau di tlotla dinyehelo tse tswileng matsoho ho SETI ka ho kgothaletsa le ho putsa boqhetseke.
  • Motsemoholo wa Tshwane o fumaneng kananelo ya matjhaba moketeng wa Dikgau tsa Letsatsi la Lefatshe la Wi-Fi bakeng sa Motse o Ipabotseng ka Makgabane ho tsa Ntlafatso kapa ho Lenaneo la Mmuso la ho ngotla Kgethollo ho tsa Dijithale. Dikgau di ne di tshwaretswe ho Khonkerese ya Wireless Global ho la United Kingdom. WI-FI ya mahala ya Tshwane (e tsebahalang jwaloka TshWi-Fi) e entse hore baahi ba 1.8 milione ka hara Motsemoholo wa Naha ba kene ho marangrang a inthanete a maholo ka ho fetisisa a masepala ka hara kontinente ya Aforika. Phano ena e etsahetse ka lebaka la bomphato le Project Isizwe.

4.10    Kabinete e fetisetsa matshediso:

  • Ho dinaha tse bileng le ditlhaselo tsa boferakanyi haufinyana tjena, tse kenyeletsang Somalia, Turkey, Bangladesh le Iraq. Aforika Borwa e ema ka ho tiya le badudi ba matjhaba bakeng sa ho tshwela ka mathe mekgwa kaofela ya boferekanyi.
  • Ka ho hlokahala ha serutehi se hlomphehang haholo, mongodi le moetapele wa kelello, Moporofesara Adam Small.
  • Ho lelapa le metswalle ya MEC wa Temo wa Limpopo Joy Matshoge ya hlokahaletseng kotsing ya koloi Mokopane, ho la Limpopo.
  • Ho lelapa la rakgwebo ya neng a le matla Don Mkhwanazi ya bapetseng karolo ya bohlokwa matlafatsong ya moruo wa batho ba batsho le ho sututsa diphethoho ka hara naha. E ne e le mothei wa Black Management Forum.

5. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumellano e amehang.

5.1. Boto ya Boeletsi ya Kantoro ya Botsamaisi ba Thepa ya Mautlwela bakeng sa dilemo tse nne:
a) Mofumahadi Morne Barradas;
b) Ngaka Antonel Olckers;
c) Monghadi Mkhetwa Alvin Maluleke;
d) Ngaka Carol Bernice Nonkwelo;
e) Moporofesara Deresh Ramjugernath;
f) Mofumahadi Mary Tumelo Mashabela (o thontswe hape);
g) Monghadi Duncan Raftesath (o thontswe hape);
h) Monghadi McLean Sibanda (o thontswe hape le ho ba modulasetulo); le
i) Monghadi Vishen Pillay.

5.2. Setheo sa Naha sa ho Lahlwa ha Matlakala a Mahlasedi a Kotsi:
a) Ho rongwa ha Ngaka Wolsey Otto Barnard, ho tswa ho Lefapha la Eneji, ho sebetsa jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) ya Tshwereng Mokobobo, bakeng sa dilemo tse tharo.

5.3. Boto ya Batsamaisi ya Bolaodi ba Naha ba Eneji ba Aforika Borwa (NERSA):
a) Monghadi Yusuf Adam

5.4 Ditho tsa Boto ya Lekala la Merero ya Diakgente tsa Matlo bakeng sa dilemo tse tharo:
a) Eugenia Xoliswa Kula-Ameyaw Gyarko;
b) Nkosinathi Biko;
c) Amanda Zolisa Cuba;
d) Jill Corfield;
e) Johannes (Jan) Frederick Davel;
f) Thandiwe Sylvia January-McLean;
g) Manare Jeoffrey Legodi;
h) Phumzile Peterson Makhosana;
i)  Moruti David Gauta Mogomane;
j) Viloshnee Naidoo;
k) Yusuf Patel;
l) Mmatlou Hellen Phaleng-Podile;
m) Thembeka Semane;
n) Frans Johannes Van der Westhuizen; le
o) Christoffel Willem Weilbach;

Dipotso:
Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore