Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 25 Motsheanong 2016

1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Mekete ya Yunivesithi ya Fort Hare ya dilemo tse lekgolo eneng o tshwerwe ka semmuso ke Moporesidente Jacob Zuma e bile lekatleho e kgolo. Makgolokgolo a baeti ba neng ba kenyelletsa Moithuti wa kgale le Moporesidente wa Zimbabwe Robert Mugabe, hong le manqosa a dinaha tse ding ba ne ba tlile moketeng ona o tummeng wa nalane ya Aforika Borwa.

Sena se ile sa tobana le Kgwedi ya Aforika, moo ho ketekelwang ho thehwa ha o neng o bitswa Mokgatlo wa Kopanelo ya Aforika (OAU), oo kajeno o bitswang Kopanelo ya Aforika (AU) Kabinete e ananela katleho e entsweng mabapi le tharollo ya dintlha tsa baithuti, tse ka beng di sa etella merusung ya tshenyo ya thepa.

1.2. Ketelong ya Moporesidente Jacob Zuma ka mosebetsi ho Rephabolikiya Uganda,Dihlooho tsena tse pedi tsa Mmusodi ile tsa dumellana ho matlafatsa dikamano, mme tsa buisana ka maemo a dipolotiki le tshireletso bakeng sa Rephabolikiya Brundi le Botjhabela ba Democratic Republic of Congo.

Hape Moporesidente Jacob Zuma o ile a ya moketeng wa tlhomamiso ya Moporesidente Yoweri Museveni. Ho fihlela jwale, Aforika Borwa le Uganda di saenne ditumellano tse 20 pakeng tsa tsona, le dikhamphani tse ka bang 70 tsa Aforika Borwa tseo ha jwale di sebetsang Uganda. Ka 2015, dihlahiswa tsa Aforika Borwa tse rometsweng Uganda di fihlelletse ho R1.7 bilione ha dihlahiswa tse keneng Aforika Borwa e bile paloyohle ya R98 milione.

1.3. Kabinete e ananelakakaretso ya katleho bakeng sa ketelo ya Moporesidente Jacob Zuma ya Semmuso Mmusong wa Qatar le ho saenwa ha ditumellano tse ngatanyana le boitlamo bo kang ba Tumellano ya Tshebedisano ya Sesole, Tshebedisano ya Sepolesa le Tshebedisano ya Bonono, Setso le Lefa. Ho thehwa ha Komiti ya Matona a ka Naheng (IMC) ya Tsetelo ya ho hlokomela tshebetso ya ditumellano ho eketsa hodima Dikeletso tse hlophisitsweng Mahlakoreng ka bobedi tsa ho kgothatsa le ho phahamisa dikamano ho fihlella bohatong ba leano le itseng.

Dipuisanong tsa kopano le Foramo ya Kgwebo ya Aforika Borwa- Qatar, Moporesidente o thoholedtse kamano ya maqhama sa Kgwebelanoya Dikgwebo ka sepheo sa ho fetola maemo a moruo dinaheng ka bobedi. Jwaloka ka ha dinaha tse pedi tsena e le tse itshetlehileng ka mawatle, ho bile le dipuisano mabapi le bokgoni ba tshebedisano bakeng sa Moruo wa Lewatle. Dikhamphani tse ngatanyana tsa Aforika Borwa, haholo tse amanang le lekala la Dikhemikhale tsa Peterole di sebeletsa naheng yaQatar. E nngwe ya ditsetelo tse kgolohadi tsa Aforika Borwa naheng tsa Middle East ke Sasol e leng bohlokwa haholo mabapi le Ntshetsopele ya poloko ya kgase ya naha ya Qatar.

Dintlha tse ding tseo ho builweng ka tsona di kenyelletsa dikamano bakeng sa kgwebo le moruoekasita le dintlha tse amang kgotso le tshireletso lefatsheng ka bophara le mabatoweng a dinaha.

1.4. Moporesidente Jacob Zuma o nehelane ka Kgutlisetso ya mobu e le karolo ya Mokgahlelo wa 1 wa tefo ya ditleleime bakeng sa Kruger National Park. Paloyohle ya R84 milione e ile ya abelwa ditikoloho tse tsheletseng, tse tharo tsa Limpopo le tse tharo tsa Mpumalanga e le karolo ya sebaka sa mobu oo boholo ba ona e ka bang dihekthara tse 318 000.
Mmotlolo ona wa tefo o hlokometse bohlokwa boo Kuger National Park e ikgethang ka bonale ho etsa bonnete ba hore puseletso ya moputso wa tjhelete ke e bonahalang ka ha beng ba ditleleime ba keke ba hlola ba kgutlela mobung oo wa bona.Sena se tsamaelana le tokiso ya tekano tlasa lenaneo la mmuso la puseletso ya mobu mme le ho bontsha bohlokwa ba nalane ya lenaneo la diphetohotse teng naheng.

Ho tswela pele ho matlafatsa ditikoloho tsena, 1% ya letlole la tsa bohlaudi e bokelletse R6.5 milione ka selemo bakeng sa kuno ya ditikoloho. Sena se bile le diphetho tsa kaho ya diahelo tsa thuto tse ngatanyana ho kenyelletswa boloko ba tshebeletso ya taolo Sekolong se Phahameng sa Dumisani, laborathori ya dikhomputara Sekolong se Phahameng sa Masiza, Dilaborathori tsa saense dikolong tse phahameng tsa Tlakulane le Sibusiswe, khitjhine le lebala la ho bapalla la baithuti ba Kereiti ya R sekolong sa poraemari sa Takheleni.
Ka 2016/17, dipuisano tse tla tshwarwa mmoho le ditikoloho tse amehang, ke ditshebeletso tsa sehlooho tse akaretsang kaho ya dilaborathori tsa saense tse nne, tse tlang ho ba Sekolong se Phahameng sa Mbuyane, Sekolong sa Sekondari sa Mahlale, Sekolong se Phahameng sa Lepato le Sekolong sa Sekondari sa Makuya, diporofenseng tsena tse pedi tsa Limpopo le Mpumalanga.

Kabinete e hatelletse hodima bohlokwa ba maqhama pakeng tsa batho ba merabe e mengata ditikolohong e leng ntho e tla tlisa momahano setjhabeng.Mmotlolo wa Aforika Borwa wa kgutlisetso ya mobu o itshetlehile hodima motheo wa boiphihlelo ba pele mme ha jwale o tlameha ho qapa kunong ya moruo o tshwarellang ho e na le phetiso ya tefo e le nngwe e kgathatsang eo hangata e siileng ditikoloho di sa itekanela. Mokgahlelo wa 2 wa tefo tsa ditleleimi o tla kenyelletsa diporojeke tseo sepheo sa tsona e tla ba ho etsa bonnete ba hore ditikoloho di tswela pele ho una menyetla dikgwebong tsa Phaka ka nakoe telele.

1.5. Diphetho tsa Seboka saBaetapele ba Dinaha tse matla mabapi le ho Kopanya Merero ya Puseletso tlasa mookotaba wa “Katamelo bakeng sa morero wa toka, le puseletso e tswellang e hlokang letheba bakeng sa basebetsi bohle”se neng se etelletswe pele ke Letona la Bophelo bo Botle Aaron Motswaledi le Letona la Mesebetsi Mildred Oliphant, ba tsheheditswe ke Motlatsi wa Letona la Mehlodi ya Diminerale, Motlatsi wa Letona la Bophelo bo Botle le Mesebetsi di ile tsa ananelwa.

Seboka se ile sa tsepama hodima thuso ya batho ho fumana bophelo bo botle le tshireletso ka pono ya ntshetsopele le ho kopanya morero wa puseletsobakeng sa Aforika Borwa. Matona a tswang diterekeng tsa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC), Indasteri ya Aforika Borwa ya Dimaene le mesebetsi e hlophisitsweng ekasita le mekgatlo ya basebetsi ba dimaeneng baseng ba dihetse dikgala ba ile ba nka karolo Sebokeng. Ho ya ka morero wa kopano ya puseletso e lebelletsweng, mmuso o tla etsa bonnete ba hore basebetsi ekasita le basebetsi ba seng ba dihetse dikgala dimaeneng ba fumana kuno ya puseletso e tsamaelanang le tekanyetso ya kgwebo ya mmaraka e tla fana ka bophelo ba boiketlo bo tswellang ho ba malapa a bona.Ho sebetsa mmoho le baemedi ba basebetsi le lekala la dimaene, mmuso o ikemiseditse ho qala morero wa ho lebella le ho lekola o tla fana ka ditefo tsa kgothatso ho dikhamphani tse tsamaelanang le molao wa tshireletso le puseletso.

1.6. Kabinete e ananetse ho bulwa ha Bio-Manufacturing Industry DevelopmentCentre (BIDC) ya pele ya naha Pretoria ke Lefapha la Saense le Thekenoloji.

Mosebetsi wa setsi e tla ba karolo ya Leano Naha la Dintlha tse Robong la ho bula menyako bakeng sa dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse seng di hola (di-SMME). Le tshehetsa di-SMME tse sebetsang ka bio-manufacturing ka ho di kgontsha hore di leke menyetla ya mmaraka. Dikhamphani tse kentsweng ho BIDC di na le katamelo ho ditshebeletso tse seng di loketse tshebediso, tshehetso mabapi le patlisiso ya ntshetsopele ya dilaboratori.

Mokgahlelo w a sethatho o tla ba le diphetho mabapi le ho hlahisa mesebetsi ya nakwana le mesebetsi ya nako e telele ya seabo sa moruo o ka bang R250 milione ka selemo nakong ya dilemo tse hlano tse tlang. Ha jwale BIDC e tshehetsa dikgwebo tse 19 tseo ho tsona tse 16 e leng tsa bahwebi ba batsho, ho kenyelletswabeng ba dikgwebo tsa basadi ba batsho ba 10. Ho eketsa hodima sena, ke mesebetsi e 55 ya nako e telele le mesebetsi e 171 ya nakwana e seng e hlahisitswe, le barupellwa ba mosebetsi ba 54 ba rupelletsweng.

1.7. Kabinete e ananetse phatlalatso e entsweng ke Letona la Eneji, Tina Joemat-Pettersson ya ho hlahisa Pholisi ya Kgase e e tla tataisetsa naha moruong wa tlholeho ya kgase o tswellang. Tlhahiso ya kgase e le mohlodi wa keketso yamatla a motlakase Aforika Borwa e tla theola ho tshepela mashaleng le ho etsa bonnete ba hore kabo e lekaneng ya phetoho le tshireletso ya eneji di tla fumantshwa badudi le moruo ho tloha jwale ho isa nakong e tlang. Sena hape se tla eketsa tsela ya naha ya tsamaiso ya ho lemoha kgwebo ya moruo, ho kenyelletswa ha tsela ya kgolo le tlhahiso ya mesebetsi.

Nakong ena e kgutshwane Lefapha la Eneji le sebedisa lenaneo la kgase ho ya motlakaseng, le tla tsamaisa 3,726 MW tsa motlakase le ho sebetsa ka potlako bakeng sa ntshetsopele ya indasteri ya kgase ya lehae e tla kgothalletsa ho hlwela tsela ya tsetelo e lokileng ya ho kgonahatsa tikoloho.Menyetla ya mosebetsi e amanang le ntshetsopele ena ya indasteri,ka ho tobileng le ho sa tobehang, e tla etsa paloyohle ya 1.25 milione ya nako e feletseng e leng tekanyetso ya menyetla ya mesebetsi e kahodimo ho nako ya dilemo tse 25. Nakong e kgutshwane lenaneo la kgase – matleng a motlakase le tla ba le seabo sa ho thusa ho theoha ha moruo le mabapi le thibelo ya tahlehelo ya mosebetsi.

1.8. Ho phatlhalatsa ka semmuso ha ‘Save Energy’ nakong ya Kopano ya AfricanUtililty Week ya 2016, e neng e etelletswe ke Lefapha la Eneji, e ahella hodima letsholo la mmuso la ho Boloka Eneji, le ileng la hlomamiswa ke Moporesidente Jacob Zuma ka 2015.

1.9. Hape tlhomamiso ke letsholo la ‘Tekolo ya Sesebediswa’ la ho lekanya kapa ho metha tshebetso e lekaneng ya eneji e tla neha bareki kgethoha ba reka disebediswa. Ho tla kenngwa leibole disebedisweng kaofela ho bontsha kamoo di sebetsang ka teng kamanong le Mehato ya Tshebediso ya Eneji e Fokolang.

1.10. Kabinete e hlokometse Bohlokwa ba Theko ya Eneji yaKahare ho Naha ya Aforika e neng e tshwerwe ke Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri le Lekgotla le Romelang ka Ntle ho Naha la Ditlhahiso tsa Boqhetseke ba Motlakase ba Aforika Borwa. Dikhamphani tsa Aforika Borwa tshebeletso le bokgoni ba tlhahiso le boinjenere di ile tsa hlahiswa ho baemedi ba mesebetsi ya motlakase ho tswa Ethiopia, Kenya, Tanzania, Borwa ho Sudan le Nigeria. Sena se ile sa beha Aforika Borwa maemong a betere a ho nka karolo tsetelong ya menyetla ya thakgolo ya meaho ya motlakase bakeng sa Aforika e akanyetswang pakeng tsa $20 bilione le $42 bilione ka selemo nakong ya dilemo tse 10 tse tlang.

1.11. Kabinete e kgothaditswe ke tlhomamiso ya Acid Mine Drainage (AMD) ya tharollo ya nako e telele Sedikeng sa Bohareng ba AMD la Germiston bo tla fumantshwa thuso ya ditjhelete tsa pedi borarong ke lekala la dimaene le nngwe borarong ke basebedisi ba metsi.

Sena se latela ho phethwa ka katleho ha tharollo ya nako e kgutshwane tlasa IMCmabapi le AMD. Ka 2011 mmuso o ile wa laela Trans – Caledon Tunnel Authority, eo e leng Motheo wa Mmuso tlasa Lefapha la Metsi le Dikgwerekgwere, ho fana ka tharollo ya nako e kgutshwane ho phephetso ya AMD Gauteng.

Sepheo sa tharollo ya nako e telele ke ho ntshetsa pele tlhwekiso ya metsi a silafetseng ka ho tlosa dikhemikhale le ho hlahisa metsi mabapi le tshebediso ya ho rekiswa ha metsi tabeng ya diindasteri kapa ya ho nowa.

1.12. Kabinete e ipiletsa ho badudi bohle ba Lesotho ba dulang Aforika Borwa e le ka tlolo ya molao hoetsa kopo yaLesotho Special Permit (LSP) Setsing sa Ditshebeletso pele ho la 30 Phuptjane.

LSPe fumanwa tlasa kabelo e ikgethileng bakeng sa batho ba sebetsang,ba ithutang kapa ba nang le dikgwebo Aforika Borwa mme bao e saleng ba le naheng pele ho la 30 Loetse 2015. Ho feta moo, bakopi ba Lesotho ba fumaneng ditokomane tsa Aforika Borwa ka bobodu ba eletswa ho nehelana ka tsona ho batho ba kgethilweng dikantorong tsa Lefapha la Merero ya Lehae e le hore ba fumane lengolo la kopo ya tshwarelo. Tshwarelo ena e tla qetella ho ba teng ho la 31 Tshitwe 2016. Hape bahiri ba baahi ba Lesotho ba lokela ho nka monyetla wa tumello ena.

1.13 Kabinete e ananela kgothalletso ya Letona la Dipapadi le Boikgathollo Fikile Mbalula ya hore ditebele tsa lehae di boetse di ya phatlalatswa ho SABC. Ho fihlella kajeno “Boxing is Back”le mananeo a “TKO” ho SABC a fihlelletse ka hodimo ho dimilione tse1.3. Ho kgutla ha papadi ena thelevisheneng, e tla kuno e kgolo mabapi le ditjhelete ho Boxing South Africa, ho matlafatsa ditebele tsa basadi le tshehetso ya bakgothalletsi le boraditebele.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tsebisitswe mabapi le sephetho sa dipuisano le ho hlakolwa ha Tumellano ya Maqhama ya Moruo (EPA) pakeng tsa SADC le Dipuso tsa Kopano tsa Yuropa (EU)
Kabinete e ananetse hore EPA e nehelanwe Palamenteng.

Tumellano e tla theha mmuso o le mong wa kgwebo pakeng tsa Kopano ya Melao ya Aforika e ka Borwa (SACU) le EU. Hape e kgothalletsa kgetho ya Aforika Borwa letoto la dihlahiswa tsa temo marakeng wa EU tse kang tswekere, ethanole, veine, ditlhapi le ditholwana. EPA e ahella hodima Tumellano ya Tshebedisanommoho ya Ntshetsopele ya Kgwebo (TDCA) eo Aforika Borwa e e phethile ka 2000 le EU.

EPA e fa Aforika Borwa nako ya keketso ya pholisi dibakeng tse ngata. Hape Aforika Borwa e buisane mabapi le Porotokole ya Sesupu sa Meedi le EU, ho latela thahasello e holangya tshireletso ya mabitso a veine le a ikgethang a temo ya dihlahiswa tse ikgethang tsa mabitso. Mabitso a kang a diwaene tse 102 tse tla sireletswa tlasa tumello ya dihlahiswa tsa temo tse tharo tse kangRooibos, Honeybush le Karoo Lamb.

Tumellano e etsa bonnete ba hore e tsamaisana le dipheo tsa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) tsa hore Aforika Borwa e Ntshetsopele ya dikgwebo tsa diindasteri le ho phamisa dihlahiswa tsa Aforika Borwa tse romelwang dinaheng tse ka ntle dimmarakeng tsa EU. Se bohlokwa ka ho fetisisa ntshetsopeleng ke hore EPA e phahamisa ntshetsopele ya lebatowa ya thekiso Aforika ha hoo e ba le seabo kamahanong ya lebatowa.

2.2. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Pampiri ya Dikeletso mabapi le ho Falla ha Batho Dinaheng tsa bona Lengolong la Mmuso hore setjhaba se fane ka dipuopehelo. Hape Kabinete e tsebisitswe mabapi le ho batla dikeletso bathong le diketsahalo ho Pampiring ya Dikeletso bakeng sa 2016/17.

Pampiri ya Dikeletso e itshetlehile hodima NDP mme e nka maemo a ho fedisa bofuma le ho hlahisa mesebetsi e fanang ka seriti.Phallo e lokela ho sebedisetswa ho fedisa ho ipheta ha maemo, ho hodisa bokgoni le mohlodi wa tsebo ka ho tlosa ditshita ntshetspeleng ya mabatowa. Sena se batla hore Aforika Borwa e sebedise lewa la tsetelo ho hodisa ntshetsopele ya morero o sebetsang hantle le ho sireletsa phallo. Tshebediso ya Phallo ho tswa dinaheng tse ding e tla re atametsa katlehong ya botsitso pakeng tsa ho fumana ditlhoko tsa Aforika Borwa empa e ntse ho sireletswa botumo ba Aforka Borwa le tshireletso ya naha.

2.3. Kabinete e ananetse Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi ho tshwarisana mmoho le Mokgatlo wa Diphedi tsa metsing wa Aforika e ka Borwa Sebokeng sa Diphedi tsa metsing tsa Naha, ho tloha ka la 26 ho ya ho la 30 Phuptjane 2017 Aforika Borwa. Lena e tla ba lekgetlo la pele Seboka sena sa Diphedi tsa metsing se tshwarelwa Aforika Borwa.

Lekala la Diphedi tsa Metsing le behilwe e le le ka sehloohong ke mmuso ho bapala tema ya bohlokwa tshireletsong ya dijo le kgodiso ya moruo wa naha. Diphedi tsa metsing e kenyelleditswe mererong ya bohlokwa ya Operation Phakisa: Moruo wa mawatle. Ho tshwarwa ha Seboka sena ho tla etsa hore Aforika Borwa e kgone ho potlakisa ntshetsopele le tsetelo lekaleng la aquaculture ka ho abelana ka tlhahisoleseding le tsebo hong le menyetla ya neheletsano.

Ho tshwara seboka sena hape ho hlahisa monyetla mabapi le lekala la bohahlaodi ho bontsha mesebetsi ya naha ya bohahlaudi mme borapolasi ba lehae ba tla lokisetsa batho ba ka hodimo ho ba 100 ba tla beng ba tlile pontshong e etellang dinaha tsa diphedi tsa metsing lefatsheng ka bophara.

Hape dinaha tsa Aforika di tla fumana monyetla wa ho nka karolo le ho bontsha ka dihlahiswa tsa bona tse tlang ho ba le seabo se lokileng mabapi le ntshetsopele ya moruo bakeng sa lekala la aquaculturelebatoweng la Aforika Borwa.

2.4. Kabinete e tsebisitswe ka ditokiso tse entsweng Kgaolong ya Sephetho sa 12 sa Ketsahalo ya Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF). Sena se arabela qeto ya mmuso ya ho matlafatsa tsmaisano pakeng tsa Kgaolo ya Sephetho sa 12 MTSF- e leng tlwaetso ya ntshetsopele e lokileng le e hlwahlwa ya Tshebeletso ya Setjhaba, le NDP nakong ya 2014-2019

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Ka Phuptjaneho tshwarwa mokete wa sehopotso sa dilemo tse mashome a 40 sa merusu ya June 16 1976, e ileng ya fetola dipolotiki tsa setjhaba naheng ya Aforika Borwa. Ditokiseletso tsa sehoptso di etswa ke IMC.

Kgwedi ya Batjha e tla hlomamiswa ka la 1 Phuptjane tlasa mookotaba o reng “Batjha ba ntshetsa Aforika Borwa Pele” Sehopotsong sa Hector Petersen, Soweto ke Letona la Ofisi ya Moporesidente, Jeff Radebe. Sena se tla etsa lenaneo le telele la kgwedi le tla beng le tsamaiswa ke Eijensi ya Naha ya Ntshetsopele ya Batjha (NYDA), e inehetseng ho kgonahatsha le ho kgothalletsa batjha ba rona ho sebedisa menyetla e mengata makaleng a fapaneng ho ntlafatsa maphelo a bona le ho fumana bokgoni ba ho ba le seabo ntshetsopeleng ya moruo wa naha.

Sena se tla ahella hodima mesebetsi ya Letsatsi la Batjha la Naha la la 16 Phuptjane, le tla beng le etelletswe ka semmuso ke Moporesidente Jacob Zuma Lebaleng la Dipapadi la Orlando Soweto.

3.2. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tla hlomamisa Beke ya Naha ya Tshireletso ya Bana Polasing ya Braakspruit, Klerksdorp ka la 29 Motsheanong 2016 tlasa mookotaba o reng “Bohle ha re Sireletseng Bana ho ntshetsa Aforika Borwa Pele”. Beke ena e tla tsamaelana le ketsahalo yaLetsatsi la Bana la Lefatshe la 1 Phuptjane 2016 le tla etellwa ke Moporesidente Jacob Zuma diahelong tsa bana ba dikgutsana Attridgeville, Gauteng le phethelwe ka la 5 Phuptjane Amersfoort, Mpumalanga.

Kabinete e kgothalletsa baahi ho sireletsa bana kgahlanong le ho se kgathallwe, tlhekefeso, tlatlalapo le ho nyatswa ka ho tlaleha diketsahalo tseo kaofela ho balaodi.

3.3. Lefapha la Merero ya Tikoloho le tla etella pele naha ho ketekela Letsatsi la Lefatshe la Tikoloho ka la 5 Phuptjane 2016 ho kgobokanya ma Aforika Borwa ho etsa ketso e lokileng ho sireletsa polanete ya rona. Selemong sena mookotaba wa rona wa Letsatsi la Lefatshe la Tikoloho e tla ba “E ba Hlaha bakeng sa Bophelo,” le tla tsepama hodima molato o moholo mabapi le bophelo bo hlaha le tshenyo eo o bo bakang.

Katleho ya Aforika Borwa polokong ya bophelo ba diphoofolo le dimela tse hlaha, e entse hore naha e shejwe ka leihlo le tjhatsi mabapi le tlolo ya molao e kgolo e hlophisitsweng mabapi le ho phetiso ya bophelo bo hlaha tikolohong. Seabo sa tikoloho le tlolo ya molao bakeng sa bophelo bo hlaha se ya nyahamisa mabapi le Diphoofolo le dimela, maphelo a bolokehileng le bohahlaudi.

3.4. Temoho ya Letsatsi la Lefatshe la Mawatle ka la 8 Phuptjane tlasa “Mawatle a Hlwekileng, Polanete e Hlwekileng’di re dumella ho hlwaya seabo sa mawatle a naha ya rona le ditsela tse gata tseo mawatle a fanang ka seabo moruong wa rona. Hape e hlwaya diphephetso mabapi le ho tobana le tshilafatso ya mawatle, ho boloka mawatle’ tekanyo ya ho tsamaisa tlelaemete ya naha, ho fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa diphoofolong le dimeleng le ho boloka maphelo le tlholeho e sireletsehileng.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

4.1. Mmuso o dula o tsepame hodima sehlooho sa kgodiso ya moruo, ho boloka mesebetsi e teng le ho hlahisa mesebetsi e tla tshwarella ka ho sebedisana mmoho le dikgwebo le mesebetsi. Ka lenaneo la rona la phetolo ya ditlhophiso le matlafatso ya ditjhelete tsa setjhaba, mmuso o tla dula sehlohlolong sa ona sa tjhelete e tswang ho etsa bonnete ba hore moruo o phahama ka matla ha moruo wa lefatshe o kgutlela madulong.

Moporesidente Jacob Zuma o etelletse dikenello tse sehlotshwana tsa maqhama, a selehae le dinaha tse ding ho phahamisa naheng ho bontsha kgodiso ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.

4.2. Kabinete e hlokometse kgolo ya palo ya ditlhahiso tsa tsetelo tse phatlaladitsweng naheng tse bontshang tshepo ya dinaha tsa tsetelo tikolohong ya moruo wa Aforika Borwa. E boetse ya bontsha hore naha ya rona e motjheng wa ho tswela pele ho kgutlisa sebaka sa tsetelo e matla.

Bongata ba ditsetelo tse latelang bo bontsha tshepo e tswellang eo bahlahisi ba makoloi ba lefatshe ba nang le yona Aforika Borwa jwaloka sebaka sa tsetelo, le pholisi e tshehetsang tikolohoeo mmuso o fanang ka yona.

4.3. Tsena di kenyelletsa tsetelo ya Toyota mabapi le Toyota Hilux e ntjha le polante ya tlhahiso ya Fortuner e lebelletsweng Durban, e butsweng ke Moporesidente Jacob Zuma.Sena se kgonahetse katshehetso e fanweng ke Lefapha la Kgwebisano le Indasteri le hohetseng ditsetelo tse kahodimo ho R25 bilinoe indatering ya makoloi dilemong tse hlano tse fetileng. Tsetelo ena e tla tshehetsa mesebetsi ka bang ka hodimo ho 4000 le kakaretso ya mesebetsi eo polante e nang le yona e fetang mesebetsi e 8000.

Polante ena ke karolo ya ho phahamisa tsetelo ya Toyota ya R6.1 bilione indastering ya tlhahiso ya Aforika Borwa le tlhahiso ya makoloi a naha. Toyota e ekeditse thekiso ya makoloi mona hae lekaleng la yona la dithekiso le ho tshehetsa bafepedi ba hae ba kgonang, hape khamphani e tsepamisitse kgirong ya basadi ba nang le boqhetseke le ho fana ka menyetla ho basadi sebakeng sa mosebetsi.

4.4. Hape Kabinete e ananetse phatlalatso ya BMW ya R6 bilione mabapi le ho qala moaho o motjha, e leng wa maemo a hodimo. Keketso ya moaho e tla etsa hore BMW e kgone ho hlahisa le ho romela ka ntle mokgahlelo o mong wa makoloi a BMW X3. Sena se bontsha Polante ya Rosslyn e le e nang le bokgoni bo hodimo ka hara neheletsano ya BMWya tlhahiso ho ya ka ditjeho tsa tlhahiso le boleng.

4.5. Tsetelong e nngwe, Letona la Kgwebo le Indasteri le hlomamisitse R100 milione mabapi le Polante ya Tsamaiso ya Dursots & All Joy Tomato Modjadjiskloof haufi le Tzannen. Faboriki ena ha jwale e na le basebetsi ba 70 ho mme ho ntse ho lebelletswe ba tla eketseha ho ba 300 selemong se tlang. Hape e tla hlahisa mesebetsi ya nakwana e 900. Hape khamphani e qadile ditlhophiso tsa maano a ho romela 25% ya ditlhahiso tsa yona Middle East, China le dinaheng tse ding tsa Aforika.

Ditsetelo tsena di bontsha tshebediso e iketlileng ya Leano la Dintlha tse Robong le Leano la Tshebetso ya Diindaseteri (IPAP) e tsepameng hodima tlhahiso e theilweng ya keketso ya molemo, tlhahiso ya mesebetsi le thomello e matalla dinaheng tse ka ntle hohodisa moruo le tlhahiso ya mesebetsi. Le ka ntle ho diqaka tsa moruo lefatsheng ka bophara, Aforika Borwa e lebelletswe ho thula ka sefuba e tswele pele.

4.6. Kabinete e hopotsa bakgethi ba nang le boikarabelo ho sebedisa ditokelo tsa bona demokerasing ka la 3 Phato 2016. Kabinete e lebisa diteboho ho bakgethi bohle ba ileng ba nka nako ho ingodisetsa le ho paka dintlha tsa bona ho tsa bonnete ba hore mabitso a bona a hlahella letotong la bakgethi, leo jwale le seng le kwetswe.

Letona van Rooyen o hlahisitse le ho tsebahatsa koranteng ya mmuso letsatsi la dikgetho tsa lehae, ho dumella ho thakgolwa ha tsamaiso ya dikgetho ho ya ka nako e behetsweng dikgetho. Hape phatlalatso e e boletse ho kwalwa ha ngodiso mabapi le ho nka karolo dikgethong tse tlang.

Kabinete e ananela tshaeno ya Khouto ya Boitshwaro ya Dikgetho ke mekgatlo ya dipolotiki e kotjwang hore e ikokobeletsemelao le ho etsa bonnete ba hore dikgetho e ba tse lokolohileng le tse senang leeme. Sena se bontsha kgolo le botebo ba demokerasi ya rona.

4.7. Kabinete e ananelaKopanoyaDitho tsa Naha tse Ikgethileng tsa 2016 le neng le tshwerwe ke Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae wa Aforika Borwa (SALGA). Sena se tla kamora hoba naha e itokiseletse phetoho ya sehla se latelang sa mmuso wa lehae se tlang sa dikgetho tsa bommasepala tsa 2016.

Seboka se buile ka katleho e entsweng dilemong tse 16 tse fetileng le sehleng sena sa dikgetho tsa mmuso wa lehae. Mosebetsi wa mmuso wa lehae ke ho fana ka ditshebeletso le ho boloka seriti sa batho le tsona di hlahisitswe. Diphephetso tsa sehlooho di hlahisitswe mme ha etswa boitlamo ho lenaneo la Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba (COGTA) la ho Kgutlela Motheong.

Sena se lokisa tsela mabapi le demokerasi ya mmuso wa lehae wa sehla sa bone ka ho fana ka lenaneo la tshehetso ho bommasepala le taolo ya phetoho ho etsabonnete ba hore ho rena kgotso ntle le ditshitiso tsa ho fanwa ha ditshebeletso bathong ba Aforika Borwa.

4.8. Kabinete e hlahisitse kgwao mabapi le ditshitiso Palamenteng, tse nkang setsi kgafetsa le tse matlafalang. Palamente ke diahelo tsa demokerasi ya rona eo re e lwanetseng ka thata mmeke sebaka sa setjhaba ka hoo se lokela ho hlontjhwa ke bohle.

4.9. Kabinete e rorisamosebetsi wa IMCe etellwang ke Letona la COGTADes van Rooyen le sehlopha sa phethahatso ya mesebetsi ya diporofense ka ho kgutlisetsa dintho madulong sebakeg sa Vuwani, ba ntse ba hlokometse hore diphephetso di ntse di tswella dibakeng tse ding. Mmuso o sebeditse ka matla ho kopanya ditikoloho ka morero wa ho rarolla dintlha le ho tlisa ditshebeletso, ho kenyelletswa ho kgutlisetsa thuto madulong. Ho fanwa ka ditlelase tsa nakwana di entse bonnete bahore mesebetsi ya thuto e ya qadiswa.
Hape mmuso o kopa ditikoloho le baetapele ho hlahisa dintlha ka ho sebedisa metjha le dibaka tse thehilweng ho kgonahatsa dipuisano. Diketsahalo tse sa lebellwang tsa ho tshwarella bana ba rona mabapi le thuto ha di amohelwe.

Kabinete e rorisa mekgatlo yohle ya tsamaiso ya taolo ya molao mabapi le mosebetsi o entsweng o bileng le diphetho tsa ho tshwarwa ha batho ba 34 bao ho belaellwang hore ba bile le seabo ho senyeheng dikolo tse 28, tseo ho bolela nnete di senyang bokamoso ba batjha ba sa ntseng ba lebelletse ho sebedisa diahelo tsena tse hlokehang.

Kabinete e rorisa ditikoloho le mekgatlo ya badudi setjhabeng ho ikakgela ka setotswana ba hlwekisa le ho nyolla mokotla wa tjhelete ho boela ho bulwa dikolo tsa lehae hape. Batswadi bohle, balebedi ba bana le ditho tsa tikoloho ba kotjwa ho thusa bana ho lelekisa sekejule sa Leano la Thuto le behilweng ke Lefapha la Thuto ya Motheo. IMC e tla tswela pele ho ikamahanya le batho le ditikoloho ho etsa bonnete ba hore sebaka sohle se fumana kgutso mme se kgutlela setlwaeding.

4.10. Kabinete e buisane ka ditletlebo tsa Hammanskraal mme ya bontsha hore Lefapha la Bodulo ba Batho le etelletse pelekananelo sebakeng seo mmoho le COGTA le Lefapha la Bodulo ba Batho la Porofense ya Gauteng, hong le Setho sa Phethahatso Ramotse wa Tshwane, Mokhaselara Kgosientso Ramokgopa.

Kabinete e utlwile bohloko ka lefu la batho ba babedi ba neng ba le dikontrakeng tsa ho thotha Hammanskraal mme e lebisa matshediso le kutlwelo bohloko ho ba malapa a bona a lahlehetsweng. Ditheo tsa molaodi di lokela ho eketsa matsapa tsona ho fumana babolai le ho ahlola ka molao.

4.11. Kabinete e thoholetsa qeto ya Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC) ya ho bapala 90% ya mmino wa lehaediteisheneng kaofela tsa diradio ho phahamisa mmino wa lapeng. Qeto ena e bontsha pholisi ya mmuso e kgothalletsang le ho sireletsa, ho nontsha le ho matlafatsa lesela la setso la phedisano Aforika Borwa. Pepeso ena hape e kgothatsa talente e ntjha ya maAforika Borwa.

Kabinete e kgothalletsa badudi bohle ho tshehetsa indatseri ya mmino wa lehae e tla ba le seabo se bonahalang moruong le polokong ya ditso tse fapaneng tsa naha.

4.12. Kabinete e hlokometse phuputso ya dikepe tse robong tsa ho tshwasa ditlhapi tsa naha ya ka ntle ke Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi mme e rorisa ketsahalo e kopanetsweng e kenyelletsang Sesole sa metsing sa Aforika Borwa, Lefapha la Botshwasi ba Ditlhapi le Taolo ya tshireletso ya Mawatle a Aforika Borwa e bileng le diphetho tsa hore e be dikepe tse nne di tshwerwe.

Ho tshwarwa ha dikepe tsena ho bontsha maikemisetso a rona re le naha ho sireletsa mmedi le dibaka tsa moruo o ikgethileng. Mehlodi ya rona ya mawatle ke mohlodi wa ho ba le dijo tse lekaneng mme dina le tema e kgolo eo di e bapalang ho lemoha dipheo tsa rona tsa Operation Phakisa mme e lokela ho sireletswa.

4.13. Kabinete e ananetse ho lokollwa ha tlaleho ya sehlopha sa mosebetsi wa IMC ee neng e kgethuwe ke Letona Angie Motshekga ho fuputsa diqoso tsa ho rekiswa ha diposo mabapi le matitjhere ke ditho tsa mekgatlo ya matitjhere le baofisiri ba mafapha a thuto diporofenseng.

4.14. Kabinete e thoholeditse bauni ba maAforika Borwa, rakgwebo Luvuyo Rani le Clothing Bank, ba neng ba le hara bahlodi ba dikgau tsa Borakgwebo ba Setjhaba ba 2016 ke Schwab Foundation bakeng sa Bahwebi ba Setjhaba e neng e tshwaretswe Foramong ya Moruo ya Lefatshe (WEF) Aforika, Kigali Rwanda.

4.15. Kabinete e rotse kgaebana le ho fetisa ditakaletso tsa mahlohonolo ho eo e neng e le Motlatsi wa Moahlodi e Moholo Dikgang Moseneke ya ileng a dihela dikgala ho tswa Setulong ka mora ho ikamahanya le Lekgotla la Molaotheo ka 2002.

Motlatsi wa Moahlodi e Moholo enwa wa maloba o nkwa jwalo ka paki ya molao le mokaubere ya hlomphehang wa twantshano ya tokollo ya naha. Dilemong tsa hae tsa botjha, Moseneke o ne a le twantshanong ya tokollo ya naha jwaloka setho sa Pan Africanist Congress (PAC). O ne a tshwarwaka lebaka la ho ikamahanya le dipolotiki, a le dilemo tse 15, ya e ba yena ya monyane ho feta ya ileng a kwallwa Robben Island. Hape o ne a nke karolo mokgwaritsong wa Molaotheho wa nakwana ka 1993 mme hammamorao a kgethelwa ho ba motlatsi wa modulasetulo wa Khomeshene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) pele ho dikgetho tsa pele tsa demokerasi.

Hape Kabinete e lebisa diteboho ho Moporesidente wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe Moahlodi Lex Mpati ya dihelang dikgala ho tswa Setulong ka mora dilemo tse 27 tsa mosebetsi o tswileng matsoho wa tshebeletso ya Aforika Borwa. Moahlodi Mpati o bontshitse makgetha a botho a hotseng ho feta ho inahanela; boikokobetso,boitlamo le bokgabane, le boitshwaro ba setho.

Kabinete e thoholetsa le ho fetisa ditakaletso tsa mahlohonolo ho Moahlodi Baaitse “Bess” Nkabinde jwaloka Motlatsi wa Moahlodi e Moholo ya tshwereng Mokobobo wa Lekgotla la Molaotheo ho fihlela poso e fumana motho.

5. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumellano e amehang.

5.1. Ofisi ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba
a) Ngaka DC Mamphiswana e le, Molaodikakaretso (DG), Ofising ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba.

Dipotso:
Liezel Cerf
Mohala: 076 778 2380

Share this page

Similar categories to explore