Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 19 Mphalane 2016

1. Ho KenngwaTshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle tse molemo ha ba tla tobana le dihlahlobo tsa selemo tsa makgaolakgang. Baithuti ba Materiki ba 2016 ba kgothaletswa ho tsepamisitse maikutlo ho Dihlahlobo tsa 2016 tsa Lengolo la Materiki tse qalang semmuso ka la 24 Mphalane 2016 le ho qetella ka la 29 Pudungwana 2016.

1.2. Kabinete e lakatsa ho boeletsa kgoeletso ya yona ya hore naha e tshehetse mekutu ya ho baballa lenaneo la selemo sa dithuto sa 2016. Mekutu ena e eteletsweng pele ke mmuso ka Moifo wa Tshebetso wa Matona o sebetsang le baithuti, batswadi, diyunivesithi le bankakarolo ke pontsho ya boitlamo bo kopanetsweng ba ho fumana ditharollo bakeng sa ho busetsa lekala la rona la thuto e phahameng madulong.

Kabinete e kgema le maikutlo a hlahiswang ke baithuti mabapi le diphephetso tseo ba tobanang le tsona tsa ditjeho tse phahameng tsa ditjhelete tsa dithuto, bodulo, dibuka, dipalangwang le ditjeho tsa ho iphedisa.

Haeba selemo sena sa dithuto se senyeha, mme diyunivesithi le dikholeje di sa fihlelle tharollo selemong sena, se ka etsang milione ya baithuti ba materiki ba keke ba amohelwa ditsheng tsa thuto e phahameng, ka selemo sa 2017. Ho tla ba le ditlamorao tse iphetaphetang moo baithuti kaofela ba ho tloha selemong sa pele ho ya ho sa ho qetela ba tla amehang mme qetellong le moruo wa rona o tla ameha kaha ho tla be ho se na dirutehi tse ntjha tse nang le maitsebelo tse tla kena mmarakeng wa mesebetsi.

Ka lebaka leo, ba neng ba tla be ba atlehile jwaloka dingaka, baenjineri, diakhaontente, matitjhere le makala a fapafapaneng ba keke ba ba maemong a ho kena ka hara moruo.

Kabinete e tshehetsa ka botlalo ditokelo tsa ho fumantshwa thuto tse teng ka hara Tjhata ya Tokoloho le Molaotheo, le ho beha ka sehlohlolong Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP). Re boetse re tshehetsa tokelo ya ho fumantshwa thuto e phahameng, ka ho qolleha bakeng sa ba fumanehileng.

Tjhata ya Tokoloho e re “thuto e phahameng le thupello ho tsa setekginiki di tla bulelwa bohle ka mokgwa wa dithuso tsa puso le ditshehetso tsa dithuto tse di tla fanwa ho ya kamoo hoo baithuti ba sebeditseng ka teng.”

Molaotheo ho ya pele o bolela hore “Mang le mang o na le tokelo ya ho fumantshwa thuto e tswellang eo mmuso ka mekgwa e ka kgonehang o lokelang ho etsa hore e dule e le teng le ho fihlelleha.”

Ka ho ananela matla a diphephetso tse teng thutong e phahameng, Moporesidente Jacob Zuma o boetse o ekeditse palo ya Moifo wa Tshebetso wa Matona ka ho kenyeletsa Letona la Dikgokahanyo, la Bodulo ba Batho, la Ditjhelete le la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Mmuso o amohetse ditshisinyo tse mmalwa tse tekilweng ke makala a fapafapaneng le bankakarolo. Tsamaiso ya setekginiki e motjheng bakeng sa ho di sekaseka mme hang ha mosebetsi o se o phethetswe, ho tla fanwa ka ditsela tsa ho sebetsana le diphephetso tsa hajwale.

Mmuso o tla boela o nke mehato ho hlahisa mehlodi ho baithuti bohle ba lokelwang ke dithuso tsa Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS) ho tswela pele ho lefella ditjeho ka botlalo diyunivesithing le dikholejeng tsa Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Setegeniki (TVET) bakeng sa nako e telele. Mmuso hape o tla hlahisa mekgwa ya ho sebetsana le diphephetso tse tobaneng le baithuti ba “ka hodimo ho dipehelo” ba sa lokelweng ke dithuso ho ya ka melawana ya NFSFAS empa ba sa kgone ditjeho ka botlalo tsa ho ithuta ntle le thuso e itseng. Tsena tsohle di tla kenngwa tshebetsong ka sekgahla le sekala se itshetlehileng hodima sekgahla sa kgolo ho boingodiso le mehlodi e teng.

Khomishene ya Moporesidente ya Dipatlisiso tsa Thuto e Phahameng le Thupello e tswela pele ka mosebetsi wa yona mme e tla thusa mmuso ho tla ka tharollo ya nako e telele bakeng sa phumantsho ya thuto e phahameng ka ho qolleha ho ba fumanehileng.

Letona la Ditjhelete le tla teka Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBP) ka la 26 Mphalane 2016 e tla bontsha moralo o pharalletseng wa ditjhelete bakeng sa nako e bohareng.

Selemong sa ditjhelete sa 2016/17, mmuso o abile mehlodi e mengata bakeng sa thuto e phahameng, moo ho bonahetseng ha Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello le fumana kabo ya ditekanyetso ya R49.2 bilione.

Kabinete e dumela hore ke feela ka matsete a rona thutong jwaloka naha moo re tla etsang kgatelopele e bonahalang bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tse tharo tsa tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane. Mmuso o arabetse ho dillo tsa baithuti mme o tla tshehetsa ka ditjhelete keketso ya ditefello tsa selemo sa 2017 e fihlang ho 8%, ho lefella keketseho ya ditefello ka dithuso tse kwalang sekgeo lebitsong la bohle ba fumanehileng, bana ba basebeletsi le ba bitswang “ba kahodimo ho dipehelo”, ke hore baithuti ba lekeno la lelapa le fihlang ho R600 000 ka selemo. Sena se bolela hore ka bobedi baithuti ba lokelwang ke thuso ya NSFAS le ba “kahodimo ho dipehelo” ba keke ba angwa ke keketseho ya ditefello, kaha mmuso o tla lefella diphesente tsa keketso ya ditefello. Tshehetso ena e tla ballwa ho se ka etsang R2.5 bilione, e akaretsang ho feta 70% ya baithuti ba sa emetseng ho fumana mangolo a pele a yunivesithi.

Bankakarolo kaofela ba tshwanela hanghang ho sebeletsa ho bopa maemo le sebaka se dumellang hore lenaneo la dithuto le qale hape ntle le tshenyo ya nako. Ho netefatsa phihlello ya bohlokwa ya tokelo ya dithuto e tswellang mmuso o tla hlahisa mmapa, o sebetsa le bankakarolo ba amehang, bakeng sa ho fetola diyunivesithi le dikholeje tsa TVET ho bopa menyetla ya phumantsho, katleho le tshehetso bakeng sa baithuti le ditsha tsa thuto. Bankakarolo ba mmalwa ho kenyeletswa hara ba bang, dibanka le dikgwebo ba hlahisitse ditshisinyo tse fapaneng tsa kamoo re ka thusang ka ditjhelete thuto e phahameng ka ho qolleha ba fumanehileng. Ha ho le jwalo, Moifo wa Tshebetso wa Matona o tla bokeletsa bankakarolo kaofela nqa e le nngwe ho hlahisa mmapa o tla betla tsela ya tharollo.

Kabinete e amohela ho qala hape ha dithuto diyunivesithing tse ngata tsa rona, le ho kgothaletsa baithuti kaofela ho kgutlela sekolong. Ena ke nako e hlokolosi bakeng sa lenaneo la dithuto moo dihlahlobo di seng di atametse. Mmuso o dumela hore dingongoreho tsa baithuti ho ka sebetsanwa le tsona ka dipuisano ha lenaneo la dithuto le ntse le tswella.

Kabinete e dula e kgathatsehile ka ho qhoma ha boipelaetso bo tletseng merusu dikhempaseng tsa diyunivesithi tse ding ho potoloha le naha. Leha tokelo ya ho ipelaetsa e tshireleditswe tlasa Molaotheo, merusu, ditshoso le tshenyo ya thepa di keke tsa dumellwa.

Bankakarolo kaofela ba lokela ho etsa tsohle tse matleng a bona le ho nka mehato e hlokehang ho baballa lenaneo la dithuto kaha ditlamorao tse re tobileng e tla ba tse mpe moruong, ho baithuti le ho ba etsang materiki.Thuto ke boikarabelo ba mang le mang, bohle ha re sebetseng ka kopanelo mmoho ho tlisa botsitso thutong e phahameng bakeng sa bokamoso ba bana ba rona le ba naha ya rona.

1.3. Kabinete e ananetse matsete a R3 bilione a Marriot International moo ho tla bonahalang ha sehlopha sa dihotele se seholohadi se phethela dihotele tse hlano tse ntjha. Tsebiso ena e bontsha tshepo ya batsetedi ka hara naha le bokamoso bo kganyang ba moruo wa lehae.

1.4.  Aforika Borwa e ile ya thonngwa jwaloka naha e betere ka ho fetisisa bakeng sa bolaodi ba mekitlane le ho ntshuwa ha dibonto tsa boikemelo ka hara Aforika e Borwa ho Sahara ke Koranta ya Mebaraka e ntseng e Runya, eo e leng setho sa Dikopano tsa Selemo ka seng tsa IMF/Banka ya Lefatshe. Kgau e tlile kamora hoba Banka ya Lefatshe e ananele boqhetseke ba naha ho maemo/sebopeho sa mekitlane. Dithoholetso tsena ke bopaki ba katleho eo naha e dulang e na le yona mebarakeng ya lefatshe ya ditjhelete le mokgwa o makgethe oo moruo o laolwang ka ona.

1.5. Leeto la pele la Semmuso la Puso la ho ya Kenya le kenetsweng ke hlooho ya puso ya Aforika Borwa, Moporesidente Jacob Zuma, esale re ba le demokerasi, le ne le kenyeleditse kemedi ya borakgwebo ho Foramo ya Kgwebo ya Aforika ya Kenya-Aforika Borwa, e sekasekileng menyetla ya matsete le kgwebisano. Dimemorandamo tsa Kutlwano (di-MoU) tse latelang di ile tsa saenwa: wa tshebedisano-mmoho ya sepolesa, wa paballo ya tsa tlhaho le bolaodi le wa Motjha wa Dipalangwang wa Lamu-Port Southern Sudan-Ethiopia.

1.6. Tulo ya Bobedi ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi pakeng tsa Aforika Borwa le Riphabliki ya Namibia e bontshitse bohlokwa ba boitlamo ba rona bo kopanetsweng mabapi le letoto le lekotsweng botjha la dintlha tsa bobedi bona tsa lebatowa le tsa matjhaba. MoU wa Thuto e Phahameng o phethetswe, le ho kenyeletsa ho saenwa ha Maemo a Tshebedisano a Komiti e Kopanetsweng ya Ditsebi ya Moedi wa Noka ya Senqu.

1.7. Leeto la tshebetso la ho ya Vietnam le Singapore la Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa le sebediseditswe ho bula dibaka tsa kamoso tsa kgwebisano le matsete, le ho hohela Dikgwebo tsa Mmuso tsa Singapore hore di tsetele ka hara Aforika Borwa ka Bomphato ba Dikgwebo tsa Mmuso le tsa Poraefete, ho imatahantswe le Moralo wa Dintlha tse Robong tsa Aforika Borwa. Hape ho ile ha etswa boitlamo bakeng sa hore Singapore e thuse Aforika Borwa ka ntshetsopele ya maitsebelo le ho eketsa palo ya dithuto tsa thupello bakeng sa baithuti ba Aforika Borwa tse fanwang tlasa Lenaneo la Singapore la Tshebedisano-mmoho.

1.8. Moporesidente Jacob Zuma o tshetlehetse puo Pitso ya Dihlooho tsa Borumuwa tsa Aforika Borwa ya selemo ka seng e faneng ka lepatlelo bakeng sa dihlooho tsa borumuwa ho arolelana mehopolo ya dintlha tse ka sehlohlolong tse tla ba thusa betere ho tswela pele ho emela naha. Jwaloka baemedi ba rona mose, ba na le boikarabelo ba ho aha setswale le bomphato tse tla re thusa ho fihlella merero ya rona ho tswa ho NDP, e leng wa kgolo e kenyeletsang, mesebetsi le bophelo bo hlomphehang bakeng sa batho ba bo rona.

1.9. Bakeng sa ho arabela ho ditlhoko tsa badudi le dikgwebo, Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere Nomvula Mokonyane le tla phethola lekote bakeng sa kaho ya Mokgahlelo wa Pele wa Porojeke ya Metsi ya R18 bilione ya Vaal Gamagara, Labohlano lena, la 21 Mphalane 2016. Ha ho qetwa ho phethela Mokgahlelo wa Pele, bakgolamolemo ba tla kenyeletsa dipolasi tsa mehlape tse 14, merafo e 12, diphaka tsa matla a letsatsi, le badudi ba Kathu, Olifantshoek, le Hotazel, bakeng sa ho tswela molemo setjhaba sa palo e etsang 23 499.

1.10. Ho thakgolwa ha mokgahlelo wa pele wa R49-milione wa Setsha se tsoseleditsweng sa Diindaseteri sa Isithebe Mandeni, ho la KwaZulu-Natal, ho bopa karolo ya Lenaneo la Tsoseletso ya Ditsha tsa Diindaseteri la Lefapha la Kgwebisano le Diindaseteri, mme se behilwe ka sehlohlolong bakeng sa ntjhafatso.

Sepheo ke ho tsoseletsa ditsha tsa diindaseteri tsa mmuso ho phatlalla le naha bakeng sa ho hodisa kaho ya diindaseteri le ho eketsa nyehelo ya tsona ho tlhahiso ya mesebetsi le kgolo ya moruo wa naha. Diindaseteri tse sebeletsang ka hara Isithebe di nyehela haholo ho moruo wa sebaka seo, ka ho fana ka mesebetsi e fetang e 20 000. Nakong ya lenaneo la tsoseletso, dikgwebo tse 15 tse nyenyane le tse mahareng di ile tsa thonngwa bakeng sa boleng ba R6.3 milione moo ho hirilweng batho ba 162.

1.11. Tsebiso, ya hore Aforika Borwa e tla kgola molemo ho tswa ho tumellano e ntjha ya kgwebisano le Kopano ya Yuropa (EU), e tla etsa hore ho be le phumantsho e ntlafaditsweng ya dihlahiswa tsa Aforika Borwa ka ho ba le phihlello e ka sehloohong ya mebaraka ka hara EU. Tumellano ya Bomphato ba Moruo (EPA) tlasa moralo wa SADC-EU EPA e kena lehatong la dipehelo tsa tumellano ya kgwebisano ya dinaha ka bobedi pakeng tsa Aforika Borwa le EU, e tsejwang e le Tumellano ya Kgwebisano, Ntshetsopele le Tshebedisano-mmoho (TDCA). EPA e fana ka phihlello ya mebaraka e metjha bakeng sa tswekere le ethanole hammoho le phihlello e ntlafaditsweng ya mebaraka bakeng sa diveine, dipalesa, dihlahiswa tsa lebese le tsa ditholwana.

1.12. Khomishene ya Paballo ya Thuna e bitswang Southern Bluefin e ekeditse kabo ya Palo e Dumeletsweng ya Aforika Borwa ya botshwasi ba Thuna ya Bluefin ho tloha ho ditone tse 150 ho isa ho tse 450 bakeng sa dihla tsa botshwasi ba ditlhapi tsa 2018-2020. Sena ke sa bohlokwa bakeng sa Aforika Borwa ho beha ka sehlohlolong tlhahiso ya mesebetsi kaha se tla fana ka mesebetsi lekaleng la botshwasi ba ditlhapi le ho kenya lekeno le hlokwang haholo la diromellwa tsa ka ntle bakeng sa naha.

1.13. Thonyo ya baiketi ba atlehileng ke Lefapha la Eneji bakeng sa Lenaneo la Mohlahisi wa Matla a Motlakase ya Ikemetseng (IPP) wa pele ke karolo e hlokolosi ya boikitlaetso ba mmuso ba ho tiisetsa phepelo ya naha ya eneji. Baiketi ba babedi ba batjha ba tla eketsa 863.3MW ho marangrang a eneji dilemong tse hlano tse tlang.

Thonyo e hohelang matsete a fetang R40 bilione e tla sebediswa ho bula meralo ya motheo ka hara lekala la eneji, e tla hlasimolla theko ya ka lapeng le ho hlahisa mesebetsi e 6 613 nakong ya kaho le e 13 524 ka ditshebetso.

Ha moralo wa Aforika Borwa wa kaho ya eneji o kenyeletsa thepa ya mafura a masalla a diphedi tsa tlhaho tsa kgale, naha e itlametse ho diphethoho tsa moruo wa khabone e tlase, moo ka sehlohlolong e leng ho thola mefuta e meng ya eneji e hlwekileng. Ka IPP ya Eneji e ka Tsoseletswang, 6 376 MW tsa motlakase di se di rekuwe ho tswa ho Bahlahisi ba Ikemetseng ba Matla a Motlakase ba 102 mekgahlelong e tsheletseng ya boiketo. Ho sena, 2 200 MW tsa bokgoni ba ho fehlwa ha motlakase ho tswa diporojekeng tse 44 tsa IPP di se di hoketswe ho marangrang a naha.

1.14. Jwaloka ha Kgwedi ya Dipalangwang e senola diporojeke tse ngata tsa meralo ya motheo ya dipalangwang le maikitlaetso a hlahiswa bakeng sa ho hokela batho le dibaka ka tsela e ntlafetseng, e leng e hlahisang mesebetsi e metjha le ho fetola tsela eo maAforika Borwa a etang ka yona.

Ntlheng ena Kabinete e ananela matsete a R24 million ke Lefapha la Gauteng la Mebila le Dipalangwang bakeng sa ho lokisa tsela ya D904, eo hape e tsebahalang ka lebitso la kgale la Evaton Road. Tsoseletso ya tsela e ena e tla fokotsa bohole ba ho tsamaya, le ho netefatsa boipaballo mebileng bakeng sa boramakoloi, boradibaesekele le ditaaso.

1.15. Ho tshwarwa ka katleho ha Foramo ya Bohlano ya Taolo ya Inthanete ya Aforika Durban e bontshitse ha kopano e phethela boemo ba kontinente,bo tshehetsang phihlello ya merero ya Lenaneo la selemo sa 2063, pele ho Foramo ya Taolo ya Inthanete e tla tshwarelwa Mexico ka Tshitswe 2016. Aforika Borwa e saenne Tumellano ya Mekga-e-Mengata ya Tshebeletso ya Botsamaisi le Motheo wa DONA.

1.16. Maitshunyako a mmuso a ho lwantsha bobodu, tshebetso e mamphemphe le ho etsa hore diindaseteri di ikarabelle a lebisitse ho tumellano le dikhamphani tsa kaho tse tshwailweng lenaneong la maikitlaetso, le tla akofisa diphethoho ka hara indaseteri ena. Tumellano e na le dintlha tse ngata, tse kenyeletsang: Nyehelo ya ditjhelete bakeng sa diporojeke tsa ntshetsopele; Boitlamo ba diphethoho ka hara lekala; Moralo wa ho sebetsana le ditseko ke lekala la mmuso; le Maitlamo a Boitshwaro a Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO).

Metheo ya bohlokwa ya tumellano e kenyeletsa kotlo ya R1,4 bilione e behwang ke balaodi ba diphehisano e tla lefuwa ke dikhamphani ho Letlole la Lekeno la Naha. R1,5 bilione e nngwe e tla nyehelwa ho letlole bakeng sa ho tshehetsa maikitlaetso a matsete a tobileng badudi ba neng ba tinngwe menyetla pele.

Boitlamo ba diphethoho bo tla hlahiswa ke e nngwe le e nngwe ya dikhamphani tse supileng, bo ka nkang sebopeho sa mohlomong ‘sebopeho sa tekatekano’, moo bonyane 40% ya diabo ka hara khamphani di tla rekisetswang maAforika Borwa a batho ba batsho; kapa ‘sebopeho sa bomphato’ moo khamphani e tla sebetsa le dikhamphani tse ka fihlang ho tse tharo tsa batho ba batsho tsa bomphato ho ba thusa ho etsa lekeno le lekanang le 25% ya lekeno la yona. Boitlamo bona bo na le boleng bo ka fetang R9 bilione ya lekeno la selemo ka seng qetellong ya nako ya tumellano.

Boitlamo ba boitswaro bo tla saenwa ke CEO ka nngwe bo tlamang bakeng sa mehato e pharalletseng ho netefatsa hore ha ho diketsahalo tsa mmommori kapa bobodu ka hara khamphani, mesebetsing ya yona le ba phehisanang le yona, mmusong kapa bareking ba bang ba lekala la poraefete.

Ho phethelwa ha tumellano ho fana ka ditsamaiso tse itseng tsa semmuso tse lokelang ho phethelwa nakong ya dibeke tse mmalwa tse tlang mme tsena di ntse di hlophiswa le ho sebetsanwa le tsona mme tsebiso e tla etswa ha ditsamaiso tsena di se di phethetswe.

1.17. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho shebana le tlhahisoleseding e arolelanwang ka dipehelo tsa Tlaleho ya Selemo ka seng ya 2015/16 ho Palamente. Tlhahisoleseding e bontsha ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Tshebetso la Mmuso (PoA), hammoho le kgatelopele hodima Moralo wa Lewa wa Nako e Bohareng (MTSF) le ho kenngwa tshebetsong ha NDP.

1.18. Kabinete hape e kgothaletsa maAforika Borwa ho arolelana mehopolo ya bona mabapi le moruo le dintlha tse ding tseo ba batlang hore mmuso o di hlakise ho MTBP e tlang, e tla tekwa ke Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan ka la 26 Mphalane 2016. Dinyehelo di ka romelwa ka Facebook: National Treasury South Africa, Twitter @TreasuryRSA, ka molomo le ka websaete ya Lefapha la Matlotlo a Naha.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana dipehelo tse pharalletseng tsa Moralo o Moholo wa Dipalangwang tsa Naha wa selemo sa 2050 (NATMAP), e leng. Tlaleho ya Dintlha tsa Sehlohlolo, tse matahantsweng le NDP mme o na le dipheo tse latelang tsa lewa la dipalangwang: meralo ya nako e telele le tlhohlomiso, ho tobanwe le polokeho, tshepahalo le bokgoni ba ho fihlella dipalangwang; tjhebelopele ya ka nqane ho dipalangwang kaha boholo ba ho hloka bokgabane ba yona le dimpe e le ka lebaka la tshebediso e mpe ya mobu le meralo; kgothaletso ya ho fetola boitshwaro ka ho fetola kamoo dipalangwang tsa setjhaba di bonwang kateng; le katamelo ya ntshetsopele le e kenyeletsang moralo wa tsa kahisano.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Melawana ya Matjhaba ya Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo (di-ITR), e lekotsweng botjha ya Dubai 2012, ho Palamenteng bakeng sa kananelo.

Di-ITR di bopelletswe le tumellano ya matjhaba, le ho bopa karolo ya Melawana ya Botsamaisi ya Kopano ya Matjhaba ya Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo (ITU). Di-ITR di matahantswe le NDP, haholoholo kgothaletso ya kgolo ya moruo le kenyeletso e batsi ka kgodiso ya inthanete e matla ho feta le marangrang a dikaho tsa motheo tsa dikgokahanyo  le ditheko tse tlase.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Melao ya ho Qetela ya Pitso ya Lefatshe ya Dikgokahanyo tsa Radio (WRC-15), Palamenteng bakeng sa kananelo, ho imatahantswe le Karolo 231(2) ya Molaotheo.

Dintlha tsa bohlokwa tse amohetsweng ho WRC-15 di kenyeletsa phano ya marangrang a inthanete a lefatshe, phano ya lefatshe ya kgaso, dtshebeletso tsa dikgokahanyo tsa sathalaete, ditshebeletso tsa difofane, mananeo a dikepeng le a moruo wa mawatle, ditshebeletso tsa thuso ya dikoduwa le tsa tshohanyetso, hammoho le mananeo a bokamoso a ho tshehetsa diphethoho tsa moruo. Diphetho tsa WRC-15 hape di fana ka kgodiseho ho tshebeletso ya kgaso ka ho tshireletsa bophara ba Thelevishene ya Dijithale (DTT).

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Melao ya ho Qetela ya Pitso ya Baromuwa ba filweng Marapo ya ITU ya Guadalajara ya selemo sa 2010, Palamenteng bakeng sa kananelo ho ya ka Karolo 231(2) ya Molaotheo.

Pitso ya Baromuwa ba Filweng Marapo ke setheo se ka hodimo se etsang maano sa ITU, e leng lekala le ikgethang la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng le ikarabellang bakeng sa ho laola tsamaiso ya lefatshe ya dikgokahanyo tsa elektroniki.

Mosebetsi wa ITU o matahantswe le NDP, kaha haholo o tsepamisitse maikutlo hodima ntshetsopele ya Meralo ya Motheo ya Moruo lekaleng la ICT.

2.5. Kabinete e tsebisitswe ka kgatelopele e entsweng mabapi le ho thehwa le ho kenngwa tshebetsong ha Moifo o tla rala tsa marangrang a inthanete. Lekgotla la Kabinete la Phato 2016 le entse qeto ya hore Moifo o tla rala tsa marangrang a inthanete o tshwanela ho thehwa ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha SA Connect, e leng leano la naha la marangrang a inthanete.

Jwaloka karolo ya Dipehelo tsa Tshebetso tsa moifo o ralang tsa marangrang a inthanete, ho ile ha hlwauwa dintlha tse mmalwa tse hlokolosi tse nang le kgahlamelo ka ho otloloha ho phano e atlehileng ya inthanete e kgonehang, e potlakang, e tshepahalang le ho bolokeha. Tsena di kenyeletsa: ho sebetsana le ditiehiso kabong ya tseko e bataletseng; kgokelo ho marangrang; phano ya tshebeletso le ya dithuso tsa tjhelete; ho sebetsana le dibopeho tsa mmaraka tse sa tsitsang; ho akofisa ho fallela ho kgaso ya dijithale; ho hlahisa lewa la mmuso la ho tsamaisa puso ka tshebediso ya inthanete; ho hlabolla Dikgwebo tsa Mmuso tsa lhahisoleseding ya Thekenoloji Dikgokahanyo (ICT); le ho thusa bolaodi ka bokgoni ba ho sebetsana le ho iphetapheta taolong ya lekala la ICT.

2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Tumellano ya Paris ya ho Fetofetoha ha Tlelaemete e kenngwe Palamenteng bakeng sa kananelo. Tumellano ya Paris ke sesebediswa sa semolao se tla tswella ho tataisa tsamaiso ya tshebetso ya lefatshe mabapi le ho fetofetoha ha tlelaemete. E kopanya dinaha mmoho ka mohopolo o le mong wa ho sebetsa ka kopanelo tshosong ya ho fetofetoha ha tlelaemete, ha ho shebanwa le ntshetsopele ya moshwelella le mekutu ya ho fedisa bofuma. E teka sepheo sa ho tshwara ho eketseha ha palohare ya themperetjhara ya lefatshe hore e dule e le ka tlase ho dikgato tse 2°.

Tumellano ya Paris e tla qala ho sebetsa ka la 4 Pudungwana 2016, matsatsi a mashome a mararo kamora letsatsi leo ka lona bonyane Mekga e 55 ya Khonvenshene e ikarabellang ho bonyane palo ya 55% ya palohohle ya ho ntshuwa ha dikgase tse laolang motjheso di kentse tshebetsong disebediswa tsa tsona bakeng sa kananelo.
Kananelo ya Aforika Borwa ya Tumellano ya Paris e romela letshwao le letle la boitlamo ba rona ba ho nyehela ho mekutu ya lefatshe ya ho sebetsana le phephetso ya ho fetofetoha ha tlelaemete.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Leano la Naha wa Katoloso le Ditshebeletso tsa Boeletsi le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa ona. Leano le rerile ho teka moralo wa taolo bakeng sa ho matlafatsa bohlwahlwa, bokgoni ba tlhahiso, tekatekano, bokgoni ba moshwelella ba tikoloho le moruo ba makala a temo, meru le botshwasi ba ditlhapi. Sena se tla netefatsa hore mathathama a thekiso a ho makala a temo, a meru, le a botshwasi ba ditlhapi (ho tloha ho bahlahisi ho isa ho batswellisi) a kgona ho mekamekana le menyetla bakeng sa kgodiso ya dikgwebo tsa bona le mesebetsi ya bona.

2.8. Kabinete e tjhaelletse monwana moralo wa ho qetela wa MTSF e tutsweng botjha ya 2014-19 bakeng sa Sephetho 2 e leng “Bophelo bo Bolelele bo Itekanetseng bakeng sa maAforika Borwa kaofela”. Sena se sebetsa jwaloka sesebediswa bakeng sa ho kenya tshebetsong Kgaolo 10 ya NDP 2030.

MTSF ya 2014-19 e ile ya tulwa botjha bakeng sa ho kenyeletsa bopaki ba moraorao ba tshebetso ya mannete ya makala a kalafo kgahlanong le merero e ho MTSF 2014-19; ho amohelwa ha Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella (di-SDG) ya selemo sa 2030 ke Aforika Borwa, le ho fokotsa ditshupane tsa tsamaiso.

2.9. Ho latela ho tjhaellwa monwana ke Kabinete, Letona Kantorong ya Moporesidente le ikarabellang mabapi le Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso Jeff Radebe le tla lokolla diphetho tsa selemo sa 2015 tsa Sesebediswa sa Tekolo ya Tshebetso ya Botsamaisi (MPAT). Tlaleho e fana ka ho ithuta ho matlafaditsweng ha ditekolo le ho hlopholla mehlala ya MPAT ho tloha ka selemo sa 2011 ho fihlela ka sa 2015.

MPAT e kentswe tshebetsong bakeng sa ho thusa ka diphethoho mesebetsing ya botsamaisi mafapheng a mmuso. Sena se nyehela ho NDP e bolelang hore mahareng a hona jwale le selemong sa 2030 Aforika Borwa e lokela hore e be e thehile puso e kgonang ho feta, e sebetsang ka boporofeshenale ho feta le ho arabela ho feta ditlhokong tsa baahi ba yona.

Sephetho sa selemo sa 2015 se bontsha hore MPAT e atlehile bakeng sa ho thusa ka dintlafatso tse eketsehang mesebetsing ya botsamaisi; leha ho le jwalo, e fapana ho phatlalla le mafapha a naha le a diporofense. Ho na le diqonwana tsa boqhetseke tsa mesebetsi ya bolaodi ho phatlalla le mmuso empa mesebetsi ya boetapele bo fokolang ba bolaodi e dula e le phephetso e kgolo le ho nyehela ho hloleheng ha tsamaiso.

Kabinete e tshehetsa katamelo e kopanetsweng le e akaretsang ho feta bakeng sa ho tshehetsa dintlafatso, tse tla etellwa pele ke Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Bili ya Thibelo le Twantsho ya Ditlolo tsa Molao tsa Lehloyo le Puo e Tletseng Lehloyo e phatlalatswe bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e rerile ho bopa melato ya ditlolo tsa molao tsa lehloyo le puo ya lehloyo le ho teka mekgwa ya ho thibela le ho lwantsha melato ena. Sepheo ke ho sebetsana le diketsahalo tse ngata tsa semorabe le ho tswela pele ho sebetsana le mefuta e meng ya boitshwaro ba botlokotsebe bo kgothaletswang ke leeme, tshekamelo kapa ho hloka mamellano, ka mokgwa wa ditlolo tsa molao tsa lehloyo le puo e tletseng lehloyo, tse etsahetseng haufinyana tjena.

Sena se matahantswe le NDP e leng se hlakisang tlhokeho ya matsholo a moshwelella kgahlanong le bosemorabe, kgethollo ya bong, lehloyo la batho ba ratanang e le ba bong bo tshwanang le lehloyo la melata le hore batho bohle ba bolokehile le ho ikutlwa jwalo.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Kgwedi ya Temoso ya Mofetshe wa Matswele ka Mphalane, e tshwaya mokutu wa naha ke ba tlhokomelo ya kalafo ba mmuso le ba poraefete ho hlahisa temoso ka bohloko bona. Ho lemoha boemo bona esale nako ho ka lebisa ho kalafo e hlwahlwa. Basadi le banna kaofela ba lokela ho iketsa diteko kgafetsa le ho ya hlahlojwa ka ho etela ditsha tsa tlhokomelo ya kalafo tsa habo bona.

4.2. Lefapha la Bophelo bo Botle le tla tshwara Khonkerese ya bo-40 ya Dipetlele tsa Lefatshe ya Federeishene ya Matjhaba ya Dipetlele (IHF) tlasa mookotaba, "Re sebetsana le Phephetso ya Tlhokomelo le Polokeho ya Mokudi”, Durban ho tloha ka la 31 Mphalane ho isa ka la 3 Pudungwana 2016.

Khonkerese e fana ka foramo e ikgethang ya lefatshe e thusang ka phapanyetsano ya tsebo ya dintlha tse ngata, botsebi le boiphihlelo ho tsamaiso ya lefapha la kalafo le phano ya ditshebeletso.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa tsa Hajwale

5.1. Kabinete e thathiselleditse tshehetso ya yona ya Letona la Ditjhelete, Pravin Gordhan eo tlasa Karolo 35 ya Molaotheo a seng molato ho fihlela ho senolwa ka mokgwa o mong ke lekgotla la dinyewe.

Kabinete e tla dula e tshepetse ho tsamaiso ya naha ya toka le ditsamaiso tse hlokang leeme le tsa toka tsa makgotla a dinyewe tse hlalosang mehla ya rona ya demokerasi. Ditsamaiso tsena di lokela ho fuwa sebaka hore di phethe merero ya tsona.

5.2. Diphetho ho tswa ho Seboka sa bo-8 sa BRICS, se neng se tshwerwe ho tloha ka la 15 ho isa ka la 16 Mphalane 2016 tlasa mookotaba “Re aha Ditharollo tse Arabelang, tse kenyeletsang le tse kopanetsweng (BRICS)” Goa, ho la India, di bonahetse ha baetapele ba BRICS ba tshwara dipuisano tse kopanetsweng mabapi le ho matlafatsa tshebedisano-mmoho ka hara BRICS le ho lekola dintlha tsa lefatshe tse kang dikgohlano tsa matjhaba, ntwa kgahlanong le boferekanyi, le kaho botjha ya mokgwa wa puso wa lefatshe, ka ho qolleha  ho etsa hore ho be le demokerasi ka hara Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng le ka hara Ditheo tsa Bretton Woods.

Ho amohelwa ha Tumellano ya Goa le Moralo wa Tshebetso, di hlakisitse motheo o matla oo BRICS e o entseng mabapi le ho theha mekgwa ya tshebetso ya ditheo bakeng sa tshebedisano-mmoho e tiileng. Kgonahalo ya ho theha Lekala la ho Methwa ha Maemo a Mekitlane le ikemetseng la BRICS le itshetlehileng hodima dipehelo tse shebaneng le mebaraka, bakeng sa ho matlafatsa ho ya pele sebopeho sa puso ya lefatshe, le yona e ile ya ananelwa.

Nakong ya leeto la Goa, Khamphani ya Meriana ya Cipla le balaodi ba Ntshetsopele ya Diindaseteri ba Dube ba ile ba saena tumellano ya ho theha setsha sa tlhahiso ya meriana. Matsete ana a R1.3 bilione a tla etsa hore ho be le polante ya pele ka hara kontinente ya Aforika, e hlahisang meriana e kgonehang e lwantshang mofetshe e itshetlehileng hodima ditsamaiso tsa thekenoloji ya tsa tlhaho.

5.3. Kabinete e isa hlompho ho batho ba Mozambique bakeng sa bonngwe ba bona le boitelo ntweng ya rona ya tokoloho. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa le Letona la Bonono le Botjhaba, Nathi Mthethwa, ba ne ba kenetse sehopotso sa bo-30 sa tshebeletso ya mofu Samora Machel, e leng mothei le Moporesidente wa Mozambique, ya hlokahetseng tlasa maemo a belaetsang Mbuzini. Nakong ya ho hlompha ho hopolwa ha baetapele ba bohlokwa ba Aforika ba kang Samora Machel, Julius Nyerere, Oliver Tambo le Nelson Mandela, re a hopola hore boetapele ho bona ho ne ho bolela tshebeletso ya boitelo bakeng sa Aforika mabapi le ho ntshetsapele ditabatabelo tsa batho ba Aforika.

Re aha nalane ya rona e tshwanang le ho utlwa monate wa dikamano tse matla tsa sedipolomate le moruo bakeng sa ho matlafatsa kgolo ya moruo, ho hlahisa mesebetsi le ho fokotsa ho se lekalekane. Ho hlahisa Motjha wa Ntshetsopele ya Maputo, e leng o hokelang boemakepe ba Maputo le motso wa diindaseteri wa naha ya bo rona, ke karolo ya bohlokwa ya mekutu ya rona ya ho hodisa kgwebisano le matsete le ho kgothaletsa momahano ya lebatowa.

5.4. Kabinete e lakaletsa tse molemo ho Advocate Busisiwe Joyce Mkhwebane ka ho thonngwa ha hae jwaloka Mosireletsi wa Setjhaba wa Riphabliki ya Aforika Borwa bakeng sa nako ya dilemo tse supileng ho tloha ka la 15 Mphalane 2016. Kabinete e na le tshepo ya hore Advocate Mkhwebane o tla sebeletsa setjhaba hantle le ho tswela pele ho sebetsa bakeng sa ditabatabelo tse fetisisang tsa maAforika Borwa kaofela.

5.5. Kabinete e fetisetsa diteboho tsa yona ho Advocate Thuli Madonsela bakeng sa ho sebeletsa naha le ho beha kantoro ya Mosireletsi wa Setjhaba ka sehlohlolong dikelellong tsa baahi.

5.6. Kabinete e imatahanya le boraditaba ba Aforika Borwa ka sehopotso sa Letsatsi la Tokoloho ya Boraditaba le tsebahalang jwaloka "Black Wednesday" le ho thoholetsa indaseteri ya boraditaba bakeng sa karolo eo ba e bapetseng mabapi le ho matlafatsa demokerasi ya naha. Ka la 19 Mphalane 1977, mmuso wa kgethollo o ile wa laela dikgatiso tsa The World le tsa Weekend World ho kgina phatlalatso le ho baka ho tshwarwa ha boraditaba ka bongata le ho thibela boraditaba.

Molaotheo wa rona wa demokerasi ka ho totobala o tshireletsa ditokoloho tsa rona tsa boraditaba tse lwanetseng ka thata tse bonwang di bapetse karolo e hlokolosi bakeng sa kgodiso ya bonngwe ba setjhaba le tekatekano bakeng sa bohle.

Ha re thuisa ka kgatelopele e entsweng ke Aforika Borwa bakeng sa ho netefatsa tokoloho ya boraditaba, Kabinete e thoholetsa SANEF ka sehopotso sa bo-20 se tla beng se ketekwa bekeng e tlang.

5.7. Kabinete e fetisetsa letsoho la bonngwe ho batho ba Nigeria le malapa a banana ba ntseng ba le ditlamong, ho latela ditaba tsa hore ba 21 ba banana ba sekolo ba kwetetsweng ke boradithunya ba Boko Haram ka selemo sa 2012 ba lokolotswe. Kabinete e ipiletsa ho badudi ba matjhaba ho tsoseletsa mekutu ya bona ya ho thusa ba ka sehloohong ba Nigeria ho kgona ho lokolla banana bao; haholoholo bakeng sa dinaha tsa Aforika Kaofela le Kopano ya Aforika ho fana ka tshehetso ya ho thusa Nigeria ho fumana bana ba bang ba siyo.

5.8. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Jacob Zuma ka ho fetisetsa matshediso ho mmuso le batho ba Riphabliki ya Haiti le ditjhaba tse ding ka hara Caribbean ho latela Sefefo se senyang sa Matthew se qositseng maphelo a batho ba balwang ka makgolo le meralo ya motheo e senyehileng.

5.9. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma ka ho fetisetsa matshediso ho mmuso le batho ba Borena ba Thailand ho latela ho hlokahala ha Morena Bhumibol Adulyadej.

5.10. Kabinete hape e fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya qhoku ya ntwa ya tokoloho Mewa Ramgobin. O thehile Komiti ya Aforika Borwa bakeng sa ho lokollwa ha Batshwaruwa ba Dipolotiki, hape o ne a le hara batshehetsi ba pele ba letsholo la Release Mandela. Mewa Ramgobin hape e ne e le Moporesidente wa mehleng wa Khonkerese ya Natala ya maIndia le Modulasetulo wa Terasete ya Bodulo ya Phoenix, e neng e thehwe ke Mahatma Gandhi ka selemo sa 1904.

5.11. Kabinete e ananetse hore Moporesidente Jacob Zuma o fumane le ho amohela boitokollo ba Monghadi Krish Naidoo le Monghadi Vusi Mavuso jwaloka ditho tsa Boto ya Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC).

Komiti ya Potefolio ya Dikgokahanyo e sibolotse mehato ya ho qala ka dipatlisiso tsa yona ho Boto ya SABC, mabapi le boitekanelo ba yona ba ho tshwara marapo, ho ya ka dipehelo tsa karolo 15A ya Molao wa Kgaso wa 1999.

Kabinete e thoholeditse ba latelang:

5.12. Moambasadara wa Aforika Borwa Vienna Tebogo Seokolo ka ho thonngwa ha hae jwaloka Modulasetulo wa Boto ya Babusisi ba Lekala la Matjhaba la Eneji ya Athomiki (IAEA). Boto ya Babusisi ke lekala le leholo le etsang maano a IAEA.

5.13. Parks Tau ka ho kgethwa jwaloka Moporesidente wa mokgatlo wa Metsemeholo e Kopaneng le Mebuso ya Lehae (UCLG), e leng setheo se akaretsang sa Mebuso ya Lehae Lefatsheng, ka la 15 Mphalane 2016, Colombia.

5.14. Antonio Guterres, ka ho kgethwa boemong ba Mongodi-Kakaretso wa UN ho tloha ka la 1 Pherekgong 2017 ho isa ka la 31 Tshitwe 2021. O tlisa leruo la bophihlelo kaha a kile a sebetsa jwaloka Tonakgolo ya Portugal ho tloha ka selemo sa 1995 ho isa ho sa 2002 le ho ba Mokhomishenara e Moholo wa Baphaphathehi wa UN ho tloha ka Phuptjane 2005 ho isa ka Tshitwe 2015.

5.15.  Boraditaba ba Aforika Borwa, ba fumaneng kananelo ho Dikgau tsa Boraditaba tsa CNN MultiChoice. Ancillar Mangena wa Forbes Africa o hapile Kgau ya the Maggie Eales Wales Young Journalist. Jay Caboz, le yena e leng wa Forbes Africa, o hapile Kgau ya Eneji le Meralo ya Motheo, ha Kgau ya Moruo le Dikgwebo e hapuwe ka kopanelo ke Diana Neille, Richard Poplak, Shaun Swingler le Sumeya Gasa ba Daily Maverick Chronicle. Mia Malan wa Mail & Guardian o hapile Kgau ya Mokgahlelo wa Features, ha raditshwantsho wa Sunday Times James Oatway a hapile Kgau ya Boraditshwantsho ya Mohammed Amin.

5.16. Mamelodi Sundowns bakeng sa tlholo ya bona ya 3-0 kgahlanong le sehlopha sa Egepeta, Zamalek, moo e neng e le leoto la pele la Makgaolakgang a Liki ya Bompodi ba Aforika. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho ba ntho e le nngwe le ho tshehetsa Sundowns hore e tlise naledi lapeng.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumellano e amehang.

6.1. Monghadi Siphamandla Kenneth Mthethwa jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete wa Sentech.

6.2. Boto ya Taolo ya Ditaemane le Majwe a Bohlokwa a Aforika Borwa:
a) Ngaka Sipho David Manese (Modulasetulo)
b) Mofumahadi Ntombifuthi Monedi-Noko
c) Mofumahadi Mpho Mosing
d) Mofumahadi Mamodupi Mohlala-Mulaudzi
e) Monghadi Bernard Stern
f) Mofumahadi Maletlatsa Monica Ledingwane
g) Monghadi Mochele Noge
h) Monghadi Tembani Ngqeza
i) Majoro-Mokgenerale Peter Jacob Arendse (Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS))
j) Monghadi Bothwell Deka (Lefapha la Matlotlo a Naha)
k) Monghadi Tsumbedzo Charles Nevhutanda (Banka ya Resefe ya Aforika Borwa)
l) Monghadi Senna Mokoena (Mokgatlo wa Naha wa Basebeletsi ba Merafo)
m) Monghadi Leon Peter Grobler (Mokgatlo o Kopaneng wa Aforika Borwa)
n) Monghadi Kagiso John Menoe (Lefapha la Diminerale)
o) Mofumahadi Mmapoulo Lindah Nkhumise (CEO e Tshwereng Mokobobo)

Ditho tsa Tlatsetso:
p) Mobrikadiri Ntombizodwa Hazel Mokoena (SAPS)
q) Monghadi Raymond James Paola (Banka ya Resefe ya Aforika Borwa)

6.3. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Letlole la Dikotsi tsa Mebila (RAF):
a) Ngaka Ntuthuko M Bhengu (Modulasetulo mme o thontswe hape);
b) Monghadi Dawood Coovadia (Motlatsi wa Modulasetulo mme o thontswe hape);
c) Mofumahadi Mala Somaru (o emetse Lefapha la Dipalangwang);
d) Monghadi Patrick Masobe (o thontswe hape);
e) Mofumahadi Refilwe Mokoena (o thontswe hape);
f) Ngaka Lungelwa Linda (o thontswe hape);
g) Monghadi Ahmed Pandor (o thontswe hape);
h) Ngaka Terrence Omdutt Kommal;
i) Ngaka Maria Claudina Du Toit;
j) Monghadi Khotso Monko Mothobi; le
k) Mofumahadi Lusanda Unathi Zisiwe Rataemane.

6.4. Moleftenente-Mokgenerale (Mofumahadi) Yolisa Matakata jwaloka Motlatsi wa Hlooho ya Naha ho Bolaodi ba Diphuputso tsa Botlokotsebe bo ka Sehlohlolong

6.5. Dihlooho tsa Diporofense ho Bolaodi ba Mautlwela a Botlokotsebe bo ka Sehlohlolong:
a) Gauteng: Majoro-Mokgenerale (Monghadi) Prince Nkitsing Mokotedi
b) Kapa Bophirima: Majoro-Mokgenerale (Mofumahadi) Nombuso Portia Khoza
c) Kapa Botjhabela: Majoro-Mokgenerale (Monghadi) Meshack Nyameko Nogwanya
d) Leboya Bophirima: Majoro-Mokgenerale (Mofumahadi) Linda Mbana
e) Kapa Leboya: Majoro-Mokgenerale (Monghadi) Kholekile Derick Galawe
f) Limpopo: Majoro-Mokgenerale (Mofumahadi) Thobeka Hepercia Jozi;
g) Mpumalanga: Majoro-Mokgenerale (Mofumahadi) Ntombizodwa Hazel Mokoena;
h) KwaZulu Natal: Majoro-Mokgenerale (Monghadi) Isaiah Jabulani Zikhali;
i) Foreistata: Majoro-Mokgenerale (Mofumahadi) Liziwe Evelyn Ntshinga

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

 

Share this page

Similar categories to explore