Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 16 Hlakubele 2016

1. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

1.1. Kabinete e lekotse Ditlaleho tsa Diphetho tsa Kgatelopele ya Kotara ya Boraro bakeng sa nako ya Phato ho isa ho Tshitwe 2015. Ditlaleho di bontsha kgatelopele ya bohlokwa mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a mmuso a nang le kgahlamelo e otlolohileng hodima ntlafatso ya bophelo ba maAforika Borwa.

Ditlaleho tsa Diphetho tsa Kgatelopele di fana ka bopaki ba hore mmuso o entse kgatelopele mabapi le ho fihlella maikemisetso a behilweng ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng wa 2014-2019. Hape di re atametsa ho fihlelleng Tjhebelopele ya 2030, jwaloka ha e lohothwa ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), o morero wa lona e leng ho mekamekana le bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le ho se lekalekane.

Kabinete e lemohile kgatelopele e kgahlang e entsweng bakeng sa ho fihlella maikemisetso a bohlokwa le diphetho. Kabinete e lemohile hore ha kgatelopele ya bohlokwa e entswe mabapi le boholo ba ditshupane, ho ntse ho na le dibaka tse hlokang boitshunyako bo hokahanetsweng ke mmuso.

2. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

2.1. Kabinete e hlahisitse diteboho tsa yona ho maAforika Borwa kaofela a arabetseng boipiletšo bja Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) ya hore batho ba ingodise, ba hlahlobe boemo ba boingodiso ba bona le ho lokisa dintlha tsa bona lenaneng la bakgethi mafelong a beke ya la 5 le 6 Hlakubele 2016. Batho ba ka etsang dimilione tse tharo ba etetse diteishene tsa ho vouta naheng ka bophara mme tsa dingodiso tse ntjha tse 544 552 (78.6%) e ne e le tsa batho ba ka tlasa dilemo tse 30, e leng se bontshang boikemisetso ba maAforika Borwa ba ho nka karolo ho aheng demokerasi ya rona.

Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ho sebedisa tokelo ya bona ya demokerasi ka ho ingodisa le ho kgothaletsa ba ingodisitseng pele ho ya netefatsa dintlha tsa bona tsa boingodiso ba ho vouta kaha mabaka a mangatanyana a ile a etsa hore ho be le diphethoho lenaneng la bakgethi.

2.2. Mafelo a beke a ho qetela a boingodiso a tla ba ka la 9 le 10 Mmesa 2016 ha diteishene tsohle tsa ho vouta di tla bulwa hape ho tloha ka 8:00 ho isa ka 17:00. Sena e tla be e le monyetla wa ho qetela wa bakgethi wa ho ingodisa le ho lokisa boemo ba bona ba boingodiso diteisheneng tsa bona tsa ho vouta. Leha ho le jwalo, boingodiso bo ntse bo tswela pele dikantorong tsa lehae tsa IEC nakong ya dihora tsa tshebetso ho tloha Mantaha ho isa ka Labohlano, ho fihlela lenane la bakgethi le kwalwa bakeng sa Dikgetho tsa Bomasepala bakeng sa 2016 ka letsatsi leo ka lona ho tla beng ho phatlalatswa letsatsi la dikgetho.

Kabinete e tshwela ka mathe merusu dibakeng tse ding e sitisitseng mafelo a beke a boingodiso haufinyana tjena le ho boeletsa hore ha ho motho ya ka thibelang moAforika Borwa ofe kapa ofe bakeng sa ho sebedisa tokelo ya hae ya demokerasi ya ho ingodisetsa ho vouta. Kabinete e boela e ipiletsa ho ba ikarabelang ho tlohela ho etsa diketso tse jwalo tsa botlokotsebe mme ba anngweng ke taba ena ba ba tlalehe makaleng a tiisetso ya molao. Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela a tiisetso ya molao ho nka mehato e matla kgahlanong le batlodi ba molao.

2.3. Mopresidente Jacob Zuma o tla etela Port Elizabeth ka la 8 Mmesa 2016 ho hlahloba kgatelopele e entsweng mabapi le ho ntshetsapele meralo ya motheo ya dipalangwang tsa mawatleng jwalo ka boikitlaetso ba naha ba Moruo wa Mawatleng. Moruo wa Mawatleng ke o mong wa metjha e meraro ya Operation Phakisa mme o atametsa naha haufi le ho bula bokgoni ba mawatle a Aforika Borwa, a nang le bokgoni ba ho nyehela se ka fihlang ho R177 bilione ho Tlhahiso Kakaretso ya Lehae (GDP) le ho hlahisa mesebetsi e metjha e fetang milione o le mong.

2.4. Kabinete e ananela qeto e atlehileng ya Leeto la semmuso la Moporesidente Zuma Riphaboliking ya Bofederale ya Nigeria ho tloha ka la 8 ho is aka la 9 Hlakubele 2016, le matlafaditseng dikamano tse ntseng di le teng tsa bobedi bona tsa sepolotiki, moruo le kahisano. O mong wa mekolokotwane wa leeto lena e bile ho phahamiswa ha Khomishene ya Dinaha tse pedi ho ya ho boemo ba Hlooho ya Puso, e leng se behang ka sehloohong ntshetsopele ya moruo pakeng tsa dinaha tse pedi.

Kabinete e amohela ho buleha ha moruo wa Nigeria bakeng sa dikhamphani tsa Aforika Borwa makaleng a fapafapaneng a jwaloka a boenjinere, dikgokahanyo tsa mehala, kaho, bofofisi, boraditaba, boeti, dibanka, boithabiso, thepa, mabenkele, le ditshebeletso tsa ho tsonngwa ha oli le kgase. Kabinete e shebile ka tebello ho eketseha ha palo ya matsete a Nigeria ka hara Aforika Borwa a tla kgothaletsa kgwebisano ya metjha e mmedi pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

Diphetho tsa dipuisano pakeng tsa meruo e mmedi e meholo ka ho fetisisa ka hara kontinente di tla kopanya meruo ya lebatowa, kahoo e tla be e eketsa mmaraka o tshwanang le ho phahamisa boikitlaetso bo teng bakeng sa kgolo ya moruo le kgiro ka hara Aforika. Sena se bontsha hore Aforika Borwa e dula e le sebaka sa phehisano ya matsete ho sa natswe maemo a tsietsing a moruo wa lefatshe, se tla baka menyetla ya mesebetsi le ntshetsopele ya maitsebelo bakeng sa maAforika Borwa.

2.5. Kabinete e ananetse hore Aforika Borwa e tla nka karolo ho Tulo ya bo-60 ya Khomishene ya Maemo a Basadi (CSW60) ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) e tla etsahala New York, ho la Amerika ho tloha ka la 14 ho isa ka la 24 Hlakubele 2016 tlasa mookotaba: “Matlafatso ya basadi le ho amana ha yona le ntshetsopele ya moshwelella”. Tulo ena e etsahala ka selemo sa bohlokwa bakeng sa Aforika Borwa kaha e tshwaya mekolokotwane e meraro ya bohlokwa, e leng Sehopotso sa bo-20 sa Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa ya 1996, Sehopotso sa bo-40 sa Merusu ya Batjha ba Soweto le Sehopotso sa bo-60th sa mohwanto wa basadi wa 1956.

Aforika Borwa e hlahisitse tlaleho ho UN CSW60 mme sena se re neha monyetla wa ho metha kgatelopele eo re e entseng esale ho tloha ka ho thwasa ha demokerasi. Ho bohlokwa ho lemoha hore esale ho tloha ka tsamaiso ya demokerasi ya Aforika Borwa, hara tse ding, e nkile karolo ho Khonferense ya Lefatshe ya Basadi ya bo-40 ka 1995, le ho saena Tumellano ya Beijing le Lepatlelo la Tshebetso selemong sona seo.

Ho imatahantswe le qeto ya E/RES/2013/18 ya Lekgotla la Moruo le Kahisano la UN, Aforika Borwa e itlamme ho kenya tshebetsong Tumellano ya Beijing le Lepatlelo la Tshebetso, e leng moralo wa matlafatso ya basadi le ntshetsopele.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Dibopeho tsa Bomasepala tsa Mebuso ya Lehae 2016 ho Palamente. Dihlomathiso di a etswa ho Mebuso ya Lehae: Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala, wa 1998 (Molao 117 wa 1998), o kentsweng tshebetsong pele ho dikgetho tsa pele tsa mebuso ya lehae tsa demokerasi tse etsahetseng ka la 5 Tshitwe 2000.

Dihlomathiso di tla ntlafatsa tsamaiso ya dikgetho tsa mebuso ya lehae mme hara diphethoho tse ding, di rerile ho:
a) hlomathisa maemo a bomasepala ba Mokgahlelo A;
b) tlosa ditshupiso ho dibaka tsa bolaodi ba ditereke;
c) hlakisa letsatsi la ho qala mosebetsing ha mokhanselara;
d) ho tiisetsa hore Moporesidente o tshwanela ho beha le ho phatlalatsa letsatsi la dikgetho tsa bomasepala;
e) dumella bakeng sa katoloso ho phatlalatso ya sephetho sa dikgetho;
f) hloka hore motsamaisi wa masepala a tsebise IEC ka dikgeo tsa mosebetsi wateng;
g) tiisetsa hore Setho sa Lekgotla la Phethahatso se phatlalatsa le ho beha letsatsi la dikgetho tsa tlatsetso;
h) hlakisa ditlhoko tsa khoramo bakeng sa kopano ya lekgotla;
i) hlakisa maemo a ho vouta a mokhanselara ya tshwereng marapo nakong ya kopano ya lekgotla;
j) eketsa phapang ya palo ya bakgethi wateng ka nngwe nakong ya kopano ya lekgotla; le
k) eketsa phapang ya palo ya bakgethi wateng ka nngwe nakong ya tsheho ya meedi ho hlakisa kabo ya ditulo tse ngata ho feta tekano ka hara bomasepala.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Zuma – jwaloka modulasetulo-mmoho le Moporesidente wa Fora François Hollande wa Khomishene ya Maemo a Hodimo ya Kgiro ya Bophelo bo Botle le Kgolo ya Moruo – o tla kenela thakgolo ya semmuso Lyon, ho la Fora ka Laboraro, 23 Hlakubele 2016. Khomishene e tsepamisetsa maikutlo ho tlhokeho ya diporofeshenale tsa ditaba tsa kalafo dinaheng tsa lekeno le mahareng le le tlase. Bikitlaetso bona ba UN bo lebeletswe ho eketsa polokeho ya kalafo lefatsheng ka bophara le ho hodisa kgolo ya moruo e kenyeletsang, e nyehelang bakeng sa ho kenngwa ha Lenaneo la 2030 la Ntshetsopele ya Moshwelella.

4.2. Moporesidente Zuma o tla nka Leeto la Puso ho etela Mmuso Borena wa Saudi Arabia ho tloha ka la 27 ho isa ka la 28 Hlakubele 2016, le tla matlafatsa dikamano tse ntseng di le teng pakeng tsa dinaha tse pedi.

4.3. Moporesidente o tla kenela Seboka sa bo- 4th sa Tshireletso ya Nyutleleya Washington, ho la Amerika ho tloha ka la 31 Hlakubele ho isa ka la 1 Mmesa 2016. Seboka se tla tshohla ditshoso tse ntseng di runya tsa boferekanyi ba nyutleleya le ho hlakisa mehato e ka nkuwang ke badudi ba matjhaba ho fokotsa tshebediso ya uraniamo e ntlafaditsweng ka matla, ho tshireletsa thepa e tsietsing, ho lwantsha ho mokolwa ha nyutleleya le ho sitisa, ho lemoha le ho qhaqha maiteko a boferekanyi ba nyutleleya.

4.4. Moporesidente Zuma o tla etella pele mekete ya Letsatsi la Ditokelo tsa Botho Lebaleng la Dipapadi la Moses Mabhida KwaZulu-Natal ka Mantaha, 21 Hlakubele 2016 tlasa mookotaba: “Aforika Borwa e kopane kgahlanong le bomorabe.” Jwaloka ha ho phatlaladitswe ho Puo ka Maemo a Setjhaba ya 2016, Letsatsi la Ditokelo tsa Botho la selemong sena le tla beha motheo wa lenaneo la nako e telele la ho aha setjhaba se hlokang bomorabe. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho kopana kgahlanong le ho tshweleng ka mathe ha bomorabe – e ka ba ka malapeng a rona, hara metse, dikopanong tsa kahisano, mesebetsing kapa ho marangrang a dikgokahanyo tsa kahisano. Re tshwanela hore kaofela re sebetseng mmoho ho fihlella demokerasi e kopaneng, e hlokang bomorabe le kgethollo ka bong.

4.5. Ditho tsa Phethahatso di tla ikopanya le maAforika Borwa ho parola le naha nakong ya Beke ya Imbizo ya Naha ya ho tsepamisa Maikutlo pakeng tsa la 4 le 10 Mmesa 2016, tlasa mookotaba: “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele: Hola Aforika Borwa.” Beke ena e kopana le Beke ya Kopano ya Palamente le Setjhaba le sehopotso sa Kgwedi ya Tokoloho.

Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho nka karolo ka mafolofolo diketsahalong tsena le ho buisana le baetapele ba bona ba sepolotiki. Beke ya Imbizo ya ho Tsepamisa Maikutlo e tla hlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong oo morero wa ona e leng ho matlafatsa kgolo ya moruo le ho hlahisa mesebetsi e batlehang e le ka nnete. Hape e tla tsebisa ka dikatleho tsa mebuso ya lehae, ho kenyeletswa le diphihlello tse unnweng ka moralo wa ho hlasimolla botjha mebuso ya lehae – katamelo ya Ha ho Kgutlelweng Temeng.

Beke ena hape e tla kopana le boingodiso ba ho qetela bo eteletseng pele Dikgetho tsa Bomasepala tsa 2016, e le ho ya pele ho fana ka monyetla bakeng sa baetapele ho matlafatsa le ho thaotha maAforika Borwa ka matsholo a thuto ya dikgetho bakeng sa ho ingodisa le ho netefatsa dintlha tsa bona tsa ho vouta.

4.6. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla bula Seboka sa bo-2nd sa Lekgotla la Ntshetsopele ya Mehlodi ya Botho se tla tshwarelwa Setsing sa Dikopano sa Gallagher Midrand ka la 29 le la 30 Hlakubele 2016 tlasa mookotaba: “Bomphato bakeng sa maitsebelo – Kgoeletso ya ho Sebetsa”. Seboka se bokanya mmoho bankakarolo ho phatlalla le lekala la thuto e phahameng bakeng sa ho thusa kgolong ya lona le ho fohla bomphato bo tla bopa dikaho tsa thuto tse tla ba malala-a-laotswe bakeng ho lokisetsa diindaseteri tse batlang di le matla.

4.7. Beke ya Naha ya Metsi 2016 e tla qala ho tloha ka la 14 ho isa ka la 22 Hlakubele tlasa mookotaba: “Metsi bakeng sa batho, metsi ka batho”. Beke ena e tla tsebahatsa metsi jwaloka tokelo ya botho ka ho phahamisa temoso ka mathata batho ba sa fihlelleng metsi a hlwekileng a nwehang.

Lefapha la Metsi le tsamaiso ya Dikgwerekgwere le ntse le le motjheng wa ho fedisa mokgwa wa mabakete mme ho fihlela mona le se le fedisitse 78.8% ya mokgwa wa mabakete dibakeng tsa mekhukhu ka hara Aforika Borwa. Diporofense tse supileng di sebeditse ka bokgabane ka phediso ya palohare ya 90%. Tse fihlelletseng phediso e felletseng dibakeng tsa mekhukhu ke KwaZulu-Natal, Leboya Bophirima, Mpumalanga le Gauteng. Kapa Bophirima e fihlelletse phediso ya 99.8%. Ho tloha ho maikemisetso a 26 120 bakeng sa Kapa Leboya, Kapa Botjhabela, Leboya Bophirima le Foreisetata, mekgwa e ka bang 11 650 e se e phethetswe ho fihlela kajeno.

Le ha dipula tsa haufinyana tjena di tlisitse kimoloho e itseng, kgahlamelo ya komello e tswela pele ho utlwahala dikarolong tse ding tsa naha. MaAforika Borwa a tshwanela ho tswela pele ho sebedisa metsi ka polokeho le ho kenya tshebetsong boikitlaetso ba ho baballa metsi. Mmuso o se o fane ka R1 bilione ho sebetsana le koduwa ya komello.

Kabinete e amohela kgatelopele e seng e entswe ke lenaneo la Ntwa ya ho dutla tlasa mookotaba: “Lerothodi ka leng ke la bohlokwa.” Lenanaeo le rerile ho thaotha, ho rupella le ho jala batho ba batjha ba 15 000 ba nang le bonyane Kereiti 12 kapa N3 jwaloka boradipeipi, ditsebi le baemedi ba metsi.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Kabinete e ipiletsa ho baipelaetsi ho sebetsa ka ho itshwara ho phethahetseng mme ba hlahise ditletlebo tsa bona ka hara ho ikobela molao le Molaotheo. Ho tjhwatla le tshenyo ya thepa di ka nqane ho tokelo ya ho ipelaetsa le ho ba mosebetsi wa botlokotsebe o tswileng tseleng. Makala a tiisetso ya molao a tla boloka molao ka ho tshwara le ho ahlola ba senyang thepa diyunivesithing, ditsheng tse ding tsa thuto e phahameng, ka hara metse le nakong ya diketso tsa boipelaetso.

5.2 Letona la Ditjhelete le tsebisitse Kabinete ka matsholo a ho eta a haufinyana tjena ao le a nkileng ho ya Amerika le Engelane le bankakarolo ba fapafapaneng, ba kennyeletsang baetapele ba dikgwebo. Kabinete e itlamme bakeng sa ho netefatsa hore naha e sebetsa mmoho hore re seke ra theolelwa maemo.

Leeto le neha mmuso monyetla wa ho arola mekgahlelo e mengatanyana e fapaneng ya boikitlaetso e kentsweng tshebetsong ho sebetsana le diphephetso. Tsena di kenyeletsa diketso tsa tshebedisano mmoho ho akofisa kgolo e kenyeletsang, mekgwa ya ho potlakisa matlafatso ya maemo a ditjhelete, ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la rona la Matsete a Meralo ya Motheo la R870 bilione, kgatelopele e entsweng mabapi le ho rarolla mathata a eneji, ho kenyeletswa le eneji e ka hlabollwang botjha.

Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela ho bua ka mananeo kaofela a lokileng le boitshunyako bo entsweng ho baballa moruo wa rona. Ho bohlokwa bakeng sa makala oohle ho netefatsa hore moruo wa naha o a itwanela. Tabeng ena, Kabinete hape e laetse Komiti ya Kopanelo ya Matona ya Matsete ho akofisa diqeto tsohle tse amanang le moruo. Kabinete e boeletsa hore ho itwanela ha moruo wa Aforika Borwa ho ahilwe hodima metheo e tsitsitseng le maano a kgonehang.

5.3. Kabinete e lemohile nyewe ya lekgotla la dinyewe e ritetsweng ke Tjhemba ya Merafo bakeng sa hore Tjhata ya Merafo e nkuwe e sa imatahanye le molaotheo le ho hloka motheo. Kabinete e boeletsa ntlha ya hore dipehelo tsa Tjhata ya Merafo di reretswe ho fetola indaseteri ya merafo le ho lokisa botjha nalane ya ho se lekalekane ho bakilweng ke mmuso wa kgethollo hore indaseteri ena e kgeme le diphethoho tse teng ka hara Aforika Borwa tse akaretsang sebopeho sa kahisano, dipolotiki le moruo. Ntlafatso ya badudi le yona ke sebaka se tsepamiseditseng maikutlo ho netefatsa hore ntshetsopele ya merafo ha e qhelele ka thoko badudi ba amehang.

5.4. Kabinete e ipiletsa ho basebedisi bohle ba mebila, haholoholo ba tla beng ba nka maeto nakong e tlang ya matsatsi a phomolo, ho bapala karolo ya bona ka ho nka boikarabelo bakeng sa polokeho ya bona le ya basebedisi ba bang ba mebila. Phediso ya dikotsi tsa mebileng e ntse e le ntlha e ka sehloohong ya naha. Bakganni ba lokela ho fadimeha, ho ikobela melawana ya mebila, ho se nwe ba ntse ba kganna, ho tsamaya ka lebelo le behilweng le ho netefatsa hore makoloi a bona a loketse tsela.

5.5. Kabinete e thoholetsa bahlodi bohle ba Dikgau tsa Naha tsa Ditokelo tsa ba nang le Boqhwala tse neng di tshwerwe ka la 11 Hlakubele 2016. Dikgau tsena di ne di ananela batho ba phelang ka boqhwala le balwanedi ba ditokelo tsa batho ba phelang ka boqhwala ba ipabotseng ka makgabane selemong sa 2015.

5.6. Kabinete e tlotla bahlodi bohle ba Dikgau tsa bo-3 tsa Naha tsa Selemo ka seng tsa Boqhetseke tsa Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS), tse lebisang hlompho ho boqhetseke ba ditho tsa SAPS, maresefe le diforamo tsa badudi tsa sepolesa.

5.7. Kabinete hape e thoholetsa bangodimmoho Mandla Dube le Leon Otto ba Pambili Media bakeng sa filimi Kalushi: The Story of Solomon Mahlangu. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho boha setlabolane sena sa dipolotiki ka ho fetohela ha mohlankana ya motjha ya dilemo di 19 ya hlahang Mamelodi, ka Botjhabela ho Pretoria, ho ba mohale wa Ntwa ya Tokoloho. Kabinete e boeleditse hore mmuso, ka Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri le la Bonono le Setso, o tla tswela pele ho tshehetsa kgolo ya indaseteri ya bonono bakeng sa ho keteka le ho pheta pale ya Aforika Borwa.

5.8. Kabinete e thoholetsa molwanedi wa toka ya kahisano Moruti Michael Lapsley bakeng sa ho amohela Moputso wa Kgotso ya Setjhaba wa matjhaba wa 2016 mokgahlelong wa ‘Kgotso ya Lefatshe le Poelano – Mmopi wa Kgotso ya Babatswang ke Matjhaba’.

5.9. Kabinete e thoholetsa Pieter du Preez bakeng sa ho kgethwa bakeng sa Kgau ya Boqhwala ya Laureus ya Radipapadi wa Lefatshe wa Selemo, ho latela tshebetso ya hae e babatsehang ka 2015.

5.10. Kabinete e thoholetsa Wayde van Niekerk ya entseng nalane ya ho matha ka lebelo le fetisisang ka ho ba motho wa pele nalaneng wa ho matha mabelo kaofela a mararo: 100m ka tlasa metsotswana e 10‚ 200m ka tlasa metsotswana e 20 le 400m ka tlasa metsotswana e 44‚ jwaloka ha ho tiiseditswe ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Difedereishene tsa Mabelo.

6. Dithonyo

6.1. Ha ho dithonyo tse tsebisitsweng kopanong ena ya Kabinete.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
(Sebueledi saKabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore