Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 14 Loetse 2016

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e kgothatswa ke kgolo ho Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) ya 3.3% kotareng ya bobedi ya selemo sa 2016; e lokolotsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA). Keketseho ya 8.1% mesebetsing ya tlhahiso ya difeme le 11.8% tlhahisong ya merafo le dikwari e bontsha ho itseka ha moruo tikolohong ena e boima ya moruo. GDP e hotse ka R25 bilione ho feta kotareng ya pele ya selemo sa 2016 ho isa ho se akanngwang ho R1 068 bilione.

Re boeletsa kgoeletso bakeng sa mmuso, dikgwebo le setjhaba ho matlafatsa ho ipopa jwaloka setjhaba mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), ka Moralo wa Dintlha tse Robong bakeng sa ho fekisa ho ya pele maemo a hajwale a moruo le ho hlasimolla kgolo bakeng sa ho tshehetsa moruo le ho thusa ho baballa mesebetsi.

Sena ke pontsho e totobetseng ya hore ha balekane bohle – mmuso, dikgwebo le mekgatlho ya basebetsi – ba sebetsa mmoho re ka fihlella kgolo ya moruo mme qetellong ra hlahisa mesebetsi e batlehang e le ka nnete.

1.2. Kabinete e amohetse tsebiso ya hore yuniti ya bobedi ya dimekawate (MW) tse 800 tsa porojeke ya Seteishene sa Matla a Motlakase sa Medupi Limpopo e se e hokahantswe ho marangrang a naha. Yuniti ya bo 5 ya seteishene, e leng e nngwe ya tse tsheletseng tse ahuwang jwaloka karolo ya porojeke ya 4 800 MW, e tla kena tshebetsong ya kgwebo ka Hlakubele 2018.

Ena ke ya bobedi ya diyuniti tse tsheletseng tsa seteishene sena sa motlakase ya ho re e kene motjheng. Yuniti ya pele, kapa Yuniti ya bo 6, e qadile ho fepela motlakase ka hara marangrang ka Hlakubele 2015 mme e se e kene tshebetsong ya kgwebo. Porojeke ya Medupi kaofela ya diyuniti tse tsheletseng e lebeletswe hore e phethelwe ka selemo sa 2020.

Sena se nyehela bakeng sa botsitso ba marangrang a matlafatsang phepelo ya motlakase e tshepahalang bakeng sa Aforika Borwa.

Kabinete e thoholeditse Eskom bakeng sa mokolokotwane wa ho hokella motlakase ho marangrang, e leng karolo ya akofiso e pharalletseng ya lenaneo la dikaho, tse kgannwang ke boetapele bo botjha. Sena se nyehela ho botsitso ba moshwelella ba tshebetso le ditjhelete bakeng sa Eskom.

1.3. Kabinete e boeletsa boitlamo ba yona ho Lenaneo la Ditheko la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Motlakase, le tla ntshetsapele le ho hlahisa seabo se setjha sa bokgoni ba motlakase e le karolo e hlokolosi e tshwayang bohlokwa ba mesebetsi ya moruo le kgolo.

Sena se tla nyehela tabeng ya ho fapafapanya ka bobedi phepelo le mokgwa wa tlhahiso ya eneji. Ho tlatseletsa hodima ho hlahisa maitsebelo a matjha le ho fumana matsete a matjha ka hara indaseteri ena, e tla boela hape e tshwaya tshebetso le ditefello.

Sena se tshehetsa NDP, e hlwayang tlhokeho ya Aforika Borwa ya ho tsetela ho marangrang a matla a meralo ya motheo ya moruo e reretsweng ho tshehetsa dipheo tsa nako e mahareng le tsa nako e telele tsa moruo le kahisano.

1.4. Kabinete hape e ananetse ho saenwa ha Memorandamo wa Kutlwano (MoU) pakeng tsa Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa (Prasa) le China Communications Construction Company Limited ho lekodisisa maikitlaetso a fapafapaneng a ntshetsopele ya meralo ya motheo, ho kenyeletswa le Motjha wa Ntshetsopele ya Diterene wa Moloto o hokelang Gauteng le Mpumalanga.

MoU o ile wa saenwa ho Foramo ya bo-2 ya Matsete a Aforika e neng e kenetswe ke Moporesidente Jacob Zuma Guangzhou, Porofenseng ya Guangdong, ho la China.

Porojeke e tla sebetsa jwaloka sethusi bakeng sa maikitlaetso a ntshetsopele ya moruo ka hare le ho potoloha motjha ona bakeng sa ho rarolla diphephetso tsa polokeho, bohlwahlwa, tshepahalo, kgonahalo le ho kopanngwa ho akaretsang le ditshebeletso tse ding tsa dipalangwang tsa setjhaba. Hape e tla ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba tulo eo ka ho fokotsa tsela e telele eo ba e tsamayang.

1.5. Kabinete e ile ya tsebiswa ka ditlaleho tsa kgatelopele mabapi le kotara ya pele, bakeng sa nako ya Mmesa ho isa ho Phuptjane 2016, ka ho kenngwa tshebetsong ha Diphetho. Mmuso o rekotile kgatelopele e nang le kgahlamelo hodima maphelo a batho ha o ntse o sebetsana le mathata a amang a phano ya ditshebeletso.

Ho kenngwa Tshebetsong ha Diphetho tsa Lenaneo la Tshebetso la Mmuso (PoA) ho kenya tshebetsong dipheo tsa NDP, e leng mmapa wa Aforika Borwa wa ho re atametsa ho fihlellweng ha Pono ya 2030. Sena se lebisa ho merero e tekilweng ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF), e leng moralo wa mmuso wa dilemo tse hlano tsa pele wa ho kenya tshebetsong NDP 2030, o akaretsang nako ya ho tloha ka selemo sa 2014 ho isa ho sa 2019.

Ho bile le dintlafatso ho boemo ba kalafo ho bonahetseng ho ditshupane tsa bohlokwa tsa bophelo bo botle ba setjhaba tse jwaloka nako ya ho phela e ntlafetseng, phokotseho ya ho shwa ha bana ba ka tlasa dilemo tse hlano le phokotseho ya ho shwa ha bomme. Ho bile le phano e ntlafetseng ya phano ya ditshebeletso tsa mantlha, ho kenyeletswa le kgokelo ya motlakase wa marangrang le oo e seng wa marangrang, metsi a dipompo ka hara matlo, taolo ya dikgwerekgwere le matlakala.

Leha ho le jwalo ho ntse ho na le tshallomorao dibakeng tse ding. Ho tloha ka selemo sa 1994 ho bile le phano ya nako e telele e ntlafetseng ya dithuso tsa kahisano ho bakgolamolemo ba fetang 16 milione, le bopaki ba hore sena se na le kgahlamelo ya bohlokwa maphelong a ba fumanehileng.

GCIS e ntse e hlophisa ho hokahana le mafapha ho tshwara dikopano tsa Mabatowa tsa Boraditaba ho hlopholla dintlha tse ka sehloohong ho tswa ditlalehong tsa kotara ka nngwe.

1.6. Kabinete e amohela Imbizo e neng e tshwerwe ke Letona Kantorong ya Moporesidente ya Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso (DPME) le Modulasetulo wa Khomishene ya Naha ya Meralo, Jeff Radebe, mabapi le maitshunyako a kentsweng tshebetsong bakeng sa ho akofisa ditefo tsa bafani (kapa bafani ba ditshebeletso) ke mmuso mahareng a nako e tekilweng ya matsatsi a 30.

Esale ho tloha ho thehilwe Yuniti e Ikgethang ka hara DPME ho sebetsana le bothata ba ho se lefuwe ha bafani ba ditshebeletso nakong ya matsatsi a 30 a tekilweng, palo ya dintlankana tsa tefo tse molaong tse patetsweng ka 2016 e ne e le 17 668 tsa boleng ba R340 milione.

DPME le Lefapha la Matlotlo a Naha di fanne ka mehlodi e meng mekutung ya ho sebetsana le diphephetso tsa ho lefa bafani ba ditshebeletso. Ho fihlella sena, setsi sa ketelo se thehilwe dikantorong tsa Lefapha la Matlotlo a Naha ho sebetsana le ditletlebo tsa bafani ba ditshebeletso.

Ho tlatseletsa, yuniti e ikgethang ya DPME le balekane ba yona ba fana ka lenaneo la tshehetso le tobileng mafapha a hlwailweng e le a sokolang hore a utlwisise le ho sebetsana le diphephetso tse lebisang tabeng ya ho se lefuwe kapa ya ho dieha ho lefa bafani ba ditshebeletso.

Nakong ya diketelo tsena, lekala kaofela la ditefo tsa ditlankana tsa tefo la lekolwa, ho hlwauwa ditshita mme mafapha a thuswa ka ho kenngwa tshebetsong ha mekgwa ya ntlafatso.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Aforika Borwa e tla tshwara Kopano ya bo-17 ya Pitso ya Mekga (COP17) ya Khonvenshene ya Kgwebisano ya Matjhaba ya Mefuta e Kotsing ya Diphoofolo le Dimela tse Hlaha (CITES) Setsing sa Dikopano sa Sandton ho tloha ka la 24 Loetse ho isa la 5 Mphalane 2016. Ka Mekga e 181, CITES e dula e le e nngwe ya disebediswa tse matla tsa paballo ya tlhaho ya dibopuwa tse fapaneng ka ho laola kgwebisano ya diphoofolo le dimela tse hlaha.

Mekga ya CITES le balekodi ba lebeletswe ho kena dipuisanong tse matla le ho tla ka ditharollo tse tla ntshetsa pele mosebetsi o seng o le motjheng mabapi le kgwebisano ya diphoofolo le dimela tse hlaha.

Aforika Borwa ke moetapele wa lefatshe lepatlelong la paballo ya tse hlaha ka bonkakarolo ba yona bo matla ho ditumellano tsa tikoloho le ditheo tse ngata tse tshwanang le CITES, Khonvenshene ya Mefuta e Fallang le Khonvenshene ya Diphapang tsa Tlhaho. Tsamaiso ya naha ya rona ya dibaka tse tshireleditsweng e kenyeletsa ho ka etsang 5,5% ya sebaka sa naha, Ditsha tsa Lefatshe tsa Lefa tse tsheletseng le diresefe tse nne tsa dikamano tsa mafapha a fapaneng a tlhaho.

2.2. Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso, Ngaka Siyabonga Cwele, le tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho Khonkerese ya Lefatshe ya bo-26 ya Kopano ya Lefatshe ya Diposo (UPU) e tla tshwarelwa Istanbul, ho laTurkey ho tloha ka la 20 Loetse ho isa la 7 Mphalane 2016. UPU ke lekala le ikgethileng la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) le tsepamisitseng maikutlo hodima ntlafatso ya sejwalejwale ya lekala la diposo le fapantshang dihlahiswa tsa diposo bakeng sa ho phedisa ha moshwelella lepatlelo la tsa diposo le imatahanyang le ditlhoko tsa mongwahakgolo wa bo-21.

Khonkerese ena e hlokolosi ho Aforika Borwa, kaha Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa e le karolo ya bohlokwa ya phano ya ditshebeletso ya mmuso le hore e matahantswe le NDP, ka hore naha e sebetsane le phano ya ditjhelete le dtshebeletso tsa mmuso dibakeng tsa mahae le ho badudi ba tholang ditshebeletso tse tlase.

2.3. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e mabapi le boitokisetso ba dipapadi tsa Commonwealth tsa selemo sa 2022 tse tla tshwarelwa Motsemoholo wa Durban.

Matsete ho meralo ya motheo bakeng sa Dipapadi a lebeletswe ho nyehela ho melemo ya nako e telele bakeng sa motsemoholo, oo hape o tla sebedisa lefa le siilweng ke Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa selemo sa 2010. Pepeso ena ya tlatsetso ho mebaraka ya lefatshe hape e tla fana ka menyetla ho hohela le ho matlafatsa bohahlaudi le matsete a otlolohileng a matjhabeng. Dipapadi tsa Commonwealth tsa selemo sa 2022 di lebeletswe ho fana ka se ka fihlang ho R20 bilione ho moruo, e leng ho tla fetoha ho ba keketso ya R11 bilione ya kgolo ya GDP.

Ho fetafeta moo sena se beha naha boemong ba ho ba sebaka sa bohahlaudi ba dipapadi le ho fana ka menyetla ho Sehlopha sa Aforika Borwa.

2.4. Kabinete e etse hloko samane e fuweng Mongodi wa Kabinete ke Mosireletsi wa Setjhaba. Samane e kopa Mongodi wa Kabinete ho fana ka dipehelo tsa ditho tsa Kabinete le metsotso ya Kabinete, bakeng sa nako ya Pudungwana 2015 ho isa ho Mmesa 2016, tse rekotang ho thonngwa ha Matona a neng a tshwere mokobobo ha Matona a ikarabellang a ne a le mose.

Kabinete e dumetse ho neha Mosireletsi wa Setjhaba dipehelo. Leha ho le jwalo, kaha Moporesidente wa Aforika Borwa e le yena ya thonyang Matona le Batlatsi ba Matona tlasa dikarolo 91 le 98 tsa Molaotheo, ditaba tse jwalo ha di so tle ka pele ho Kabinete mme kahoo direkoto tsena ha di a kenngwa metsotsong jwaloka diqeto tsa Kabinete.

3. Dibili

3.1. Phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Naha ya Tahi sa 2016 e ile ya tjhaellwa monwana bakeng sa tshwaelo e batsi ya setjhaba. Sena se fetola Molao wa Naha wa Tahi, 2003 (Molao wa bo-59 wa 2003). Sena se ile sa tjhaellwa monwana hammoho le Leano la Naha la Tahi la qetelo, le tobanang le diphephetso tse sitisang bohlwahlwa ba Molao le ho thusa ka ho ralwa ha Bili.

Bili e sebetsana le kgahlamelo ya tahi hodima moruo wa kahisano, ho tsamaya butle ha diphethoho, ho behwa maemong a loketseng ha dintlha tsa bohlokwa tsa taolo le tshebedisano-mmoho e ntlafetseng mabapi le tshebedisano-mmoho ho tsa taolo, ho fedisa ho hlahiswa ha tahi e seng molaong le kgwebisano ka yona hammoho le diphephetso tse amang bokgoni ba taolo ka hara Bolaodi ba Naha ba Tahi.

Boitshunyako bona hape bo tsepamisitse maikutlo hodima phokotso ya dikotsi ho moruo wa kahisano le ditjeho tse ding tsa tshebediso e mpe ya tahi, ho bopa botjha indaseteri ya tahi le ho matlafatsa tshebedisano-mmoho mahareng a makala kaofela a mmuso.

E matahantswe le dintlha tse ka sehlohlolong tsa NDP tsa ho netefatsa taolo e hlwahlwa, tshireletso ya setjhaba le tlhahiso ya mesebetsi. Hara tse ding e tla, thibela kgwebisano e seng molaong, matlafatsa mananeo a thuto le temoso, le ho thusa mananeong a matlafaditsweng a ho hlabolla bao e leng makgoba a tahi.

3.2. Kabinete hape e tjhaelletse monwana moralo wa Sehlomathiso sa Bili ya Naha ya ho Kembola ya 2016 bakeng sa tshwaelo e batsi ya setjhaba. Bili e shebana le diphephetso tse sitisang bohlwahlwa ba Molao wa Naha wa ho Kembola, 2004 (Molao wa bo-7 wa 2004).

Bili e rerile ho netefatsa hore taolo e nang le tshebedisano-mmoho le mesebetsi ya bodisa e a ntlafatswa le hore bonnete ba taolo le ditlamorao tse mpe tsa ho kembola di fokotswa haholo. E tla tsepamisa maikutlo hodima ho matlafatswa ha diketsahalo tse teng tsa ho kembola mme ha ho na diketsahalo tse ding tse ntjha tsa ho kembola tse tla hlahiswa. Bili e tla netefatsa hore dihlopha tse tsietsing tse kang ba tlase dilemong le ba nang le bothata ba ho kembola ba tshireleditswe mme ba tla kgona ho fumantshwa thuso ho tswa mekgatlong e kang ya Bolaodi ba Naha ba ho Kembola.

Ho entswe lewa le matahantsweng le dintlha tse ka sehlohlolong tse tekilweng ka hara NDP ka morero wa ho netefatsa taolo e hlwahlwa, tshireletso ya setjhaba, tlhahiso ya mesebetsi, boikgathollo le boithabiso.

4. Diketsahalo tse Tlang

4.1. Letona la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba (Dirco), Mofumahadi Maite Nkoana-Mashabane, le tla etella pele kemedi ho Seboka sa bo-17 sa Mokgatlo o sa Ikamahanyeng (NAM) tlasa mookotaba “Kgotso, Boikemelo le Bonngwe bakeng sa Ntshetsopele” se tla tshwarelwa Venezuela ho tloha ka la 17 ho isa la 18 Loetse 2016.

NAM ke sehlopha se seholo ka ho fetisisa se ka thoko ho UN mme se etsa hore dinaha tse ntseng di tswela pele di susumetse ditaba tsa lefatshe le ho netefatsa hore ditabatabelo tsa tsona di nkelwa hloohong.

4.2. Moporesidente Zuma o tla etella pele kemedi ho Tulo ya bo-71 ya Kopano-Kakaretso ya UN (UNGA) e tla tshwarelwa Ntlokgolo ya UN New York ho tloha ka la 18 ho isa ho la 22 Loetse 2016.

Ka la 1 Pherekgong 2016, Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella (di-SDG) e 17 ya Lenanaeo la 2030 bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella, le amohetsweng ke baetapele ba lefatshe ka Loetse 2015 le qadile ho sebetsa semmuso. Dilemong tse 15 tse tlang, dinaha di tla hlahisa mekutu ya ho fedisa mekgwa yohle ya bofutsana, ho lwantsha ho se lekalekane le ho sebetsana le diphethoho tsa tlelaemete, ka nqa e nngwe ho netefatswa hore ha ho ya sallang morao.

4.3. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele mokete wa naha wa Letsatsi la Botjhaba ka la 24 Loetse 2016 Lebaleng la Dipapadi la Galeshewe, Kimberley, ho la Kapa Leboya. Sena se ketekwa tlasa mookotaba: “Re keteka Matlotlo a Batshwantshisi ba rona ka ho Tiisetsa Boitsebiso ba rona ba BoAforika”.

4.4. Pitso ya Matjhaba ya Ntshetsopele ya Moshwelella e etsahala New York ho tloha ka la 21 ho isa ho la 22 Loetse 2016 tlasa mookotaba: “Re Hatela Pele: di-SDG di a sebetsa.”

Sepheo sa pitso ke ho hlwaya le ho arolelana ditharollo tse sebetsehang, tse nang le bopaki tse ka tshehetsang di-SDG. Pitso e kgobokanya bankakarolo ho tswa mmusong, dirutehing, ho UN, makaleng a matjhaba, mekgatlong eo e seng ya mmuso le mekgatlong ya batho ka kakaretso.

4.5. Kabinete e amohela ketsahalo ya mokete wa ho qeta dilemo tse hlano wa Bolekane ba Mmuso o Bulehileng (OGP) maphakong a UNGA, New York ka la 20 Loetse 2016.

Ketsahalong ena ho tla bonahala ha ho fanwa semmuso maemo a, Modulasetulo ya ka Sehloohong wa OGP ke Aforika Borwa. E tla be e kenetswe ke Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso, baetapele ba setjhaba ka kakaretso le bankakarolo ba bang bao esale ba thusa mabapi le katleho ya OGP. Aforika Borwa e ile ya tshwara marapo a ho ba Modulasetulo ya ka Sehloohong wa Bolekane Sebokeng sa Mexico ka Mphalane 2015.

Esale Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso tse robedi di etsa bolekane le baetapele ba sejhaba ka kakaretso ho thakgola OGP maphakong a UNGA ka selemo sa 2011, bolekane bona bo babatsehang bo holetse ho mebuso e 70 le dikete tsa mekgatlo ya setjhaba ka kakaretso ho phatlalla le lefatshe, ka maitlamo a fetang 3 000 a hlakileng ho eketsa ponaletso le boikarabello ba mebuso le ho ntlafatsa bonkakarolo ba setjhaba.

4.6. Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso, Ngaka Siyabonga Cwele, o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho kopano ya Khomishene ya Marangrang a Pharaletseng ya UN e tla tshwarwa New York ka la 18 Loetse 2016.

Khomishene e fuwe mosebetsi wa ho shebisisa mawa a ho hokela batho ba dibilione tse nne bao hajwale ba sa hokelwang ho marangrang a pharaletseng kapa inthanete e potlakang, ka mokgwa o bolokang ditjeho. Kopano ya selemong sena e tla hlahloba le ho lekola mawa a hajwale le ho etsa qeto ka mokgwa wa tshebetso wa nako e tlang ho matlafatsa tshebediso ya marangrang a pharaletseng bakeng sa ntshetsopele ya moshwelella.

4.7. Kgwedi ya Dipalangwang ka Mphalane 2016 e tla tshwarwa tlasa mookotaba: “Mmoho re Ntshetsa Aforika Borwa Pele.” Lenaneo lena la kgwedi kaofela le tla pepesa diporojeke tsa meralo ya motheo ya dipalangwang, ho kgothaletsa dipalangwang tsa setjhaba le ho hodisa maikitlaetso a naha a boipaballo mebileng.

Mmuso o tsetela lekaleng la dipalangwang e leng karolo ya Moralo wa Dintlha tse Robong wa naha ho hlasimolla ntshetsopele le ho hlahisa mesebetsi. Matsete a rona a dipalangwang tsa setjhaba ke karolo ya ho aha le ho kenya tshebetsong marangrang a dipalangwang tsa setjhaba a kopanetsweng ho phatlalla le naha.

Matsete a naha a dipalangwang a tla thusa ho hodisa moruo le ho sebetsana le diphephetso tsa tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane. Matsete a rona ho tsa dipalangwang a beha naha hantle hore e be sebaka se hohelang matsete.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Kabinete e amohela diphetho ho tswa ho Seboka sa Baetapele ba G20, se neng se kenetswe ke Moporesidente Jacob Zuma, moo ditabatabelo tsa Borwa di ntsheditsweng pele.

Seboka se neng se tshwerwe tlasa mookotaba: “Re Hahamalla Moruo wa Lefatshe o Ntlafatsang, o Sefutho, o Kopanetsweng le o Kenyeletsang” se tshohlile dintlha tse latelang tse sehlohlolong: i) Ho kgatha Tema e Ntjha ya Kgolo, ii) Taolo e Hlwahlwa le e Kgabane ya Moruo wa Lefatshe le Ditjhelete, iii) Kgwebisano ya Matjhaba e Matla le Matsete, iv) Ntshetsopele e Kenyeletsang le e Kopanetsweng, le v) Dintlha tse ding tse amang Lefatshe tse kang Ntwa Kgahlanong le Dikokwana-Hloko (AMR).

Bakeng sa ho matlafatsa ntlafatso jwaloka sehlasimolli sa bohlokwa sa kgolo bakeng sa dinaha ka bonngwe le moruo wa lefatshe, G20 e thathiselleditse Moralo wa Kgolo e Ntlafatsang jwaloka lenaneo le letjha le akaretsang maano le mekgwa ho le ho phatlalla ha dibaka tsa ntlafatso, diphethoho tse ntjha tsa diindaseteri le moruo wa dijithale.

Ho fetafeta moo, Moralo o Motjha wa Tshebetso wa Diphethoho tsa Diindaseteri wa G20 o nka monyetla o hlahiswang ke diphethoho tse ntjha tsa diindaseteri, haholoholo ho tsa tlhahiso le ditshebeletso tse amehang. Sena se kenyeletsa tshehetso ya ho thehwa ha diindaseteri dinaheng tse ntseng di tswela pele, ka ho qolleha tse Aforika le Dinaheng tse sa leng Tlase ho tsa Ntshetsopele (di-LDC). Hape, ho thakgolwa ha Boikitlaetso ba G20 mabapi le ho Tshehetsa ho Thehwa ha Diindaseteri Aforika le ho di-LDC bo matlafatsa bokgoni ba kgolo e kenyeletsang le ntshetsopele ka maano a kgetho a boithaopo.

Bakeng sa ho nyehela mabapi le kaho ya tsamaiso ya ditjhelete e bulehileng le e itsekang ho tshehetsa kgolo le ntshetsopele ya moshwelella, Tshisinyo ya Aforika Borwa ya hore ho phalla ho seng molaong ha ditjhelete ho tswang ho pehong ya ditheko tse fosahetseng kgwebisanong ho fuputswe ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebo, e ile ya amohelwa. Ho tobana le phephetso ena ke sona sebetsa sa ho bula ditjhelete tse ka sebediswang ke mebuso ya Aforika ho kenya tshebetsong di-SDG le mananeo a bona a ntshetsopele.

5.2. Kabinete e boeletsa hore ke boikarabelo ba maAforika Borwa kaofela ho etsa mokutu o kopanetsweng wa ho baballa metsi le ho a sebedisa ka nepo, sena se kenyeletsa ho lokisa dipompo tse dutlang le ho hlokomela meralo ya motheo e ka hara metse.

Ho theoha ha methamo ya matamo a naha ho bakile hore ho behwe dithibelo tsa tshebediso ya metsi diporofenseng tse mmalwa mme haufiufi tjena, ho Porofense ya Gauteng.

Re tshwanela ho sebetsa mmoho ho tshehetsa metse ya rona e mathateng ka ho tlaleha bosenyi le boshodu ba meralo ya motheo ho ba ka bookameding bo amehang. Mmuso o hlokometse mathata a fihlellwang ke batho ba bo rona dibakeng tse anngweng ka ho fetisisa mme Moifo wa Tshebetso o Kopanetsweng wa Matona o radile matlafatso ya maitshunyako a kimollo dibakeng tse mathateng.

Maitshunyako a nako e telele le e kgutshwanyane a ntse a kenngwa tshebetsong ha ka nqa e nngwe bodisa le tlhatlhobo ya mekutu yohle di ntse di tswela pele. Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, ka Setsi sa Naha sa Taolo ya Dikoduwa, le tswela pele ho hokela maemo a naha a komello le kgaello ya metsi le makala kaofela le lekala la poraefete.

5.3. Kabinete e ipapisa le setjhaba ka ho thoholetsa tshebetso ya Sehlopha sa Aforika Borwa se kenetseng Dipapadi tsa Dipharalimpiki tsa Rio 2016 Brazil ho tloha ka la 7 ho isa la 18 Loetse. Baatlelete bana ba etsa naha ya rona motlotlo le ho tswela pele ho aha setumo sa rona se babatsehang sa ho sebetsa hantle ho tsa Dipharalimpiki. Kabinete e thoholetsa sehlopha ka ho hapa dimedale tse robong: tse tharo tsa gauta, tse tharo tsa silifera le tse tharo tsa boronse. Kabinete e thoholetsa baatlelete ba latelang bakeng sa ho hapa dimedale tsa gauta: sesesi Kevin Paul, Hilton Langenhoven ho tsa ho tlolela hole le Charl du Toit ho lebelo la dimithara tse 100.

5.4. Kabinete e amohetse ho lokollwa ha dipalopalo tsa botlokotsebe tsa 2015/16 ke Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa tse bontshang hore ka kakaretso botlokotsebe bo fokotsehile ka hara naha.

Leha kgatelopele e entsweng ke SAPS ya ho fokotsa maemo a mefuta e itseng ya botlokotsebe e thoholetswa, ho ntse ho na le ngongoreho ka keketseho ya botlokotsebe bo tletseng merusu, ka ho qolleha dipolao.

Twantsho ya botlokotsebe ke boikarabelo ba e mong le e mong. Re lokela bohle ho sebetsa le SAPS ho fihlella morero wa rona o tshwanang wa metse e bolokehileng, metsemeholo e bolokehileng le naha e bolokehileng. Sena se tla eketsa tshebedisano pakeng tsa makala a qobello ya molao a fapaneng ho fokotsa maemo a botlokotsebe.

5.5. Kabinete e hopotsa balefi ba lekgetho ba kenyang dipoelo tsa lekgetho ka matsoho kapa ka poso hore la 23 Loetse 2016 ke letsatsi la ho qetela la ho kenya dipoelo tsa bona tsa lekgetho tsa sehla sa lekgetho sa selemo sa 2016 mme le se le atametse.

Kabinet e lakatsa ho leboha balefi ba lekgetho ba seng ba kentse dipoelo tsa bona. Lekeno le bokeletswang ke SARS le thusa mmuso ho fana ka ditshebeletso ho dimilione tsa maAforika Borwa tseo a di hlokang haholo.

5.6. Kabinete e elellwa mathata ao batjha ba teanang le ona ha ba leka ho ithuta. Mmuso o dula o itlamme ho netefatsa thuto ya boleng le e kgonehang bakeng sa bohle. Dithuso tsa matlole tse hlahisitsweng ka Sekema sa Naha sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete hajwale di eme ho R14 582 bilione, mme di thusa ho netefatsa hore baithuti ba futsanehileng ba sebetsang ka thata ba fumantshwe thuto diyinivesithing kaofe kaofela tsa setjhaba tse 26 le Dikoletjheng tsa setjhaba tse 50 tsa Makala a Thuto ya Setekginiki le Thupello (TVET).

Ho ya ka Diphuputso tsa Malapa tse Akaretsang tsa selemo sa 2015 Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa: ‘Diphetho tsa phihlello thutong di tswela pele ho eketseha ka phumantsho ya dithuso tsa thuto le ditshebeletso. Hara batho ba dilemo tse 20 le ho feta, maemo a diphesente tsa ba fihlelletseng Kereiti 12 jwaloka boemo bo hodimo ka ho fetisisa bo eketsehile ho tloha ho 21,9% ka selemo sa 2002 ho isa ho 28,0% ka selemo sa 2015.

Maemo a diphesente a batho bana ba nang le mangolo a kamora materiki ho fetafeta moo e ntlafetse ho tloha ho 9,3% ho isa ho 14,1%’. Kabinete e dula e itlamme bakeng sa hore ho tla fihlellwa maemo a thuto ya mahala bakeng sa ba futsanehileng, ho latela bokgoni ba mmuso.

Pono ya rona ya nako e telele bakeng sa thuto e phahameng e tla itshetleha hodima lesedi le tswang ho Khomishene ya Diphuputso ya Thuto e Phahameng ya Matlole le Thupello, eo hajwale e ntseng e dutse mme e lebeletswe ho phethela mosebetsi wa yona ka la 30 Phuptjane 2017. Re ipiletsa ho bankakarolo bohle ho neha Khomishene ya Diphuputso ya Thuto e Phahameng ya Matlole le Thupello sebaka ho phethela mosebetsi wa yona. Ka ho sebetsa mmoho re ka thola ditharollo tse sebetsehang le ho ba tsa moshwelella.

5.7. Kabinete e ngongorehile ka ho ropoha botjha ha boipelaetso bo tletseng merusu ditsheng tse ding tsa thuto e phahameng. Tshenyo ya thepa ke botlokotsebe bo re suthisang ho dintlha tsa nnete le semolao.

Mehlodi e sentsweng, ho kenyeletswa le laeborari, jwaloka ha re bone Yunivesithing ya KwaZulu-Natal, dibuka le meralo ya motheo ha se ntho amohelehang mme e senya thepa ya tsebo e bokeleditsweng ka nako e telele. Tsena ke diketso tsa botlokotsebe tseo makala a qobello ya molao a lokelang ho arabela ho tsona ka ho tiya.

Diketso tsena di beha kgatello ho dima mehlodi eo e seng e ntse e haella bakeng sa ho fana ka thuto ho ba futsanehileng. Kabinete e ipiletsa ho ketapele ya baithuti ho ipapisa le kgoeletso ya tshireletso ya bohlokwa ya meralo ya motheo ya yunivesithi le mehlodi eo e leng karolo ya lefa la setjhaba la rona bohle maAforika Borwa.

Mmuso o utlwile dintlha tse hlahisitsweng ke baithuti, mme di fuwa tjantjello ya rona ka botlalo. Re sebetsa mmoho le mekga kaofela e amehang bakeng sa ho fumana tharollo ya moshwelella.

5.8. Kabinete e maswabi ka tahlehelo e sehloho ya maphelo ya barafi ba seng molaong ba hlokahetseng morafong oo o seng o sa sebetse wa Langlaagte.Mafu ana a hlakisa dikotsi tsa ho rafa ho seng molaong kaha diketso tsena tse seng molaong di beha maphelo a badudi kotsing.

Lefapha la Dirashwa le sebetsa le makala a qobello ya molao ho netefatsa hore batlodi ba molao ba a tshwarwa le haholoholo baetapele ba ka sehloohong ba tswelang pele ho hweba ka dirashwa tse seng molaong.

Kabinete e ipiletsa ho bankakarolo kaofela ho sebetsa mmoho ho fedisa ho rafa ho seng molaong ka hara naha. Lefapha le sebetsa mmoho le dikhamphani tsa merafo le ho kwala ditshebetso tsa merafo e seng e sa sebetse e fetang 200 e amanang le ho rafa ho seng molaong.

5.9. Kabinete e thoholetsa Lefapha la Thuto ya Motheo ka ho hapa kgau ya ho Bala ya Matjhaba ya Mokgatlo wa tsa Thuto, Saense le Setso (UNESCO) wa UN bakeng sa Letsholo la lona la ho Ithuta ho bala ka Bongata la KhaRiGude. Meputso ya Matjhaba ya ho Bala ya UNESCO e putsa boqhetseke le ntlafatso lepatlelong la ho bala.

Letsholo la ho Bala ka Bongata la KhaRiGude le ile la hlahiswa bakeng sa ho fokotsa sekgahla sa naha sa ho se tsebe ho bala ka hara Aforika Borwa, mme le kgoletse molemo batho ba 4.7-milione ho ka bobedi dibakeng tsa mahae le tsa metse ya ditoropo. Le fanwa ka dipuo tsa semmuso tse 11 ho kenyeletswa le braille.

5.10. Kabinete e thoholetsa sebini sa Aforika Borwa sa soprano Pretty Yende eo ho phahamela ha hae boemeng ba dinaledi ya tswang tulong e sa tumang ya Piet Retief ke kgothatso ho rona bohle. Hara mesebetsi ya mmino e meng, o lebeletswe ho ba ka sehloohong ho opera ya Motadiana Lucia di Lammermoor Opéra Bastille ho la Paris kgweding e tlang mme ka Tshitwe o tla bapala karolo e ka sehloohong ho papadi ya Roméo et Juliette Metropolitan Opera House ho la New York.

5.11. Kabinete e thoholetsa Mofumahadi Esther Mahlangu, setsebi sa bonono ba maNdebele se tsebahalang e bile e le moamohedi wa Kgau ya Naha ya Aforika Borwa ya Ikhamanga. Mme Mahlangu le BMW ba tshwaya Selemo sa bo-25 sa tshebedisano e etsang pale ho Frieze Art Fair ho la London pakeng tsa la 5 le la 9 Mphalane 2016.

5.12. Kabinete e ipapisa le maAforika Borwa mabapi le ho keteka bophelo ba Mme Winnie Madikizela-Mandela ka letsatsi la hae la tswalo ha a qeta dilemo tse 80. Ka ho tsebahala ka lebitso le tummeng la “Mme wa Ntwa kgahlanong le Kgethollo”, Mme Winnie ke qhoku e etsang pale ya ntwa kgahlanong le kgethollo e kgothaletsang basadi ho phatlalla le lefatshe bakeng sa boitseko.

Kabinete e romela matshediso a yona ho:

5.13. Lelapa le metswalle ya letswallwa la Aforika Borwa le tsabahalang matjhabeng ka mmino wa opera, Monghadi Johan Botha. Monghadi Botha o tla hopolwa ka lentswe la hae le matla le thobang maikutlo le neng le utlwahala diteatareng le diholong tse fapafapaneng tsa opera ho phatlalla le lefatshe ho kenyeletswa Vienna State Opera e mo entseng Kammersänger, e leng thaetlele e fuwang dibini tse ipabotseng tsa mmino wa opera le wa tlelasiki Austria le Jeremane.

5.14. Malapa, metswalle le basebetsi-mmoho ba Mokganni wa terene wa Transnet le mothusi wa hae ba hlokahetseng ha terene ya thepa ya Transnet e ne e kgeloha seporong seteisheneng sa terene sa Delvillewood ho latela ho sutha ha mobu Hillcrest ka Bophirima ho Durban.

5.15. Batho ba Tanzania ho latela ho reketla ha lefatshe ha matla a 5.7 ho qositseng maphelo a mangata. Re beha malapa a ba hlokahetseng le ba lemetseng mehopolong le dithapelong tsa rona.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo: Monghadi Alec Moemi jwaloka Molaodikakaretso bakeng sa sehla sa bobedi sa konteraka ya dilemo tse hlano.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore