Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 13 Mmesa 2016

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e amohela diphihlello tse hlakisitsweng ke Moporesidente Jacob Zuma ha a ne a etetse setsheng sa Boemakepe ba Port Elizabeth ho la Kapa Botjhabela,ho lekola kgatelopele e entsweng ho kenngweng tshebetsong ha boikitlaetso ba Operation Phakisa: Moruo wa Mawatle. Mmuso o butse matsete a ka fihlang ho se ka etsang R17 bilione ho Moruo wa Mawatle. Ho tloha esale e thehwa, ho se ho hlahisitswe mesebetsi e fetang 4500 makaleng a fapafapaneng.

Tse pedi tsa diketswana tse hulang tse ntseng di ahuwa ke Southern African Shipyards bakeng sa Bolaodi ba Maemakepe a Naha ba Transnet (TNPA) Boemakepeng ba Durban di tla lebiswa Boemakepeng ba Port Elizabeth. Moporesidente Zuma o thakgotse seketswana sa pele se hulang ho la Port Elizabeth, se reheletsweng Mvezo, e leng tulo ya tswalo ya Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela.

TNPA e beheletse ka thoko se ka fetang R7 bilione bakeng sa ho ntlafatsa maemakepe a rona. Moporesidente o ile a sheba metjha ya dikepe e ntlafaditsweng le ho ahuwa botjha e kenang ka hara Boemakepe ba Port Elizabeth tse tla kgona ho amohela dikepe tse kgolo tse 12 ka hodimo papisong le tsa hajwale tse pedi.

1.2. Kabinete e leboha balefi kaofela ba lekgetho ba ipapisitseng le mmuso selemong sa ditjhelete sa 2015/16 bakeng sa ho fihlisa pokeletso ya rona ya lekeno ho R1trilione lekgetlo la pele. Sena ke sesupo se hlakileng sa matla a moruo wa rona o hlabolohang le ka tlasa maemo a boima.

Ke ka dinyehelo tsa lekgetho la maAforika Borwa a lokelang le pokeletso e hlwahlwa e etswang ke Ditshebeletso tsa Lekeno tsa Aforika Borwa hore mmuso o kgone betere ho fana ka ditshebeletso tse hlokahalang haholo tse nyehelang bakeng sa ntlafatso ya bophelo ba maAforika Borwa.

1.3. Kabinete e amohela tsebiso ya Moporesidente Zuma ya la 3 Phato 2016 jwaloka letsatsi la Dikgetho tsa Mebuso ya lehae tsa 2016. Mmuso o itumetse hore mafelo a beke a mabedi a boingodiso a la 5–6 Tlhakubele  le la 9–10 Mmesa ho bonahetse ha batho ba ka nnang ba kgetha ba tlile ka bongata diteisheneng tsa ho kgetha,haholo-holo ba tla beng ba vouta lekgetlo la pele le batjha.

Kabinete e leboha bohle ba arabetseng kgoeletso ya hore ba ingodise le ho hlahloba dintlha tsa bona lenaneng la bakgethi. Ke ka bonkakarolo ba rona ka kopanelo hore demokerasi ya rona e dule e matlafala.

Kabinete kgothaletsa baahi bohle ba so ka ba ingodisa kapa ho hlahloba dintlha tsa bona ho etela dikantoro tsa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho ho bomasepala ba bona ho ya lokisa dintlha tsa bona lenaneng la bakgethi (fana ka diaterese) le ho ingodisetsa ho vouta dikgethong tsa la 3 Phato 2016. Bakgethi hape ba ka romela dimoro sa bona tsadi boitsebiso ka SMS ho 32810 kapa ba letsetse setsi sa mehala ho 0800 11 8000 ho netefatsa maemo a bona.

Boingodiso bo netefatsa lebitso la hao lenaneng la bakgethi hore o tle o kgone ho vouta. Kabinete e ipiletsa ho baahi ho sebedisa tokelo ya bona ya demokerasi e lwanetsweng ka thata ka ho vouta Dikgethong tsa Mebuso ya Lehae tsa 2016 ka la 3 Phato 2016.

1.4. Kabinete e amohela ho thakgolwa semmuso ha Porojeke ya Teko ya eChannel ya Lefapha la Merero ya Lehae (DHA) ke Moporesidente Zuma.Tsamaisong ena e ntjha ya ntlafatso e dumella baahi ho etsa dikopo tsa bona tsa dikarete tsa boitsebiso ka inthanete ho phema mela e melelele. Ka tshebedisano mmoho le dibanka tse nne tse kgolo – ABSA, FNB, Nedbank le Standard Bank – ho hlahisa lepatlelo la ho etsa dikopo tsa dikarete tsa boitsebiso le diphasepoto ho tla thusa basebedisi ho etela dintlwana tsa Lefapha la Merero ya Lehae ho fana ka dikgatiso tsa bona tsa menwana le dinepe kamora ho ba ba beheletse dibaka le ho lefa ka inthanete.

eChannel ke karolo ya lefapha ya kakaretso ya ho ntjhafatsa lewa la ho tlosa ditshebeletso ho tloha tshebedisong ya dipampiri ho ya ho tshebediso ya dijithale, e leng tsamaiso e tla kenyeletsa tlhwekiso ya rejisetara ya setjhaba.

1.5. Kabinete e amohela katleho ya Beke ya Imbizo ya Tsepamiso ya Maikutlo e neng e etsahala haufinyana tlasa mookotaba ‘Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele’, moo ho bonweng bahlanka ba mmuso ba ikopanya le badudi ho phatlalla le naha.

Kabinete e thoholetsa maAforika Borwa a nkileng karolo ho mananeo a fetang 36 ho phatlalla le naha, e leng se netefaditseng hore mmuso o arabetse ho ditlhoko tse hlwailweng tsa badudi. Beke ya Imbizo ya Tsepamiso ya Maikutlo e matlafaditse badudi ka tlhahisoleseding e mabapi le mananeo a mmuso.

1.6. Lefapha la Bodulo ba Batho le ne le tshwere seboka se atlehileng haholo sa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) se sebetsanang le mekhukhu, se toboketsa sekgahla se matla sa kgolo ya metse ya ditoropo le kgolo ya mekhukhu. Hona jwale batho ba etsang bilione e le nngwe lefatsheng ba dula mekhukhung. Aforika Borwa e se e ahile dimilione tsa matlo esale ho tloha ka 1994 jwaloka karolo ya ho netefatsa bophelo bo botle bakeng sa bohle.

2. Dibili

Kabinete e tjhaelletse monwana Dibili tsa moralo tse latelang:

2.1. Bili ya Tshireletso ya Meralo ya Motheo e Hlokolosi ya 2016 e tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

Bili e fetola Molao wa Ditsi tsa Bohlokwa tsa Naha, 1980 (Molao 102 wa 1980), mme e batla ho matahanya tsamaiso ya ho hlwaya le ho hlahisa meralo ya motheo e hlokolosi ka mokgwa wa ponaletso le o nang le maikarabelo.

Hape e tla netefatsa hore meralo ya motheo kaofela e hlokolosi e ya hlwauwa le ho tshireletswa ka tshwanelo bakeng sa polokeho ya naha.
Bili e fana ka ho tekwa ha moralo wa ditsi bakeng sa ho beha leihlo le ho tsamaisa tshireletso ya meralo ya motheo e hlokolosi. E boela e hlalosa mesebetsi ya lekala le tla eletsa Letona la Sepolesa tlhahisong ya meralo ya motheo e hlokolosi.

2.2. Sehlomathiso sa Bili ya Mekgatlo ya Thepa ya Bodulo bo Kopanetsweng ya 2016 e tla phatlalatswa bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e fetola Molao wa hajwale wa Mekgatlo ya Thepa ya Bodulo bo Kopanetsweng,1996 (Molao 28 wa1996).

Bili e tla matlafatsa tsamaiso ya taolo ya demokerasi ya Mekgatlo ya Thepa ya Bodulo bo Kopanetsweng e teng kapa dihlopha tsa Trust tse teng tse behang leihlo mobu wa bodulo bo kopanetsweng. Bili e fetotsweng e fana ka ho thehwa ha Morejisetara ka hara Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha, mme e hlalosa mesebetsi ya kantoro ena. Hang ha Bili ena e fetisitswe ho ba molao, e tla matlafatsa taolo ya ditsi tsa puso le ho matlafatsa tshehetso ya Mmuso ho tsona.

E tla thusa badudi ho fumana, ho tshwara le ho laola thepa ya bodulo ka dihlopha tse hlwahlwa tse thehilweng semolao tse tshehetswang ke mmuso.

2.3. Ho hlahiswa ha Bili ya Bonamodi ba Matjhaba ya 2016 ho Palamente. Tsamaiso ya matjhaba ya bonamodi ke sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa ho kena kgwebong ho parola le meedi ya naha. E tla ntlafatsa phumantsho ho ditshebeletso tsa toka bakeng sa dikhamphani tse nang le kgwebisano le tsa ka ntle ho naha le dikhamphani tsa melata tse ka hara Aforika Borwa. Bili e fetola Molao wa Kananelo le Tiisetso ya Phano ya Bonamodi ba Matjhaba, 1977 (Molao 40 wa 1977) mme hape e fetola Molao wa hajwale wa Tshireletso ya Kgwebo, 1978 (Molao 99 wa 1978). Bili e sisintsweng e imatahanya le Molao wa Motlolo wa Bonamodi ba Matjhaba ba Dikgwebo, o amohetsweng ke Khomishene ya UN ya Molao wa Matjhaba wa Kgwebisano.

2.4. Phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Moralo ya Motheo wa Naha wa Diphuputso ya 2016 ho Koranta ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e fetola Molao wa Motheo wa Naha wa Diphuputso, 1998 (Molao 23 wa 1998).

Bili e tla ntlafatsa bophehisani ba Aforika Borwa ntshetsopeleng le ntjhafatsong ya diphuputso ka tsamaiso e hlwahlwa, e nepahetseng le e hokahaneng ya boikopanyo ba setjhaba le tsa saense, le ho ntlafatsa le phumantsho ya meralo ya motheo ya diphuputso. Hape e tla ntlafatsa karabelo le bohlwahlwa ba ntshetsopele ya diphuputso le phano ya ntjhafatso, ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba maAforika Borwa ka boimatahanyo bo betere le dintlha tse ka sehloohong tsa mmuso.

3.  Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

3.1. Cabinet e amohetse Pampiri e Tshweu e Mabapi le Tshebetso ya Sepolesa. Pampiri e Tshweu ya moralo e qadile ho phatlalatswa bakeng sa tshwaelo ya setjhaba ka Tlhakubele 2015. Pampiri e teka ntlha ya sepolesa se sekametseng ka ho baahi ba itahlelang ka setotswana le ho arabela ho tikoloho e teng hajwale ya sepolesa. Hape e teka ntlha ya Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa le Sepolesa sa Metse Meholo se nang le boikarabelo le ho ba sa seporofeshenale.

Pampiri e Tshweu e etsa boipiletso ba ho thehwa ha Boto ya Naha ya Sepolesa eo, hara mesebetsi e meng, e tla ikarabella bakeng sa ho tla ka mokgwa o se nang leeme wa ho thaotha, ho kgetha le ho thonya makolwane a matjha ka hara ditshebeletso tsa sepolesa.

3.2. Kabinete e amohetse Pampiri e Tshweu e mabapi le  Polokeho le Tshireletso. Pampiri ena e Tshweu, e seng e tswile bakeng sa tjhebisano le setjhaba ka Hlakola 2015, e tsepamisitse maikutlo hodima katamelo e    kopanetsweng le ya ntshetsopele ya polokeho e shebileng ka nqane ho sepolesa. E batla ho fana ka tataiso bakeng sa mekgwa ya polokeho ya ba badudi. Pampiri e Tshweu e  hlwaya  mafapha kaofela a amehang le  mekgatlo ya badudi e nyeheleng bakeng sa polokeho ya badudi.

3.3. Kabinete e tjhaellese monwana  moralo wa Leano o mabapi le  Ketso ya Moetlo wa lebollo ka hara Aforika Borwa le ho tjhaella monwana  hore Lefapha la Merero ya Setso  le qale ho rala molao wa  naha wa tsa lebollo. Leano lena le se le sebeditswe haholo ka tsamaiso ya dipuisano le  setjhaba le bankakarolo ba amehang.

Leano le fana ka ditataiso tse netefatsang  tshireletso ya  meetlo ya setso ya lebollo la selemo ka seng la bashemane ntle le ho beha polokeho ya bona tsietsing. Sena se etsa karolo ya mehato eo mmuso e e nkang ho  hatella meetlo e amohelehang e nepahetseng. Le ho busetsa boemo bo amohelehang ba maikarabelo ho ba tsamaisang mabollo le batswadi ba romelang bana ba bona mabollong ana.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana  dikgothaletso tse entsweng ke Komiti ya Dipatlisiso  e mabapi le kgwebisano ka manaka a ditshukudu e le e nngwe ya  kgetho ya  ho baballa  mohlape wa naha wa ditshukudu. Dikgothaletso di ile tsa  tshehetswa ke  Komiti ya Boeletsi ba Setekginiki e Kopanetsweng ke Mafapha  le Komiti e Kopanetsweng ya Matona e thontsweng ho batlisisa kgonahalo ya  ho kenya molaong kgwebisano ya matjhaba ya manaka a ditshukudu.

Dikgothaletso di tshehetsa  lewa le kopanetsweng la Aforka Borwa la  katamelo ya bolaodi ba ho rarolla ho tsongwa ho seng molaong ha ditshukudu le kgwebisano e seng molaong ya manaka a ditshukudu. Komiti e kgothaletsa hore mokgwa wa hajwale wa ho boloka  mohlape o ntseng o le teng wa naha  kgahlanong le kgwebisano ka manaka a ditshukudu. Lewa la katamelo la naha le kenyeletsa polokeho; matlafatso ya badudi; taolo ya tswadiso; diphano tsa molao o tla kenngwang tshebetsong ka tsela e hlwahlwa le ho hatellwa; le taolo ya ho batleha ha manaka a ditshukudu.

3.5. Kabinete e tjhaelletse monwana meralo ya dikhoine tsa 2016 tsa sehopotso tse latelang:
a) Letoto la Naha la Khoine ya Tlhaho– Boikitlaetso ba BigCats : ‘The Cheetah’.
b) Letoto la dikhoine tsa Sterling-silver crown le dikhoine tsa tickey ‘Ditshibollo tsa Aforika Borwa–‘Dolosse’.

Meralo ya dikhoine,mmoho le diphatlalatso tsa tsona, di tla hatiswa Koranteng ya Mmuso, mme ebe di tla be se di hlahiswa ka metjha e tlwaelehileng.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Zuma dipakeng tsa la18 le 22 Mmesa 2016 o tla nka maeto a  tshebetso ho ya mebusong ya ditho tsa Kopano ya Makgetho a Madiboho ya Aforika e Borwa (SACU) e kenyeletsang Namibia, Botswana, Lesotho le Swaziland.Maeto a tla ntlafatsa karolo ya bohlokwa

e bapalwang ke SACU bakeng sa ho hodisa momahano ya lebatowa le ntshetsopele ya moruo wa ditho tsa yona kaofela.

4.2. Moporesidente o tla nka leeto la Puso ho etela Riphaboliki ya MaIsilamo ya Iran ka la 23 le 24 Mmesa 2016 ho matlafatsa maqhama a sepolotiki le a moruo pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

4.3. Moporesidente o tla etella pele mekete ya Naha ya Letsatsi la Tokoloho ka la 27 Mmesa 2016 Limpopo, Lebaleng la dipapadi la Giyani tlasa mookotaba: “Mmoho re aha metse e betere–Mebuso ya le hae ke taba ya mang le mang”.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela le makala a mang ho bontsha lerato la naha ka ho nka karolo diketsahalong tse fapafapaneng tsa ho hopola Kgwedi ya Tokoloho.

4.4. Dibekeng tse tlang,Palamente e tla be e tshwara Divoutu tsa Ditekanyetso tsa mafapa ka mafapha. Ba Phethahatso ba mafapha ka ho latelana ba tla be ba hlopholla meralo ya bona ya tshebetso bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2016/17. Ditho tsa setjhaba di tla tsebiswa ka mananeo a mmuso a phano ya ditshebeletso.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Kabinete e amohetse karabelo le kopo ya tshwarelo e ileng ya latela ka Moporesidente Zuma ho kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo mabapi le boimatahanyo le diketso tsa ditokiso tse tekilweng tlalehong ya Mosireletsi wa Setjhaba.

Kabinete e ntse e hlahloba kahlolo bakeng sa ho sheba haeba ho na le mehato e ka nkuwang ho matlafatsa mosebetsi wa Tshebeletso ya Setjhaba.
Kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo e thathiselletsa le ho mafiella demokerasi ya molaotheo ya Aforika Borwa.

5.2. Kabinete e lemohile ketso ya dibanka tse nne tse fanneng ka tsebiso ya ho kwala diakhaonte tsa banka tsa  khamphani e nngwe.Leha Kabinete e ananela dipehelo le maemo a dibanka, diketso tsena di ka sitisa boramatsete ba ka nnang ba ba teng ba ka batlang ho tsamaisa dikgwebo ka hara Aforika Borwa. Kabinete e tsheheditse ntlha ya hore  Matona a Ditjhelete, Mesebetsi le Mehlodi ya Diminerale a tshwanela ho bula dipuisano tse ahang le dibanka bakeng sa ho fihlella tharollo ya nako e telele tabeng ena.

5.3. Kabinete e thoholetsa Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, ya fumaneng  kgau ya matjhaba ya Lefuba ya USAID-TB jwaloka kananelo ya boetapele ba hae mabapi le ntwa ya lefatshe kgahlanong le lefuba (TB) mmoho le ho etella pele boikitlaetso ba Aforika Borwa le ba lebatowa mabapi le ho hlahloba, kalafo le thibelo ya TB; tshwaetso e kopaneng ya TB/HIV le TB e itwanelang ho meriana e mengata.

5.4. Kabinete e amohela ho kgethwa ha Aforika Borwa  ho ba moamohedi wa 2016 wa Kgau ya Tshebeletso e Ipabotseng ya Sedipolomate  ke Lekgotla la Merero ya Lefatshe ho la  Washington,DC. Jwaloka naha ya pele ya Aforika ya ho amohela kgau ena, e ananela  boitlamo bo  babatsehang ba naha mabapi le thuto ya lefatshe, merero ya matjhaba  le dikgokahanyo tsa lefatshe bakeng sa ho hodisa ditabatabelo tsa rona tsa naha.

Kabinete e thoholetsa Letona la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano, Mofumahadi Maite Nkoana-Mashabane, bakeng sa nyehelo ya hae ho dipuisano tsa matjhaba tsa Aforika Borwa, tse kgannwang ke  pono ya “kontinente ya Aforika e kopaneng e nang le kgotso, ya demokerasi, e hlokang semorabe, e hlokang kgethollo ya bong le e tswelang pele, le ho ba e nyehelang ho lefatshe le nang le toka le tekatekano.”

5.5. Kabinete e amohela  thonyo ke Moporesidente Zuma ya Moatefokate Jan Lekhoa Mothibi, jwaloka Hlooho ya Lekala la Diphuputso tsa Sepolesa le Ikgethang, le ho mo lakaletsa tse molemo boikarabelong ba hae bo botjha ba ho lwantsa bobodu le tsamaiso e mamphemphe.

5.6. Kabinete e fetisetsa matshediso a tswang botebong ba pelo ho lelapa la Makwetu le Pan Africanist Congress ka ho hlokahala ha Monghadi Clarence Makwetu. Monghadi Makwetu o tla hopolwa ka nyehelo ya hae e matla le ho intsha sehlabelo bakeng sa mokgatlo wa tokoloho le ho thehwa ha Aforika Borwa e ntjha ya demokerasi. Moporesidente o phatlaladitse Lepato le Ikgethang la Semmuso la Porofense bakeng sa mohale enwa wa ntwa ya tokoloho.

5.7. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona a tswang botebong ba pelo ho lelapa la Naidoo  ka ho hlokahala ha Monghadi Kumaran Naidoo. Monghadi Naidoo e ne e le Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo wa Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo. Pele o ne a sebetsa jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete  wa Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri. Monghadi Naidoo o entse nyehelo e matla  ho taolo ya ditjhelete ka hara Tshebeletso ya Setjhaba.

5.8. Kabinete e hlahisa kananelo ya yona  ka nyehelo e entsweng ke Monghadi William Smith, ya sebeditseng  ho Bongodi ba Kabinete. Monghadi Smith o behile meja fatshe mafelong a Tlhakubele kamora ho sebeletsa  Tshebeletso ya Setjhaba dilemo tse 27.Kabinete e mo lakaletsa tse molemo phomolong ya hae.

6. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Tlaleho ya Khomishene ya Dipatlisiso e mabapi le Dipelaelo tsa Boqhekanyetsi, Bobodu, Boitshwaro bo Bobe kapa Tsamaiso e Mpe ho Pakana ya Lewa la Ditheko la Tshireletso (Khomishene ya Ditheko tsa Dibetsa) e lokolotsweng ke Moporesidente hoseng hona.

Tlaleho e fumane hore ha ho bopaki ba ketso e fosahetseng, tjotjo, boqhekanyetsi kapa bobodu tsamaisong ya theko ya dibetsa. Jwaloka mmuso re amohela sephetho sa Khomishene. Re  hlakotswe bobe kaha esale re bolela ka dilemo tse ngata hore ha ho letho le lebe le etsahetseng le hore theko ena e ne e se na dipelaelo.

Re tshepa hore sephetho se tla kwala taba ena e nkileng nako e telele.

Re kgema mmoho le Moporesidente Zuma mabapi le ho leboha Moahlodi Willie Seriti le Moahlodi Thekiso Musi, dipaki kaofela, ho kenyeletswa le Moporesidente wa mehleng Thabo Mbeki, baetapele ba bopaki, dihlopha tsa semolao, basebeletsi le ba nyehetseng bakeng sa ho etsa hore mosebetsi wa Khomishene o atlehe.

7. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

7.1. Monghadi Siyabonga Gama jwaloka Mohlanka wa Phethahatso wa Sehlopha le Monghadi Garry Pita jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete wa Sehlopha waTransnet.

7.2. Monghadi Lufuno Leslie Nevhutalu jwaloka setho le Modulasetulo wa Boto ya Ntshetsopele ya Indaseteri ya Kaho.

7.3. Monghadi Andile Nongogo jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso wa Bolaodi ba Lekala la Ditshebeletso tsa Thuto.

7.4. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Lekala la Dipalangwang tse Tshelang Madiboho:

a) Monghadi Raymond Dennis Baloyi;
b) Mofumahadi Keitumetse Mahlangu;
c) Mofumahadi Ignatia Dikeledi Sekonyela;
d) Monghadi Mosoenyane Ramathe;
e) Moporofesara Jan Havenga; le
f) Monghadi Lucky LempiditseThekisho.

Dipotso:
Liezil Cerf
Mohala: 076 778 2380

Share this page

Similar categories to explore