Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 1 Hlakubele 2017

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Mmuso

1.1. Kabinete e tshehetsa maitlamo a entsweng ho Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2017 ho ntshetsapele phethoho e matla ya moruo le ho hulela maAforika Borwa a mangata ka hara moruo bakeng sa kgolo e kenyeletsang. Se ka sehloohong ke hore ditekanyetso di ananela hore kgolo e se nang diphethoho e tla sebetsa feela ho matlafatsa mekgwa ya ho se lekalekane ha nako e fetileng.

Kabo botjha ya tshehetso ya thuto, ditshebeletso tsa kalafo le mesebetsi ya bomasepala dibakeng tsa mahae e dula e le tshusumetso ya bohlokwa ya mananeo a rona a tshebediso ya tjhelete.

Diphethoho tsa mokgwa wa ditheko di tswela pele ho ntlafatsa bokgabane ba tshebediso ya tjhelete ya mmuso le ho bula menyetla bakeng sa bonkakarolo ba dikgwebo tse nyenyane.

Dikabelo tsa ditekanyetso di tshehetsa kgolo ya moruo le ntshetsopele: R3.9 bilione bakeng sa dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolo (di-SMME) le dikoporasi; R4.2 bilione bakeng sa meralo ya motheo ya diindaseteri dibakeng tse ikgethang tsa moruo le ditsheng tsa diindaseteri; R1.9 bilione bakeng sa ho kenngwa ha marangrang a inthanete, R3.9 bilione bakeng sa Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindaseteri, le R494 milione ya tlatsetso bakeng sa kgodiso ya bohahlaudi, le R266 milione ho tshehetsa lekala la diphedi tsa metsing le ho fihlella merero ya Moruo wa Mawatle wa Operation Phakisa, le tshebediso ya ditjhelete ho tsa temo, ntshetsopele ya dibaka tsa mahae le tlhabollo ya mobu e ka akanngwang ho se ka fihlang ho R30 bilione ka 2019/20.

Ditekanyetso di bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa diphethoho ka ho hodisa kabo botjha le ho lebisa mehlodi e haellang ho matsete a thusang ho matla a basebetsi le thepa e tshwarehang.

1.2. E le kananelo ya tlhoko ya rona ya ho tsetela bokamosong ba batjha, ditekanyetso di netefatsa hore baithuti ba hlokang tjhelete ba fihlelle thuto. Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS) se fanne ka thuso ya ditjhelete ho baithuti ba fetang 300 000 ba batjha le ba kgutlang bakeng sa ho ithuta diyunivesithing le Dikoletjheng tsa Thuto le Thupello ya Setekgeniki (TVET) ho phatlalla le naha ka selemo sa 2017.

Letlole le lebeletse ho tlatseletsa hape ka baithuti ba 100 000 selemong sena. R15 bilione e abetsweng NSFAS ke mmuso e tla thusa mabapi le ho bebofatsa morwalo wa ditjhelete o tjametseng baithuti ba hlokang tjhelete le ba mahareng ba ka hodimo ho sekepele sa dithuso.

1.3. Ho latela ho thakgolwa ho atlehileng ha Operation Phakisa makaleng a kang a Moruo wa Mawatle, Kalafo le Thuto ya motheo, Moporesidente Jacob Zuma o thakgotse Operation Phakisa bakeng sa Temo, Tlhabollo ya Mobu le Dibaka tsa Mahae ka la 24 Hlakola 2017.

Operation Phakisa e kopiditswe ho tswa ho mokgwa wa Malaysia wa Big Fast Results oo Malaysia o o sebedisitseng ka katleho ho fihlella diphethoho tsa moruo tse potlakileng; mme jwaloka ha ho kgonnwe ho sebediswa ka katleho maemong a Aforika Borwa, jwale o bopa karolo ya kgetsi ya ditaola tsa rona tsa Moralo wa Dintlha tse Robong.

Operation Phakisa bakeng sa Temo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae e reretswe ho fihlella kgolo e kenyeletsang, jwaloka ha ho laetswe ke tjhebelopele ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le ho rera ho nyehela bakeng sa hlasimolla kgolo ya moruo, ho baka tlhahiso ya mesebetsi, le ho fetola mekgwa ya tshebetso ya lekala la temo.

Hape e batla ho netefatsa tekatekano ya phihlello ya mobu, ka bobedi bakeng sa ntshetsopele ya moruo le diphethoho ho tsa temo.

Lenaneo le tla sheba botjha dimotlolo tse teng tsa tshehetso ya bahlahisi le ho hodisa dimotlolo tsa ditjhelete tse reretsweng ho akofisa tlhabollo ya mobu, ha ho shejwa tlhoko e potlakileng ya hore mmuso o etse kgatelopele mabapi le phumantsho ya dijo.

Ho fetafeta moo, lenaneo le reretswe ho sebetsana le ditshita mabapi le ho netefatsa tekatekano ya phihlello ya mobu, ka bobedi bakeng sa ntshetsopele ya moruo le diphethoho ho tsa temo. Tsena di kenyeletsa tlhabollo ya mobu, ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, basebetsi, dijothollo, mehlape, ho jalwa ha dimela le tshehetso ya bahlahisi.

1.4. Ka selemo sa 2016, ho rekotuwe se fetang 10 milione ya ho kena ha bahahlaudi ka hara Aforika Borwa, e leng keketseho ya 13% ho tloha ka selemo sa 2015.

Indaseteri ya rona ya bohahlaudi e atlehang ke bopaki ba tshebedisano e matla pakeng tsa mmuso, mekgatlo ya basebetsi le dikgwebo tse etelletsweng pele ke Lefapha la Bohahlaudi mmoho le Mokgatlo wa Bohahlaudi wa Aforika Borwa ho bula ka botlalo menyetla ya moruo ya thepa ya rona ya bohahlaudi.

Re ipiletsa ho balekane bohle ba indaseteri ho tswela pele ho hodisa le ho kgothaletsa bohahlaudi hore bo tle bo tswele molemo badudi ba lehae ka mesebetsi le ntshetsopele ya Meralo ya motheo.

1.5. Jwaloka tsepamiso ya maikutlo ya Mmuso ho bula bokgoni ba di-SMME le dikgwebo tsa makeisheneng, Aforika Borwa e tla tshwara Khonkerese ya Lefatshe ya Boetapele ba Dikgwebo pakeng tsa la 13 le la16 Hlakubele 2017, Johannesburg. Khonkerese ke kopano ya dintlha tse kopanetsweng tsa bomampodi ba kgakolang e hohelang baemedi ba 4 000 ho tswa dinaheng tse fetang 150.

Baetapele ba mehopolo, baetapele ba dikgwebo, batsetedi, bafuputsi le baetsi ba maano ba e leng karolo ya mokgatlo wa lefatshe ba hodisang boetapele ba dikgwebo jwaloka mohato wa ho aha meruo le ho ntlafatsa thekolohelo ya batho, ba tla ba teng.

Lena ke lekgetlo la pele hore khonkerese e tshwarelwe Aforika mme e fana ka monyetla bakeng sa Aforika Borwa le kontinente kaofela ho hotetsa moya wa yona wa boetapele ba dikgwebo.

1.6. Aforika Borwa e tshwere sehopotso sa qalo ya Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho ka la 1 Hlakubele 2017 tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo: Ke selemo sa ho sebetsa re tshwarane ho Hodisa Ditokelo tsa Botho” ho phahamisa temoso le ho kgothaletsa tlhompho bakeng sa ditokelo tsa botho.

Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho e tla ketekwa ho phatlalla le naha ho fihlela re fihla ho mekete ya naha ka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho ka la 21 Hlakubele 2017 Ginsberg, King William’s Town ho la Kapa Botjhabela.

Letsatsing leo, Moporesidente Jacob Zuma o tla fana semmuso ka setsha sa lebitla sa sehopotso sa Steve Bantu Biko ho ba lelapa la Biko. Sena ke karolo ya ho keteka le ho kgothaletsa tshwarano ho imatahantswe le tjhebelopele ya OR Tambo.

1.7. Kabinete hape e ananetse sephetho sa dipatlisiso tsa pelaelo ya mmomori wa phapanyetsano ya ditjhelete tsa dinaheng tsa ka ntle tsa Khomishene ya Diphehisano le ho emela qeto ya dietsahala tsa Lekgotla la Dinyewe la Diphehisano, ho kenyeletswa diphetho tsa yona le qeto mabapi le kahlolo e nepahetseng.

1.8. Ha re hopola Kgwedi ya Naha ya Metsi ka Hlakubele 2017 tlasa mookotaba: “Ditokelo tsa Botho bakeng sa Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere”, maAforika Borwa kaofela a hopotswa ho baballa metsi ho netefatsa boteng ba ona ba moshwelella ba phepelo ya kamoso.

Kabinete e tsebisitswe ka tshisinyo ya Mokgatlo wa Thuto ya Saense le Botjhaba ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNESCO) ho tshwarela Letsatsi la Lefatshe la Metsi Aforika Borwa ka la 22 Hlakubele 2017 tlasa mookotaba: “Metsi a ditshila, mohlodi o so kang o sebediswa”.

Moporesidente Jacob Zuma eo e leng setho sa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng sa Phanele ya Maemo a Hodimo ya Moralo wa Tshebetso wa Metsi o tla bula ketsahalo ena, ka ho thakgola Tlaleho ya Ntshetsopele ya Metsi a Lefatshe ya selemo sa 2017 mabapi le metsi a lahlwang le mesebetsi e amehang.

1.9. Kabinete e amohela kgatelopele e entsweng mabapi le phepelo ya furu ho tshehetsa borapolasi dibakeng tse anngweng ke komello ka hara naha. Boikitlaetso bona ke karolo ya R212 milione ya tshehetso, eo mmuso o e ntshitseng ka 2016/17 ho thusa borapolasi ba amehang ho phatlalla le naha.

Diporofense hape di ntshitse R198 milione ka letlole la karolelano e lekalekanang, le matlole a tswang lenaneong la Thibelo le Pebofatso ya Kotsi ya Dikoduwa a ileng a sebediswa ho phunya dipetse le ho aha dikotopo tsa ho thibela mello.

1.10. Bakeng sa ho thusa ka mathata mabapi le phumantsho ya metsi ka hara Kapa Bophirima, ho lokelwa ho etsa maiteko a ho fana ka botsitso bo boholo ka tsela ya mehlodi ya tlatsetso ya phepelo ya metsi e lokelang ho ba malala-a-laotswe haeba ho keke ha etsahala hore ho be le metsi a lekaneng bakeng sa sehla sena.

Ho tswela pele ho thibela tshenyo ya metsi, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tsebisitse lekala la temo ka dithibelo tsa tlatsetso tsa10% tsa metsi. Dithibelo tsa metsi di tla dula jwalo ho fihlela matamo a tlala ka 85% ya mothamo wa ona.

1.11. Ha naha e thabela dipula tse batlehang haholo tse tla thusang haholo mabapi le ho imolla naha ho ditlamorao tsa komello, matamo le dinoka di bontsha matshwao a ho phahamisa methamo. Kgonahalo ya dikgohola tse kotsi e sa le hodimo.

Re ipiletsa ho badudi ho dula ba fadimehetse dikgohola tse kotsi tse ka lebisang tahlehelong ya bophelo, tshenyo ya thepa le ya meralo ya motheo. Mmuso le makala a ona a behile maemo leihlo mme a malala-a-laotswe ho sebetsa moo ho hlokahalang.

1.12. Moporesidente Jacob Zuma o tla fana ka puo ya hae ya selemo ka seng ho Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso ka la 3 Hlakubele 2017.

Ho tswa Puong ena ho tla hlahiswa Lenaneo la Tshebetso le ho kenngwa tshebetsong ke Ntlo eo le Lefapha la Merero ya Setso. Pulo ya semmuso ya ntlo ena hape e tla keteka dilemo tse 20 esale e thehwa.

1.13. Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele kemedi ya mmuso wa Aforika Borwa ho Seboka se sa Tlwaelehang sa Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC) ka la 18 Hlakubele 2017, Boreneng ba Swatsing.

SADC e tswela pele ho sebetsa jwaloka sesebediswa sa mantlha bakeng sa leano la dinaheng tsa ka ntle la Aforika Borwa ho fihlella ntshetsopele ya Lebatowa le momahano ka hara lebatowa la rona.

Ho lebeletswe hore Seboka se tla buisana ka, hara tse ding, boemo ba kgotso le tshireletso ka hara lebatowa, ka ho tsepamisa maikutlo ka ho qolleha hodima tse ntseng di etsahala ka hara Naha ya Borena ba Lesotho le Riphabliki ya Demokerasi ya Congo le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Lewa o Shebilweng Botjha wa Lebatowa.

Aforika Borwa jwaloka Modulasetulo ya tla tshwara marapo a SADC e rerile ho tshwara Seboka sa SADC se Tlwaelehileng ka Phato 2017.

1.14. Ka la 8 Hlakubele Moporesidente Jacob Zuma o tla nka Leeto la Semmuso la Puso ho ya Indonesia. Ka bobedi Aforika Borwa le Indonesia ke e meng ya meruo e meholo mabatoweng a yona ka ho latelana, le ho putswa ka leruo la mehlodi ya tlhaho le ya mawatle.

1.15. Sena se tla etellwa pele ke Seboka sa Baetapele sa Mokgatlo wa India wa Mawatle wa Rim (IORA) ho tloha ka la 6 ho isa ka la 7 Hlakubele 2017, seo hape se tla hopola ho qeta dilemo tse 20 tsa IORA. Sebokeng sena, Moporesidente Joko Widodo o tla fana ka bodulasetulo ba IORA ho Aforika Borwa.

Aforika Borwa le Indonesia ka bobedi ke ditho tsa motheo tsa IORA, e nang le dipuso tse 21 tsa mabopong a Lewatle la India. Aforika Borwa e sebeditse jwaloka Motlatsi wa Modulasetulo ho tloha ka selemo sa 2015 ho isa maqalong a selemo sa 2017 mme e tla sebetsa jwaloka Modulasetulo ho tloha ka selemo sa 2017 ho isa ho sa 2019.

2. Diqeto tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa koranteng ya mmuso ha moralo wa Leano la Bolaodi ba Metsi a Merafo bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bolaodi ba Metsi a Merafo, ho kenyeletswa Mokgwa wa ho Monya Esete ya Merafo, e dula e le phephetso e kgolo ya tikoloho.

Leano le fana ka motheo wa ho beha boikarabello ho ba molato wa dikgahlamelo tse mpe le tshenyo e entsweng ke tshilafalo e amanang le mokgwa wa ho Monya Esete ya Merafo le/kapa dikgahlamelo dife kapa dife tse ka amanngwang le yona. Leano hape le reretswe ho sisinya mekgwa eo dikhampani tsa merafo di lokelang ho fatolla mawala bakeng sa ho laola metsi a bona.

2.2. Kabinete e tsebisitswe ka tlaleho ya kgatelopele ya Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya Tsoseletso ya Metse ya Merafo e nang le Mathata mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha diphetho tse tswang ho leeto la Diphuputso tsa Mehlala ya Indaseteri ya Merafo ya Australia ka la 24 ho isa ho la 28 Phato 2015.

Leeto la diphuputso mabapi le sena le theilwe hodima Tekolo ya Kapele ya Leano le Ditsamaiso tsa Bolaodi tse Laolang Lekala la Merafo tse bapisitseng leano le meralo ya molao tse laolang lekala la merafo hammoho le mesebetsi ya dikhamphani tsa merafo tsa Australia, Chile, Aforika Borwa le Zambia.

Dintlha tse ka sehloohong di kenyeletsa bolekane pakeng tsa mmuso le dikhamphani tsa merafo mabapi le ho fana ka bodulo bo hlomphehang le maemo a bodulo a basebeletsi ba merafo le ditho tsa badudi; Tjhebo-botjha ya dipolante tsa tlhwekiso ya metsi ya dikhamphani tsa merafo e ntse e etswa bakeng sa ho hlahloba kgonahalo ya bolekane ba meralo ya motheo.

Ntshetsopele ya meralo ya phethoho ya dibaka tsa bodulo tsa ditoropo tsa merafo e se e phethetswe bakeng sa bomasepala ba bahlano.

Diporojeke tse thusang tsa ntshetsopele ya moruo di ntse di kenngwa tshebetsong dibakeng tse fepelang ka basebetsi, ho toboketswa ntlha ya ho ntlafatsa lekala la temo metseng ya merafo; le ho akofisa phihlello e eketsehileng ya dihlahlobo tsa bongaka bakeng sa basebetsi ba mehleng ba merafong, ditho tsa badudi le basebetsi ba hajwale ba merafong.

Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa Lefapha la Mesebetsi le la Mehlodi ya Diminerale ho hlahloba dimotlolo tse fapaneng tsa dipalangwang tsa merafo ya Australia ho thusa basebetsi ba merafong ba Aforika Borwa ba tswang dibakeng tse hole ho etela malapeng kgafetsa.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana hore Lefapha la Bophelo bo Botle le sebetse mmoho le Lefapha la Mehlodi ya Diminerale le balekane ba bang mabapi le phano ya ditshebeletso tsa tshehetso ho sebetsana le malwetse a mosebetsing, ka morero wa ho fokotsa le ho thibela diphephetso tsa kalafo tsa mosebetsing tse amehang.

Ho entswe kopo ya hore Lefapha la Bodulo ba Batho le akofise ho kenngwa tshebetsong ha diporojeke tse kopanetsweng tsa bodulo ba batho ka tshebedisano le dikhamphani tsa merafo.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana moralo wa ntlafatso o thehilweng hodima diphetho le dikgothaletso tsa hlahlobo ya matahanyo ya hore haeba phano ya bodulo e tshehetswang ke mmuso e sebetsane le bofuma ba thepa bakeng sa malapa le bomasepala ba lehae.

Ho fannwe ka matlo a fetang 3 milione ka lenaneo la mmuso la bodulo.

Ho fanwa ka matlo a 2.8 milione ka tshehetso e kgolo ya ditjhelete e fanang ka matlo ka bo mong ho malapa a fumanang lekeno le ka tlase ho R3 500 ka kgwedi. Bopaki bo tiisa hore bodulo ke karolo ya bohlokwa ya pakana ya moputso wa kahisano le mokgwa wa tshireletso ya malapa.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana tlaleho ya ho Kenngwa Tshebetsong ha Tekolo ya Lenaneo la Dibasari la Funza Lushaka hammoho le Karabelo ya Bolaodi le Ntlafatso ho tswa ho Lefapha la Thuto ya Motheo. Sena e ne e le karolo ya Moralo wa Naha wa Tekolo wa 2014/15.

Kabinete e tjhaelletse monwana hore Lefapha la Thuto ya Motheo le nne le sebedise Lenaneo lena le thehilweng ka selemo sa 2007 ho eketsa phepelo ya matitjhere a nang le bokgoni a nang le tsebo e ikgethang ya dithuto tse ka sehloohong. Lefapha hape le tla sekaseka ho atiswa le tlatsetso ya Lenaneo lena.

Bopaki bo bonahalang bo bontsha hore moralo wa Lenaneo o lokile ho ka dikateng tsa lona tsa sepolotiki, moruo le tsa kahisano. Hape le nepahetse haholo ho ya ka tikoloho e rarahaneng eo le kenngwang tshebetsong ho yona. Lenaneo le kentse tshebetsong dintlafatso tse tswellang leweng la lona, ho kenyeletswa ho tsebahatswa ha tsamaiso ya ho thaotha e itshetlehileng hodima ditereke ka 2012. Le entse nyehelo ya bohlokwa ho keketseho e babatsehang ho boingodiso ba sethathong ba thuto ya matitjhere.

2.5. Kabinete e tsebisitswe ka Moralo wa Lenaneo la Boqhwala le ho tjhaella monwana teko ya Lenaneo la ho se Lekalekane ho tsa Boqhwala. Kabinete hape e tshehetsa ho qhaqhollwa ha tlhahisoleseding e phatlalletseng ya mmuso mabapi le bong, boqhwala le dilemo.

Lenaneo la ho se Lekalekane ho tsa Boqhwala ke sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa ho sala morao ho se lekalekane pakeng tsa batho ba nang le boqhwala le ba sa qhwalang, le ho fana ka tekolo ya boemo bo hodimo ya ho methwa ha sekgeo sa ho se lekalekane. Sena se thusa ka ho tsitlallela boitshunyako ba mmuso bo kenyeletsang haholo.

Motjha wa ho qhaqholla o tla thusa ka dikarabelo tsa ka nako ho diphihlello tsa dikotsi tse matla. Ho lokisa Maano le dintlafatso ka botsona, di keke tsa fokotsa ho se lekalekane, ntle le ho methwa ho hlohlomisitsweng le ho sa fetofetoheng ha sekgeo sa ho se lekalekane.

2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Ditsebi tsa Ditshebeletso tsa Kahisano, la selemo sa 2016. Sephetho se ka sehloohong ke phano ya ditshebeletso tsa ntshetsopele tsa kahisano tse arabelang le ho ba tsa boleng, ka taolo ya ditsebi tsa tshebeletso ya kahisano.

Sena se bopa moralo o kgontshang o tla batalatsa maemo a mohlodi wa basebeletsi wa lekala la ntshetsopele ya setjhaba, hore ho tle ho ntlafatswe tlhokomelo le tshireletso ya dihlopha tse kotsing.

Ho na le tlhokeho ya mofuta o fapafapaneng wa ditsebi tsa tshebeletso ya kahisano ho kenyeletswa le ditsebi tsa ntshetsopele ya badudi, bahlokomedi, le ditsebi tsa Thuto ya Ntshetsopele ya Bana ba Lokisetswang Sekolo; ho arabela ho diphethoho tsa molao, ditlhoko tse fetohang tsa badudi, le maemo a moruo wa kahisano ka hara lekala la ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana Taelo ya ho Tiisetsa Mekgahlelo e meng ya Basebeletsi ba Ikgethileng ba Lokelang ho Pepesa Dikgahleho tsa bona tsa Ditjhelete, e tla kenngwa tshebetsong ho tloha ka la 1 Mmesa 2017.

Dikotsi tsa taolo e hlwahlwa tse bakwang ke maemo a kgohlano ya dikgahleho ha a ya tjamelana feela le batho ba tshwereng maemo a phahameng a bolaodi. Mokgwa wa Pepeso o ntse o sekwasekwa botjha ho thusa mokgahlelo wa basebeletsi ba bang ho pepesa dikgahleho tsa bona tsa ditjhelete ka inthanete le hore motjha wa netefatso o etsahale maemong a mafapha.

2.8. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Naha Tatelliso e Ngotsweng ya Mokgahlelo 3 ya Aforika Borwa mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Khonvenshene ya OECD ya Twantsho ya Tjotjo le Bahlanka ba Mmuso ba Melata ho Ditumellano tsa Kgwebo tsa Matjhaba (Khonvenshene e Kgahlanong le Tjotjo).

Tlaleho e teka mekutu e kopanetsweng ya mmuso ya ho lemoha, ho fatisisa le ho tjhutjhisa dinyewe tsa melata tsa tjotjo. Khonvenshene ena e tsapamisitse maikutlo ho tshebediso ya molao wa ka hara naha ho etsa hore tjotjo ya bahlanka ba melata e be tlolo ya molao. Sena se sebetsa hodima tjotjo e bonahalang le e ipatileng, empa se sa kenyeletse tjotjo ya ka botlalo ya ka hara naha le tjotjo moo moamohedi wa molemo ka kotloloho kapa e seng ka kotloloho e seng mohlanka wa mmuso.

Mokgahlelo 1 o ne o tsepamisitse maikutlo hodima ho hlwauwa ha disebediswa le mekgwa eo dinaha di e sebedisang ho lwantsha tjlotjo ya melata. Mokgahlelo 2 o ne o tsepamisitse maikutlo hodima tshebediso le bohlwahlwa ba disebediswa le mekgwa.

Mokgahlelo 3 o ne o batla ho tiisetsa kgahlamelo ya naha ya ho amohela Khonvenshene. Mokgahlelo 4, o qadileng ka selemo sa 2016, o tsepamisitse maikutlo hodima dintlha tsa dihlopha tse ka sehloohong tse phatlaletseng tse amanang le mekutu ya qobello le diphethoho ho melao ya ka hara naha kapa moralo wa ditheo tsa Mekga.

2.9. Kabinete e tjhaelletse monwna mekgwa e sisintsweng e tekilweng ho Ntlha ya Kgwebo ya ho lokisa maemo a Lefapha la Merero ya Lehae. Lefapha le lokela ho behwa ka hara maemo a tsamaiso ya tshireletso a puso hore le tle le nyehele ho tshireletso ya naha le ho kgona ho tshireletsa batho ba lona, ditsamaiso le datha.

Sena se tla thusa lefapha hantle bakeng sa ho fana ka ditshebeletso ho ya ka thomo ya lona ka botlalo jwalo ka sethusi se hlokolosi sa ntshetsopele ya moruo e kenyeletsang, tshireletso ya naha, phano e hlwahlwa ya ditshebeletso le tsamaiso e hlwahlwa.

2.10. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa e lokolle tlaleho ya naha ya dipalopalo tsa botlokotsebe bakeng sa kgwedi-tharo ya 2016/17. Jwaloka ha ho le setlwaeding bakeng sa tlaleho ya selemo ka seng ya botlokotsebe, tlaleho ena e tla akaretsa sekgahla sa porofense le sa naha sa botlokotsebe.

Dipalopalo tsa botlokotsebe di hlahiswa ho tswa ho tlhahisoleseding ya botlokotsebe e rekotuweng boemong ba diteishene tsa sepolesa.

Ho lokollwa ha kotara ka nngwe ho tla thusa mmuso ho disa dipheo tsa ona tse ka sehloohong, ka ho qolleha phokotso ya diketso tse mpe tsa botlokotsebe tse tlalehilweng, jwaloka ha ho tekilwe ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) mme hape ho ka sebediswa jwaloka temoso ya ka nako ya ho matlafatsa ditshebetso tsa thibelo ya botlokotsebe le mawa a mmuso.

2.11. Kabinete e tsebisitswe ka maikemisetso a Letona la Sepolesa a ho phatlalatsa tshwarelo ho ya ka Molao wa Taolo ya Dithunya, 2000 (Molao wa bo-60 wa 2000), bakeng sa nako ya dikgwedi tse tsheletseng ho phahamisa bonkakarolo ba badudi, mme e tla qala ka la 1 Mmesa 2017 le ho fella ka la 30 Loetse 2017.

Tshwarelo e tla fokotsa ho potoloha ha dithunya tse seng molaong eo ka ho le leng e tla baka phokotseho ya diketso tsa botlokotsebe tse amang batho.

Tshwarelo e tla tsepamisa maikutlo hodima beng ba dithunya le/kapa mahlaaahlela ka hara Aforika Borwa:
a) Batho ba nang le dithunya le/kapa mahlaahlela tse seng molaong tse ntseng di le teng, ho kenyeletswa le tseo di sebedisitsweng ketsong e le nngwe kapa ho feta ya botlokotsebe; le
b) Batho ba sietsweng lefa la dithunya le/kapa mahlaahlela mme ba hlolehile ho imatahanya le dipehelo tsa Molao wa Taolo ya Dithunya.

2.12. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Naha le Kgahlanong le Maqulwana ho sebetsana le maqulwana le mesebetsi ya yona kaofela ka tsela ya katamelo ya mekgwa kaofela ya mmuso. Sena se tsamaelana le NDP ho netefatsa hore batho ba phelang ka hara Aforika Borwa ba ikutlwa ba bolokehile malapeng, dikolong le mesebetsing, le ho thabela bophelo ba metseng ntle le ho tshoha. Sena hape se ananela hore botlokotsebe le merusu ha se feela taba ya tshireletso, empa di na le ditlamorao tse tebileng tsa metso ya kahisano le moruo.

2.13. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya naha ya mokgahlelo wa bo-3 ya Aforika Borwa ya Lefatshe ya Tjhebo-botjha ya Nako-le-Nako, e tla hlahiswa bakeng sa tekolo ke Moifo wa Tshebetso wa Lefatshe wa Tjhebo-botjha ya Nako-le-Nako, ho Lekgotla la Ditokelo tsa Botho la (UN) ka Motsheanong 2017.

Tlaleho e bontsha kgatelopele e entsweng ke Aforika Borwa mabapi le ho fihlella ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa mantlha tse ka hara Molaotheo.

Tjhebo-botjha ya Lefatshe ya Nako-le-Nako ke motjha o ikgethang o kenyeletsang tekolo ya direkoto tsa ditokelo tsa botho tsa Ditho tsa Dipuso kaofela tse 193 tsa UN hang dilemong ka nngwe tse nne.

E fana ka monyetla bakeng sa Dipuso kaofela ho phatlalatsa mehato eo di e nkileng ho ntlafatsa maemo a ditokelo tsa botho dinaheng tsa tsona le ho hlola diphephetso tse kgahlanong le ho utlwa monate wa ditokelo tsa botho. Hape e kenyeletsa ho arolelana mekgwa e betere ka ho fetisisa ya ditokelo tsa botho lefatsheng ho pota.

2.14. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Pele ha Tlaleho ya Naha ya Dilemo ka ding tse Nne ya Khonvenshene ya selemo sa 2005 ya Tshireletso le Kgothaletso ya ho Ipabola ka Botjhaba bo Fapaneng, ho UNESCO.

Khonvenshene e ananela hore thepa ya botjhaba le ditshebeletso di fetisa boitsebiso, maitshwaro le moelelo. Botjhaba bo na le bokgoni ba ho ba se nyehelang ka ho fetisisa ho moruo, momahano ya kahisano le phediso ya bofuma.

Ditshupane tsa katleho ke ho sebedisa mawa a mane a tshehetsanang: Lewa la Mzansi Golden Economy; Lewa la Momahano ya Kahisano; NDP le Lewa la Tsela e Ntjha ya Kgolo; le makala a thehilweng ka botlalo a nang le Diboto a Lefapha la Bonono le Botjhaba. Aforika Borwa hape e entse kgatelopele e babatsehang mabapi le ho ananela bohlokwa ba dipuo tsa ka hara naha mabapi le leano le molao.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Ditheo tsa Naha tsa Kalafo ya Setjhaba tsa Aforika Borwa bakeng sa ho tekwa Palamenteng. E fana ka ho thehwa ha Ditheo tsa Naha tsa Kalafo ya Setjhaba tsa Aforika Borwa (NAPHISA), mesebetsi ya yona, matla le tshebetso.

NAPHISA e reretswe ho fana ka bodisa bo kopanetsweng le ho hokahanngwa ha malwetse le ditemalo, diphuputso, ho beha leihlo la hlahlobo ya ditshebeletso le boitshunyako tse lebisitsweng ho mathata a ka sehloohong a kalafo ya setjhaba a amang batho ka hara Aforika Borwa. Sena se tla eketsa bokgoni ba ho beha leihlo malwetse a tshwaetsang, a sa tshwaetseng le ditemalo, bo tla thusa ka temoho ya ka nako, thibelo le karabelo maemong ana. Qetellong sena se tla nyehela ho taolo ya malwetse le phokotso ya ho kula le mafu.

NAPHISA e tla ba mohlodi wa naha o sebeletsang kgahleho ya kalafo ya setjhaba mme e reretswe ho fana ka tsamaiso ya tshireletso ya tsa kalafo e tsepamisitseng maikutlo ho phumantsho, tekatekano, bokgabane le boleng.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Sehlomathiso sa Bili ya Laboratori ya Tshebeletso ya Kalafo ho tekwa Palamenteng. Sena se fetola Molao wa Tshebeletso ya Laboratori ya Naha ya Kalafo, wa selemo sa 2000 (Molao bo-37 wa 2000).

Dihlomathiso tse sisintsweng di batla ho ntlafatsa taolo, boikarabelo, le boikemelo ba ditjhelete ba moshwelella ba Tshebeletso ya Laboratori ya Naha ya Kalafo.

Sena se tla thusa tshebeletso ya naha ho fana ka ditshebeletso tsa laboratory tsa popolo ka tsela e bolokang ditjeho ka bokgabane le bohlwahlwa bo boholo, e le ho eketsa boleng ba tlhokomelo ya bongaka e fuwang bakudi ka bolaodi ba bongaka ba ka nako le bo lekalekanang.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Sehlomathiso sa Bili ya Batho ba Baholo, ya selemo sa 2016 e phatlalatswe bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e fetola Molao wa Batho ba Baholo wa bo-13 wa 2006. Dihlomathiso di etsa tshupiso ka botlalo ho tshireletso le mekgwa ya boimatahanyo e tla nyehela bakeng sa ho fana ka tikoloho e bolokehileng le e tshireletsang bakeng sa batho ba baholo.

Dibili di rerile ho matlafatsa mekgwa ya bodisa le hlahlobo hodima ditshebeletso ho batho ba baholo ka ho kenya tshebetsong mekgwa e hlwahlwa ya qobello bakeng sa ho se imatahanye ho kenyeletsang ho behwa ha dikahlolo.

Sena se tla netefatsa hore batho ba baholo ba fumantshwa ditshebeletso tsa boleng tse kang tlhokomelo ya tsa kahisano, kalafo, tlhokomelo e itshetlehileng hodima badudi, le ya matlong.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Phahamiso ya Mokotla, ya selemo sa 2016 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Ho feta moo, Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa ho tlosa molao wa matlole a ntseng a le teng le matlafatso ya thepa ya ona le ditahlehelo hore di be Letloleng le le leng.

Bili e fetola Molao wa Phahamiso ya Mokotla, wa 1978 o siilweng ke nako.

Bili e ngotla dikarabelo ho dikoduwa le ho dumella ho fediswa ha pebofatso ya dikoduwa le mawa a tswelopele ka matlafatso ya matlole a ntseng a le teng ho kenyeletswa le thepa le ditahlehelo tsa lona hore e be Letlole le le leng La Ntshetsopele ya Setjhaba la Naha le Diphallelo. Bokgoni ba ho phahamisa mokotla ba Molao ona bo tla tsoseletswa mme letlole le keke la kgona feela ho sebetsa ha ho hlokwa phallelo ya kahisano, empa le tla sebetsa ho bebofatsa dikotsi le ho ntshetsapele badudi.

3.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Naha ya Melao ya Bolaodi ba Tikoloho, ya selemo sa 2016 Palamenteng. Sena se fetola Molao wa Naha wa Tikoloho, wa 1998 (Molao wa bo-107 wa 1998) hammoho le Melao e Ikgethileng ya Bolaodi ba Tikoloho.

Sena se tla matlafatsa: Bolaodi ba tikoloho bo kopanetsweng; tsamaiso e le nngwe ya bolaodi ba tikoloho; mekgwa ya boimatahanyo le qobello; phapang ya tsa tlhaho le paballo ya yona; bolaodi ba boleng ba moya; bolaodi ba matlakala; le bolaodi bo kopanetsweng ba mabopo a lewatle.

3.6. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa hore Bili ya Moralo wa Taolo ya Dithuo tsa Mobu wa Temo, ya selemo sa 2017 e phatlalatswe bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Tlhabollo ya Mobu e ya hlokahala bakeng sa ho bula bokgoni ba lekala la temo le itsekang, le holang le le hlahisang mesebetsi.

Hara tse ding, Bili e fana kgahlamelo bakeng sa ho thehwa ha Khomishene ya Mobu e tla netefatsa tikoloho e nang le ponaletso le taolo e sebetsang bakeng sa tlhahiso le tshebediso ya tlhahisoleseding e tsamaelanang le thuo le tshebediso ya mobu wa temo.

Sena se tla ntlafatsa bokgoni ba puso ba ho beha leihlo le ho hlahloba boimatahanyo ba yona le tshupiso ya molaotheo ho netefatsa hore thuo ya mobu le diphethoho tse amehang, ka morero wa ho nka mehato ya ho lokisa sephetho sa kgethollo ka merabe sa mehleng.

Sena se nyehela ho tjhebelopele ya NDP bakeng sa tsoseletso ya dibaka tsa mahae, kgolo ya moruo e kenyeletsang le phokotso ya bofuma e itshetlehileng hodima ho hlahiswa ha phumantsho e lekanang ya mobu le tshireletso ya thuo bakeng sa maAforika Borwa kaofela.

3.7. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Ditsebi tsa Thepa, ya selemo sa 2016 Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e tlosa Molao wa Merero ya Barekisi ba Matlo, wa 1976 (Molao wa bo-112 wa 1976) wa hajwale.

Bili e arabela ho maemong a ntseng a fetoha a mmaraka le ditsela tsa tshebetso, le ho tsitlallela ho fana ka tikoloho e kgontshang bakeng sa ho matlafatsa mesebetsi ya moruo ka hara mmaraka wa thekiso ya matlo.

Hape e sebetsana le tlhokeho ya ho matlafatsa boimatahanyo le qobello, hammoho le ho netefatsa diphethoho ka hara lekala lena le ho laola mekgwa le boitshwaro ba ditsebi tsa thepa.

Sena se maatahantswe le NDP e etsang boipiletso ba diphetho tsa bodulo ba batho le moruo wa naha wa sebaka ka, hara tse ding, tjhebo-botjha ya maano a bodulo le meralo ya molao bakeng sa ho fihlella ditokelo tsa molaotheo ka tsela e betere.

Sena se tla netefatsa hore phano ya matlo e sebediswa ho fetola botjha ditoropo le metsemeholo le ho matlafatsa menyetla ya ho iphedisa ya malapa.

3.8. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Pepeso ya Dikadimo tsa Theko ya Matlo, ya selemo sa 2016 hore e phatlalatswe bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e fetola Molao wa Pepeso ya Dikadimo tsa Theko ya Matlo, wa selemo sa 2000 (Molao wa bo-63 wa 2000).

Bili e sebetsana le diphephetso tsa bodulo ba batho tse hlwauweng ho NDP. Sena se kenyeletsa: mekgwa e sa sebetseng hantle ya bodulo ho phatlalla le naha; diphephetso tse tjametseng ditoropo le metsemeholo; meralo e fokolang ya dibaka le bokgoni ba taolo.

Bili e reretswe ho fana ka thuso ya ditjhelete ya matlo e leng se kgemang le karolo 26 ya Molaotheo, e bolelang hore “mang le mang o na le tokelo ya ho ba le ntlo e tshwanelehang”.

E tswela pele ho matlafatsa Kantoro ya Pepeso ho amohela le ho fuputsa ditletlebo tse mabapi le dikadimo tsa ditjhelete tsa matlo. Sena se tla kgothaletsa boimatahanyo ba ditsha tsa ditjhelete le ho nyehela bakeng sa ho matlafatsa mekgwa le ditlwaelo tsa dikadimo tsa ditjhelete ke ditheo tsa ditjhelete mabapi le dikadimo tsa ditjhelete tsa matlo.

3.9. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Moralo wa Boetapele ba Setso le Puso, ya selemo sa 2016, Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Sena se fetola Molao wa Moralo wa Boetapele ba Setso le Puso, wa 2003 (Molao wabo- 41 wa 2003).

Dihlomathiso di sebetsana le diphephetso tse amanang le molaotheo le popo botjha ya dibopeho tsa boetapele ba setso le, moo di sebetsang, ho fediswa ha dibopeho tse itseng.

Sepheo ke ho netefatsa popo botjha e nepahetseng ya boetapele ba merabe jwaloka makgotla a setso; ho thehwa ha makgotla a borena le bofumahadi; le ho fedisa balaodi ba metse.

3.10. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa Bili ya Bonamodi ba Matjhaba hore e hlahiswe Palamenteng. Sepheo sa Bili ke ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso tsa toka ho netefatsa phihlello ya sepheo sa NDP sa ho atolosa kgwebisano le matsete le ho beha Aforika Borwa maemong a matle a lefatsheng.

Bili e kenyeletsa Motlolo wa Molao wa Bonamodi ba Kgwebo ba Matjhaba, jwaloka ha e amohetswe ke Khomishene ya UN ya Molao wa Matjhaba wa Kgwebisano. Sena se ka sebediswa ke borakgwebo ho rarolla dikgang tsa kgwebo tsa matjhaba le ho ya ka hore ke mekga efe e tla thola meputso ya bonamodi e qobellehang semolao. Mohato o jwalo o ka nyehela ho kgolo ya moruo e eketsehileng le matsete hammoho le ho netefatsa hore Aforika Borwa ke sebaka se hohelang bakeng sa mekga ya lefatshe ho pota ho rarolla dikgang tsa yona tsa kgwebo.

4. Dintlha tsa Tikoloho ya hajwale

4.1. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho ipiletsa bakeng sa ho theola moya hara ditsitsipano pakeng tsa a mang a maAforika Borwa le melata. Merusu e feleheditsweng ke boipelaetso ba haufinyana tjena Tshwane ha bo amohelehe mme ha bona sebaka demokerasing ya rona. SAPS e malala-a-laotswe ho fana ka karabelo e potlakileng ho diketsahalo tsa merusu le ho utswa.

Botlokotsebe ke sera sa rona kaofela mme ka ho sebetsa mmoho re ka sebetsana le dintlha tse tshwenyang metse ya rona. Leha ho le jwalo ha ho sebaka sa diketsahalo tsa merusu kapa ditshoso. Ha ho matshwenyeho a ka etsang hore badudi ba inkele molao matsohong.

Ka ho ipapisa le molao re ka etsa hore metse ya rona e bolokehe le ho tshireletseha ho feta. Baahi ba tshwanela ho sebetsa le SAPS le makala a mang a qobello ya molao ho tsomula botlokotsebe metseng ya rona.

4.2. Mmuso o ananela matshwenyeho a bathothi ba mashala ba konteraka mabapi le kgahlamelo eo diporejeke tsa eneji e ka ntjhafatswang botjha di ka bang le yona ho phepelo ya mashala ho Eskom, e ka amang mesebetsi ka hara indaseteri ya bona. Mmuso o ikemiseditse ho kena dipuisanong tse ahang le baetapele ba semolao ba indaseteri ya dilori tsa mashala ho sebetsana le dintlha tsena.

Mmuso o tshwanela ho sebetsa ka boikarabelo meralong ya ona ya eneji ho netefatsa phepelo ya moshwelella le e kgonehang ya eneji. Tsamaiso e tshepetse ho motswako wa morwalo wa mantlha (mashala le nyutleleya) le phepelo ya nako le nako ya motlakase (o ntjhafatsehang le kgase). Ho totobetse ho tswa ho moralo wa selemo sa 2016 wa Moralo o Kopanetsweng wa Mehlodi hore Aforika Borwa e tla tswela pele ho kenya motlakase wa mashala ka hara motswako ona.

4.3. Kabinete e ananela taelo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Gauteng Leboya mabapi le qeto ya Aforika Borwa ya ho ikgula ho Lekgotla la Dinyewe tsa Botlokotsebe la Matjhaba (ICC). Kabinete e ya tseba hore Palamente e ntse e sekaseka mohato wa tshebetso o tshwanetseng.

Kabinete e ikobela taelo ena mme e se e thehile moifo wa tshebetso wa setekginiki ho hlahisa mmapa wa boimatahanyo.

4.4. Molaodi ya ka Sehloohong wa Lebotho la Naha la Tshireletso ya Aforika Borwa Moporesidente Jacob Zuma o ne a tshwere marapo moketeng wa bo-5 wa Letsatsi la Mabotho a Hlometseng o neng o tshwaretswe Durban mabapi le sehopotso sa dilemo tse 100 tsa ho teba ha SS Mendi se neng se tshwaretswe Engelane ka tatelano.

Kabinete e hlompha le ho hopola ditho tsa Lebotho la Basebetsi ba Batala la Aforika Borwa ba lahlehetsweng ke maphelo a bona nakong ya kotsi e mpe ka ho fetisisa ya lewatleng nalaneng ya sesole sa Aforika Borwa. Bana e ne e le banna ba sebete ba neng ba arabetse pitso ya boetapele ba Boimpheriale ka nako ya ho sebetsa.

4.5. Ho latela ho hlwauwa ho matla ha tlhaselo ya sesenyi se bitswang Seboko sa Hwetla, mmuso o eteletswe pele ke Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi o tswela pele ka hlahlobo ya ho phatlalla le tshenyo, hammoho le mehato ya tlhokomediso bakeng sa ho fa dihwai tlhahisoleseding ya setekginiki e nepahetseng le mekgwa ya taolo hammoho le ho netefatsa boingodiso ba tshohanyetso ba dikhemikhale tsa temo.

Lefapha hape le qadile sehlopha sa tshebetso sa twantsho ya disenyi, se kopanang kgafetsa ho lekola kgatelopele le sephetho le mafapha kaofela a temo a diporofense, ditho tsa indaseteri le mekgatlo ya diphuputso. Moralo wa Karabelo ya Tshohanyetso ho Disenyi tsa Dimela wa Aforika Borwa, o sebetsanang le ho hlwauwa ha disenyi tse ntjha, o se o ntse o le motjheng bakeng sa ho lwantsha sesenyi sa Seboko sa Hwetla . Mmuso o tla tswela pele ka dipuisano tsa ona le SADC ho netefatsa hore ditemoso tsa ka nako tsa ditshoso tsena di tlhaho di teng.

4.6. Kabinete e lakaletsa bapalami ba ileng ba lemala ha diterene tse pedi di ne dithulana seteisheng sa Rosslyn ka leboya ho Pretoria ho fola ka potlako le ho fetisetsa diteboho tsa yona ho ba ditshebeletso tsa tshohanyetso bakeng sa karabelo ya bona e potlakileng mabapi le ho thusa ba neng ba lemetse.

Mosebetsi o etswang ke boto ya dipatlisiso e etsang diphuputso tse pharalletseng tsa sesosa sa kotsi le maemo a yona o tshwanela ho ba ka sehlohlolong hore ho tle ho thibelwe diketsahalo tse ka bang teng nakong e tlang.

5. Matshediso le Kutlwelobohloko

5.1. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Jacob Zuma ka ho fetisetsa matshediso a yona ho lelapa la Moahlodi Essa Moosa, eo e neng e le lebone le kganyang la boahlodi ya sebeleditseng Aforika Borwa ka bokgabane pele a beha meja fatshe jwaloka moahlodi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Kapa Bophirima ka selemo sa 2011.

O tla hopolwa ka boitelo ba hae mabapi le ho kgothaletsa le ho tshireletsa ditokelo tsa botho, hammoho le boitelo ba hae ho tshebetso ya molao. Pele a phahamisetswa boahloding o ne a sebetsa jwaloka leqwetha la ditokelo tsa botho le ho ba ka pele mabapi le ho phephetsa ditlolo tsa molao tsa mmuso wa kgethollo tse kang ho kwallwa ntle le ho tjhutjhiswa. Hape e ne e le setho sa mantlha sa Mokgatlo wa Naha wa Maqwetha a Demokerasi.

5.2. Moporesidente Jacob Zuma o phatlaladitse Lepato le Ikgethang la semmuso la Porofense bakeng sa mokaubere wa ntwa ya kgethollo le motshwaruwa wa mehleng wa Robben Island mofu, Monghadi Collen Monde Mkunqwana ya hlokahetseng beke e fetileng ka la 21 Hlakola 2017.

Monghadi Mkunqwana e ne e le wa lelapa la bo Monghadi Makhanda Nxele, molwanedi ya neng a eteletse pele tlhaselo kgahlanong le Manyesemane ho la Grahamstown, Masepala ona hajwale o rehelletswe ka Makana.
Dintlha tse batsi ka tsa lepato di tla tsebiswa ke Mmuso wa Porofense wa Kapa Botjhabela.

5.3. Kabinete hape e fetiseditse matshediso a yona ho lelapa la Mirriam Tladi, mme wa dibuka wa Aforika Borwa le mongodi wa mosadi wa dinovele. Mme Tladi ya abetsweng kgau ya Ikhamanga o ile a phunyeletsa ditshita tsa dibuka le ha a ne a thibetswe Yunivesithing ya Witwatersrand ka mabaka a mmuso wa kgethollo.

5.4. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho fetisetsa matshediso a yona ho ba malapa a ditho tsa Sesole sa Metsing sa Aforika Borwa le basebeletsi ba bararo ba konteraka ba Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba ba hlokahetseng ha ba ne ba sebetsa kotopong ya dikgwerekgwere Kampong ya Sesole sa Metsing ho la Durban. Masole ana a mararo a ne a leka ho thusa basebetsi ba Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba ba neng ba sokola ho hema mpeng ya lefatshe.

5.5. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho ba malapa a batho ba supileng ba hlokahaletseng kotsing ya ho thulana ha makoloi a mangata mmileng wa R34 pakeng tsa Vryheid le Dundee ha lori le dikoloi tse pedi di ne di thulana.

5.6. Mehopolo le dithapelo tsa naha di lebiswa ho lelapa la ngwana e monyenyane Richard Thole, eo ho belaellwang hore o wetse tjhafong ya morafo o seng o sa sebetse Boksburg, ka Moqebelo. Kabinete e leboha moifo wa pholoso o etsang mekutu yohle ho netefatsa hore Richard o kopanngwa le mmae.

5.7. Kabinete e romela matshediso a yona ho malapa le metswalle ya ba lahlehetsweng ke baratuwa ba bona nakong ya dikgohola ho la Leboya Bophirima, sebakeng sa Rustenburg.

6. Dithoholetso

6.1. Kabinete e thoholetsa Moambasadara Xawier Carrim ka ho ba Modulasetulo wa Lekgotla la Kakaretso la Mokgatlo wa Kgwebo wa Lefatshe ka la 28 Hlakola 2017. Sena ke lekgetlo la pele moAforika Borwa a kgethelwa maemong ana mme ke feela lekgetlo la bone mosebetsi ona o tshwerwe ke moAforika.

6.2. Kabinete e thoholetsa Khamphani ya Maemafofane ya Aforika Borwa ho ba ka hara dikhamphani tse leshome tse maemong a hodimo tse laolang maemafofane a dulang a le nakong ka ho fetisisa lefatsheng, ho ya ka OAG Aviation Worldwide.

Boemafofane ba Matjhaba ba OR Tambo bo fihlelletse maemo a bo-8 ho mokgahlelo wa maemafofane a maholo, Boemafofane ba Matjhaba ba Motse Kapa bo fihletse maemo a bo-6 mokgahlelong wa maemafofane a mahareng ha Boemafofane ba Matjhaba ba King Shaka bo fihlelletse maemo a bo-10 mokgahlelong wa maemafofane a manyenyane.

6.3. Kabinete e thoholetsa Mamelodi Sundowns bakeng sa ho hapa Mohope o Moholo wa Khonfederashene ya Bolo ya Aforika (CAF). Sundowns e itshupile hore ke sehlopha se hlwahlwa ka ho fetisisa ka hara Kontinente kamora ho hlola TP Mazembe ka 1-0. Re tshepa hore tlholo ena e tla ba fihlisa hole mabapi le ho kgothatsa dihlopha tse ding ho latela menyabuketsong ya Mamelodi Sundowns.

7. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumellano e amehang.

7.1. Mofumahadi Zanele Monnakgotla jwaloka Setho seo e seng sa Phethahatso ho Boto ya Biro ya Maemo a Boleng ba Dihlahiswa ya Aforika Borwa (SABS).
7.2. Balaodi bao e seng ba Phethahatso ho Mokgatlo wa Aforika Borwa wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethang ba Dikgwebo tsa Mmuso (SOC):
a) Mofumahadi Tando Mbatsha (o thontswe hape); le
b) Mofumahadi Tshwarelo Moutlane (o thontswe hape).
7.3. Balaodi ba o e seng ba Phethahatso ho Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Mobu le Temo:
a) Mofumahadi Dumo Motau (o thontswe hape);
b) Mofumahadi Thembekile Thelma Ngcobo (o thontswe hape); le
c) Mofumahadi Gugu Mtetwa.
7.4. Monghadi TS Mokoena jwaloka Molaodikakaretso wa Lefapha la Mehlodi ya Diminerale.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766
 

Share this page

Similar categories to explore