Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 1 le la 2 Pudungwana 2016

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e thoholetsa Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan le moifo wa Lefapha la Matlotlo a Naha ka ho fana ka ditekanyetso tse tsitsitseng le ho nahanwa ka tsela e kgabane. Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS) e fana ka monyetla bakeng sa setjhaba ka kakaretso, basebetsi le dikgwebo hore ba sebetse mmoho le mmuso ho fihlella merero ya naha ya rona.

Kabinete e tshehetsa maikitlaetso a tsebisitsweng ho MTBPS ho tataisa moruo hara dinako tsena tse thata tsa moruo,ho fihlella kgolo ya moruo e kenyeletsang le ho sebedisa mehlodi ya puso ka bokgabane.

1.2. Kabinete e leboha balefi ba lekgetho ba fetang 4, 5 milione ba kentseng ditokomane tsa lekgetho ka nako ya Sehla sa Lekgetho sa selemo sa 2016 le ho hopotsa balefi bohle ba lekgetho ba ka tlasa dilemo tse 65 le lekeno le tlase hore letsatsi la ho qetela la ho kenya ditokomane la 25 Pudungwana 2016 le ntse le atamela.

Balefi ba lekgetho ba nang le lerato la naha ba thusa ho ntlafatsa maphelo a dimilione tsa maAforika Borwa ka ho imatahanya le mmuso ha o fana ka ditshebeletso le tshehetso ya kahisano tse hlokehang haholo ho phatlalla le metse ya naha.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho imatahanya le mekutu ya rona bakeng sa ho hodisa moruo ka ho hlahisa mesebetsi e metjha, le ho ikgapela tlwaelo ya ho boloka. Ha re sebetsa mmoho re ka netefatsa hore re matlafatsa moruo.

Kabinete e ipiletsa bakeng sa dipatlisiso tse potlakileng le tse hlwahlwa diqosong tsa hore ho bile le ho kwallwa ho seng molaong dikantorong tsa Tshebeletso ya Lekeno la Aforika Borwa (SARS). Diketsahalo tse kang tsena di na le kgahlamelo e mpe e etsang hore tshepo ya setjhaba ho baetapele ba qobello ya molao e be e fokolang mme ho a lokela hore ho sebetsanwe le tsona ka potlako.

1.3. Thuso ya ditjhelete bakeng sa thuto e phahameng e dula e le ntlha e ka sehlohlolong bakeng sa mmuso mme tlatsetso ya R17 bilione e abetsweng diyunivesithi nakong ya dilemo tse tharo tse tlang e tla thusa ho fokotsa boima ho baithuti ba fumanehileng le ba sa lokelweng ke dithuso tsa ditjhelete. Dithuso tsena di tla netefatsa hore baithuti ba bangata ho feta ba tla fumantshwa thuto e phahameng kaha R9.2 bilione ya tjhelete ena e tla abelwa Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS).

Tjhelete ena e ananetswe, leha ho le jwalo ntlha e potlakileng e sehlohlolong hajwale ke ho qala hape ka dithuto. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho tshehetsa mekutu yohle ya ho baballa lenaneo la selemo sa 2016 sa dithuto. Jwale ke nako ya ho emisa ka boipelaetso bohle, ho kgutlela diphaposing tsa dithuto le ho phethela selemo sa dithuto ntle le ditiehiso tse ding.

Mmuso o dumela hore dipuisano bakeng sa ho sebetsana le ditseko tsa baithuti di ka tswela pele ha lenaneo la dithuto le ntse le tswella. Re sa hatella tokelo ya ho ipelaetsa empa sena se lokela ho etswa ho imatahantswe le molao le ka tsela e sa tlo hatakeng ditokelo tsa ba bang.

Menyabuketso ya mmuso ya ho etsa hore thuto e phahameng e fumantshwe e pakelwa ke Tlaleho ya Dipalopalo tsa Ditjhelete tsa Ditsha tsa Thuto e Phahameng tsa selemo sa 2015 ya Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA). E bontsha hore boingodiso ba baithuti ho Thuto e Phahameng bo hotse ka 32.5% ho tloha ka selemo sa 2006 ho isa ho sa 2015. Ho fetafeta moo, dithuso tsa mmuso wa naha ho Thuto e Phahameng di eketsehile ka 144% nakong ya dilemo tse leshome ho tloha ka selemo sa 2006 ho isa ho sa 2015.

Dithuso tsa mmuso le ditefello tsa dithuto di etsa boholo ba lekeno la diyunivesithi, moo ditjeho tsa mmuso di etsang 43% ya lekeno la diyunivesithi la ho lefa basebetsi ha ditefello tsa dithuto tsona di etsa lekeno la diyunivesithi la ho lefa basebetsi le fihlang ho 34%. Diphetho tsena di bontsha boitlamo ba mmuso le ho hatella boipiletso ba rona ho ba ka kgonang ho lefella karolo ya bona e bonahalang, le ho utulla hore ditjhelete tsa ditefello di dula e le karolo ya bohlokwa ya dithuso ka kakaretso.

Hape kgatelopele e se e entswe ka ho thonngwa ha Moifo wa Tshebetso wa Matona ke Letona la Thuto e Phahameng le Thupello, Blade Nzimande, ho hlahisa motlolo wa tshehetso le wa dithuso tsa ditjhelete bakeng sa baithuti ba Fumanehileng le ba Mahareng ba sa lokelweng ke dithuso. Moralo oo sehlooho sa ona e leng Lenaneo la Thuso ya Ditjhelete tsa Baithuti la Ikusasa (ISFAP), le ile la dulelwa majwana, moo ditlhahiso tse fapafapaneng di ileng tsa kopanngwa, le ho fumanwa ha tumellano ho parola le bankakarolo kaofela ba ka sehloohong bakeng sa sebopeho sa kamoso sa taolo ya ISFAP. ISFAP e etsa dikgothaletso tse fapafapaneng tseo hajwale di ntseng di sekasekwa bakeng sa ho kenngwa tshebetsong.

Motlolo o sisintsweng le dikgothaletso tse ka hara tlaleho, di tla thusa haholo e seng feela bakeng sa ho sebetsana le mathata a dithuso tsa ditjhelete a tadimaneng le baithuti ba fumanehileng le ba mahareng ba sa fumaneng dithuso, empa hape mabapi le ho sebetsana le tse ding tsa diphephetso tseo Aforika Borwa e tobaneng le tsona, tse kenyeletsang;

  • Ho fokotsa sekgahla se hodimo sa baithuti ba tlohelang sekolo ba malapa a fumanehileng le a basebetsi ho lekala la thuto e phahameng le thupello,
  • Ho ntlafatsa kgonahalo ya ho hirwa ya dirutehi tse thusitsweng ka ditjhelete,
  • Ho ntlafatsa porofaele ya maitsebelo a naha,
  • Ho ntlafatsa bomphato pakeng tsa mmuso, lekala la poraefete le ditsha tsa thuto e phahameng mabapi le ho tshehetsa baithuti ba fumanehileng le ba mahareng ba sa lokelweng ke dithuso.

Moralo wa ISFAP o fana ka dithuso tsa ditjhelete ho baithuti ba fumanehileng le ba sa lokelweng ke dithuso ho ba thusa ka ditjeho ka botlalo tsa ho ithuta. Leha e kgothaletsa thuto e lefellwang ka botlalo ho ba futsanehileng ka mokgwa wa dibasari le dithuso, e boetse hape e sisinya ho fokotsa hanyane-hanyane dibasari le dithuso ho baithuti ba mahareng ha lekeno la malapa a bona le ntse le eketseha le ho bopa maemo a kamoo sena se ka fihlellwang ka ho fumana ditjhelete ho tswa ho ka bobedi makala a mmuso le a poraefete.

1.4. Ho thakgolwa ha Setsi sa Ntshetsopele ya Kgwebo ya Bohahlaudi, Pilanesberg ho la Leboya Bophirima ke Letona la Bohahlaudi Derek Hanekom, se tla hlahisa motjha wa kenyeletso moruong ka dikgwebo tsa bohahlaudi tse nang le bokgoni ba ho atleha. Sena se matlafatsa nyehelo ya lekala la bohahlaudi bakeng sa kaho ya moruo o kenyeletsang.

Setsi sa teko se tla lebana le dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo (di-SMME) tse 50 ka hara Setereke sa Bojanala mme se tla ba tshehetsa bakeng sa dilemo tse tharo hore di tsetsepele. Setsi sa Ntshetsopele ya Kgwebo ya Bohahlaudi se fana ka tshehetso ya tsa kgwebo ho dikgwebo tsa bohahlaudi.

1.5. Ho thakgolwa ha Setsi se Kopanetsweng sa Eneji sa Ngwaabe ka la 4 Pudungwana 2016 ke Lefapha la Eneji, ka tshebedisano le bomphato ba lewa ke karolo ya lenaneo la ho theha Ditsha tsa Eneji tse Kopanetsweng dibakeng tse hlahelletseng ka bofuma. Lebenkele lena le nang le tsohle la eneji le fana ka phihlello ya mehlodi ya eneji e bolokehileng le ho kgoneha bakeng sa malapa a fumanehileng. Hodima moo, le fana ka tlhahisoleseding mabapi le tshebediso ya mehlodi ya eneji e bolokehileng, e hlwahlwa le ya tshebediso ya moshwelella ya tikoloho. Hape e hodisa lekala la SMME le ho hodisa menyetla ya mesebetsi ka dikgwebo tse amanang le eneji.

1.6. Pitso le Dipontsho tsa Windaba e tla tshwarwa ho tloha ka la 2 ho isa ka la 4 Pudungwana 2016 Setsheng sa Matjhaba sa Dikopano sa Motse Kapa tlasa mookotaba “Re hahamalla 100% ya eneji e tsoseletswang” hape e matlafatsa maikitlaetso a mmuso a eneji e ka tsoseletswang. E bokanya bankakarolo ba kenetseng lethathama la boleng ba ditheko la eneji ya moya ka hara kontinente ya Aforika le Aforika Borwa ka ho qolleha. Hodima moo, Khonvenshene ya Selemo ka seng ya Bohlwahlwa ba Eneji ya Aforika e Borwa ya bo-11 ya 2016 e tla tshwarwa ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Pudungwana 2016 Emperors Palace ho la Johannesburg e tla tsepamisa maikutlo hodima letoto la makala a amanang le eneji. Dintlha tse tla akaretswa di kenyeletsa boenjeneri ba eneji, ho matlafatsa bohlwahla, bolaodi ba ditsha le meaho, eneji e ka tsoseletswang le e nngwe e ka thoko, ho fehla ka kopanelo, ho fehla matla a motlakase, ditshebeletso tsa eneji le bokgoni ba ho e baballa.

1.7. Kajeno, Moporesidente Jacob Zuma o tla kopanela bodulasetulo le Moporesidente Robert Mugabe ho Tulo ya Khomishene e Ntjha ya Dinaha tse Pedi ya Zimbabwe-Aforika Borwa. Morero o moholo ke ho tebisa dikamano tsa bobedi bona le tshebedisano-mmoho pakeng tsa dinaha tse pedi le ho matlafatsa le ho ntshetsapele bokgoni bo teng bakeng sa maqhama a tiileng makaleng a kgwebisano, matsete, merafo, metsi, eneji, ntshetsopele ya meralo ya motheo, dipalangwang, le Tlhahisoleseding ya Thekenoloji ya Dikgokahanyo (ICT), hara tse ding.

Ho fihlela lena, dinaha tsena tse pedi di saenne Dimemorandamo tsa Kutlwano (di-MoU) le Ditumellano tse fetang tse 38, tse akaretsang lethathama le batsi la dintlha, tse kenyeletsang hara tse ding, kgwebisano le matsete, bofalli le mabaka a boemedi, tshireletso, temo, tikoloho, eneji, bophelo bo botle, hammoho le bonono le botjhaba.

1.8. Ho tshwarwa ka katleho ha Kopano ya Selemo ka seng ya Badipolomate ke Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano le Proudly South Africa Union Buildings ka la 29 Mphalane 2016 ho la Pretoria ho sebetsa jwaloka lepatlelo la bohlokwa la ho ruta setjhaba ka bodipolomate le merero ya leano la Aforika Borwa la Matjhaba. Mosebetsi ona o ne o bokantse diembasi, dikhomishene tse phahameng le mekgatlo ya matjhaba e ingodisitseng ho Aforika Borwa ho pepesa le ho kgothaletsa bodipolomate ba botjhaba ka dipontsho le boiqapelo tse kang bonono, mmino le dijo ho tswa lefatsheng ka bophara. Dimishione tsa bodibolomate tse fetang 60 le dikgwebo tse mmalwa tsa poraefete di pepesitse dihlahiswa tsa bona le menyetla selemong sena.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e Ikgethang ya la 1 Pudungwana 2016, e fumane ditlaleho tsa kgatelopele ya Komiti ya Kahare ya Matona mabapi le Tlhabollo ya Dikgwebo tsa Puso (di-SOC), moo modulasetulo e leng Motlatsi wa Moporesidente, Cyril Ramaphosa.

Sena se bakwa ke ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tse tjhaelletsweng monwana ke Kabinete ho tswa ho Khomishene ya Tekolo botjha ya Kantoro ya Moporesidente ya di-SOC ya selemo sa 2010. Kabinete e hatelletse katamelo ya ho ya ka mekgahlelo bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tsena.

Kabinete e boeletsa hore ditheo tsohle tseo e leng tsa puso di tshwanela ho ba hlwahlwa le ho tsitsa ho tsa ditjhelete.

Sehlopha sa diqeto se ile sa nkuwa ho tsitlallela morero wa leano le bohareng la ho matlafatsa di-SOC ho di kgontsha ho kgema le merero ya tsona ya ntshetsopele.

  • Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Bonkakarolo ba Lekala la Poraefete wa phano ya meralo ya motheo o tla tataisa tshebedisano pakeng tsa di-SOC le lekala la poraefete.
  • Kabinete e amohetse tataiso ya maemo a meputso le ditsiane tsa batsamaisi ba di-SOE.
  • Kabinete e amohetse sefutho se batsi sa tataiso bakeng sa ho thonngwa ha diboto le bahlanka ba phethahatso, seo ka sona, Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso le tla kena ditherisanong le diporofense le bomasepala, pele ha ho tjhaellwa monwana ke Kabinete.
  • Moralo o motjha wa leano la boradiabo ba mmuso o ile wa kgothaletswa bakeng sa dipuisano tse tswelang pele. Sena se tla fella ka ho phatlalatswa ha molao o akaretsang wa SOC.
  • Lefapha la Matlotlo le hlahisitse tshisinyo ya ho teka le ho beha ditjeho tsa dithomo tsa ntshetsopele tsa dikgwebo tsa mmuso, ho hlahiswa ha katamelo ena ho tla thusa ho matahanya mesebetsi ya kgwebo le eo e seng ya kgwebo ya di-SOC.

Tsena di beha hantle di-SOC bakeng sa ho nyehela tabeng ya ho kenya tshebetsong Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP): kaho ya meralo ya motheo, kgodiso ya moruo, keketso ya diindaseteri, ho thusa ho ntshetsapele maitsebelo a ka sehlohlolong, tlhahiso ya mesebetsi le ho ntlafatsa merero e meng ya diphethoho.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Moralo o Kopanetsweng wa Eneji (IEP) o phatlalatswe bakeng sa tshekatsheko ya setjhaba ho neha bankakarolo le ba nang le monyetla wa ho sekasekana le ona. IEP e bopelletswe ka hara Molao wa Eneji, 2008 (Molao wa bo-34 wa 2008). O batla ho tataisa matsete a nako e tlang a meralo ya motheo ya eneji le ntshetsopele ya leano tse tla bopa sebopeho sa bokamoso sa eneji ya Aforika Borwa.

IEP e a batleha bakeng sa ho netefatsa hore ditlhoko tsa tshebeletso ya eneji tsa hajwale le tsa kamoso di ka fihlellwa ka mokgwa o hlwahlwa o tla bang molemo ho tsa kahisano ka ho fetisisa, ha ka nqa e nngwe ho laolwa ditjeho tsa moruo, le ho sebeletsa ditshwanelo tsa naha tse kang phediso ya bofuma le tlhahiso ya mesebetsi le ho fokotsa dikgahlamelo tse mpe tikolohong.

IEP e fana ka tjhebelopele ya nako e telele ya kamoo Aforika Borwa e ka sebedisang eneji ka ho phethahala jwaloka tsela ya ho dula e na le bophehisani, boo kannete bo batlang ho thusa kamoo mehlodi e fapafapaneng ya eneji e sebediswang kateng.

2.3. Kabinete e fetotse qeto ya yona ya la 10 Phuptjane 2015 ho kgetha Koporasi ya Eneji ya Nutleleya ya Aforka Borwa jwaloka Lekala le tla kenya tshebetsong Lenaneo le Letjha la Kaho ya Nutleleya. Qeto ena, ka nako eo e nkilweng ka yona, e ne e thusitse Eskom ho tsepamisa maikutlo hodima diporojeke tsa Medupi, Kusile le Ingula le diphephetso tsa eneji tseo naha e neng e tobane le tsona.

Kabinete e kgethile Eskom ho ba Mohlokomedi le Mosebedisi le Moreki bakeng sa Dipolante tsa Matla a Nutleleya ho ya ka Leano la Matla a Nutleleya la selemo sa 2008. Eskom e na le tshebetso ya dilemo tse fetang 30 tsa tshebetso e bolokehileng ya Polante ya Matla a Nutleleya ya Koeberg, eo e leng yona feela Polante ya Matla a Nutleleya Aforika, mme esale e hlahisa Tekolo ya Kgahlamelo ya Tikoloho le Ditlaleho tsa Polokeho tsa Dibaka tsa nutleleya bakeng sa dipolante tsa matla a nutleleya tse ka bang teng ho tloha ka selemo sa 2007.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho kgethwa ha Koporasi ya Eneji ya Nutleleya ya Aforika Borwa ho ba Mohlokomedi le Mosebedisi le Moreki bakeng sa Saekele ya Mafura a Nutleleya le Riektara ya Mesebetsi e Mengata.

Lefapha la Eneji le tla tswela pele ho sebetsa ho ya ka thomo ya lona jwaloka lefapha le tekang maano le le hokahanyang la Lenaneo la Kaho la Nyutleleya.

2.4. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e mabapi le ho behwa sehlohlolong ha Moralo o Kopanetsweng wa Mehlodi (IRP) le ho tjhaella monwana hore ho tshwarwe dipuisano le setjhaba mabapi le mabaka a motheo le dikakanyo.

Esale ho tloha ka IRP 2010-30 ho bile le dintshetsopele tse ngata tse amang lekala la eneji. Peho sehlohlolong ya tsamaiso ya IRP e lekalekanya merero e batlang e ba mengata ho netefatsa polokeho ya phepelo hore ho tle ho fokotswe ditjeho tsa motlakase, ho hodisa tlhahiso ya mesebetsi le ho sebeletsa ka lapeng, ho fokotsa dikgahlamelo ho tikoloho, ho fokotsa tshebediso ya metsi le ho fapanya mehlodi ya phepelo.

Mokolokotwane wa pele e leng tlhophiso ya dikakanyo o tla sebediswa ho IRP o se o phethetswe, ha ho sa emetswe ho buisana le setjhaba. Mokolokotwane wa bobedi mabapi le ho hlahiswa ha ntlha ya motheo e leng moralo wa ditjeho o batlang o le tlase o se o phethetswe. Mokolokotwane wa boraro e leng tlhatlhobo ya sebaka o motjheng. Mme mokolokotwane wa bone, ke tlhotlhomiso ya leano.

2.5. Kabinete e fumane peho sehlohlolong mabapi le dintshetsopele boemong ba dipuisano ho Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano (WTO) le ho dumellana ka tlhokeho ya ho tsepamisa maikutlo hodima ntshetsopele ho lenaneo la tshebetso la kamora ditherisano tsa Nairobi mabapi le boitokisetso ba Pitso ya bo-11 ya Matona (MC11) ya WTO e tla tshwarwa ho la Argentina ka Tshitwe 2017.

Sena se kgema le merero ya NDP ya ho hlahisa dikarabelo tse nepahetseng tsa leano ka hara tikoloho e fetofetohang ya lefatshe.

2.6. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diqeto tse nkuweng ke Lekgotla la Bohokahanyi la Moporesidente kopanong e neng e tshwerwe ka la 11 Hlakubele 2016. Sena ke setheo sa molao se thehilweng ho ya ka Molao wa Moralo wa Dikamano ka Hara Mmuso, 2005 (Molao wa bo-13 wa 2005), o kopanyang mekgahlelo e meraro ya mmuso mabapi le dintlha tsa ditabatabelo tse tshwanang tsa bohlokwa tsa naha ka morero wa ho matlafatsa taolo ya tshebedisano.

Dintlha tse ileng tsa tshohlwa di ne di kenyeletsa: Ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la ho Kgutlela Sethathong, tlaleho ya kgatelopele ya ho thehwa ha bomasepala ba tiiseleditsweng botjha; karabelo ya mmuso ho komello le dikgaello tsa metsi; le tekolo botjha ya Melawana ya Bofalli ya Aforika Borwa ya selemo sa 2014.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Pampiri e Tshweu ya Moralo wa Ditshebeletso tsa Mello, bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. E teka ditshisinyo tsa bohlokwa tsa leano le mekgwa e meng e bopang motheo wa molao o lekotsweng botjha wa ditshebeletso tsa mello o tla tlosa Molao wa Ditshebeletso tsa Ditimamollo, 1987 (Molao wa bo-99 wa 1987) wa kgale.

Sena se tsamaelana le Lenaneo la ho Kgutlela Sethathong, ka ho beha qobello ho ba ditshebeletso tsa mello hore ba dule ba buisana le badudi ba ba sebeletsang hore ba sebetse mmoho bakeng sa ho fokotsa dikotsi le ho netefatsa mawa le mekgwa ya karabelo e hlwahlwa ha ba arabela ho mello e ropohileng le ho diketsahalo tse ding tse amehang ka potlako le ka bokgabane.

Pampiri e Tshweu e fetola sebopeho sa ditshebeletso tsa mollo hore e se be tse tsepamisang maikutlo hodima ho tima mollo empa e be tse itshetlehileng hodima katamelo ya ho fokotsa dikotsi. Sena se nyehela ho bolaodi ba dikoduwa bo hlwahlwa bo kopanetsweng le ditshebeletso tsa mollo, ka ho beha bohareng boipaballo ho tsa mollo le thibelo, ka ho qolleha phokotso ya kotsi ya mollo e itshetlehileng hodima maemo a badudi tse tla nyehela haholo bakeng sa ho bopa metse e bolokehileng jwaloka ha ho hlakisitswe ho NDP.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Sehlomathiso ya Letlole la Dikotsi tsa Mebila, 2016 Palamenteng. Bili e fetola Molao wa Letlole la Dikotsi tsa Mebila, 1996 (Molao wa bo-56 wa 1996) o fanang ka ditefello tsa putseletso bakeng sa tahlehelo ka tshenyehelo e bakuweng ke bohlaswa ba bakganni ba makoloi.

Bili e matahantswe le NDP le sephetho sa bo-13 se buang ka mokgwa wa tshireletso ya setjhaba o kenyeletsang le ho arabela ka ho netefatsa phano ya ditshebeletso e hlwahlwa le thuso ya kalafo ka nako ho thusa ka ho kokotlela le ho kgutlela mosebetsing, le tshireletso eo e seng ya phoso ho bebofatsa moralo wa ditjhelete ho ba mathateng.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Ditho tsa Phethahatso ho parola le mekgahlelo e meraro ya mmuso di tla buisana le maAforika Borwa naha ka bophara nakong ya Beke ya Imbizo ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo pakeng tsa la 7 le la 11 Pudungwana 2016, tlasa mookotaba, “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele: “Bokamoso ba rona – etsa hore bo re sebeletse”. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho nka karolo ka mafolofolo diketsahalong tsena le ho buisana le baetapele ba bona ba dipolotiki, kaha baahi ba nang le tlhahisoleseding le mafolofolo ke karolo e hlokolosi ya ho phethahatsa merero ya Tjhebelopele ya 2030, ya NDP. Lenaneo la Beke ya Imbizo ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo le tla ba teng ho www.gov.za

4.2. Aforika Borwa e tshwaya Kgwedi ya Naha ya Temoso ya Ditokelo tsa Boqhwala tlasa mookotaba: “Batho ba nang le Boqhwala – ke bankakarolo ba lekanang bakeng sa ho bopa bokamoso ba moshwelella” ho tloha ka la 3 Pudungwana le ho qetella ka Letsatsi la Matjhaba la Batho ba nang le Boqhwala, ka la 3 Tshitwe 2016.

Lenaneo lena la kgwedi kaofela le tla sebediswa ho susumetsa setjhaba le ba nkang diqeto ho nka boikarabelo ba ho netefatsa hore batho ba nang le boqhwala ba fumantshwa tshwaro e lekalekanang ka ho lekalekanang. Mananeo hape a tla hlahisa temoso mabapi le bonkakarolo ba batho ba nang le boqhwala bakeng sa ho aha metse ya moshwelella le e momahaneng. Tlhahisoleseding e mabapi le ditokelo tsa batho ba nang le boqhwala e tla boela e fumantshwe bakeng sa ho tshehetsa matlafatso ya bona.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho ntlafatsa ditokelo le boleng ba bophelo ba batho ba nang le boqhwala ho imatahantswe le boitlamo ba rona ho NDP ba ho eketsa phumantsho ya ditshebeletso, ka ho qolleha ho thuto ya boleng le kgiro bakeng sa batho ba nang le boqhwala.

4.3. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho tshehetsa letsholo la matsatsi 16 a Ntwa Kgahlanong le Meruso ho Basadi le Bana. Aforika Borwa e amohetse letsholo lena ka selemo sa 1998 jwaloka le leng la mawa a boitshunyako a lebisistseng popong ya setjhaba se phelang ntle le merusu.

Matsatsi a 16 ke letsholo la matjhaba le etsahalang selemo ka seng ho tloha ka la 25 Pudungwana ho isa ka la 10 Tshitwe. Letsholo lena le rerile ho hlahisa temoso hara maAforika Borwa ka kgahlamelo e mpe eo merusu kgahlanong le basadi le bana e nang le yona. Hape le ipiletsa ho motho e mong le e mong ho ema ka matla kgahlanong le merusu ho basadi le bana.

4.4. Kabinete e tjhaelletse monwana thomo ya Aforika Borwa ya ditherisano e sebetsang jwaloka motheo wa ho kena dipuisanong ho Tulo ya bo-22 ya Pitso ya Mekga ho Khonvenshene ya Moralo ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ya Diphethoho tsa Tlelaemete (COP22), le Tulo ya bo-12 ya Pitso ya Mekga e sebetsang jwaloka Kopano ya Mekga ho Porothokhole ya Kyoto (CMP12), e tla tshwarwa ho tloha ka la 7 ho isa ka la 18 Pudungwana 2016 Bab Ighli, Marrakech, ho la Morocco.

Maemo a ditherisano a tsamaelana le NDP e kgothaletsang tikoloho ya moshwelella le hammoho le Molaotheo, e bolelang hore tikoloho e tshwanela ho baballwa bakeng sa meloko ya hajwale le e tlang.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Qeto ya Bolaodi ba Botjhutjhisi ba Naha (NPA) ya ho nyahlatsa diqoso tsa boqhekanyetsi kgahlanong le Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan e tlisa ntlha ena pheletsong le ho dumella naha ho lebisa mekutung kaofela tabeng ya ho ntlafatsa moruo, ho aha tshepo ya batsetedi le ho phema ho theolwa ho tsa maemo a mekitlane ya lefatshe.

5.2. Kabinete e tsebisitswe ka kgahlamelo ya komello hodima phepelo ya metsi ka hara Aforika Borwa ka ho qolleha ho tsepamisitswe maikutlo hodima Gauteng e fepelwang ka metsi ho tswa ho Tsamaiso e Kopanetsweng ya Noka ya Lekoa.

Aforika Borwa e fumane dipula tse fokolang ka ho fetisisa esale ho tloha ka selemo sa 1904 (dilemo tse 114) ka dithempheretjha tse fetelletseng haholo ka Mphalane le Pudungwana ka selemo sa 2015. Sena se amme phepelo ya rona ya metsi habohloko moo palohare ya naha ya maemo a matamo e theohetseng ho 48.4% ha ho bapiswa le nako e tshwanang selemong se fetileng moo e neng e le 66.6%. Re ntse re le maemong a sa tsitsang haholo mme ho na le kgonahalo ya hore nako ya ho  kgutlela maemong a tsitsitseng e ka nna ya ba telele. Ho ka nka bonyane dilemo tse pedi ho ya ho tse tharo hore re bone mothamo wa matamo o iphumana hantle mme sena se ka nna sa eketseha ho isa dilemong tse hlano. Ha ho le jwalo, tsela ya rona ya ho iphumana e sa le telele.

Mabapi le Tsamaiso e Kopanetsweng ya Noka ya Lekoa moo ho nang le matamo a 14 a fepelang Gauteng, tsamaiso ena hajwale e eme ho 49.1% ha ho bapiswa le 67.9% ka nako e tshwanang selemong se fetileng. Tsamaiso ena e fana ka metsi ho boholo ba diteishene tse fehlwang ka mashala tsa Eskom, Sasol, ba nosetsang masimo le merafo le diindaseteri ho la Mpumalanga Botjhabela, Leboya Bophirima, Foreisetata le Kapa Leboya, kahoo e fepela se ka etsang 45% ya moruo wa naha le 35% ya setjhaba. 80% ya metsi a tsamaiso ya Lekoa e sebediswa ke basebedisi ba lapeng. Ena ke beke ya boraro ha e sale letamo le ba ka tlase ho 50% nakong ena ya komello. Letamo la Lekoa hajwale le eme ho 26.4%, Letamo la Katse ho 38.4%, Letamo la Sterkfontein ho 91.5% le Letamo la Grootdraai 66.3%. Thibelo ya 15% bakeng sa tshebediso metseng ya ditoropo le 20% bakeng sa ho nosetsa e behilwe jwaloka ha e phatlaladitswe ho Koranta ya Mmuso ka la 12 Phato. Dithibelo tsena di a tlama.

Moifo wa Setekginiki wa Tshebetso o thehilwe ho beha leihlo ho kenngwa tshebetsong ha dithibelo. Rand Water ke mofepedi e moholo wa metsi ka hara Gauteng mme sepheo ke ho fokotsa phepelo ho tswa ho Rand Water ka dilithara tse 687 milione ka letsatsi. Bomasepala kaofela ka hara sebaka sa phepelo ba fuwe dikepele tse itseng tseo ba lokelang ho di fihlella mabapi le ho fokotsa tshebediso ya bona ya metsi. Katamelo ya mathomo e ne e le ya ho eketsa hanyanehanyane le phokotso e butlebutle ya phepelo, ho qala ka 5% le ho nyolehela butlebutle ho 15% ka ho kgama divelofo tse kgolo. Ho tloha ka la 3 Mphalane ho ile ha fetohelwa ho thibelo e itshetlehileng hodima methamo.

Ho bohlokwa hore basebedisi kaofela ba imatahanye le dithibelo ho etsa bonnete ba hore re lelefatsa phepelo ya rona ya metsi e teng. Porofense ya Gauteng e motjheng wa ho theha Setsha se Kopanetsweng sa Ditshebetso (JOC) ho beha leihlo le ho netefatsa boimatahanyo. Bomasepala kaofela hape ba laetswe ho theha ditsha tsa tshebetso hanghang le ho netefatsa hore dikgokahanyo le basebedisi di a ntlafatswa.

Letamo la Lekoa le tla behwa ho 25% mme sena se tla fihlellwa ka ho fetisetsa metsi ho tswa letamong la Sterkfontein. Sena se a hlokahala bakeng sa ho tshireletsa bohlokwa ba metsi a yang Eskom, Rand Water le Sasol. Ho lokollwa ha metsi ho tla qala ka la 7 Pudungwana le ho tswela pele bakeng sa bonyane matsatsi a 54 ho isa ho la 30 Tshitwe. Bonyenyane ba ho lokollwa ha metsi bo hlophisitsweng boemong bona ke dikhubiki methara tse 190 milione tsa metsi tse tla fokotsa letamo la Sterkfontein ka se ka etsang 7%. Ho lokollwa ho siya-siyanang ho etswa bakeng sa ho fokotsa kotsi efe kapa efe ho badudi ba moo metsi a Sterkfontein a theohelang teng le ho fokotsa tshenyo ya mabopo a dinoka tseo e sa le di omme ka nako e telele.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho sebedisa metsi ka bokgabane le ho a baballa. Basebedisi kaofela ba metsi ba tshwanela ho ikobela dithibelo tsa metsi moo di kentsweng tshebetsong teng, le ho tswela pele ho baballa metsi, le ho sebedisana le bomasepala. Mmuso o leka ka matla kaofela ho lwantshana le maemo a hajwale le ho sebetsa le bankakarolo kaofela dibakeng tse thefutsweng ke komello.

5.3. Modulasetulo wa Khomishene ya Kopano ya Aforika (AU), Ngaka Nkosazana Dlamini-Zuma o ne a tshwere dipuisano pakeng tsa Bahlophisi ba Dikoranta le Bahlanka ba Dikoranta ho tswa ho ditho tsa Dipuso tsa Kopano ya Aforika kaofela tse 54, tlasa mookotaba: “Re Tebisa pale ya Aforika le Bokgoni ba ho Fihlella Lenaneo la 2063”. Lenaneo la 2063 le ipiletsa ho mekgahlelo yohle ya setjhaba sa Aforika le dibaka tse potapotileng Aforika ho aha Aforika e tswetseng pele le ho kopana ho itshetlehilwe hodima ditlwaelo tse tshwanang le bokamoso bo tshwanang.

Bankakarolo ba ile ba thuhisa mekolokotwane ya AU bakeng sa dilemo tse nne tse fetileng, ba una kutlwisiso e betere ya Lenaneo la 2063 le kamoo boraditaba ba Aforika ba ka bang ka pelepele ka ho le tsebahatsa le ho le kgannela pele. Karolo ya ho tlaleha ditaba ka ho nepahala bakeng sa ho bopa pale ya Aforika le ho tsitlallela thuo ya mehlodi ya ditaba hara maAforika e ile ya tshohlwa.

5.4. Kabinete e itahlela ka setotswana sehopotsong sa bophelo le dinako tsa OR Tambo jwaloka sesupo sa tlhompho le kananelo bakeng sa karolo eo a e bapetseng mabapi le ho sututsa lenaneo la Aforika Borwa e se nang kgethollo ka morabe, bong, ya demokerasi le tswelopele. Lefapha la Bonono le Botjhaba le se le qadile ka ho hlophisa Mokete wa Dilemo tse Lekgolo wa OR Tambo ka 2017.

Kabinete e thoholeditse ba latelang:
5.5. Mamelodi Sundowns bao e leng bomampodi ba batjha ba Bolo ya Aforika kamora ho hapa Liki ya Khonfedereishene ya Bompodi ba Bolo ya Aforika. Kabinete e leboha batshehetsi kaofela le maAforika Borwa kaofela bakeng sa ho tshehetsa sehlopha, se entseng Aforka Borwa motlotlo. Sundowns e imatahantse le sehlopha se seng sa Aforika Borwa, Orlando Pirates se hapileng mohope wa sehlopha se ka hodimo sa bomampodi ba Aforika ka selemo sa 1995 ho fumanela naha naledi ya pele ya tlhodisano ena.

5.6. Bahlodi ba Dikgau tsa Selemo ka seng tsa Setsha sa Dintlafatso tsa Lekala la Tshebeletso ya Mmuso tsa Selemo ka seng tsa bo-14 ba tla tswela pele ho hlodisana bakeng sa Kgau ya Montlafatsi wa Selemo wa Lekala la Mmuso e labalabelwang ke bohle. Dikgau di hodisa le ho kgothaletsa mesebetsi ya ntjhafatso e hlwahlwa ka ho fetisisa ka hara lekala la mmuso le ho keteka dikatleho tsa batho ka bo mong le dihlopha mekgahlelong kaofela ya mmuso. Di sebetsa jwaloka sesebediswa sa ho atolosa ntjhafatso le ho kgothaletsa ba bang ho hahamalla ntlafatso bakeng sa phano ya ditshebeletso e ntlafetseng.

Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho ba latelang:
5.7. Ho lelapa le metswalle ya Motlatsi wa mehleng wa Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Mofumahadi Bongi Maria Ntuli eo e neng e le mosebeletsi wa batho le molwanedi ya itetseng wa merero ya bong.

5.8. Ho fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya raditaba wa ditshwantsho, Monghadi Juda Ngwenya eo ditshwantsho tsa hae tsa makgabane di bontshitseng nalane ya rona le ho re qobella ho qoqa ka maemo a matle a naha ya rona le kontinente.

5.9. Ho lelapa le metswalle ya Abram Thuri Phago ya hlokahetseng ha diterene tse pedi di ne di thulana makgaohanong a seporo haufi le Tembisa ho la Johannesburg le ho lakaletsa bohle ba lemetseng ho fola ka potlako. Lefapha la Dipalangwang le tla sebetsa le Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa (Prasa) le Bolaodi ba Polokeho ya Ditereneng ho akofisa Boto ya Dipatlisiso mabapi le dipatlisiso ka botlalo ho fumana sesosa sa kotsi bakeng sa ho thibela ho etsahala hape ha dikotsi tse kang tsena tse bolayang.

5.10. Ho lelapa la moetapele wa baithuti wa Yunivesithi ya Thekenoloji ya Tshwane Lesego Benjamin Phehla ya hlokahetseng kotsing ya ho thula ke koloi ho la Soshanguve.

5.11. Ho batho ba Cameroon ho latela kotsi e bohloko ya terene pakeng tsa Yaoundé le Douala e siileng batho ba 79 ba hlokahetse. Kabinete hape e lakaletsa makgolo a batho ba lemetseng ho fola ka potlako.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Katoloso ya konteraka ya Mosebetsi wa Ngaka Sam Makhudu Gulube jwaloka Mongodi wa tsa Tshireletso.

6.2. Monghadi ZU Dangor jwaloka Molaodikakaretso (DG) ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

6.3. Monghadi Robert D Nkuna ho maemo a DG ho Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso.

6.4. Ngaka Thulani Dlamini jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Lekgotla la Diphuputso la Saense le Diindaseteri.

6.5. Lekala la Phatlalatso ya Bonono, Setso le Nalane ya Naha, Tlhaho, Botjhaba le Lefa la Meaho la Boto ya Khomishene ya Naha ya Dipetjho:
a) Mofumahadi Marjorie MM Letoaba (Modulasetulo);
b) Monghadi Thendo Resnic Ramagoma (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Monghadi Thanduxolo Lungile; le
d) Monghadi Sershan Theeyaagaraj Naidoo.

6.6. Boto ya Ditho tsa Terasete ya Terasete e Ikemetseng ya Ntshetsopele:
a) Moporofesara Somadoda Fikeni (Modulasetulo);
b) Mofumahadi Nomvula Rakolote (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Monghadi Theo Charl Adam;
d) Monghadi Siyaduma Biniza;
e) Mofumahadi Phelisa Nkomo;
f) Mofumahadi Andani Amandaline Makhado;
g) Mofumahadi Octavia Matshidiso Matloa;
h) Monghadi Tlhotse Enoch Motswaledi;
i) Monghadi Rashid Amod Sadeck Patel;
j) Ngaka Lulama Zitha;
k) Monghadi Zakhele Alex Tummy Zitha; le
l) Ngaka Gcwalisile Cynthia Zulu-Kabanyane.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore