Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 2 Hlakubele 2016

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e ananetse Puo ya Ditekanyetso ya 2016 e entsweng ke Letona la Ditjhelete Pravin Gordhan ka la 24 Hlakola 2016. Ditekanyetso tsena di bontsha bokgoni ba ho tsetsepela, boitlamo le malebaleba a rona jwaloka ha re itwanela ka hara nako e mpe ka ho fetisisa ya moruo nalaneng ya moraorao tjena.

Ditekanyetso di arabela ho se hlokwang ke naha le ho hlahisa boitshepo moruong ka ho beha naha motjheng wa kgolo ya moruo o kenyeletsang o tshepehang, wa moshwelella le o kgonahalang.

Kabinete hape e ananela mekgwa e matla ya ho thibela ditjeho le ho itlama ho sebetsa mmoho le makala oohle bakeng sa ho inehela ho mekutu e kopanetsweng ya naha bakeng sa ho kenya tshebetsong mekgwa e tekilweng ke ditekanyetso tsena.

1.2. Kabinete e ananela ho thakgolwa ha Moifo wa Moporesidente wa Boraditaba (PPC) ke Moporesidente Jacob Zuma. PPC e tla thehwa ka bahlophisi ba ditaba tsa dipolotiki, bangolli ba ditaba tsa dipolotiki, baqolotsi ba ditaba tsa dipolotiki le boraditaba ba tsa moruo ba nang le tumello ya ho akaretsa ditaba tsa Boporesidente ka nako tsohle le maemong a tswelang pele.

Sepheo sa PPC ke ho fana ka phumantsho ya tlhahisoleseding e ntlafaditseng ke boraditaba. Hape e tla ntlafatsa phihlello ya boraditaba ho Moporesidente le Kantoro ya Moporesidente, bakeng sa ho netefatsa hore baqolotsi ba ditaba le bona bo fumana tlhahisoleseding e tiileng le ditsamaiso ho matlafatsa kutlwisiso le botlalehi ba bona. Ditho tsa moifo wa boraditaba le tsona di tla fumana ditsebiso ho tswa ho Motlatsi wa Moporesidente le ho Letona lefe kapa lefe leo Moporesidente a le memang bakeng sa ho arolelana le tsona mananeo a bohlokwa a naha.

1.3. Kabinete e hlahisitse kananelo ya nyehelo e entsweng ke Aforika Borwa mabapi le ho boloka kgotso ka hara Burundi, e ipapisitse le leano la rona la dinaha tsa ka ntle la boitlamo ba ho netefatsa kontinente e nang le kgotso le botsitso.

Hape e ananetse sephetho sa Dipuisano tse kenyeletsang tsa Baahi ba Burundi ka kopanelo nakong ya leeto la Kopano ya Aforika (AU) ya kemedi ya maemo a hodimo ya Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso Motsemoholong wa Bujumbura ho la Burundi, e neng e eteletswe pele ke Moporesidente Zuma.

1.4. Kabinete e ananela thonyo ya Moporesidente Zuma ke Mongodi-Kakaretso wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) Ban Ki-moon, ho ba modulasetulo wa Khomishene ya Maemo a Hodimo ya Bophelo bo Botle, Mesebetsi le Kgolo ya Moruo mmoho le Moporesidente François Hollande wa Riphaboliki ya Fora. Sena ha se lekgetlo la pele hore Moporesidente Zuma a thonngwe ke mokgatlo wa lefatshe ho sebetsa sethaleng sa lefatshe. Thonyo ena ke kananelo ya boetapele bo babatsehang bo bontshitsweng ke Moporesidente wa rona lepatlelong la matjhaba.

Khomishene e tla hlasimolla ho hlahiswa ha menyetla ya mesebetsi e metjha ka hara lekala la kalafo ho phatlalla le dinaha kaofela, haholoholo tseo ntshetsopele ya tsona e leng tlase ka ho fetisisa. Sena hape se matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la 2030 bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella, le tla etsa ho hongata bakeng sa ho shebana le boraro ba diphephetso e leng tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane.

1.5. Kabinete e ananela ho thakgolwa ha Tekolo ya Naha ya Badudi ya 2016 Mamelodi, ho la Pretoria ke Letona Kantorong ya Moporesidente Jeff Radebe le Radipalopalo Kakaretso Pali Lehohla. Tekolo ya selemong sena e etswa tlasa mookotaba:“MaAforika Borwa ao ke a tsebang, lehae leo ke le utlwisisang” mme e reretswe ho fihlella malapa a fetang 1,5 milione  – e leng e kgolo e phahameng ka ho fetisisa ho feta e neng e tshwerwe dilemong tse hlano tse fetileng e ileng ya fihlella malapa a 300 000 feela. Tekolo e tla etswa ka Mmesa mme diphetho di tla tsebahatswa mafelong a Phuptjane 2016.

1.6. Kabinete e lemoha ka ngongoreho tlaleho e hlahisitsweng ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) le Mokgatlo wa Tshebedisano-mmoho le Ntshetsopele ho Dipatlisiso tsa Mmaraka wa Bophelo bo Botle e etellwang pele ke Moahlodi Sandile Ngcobo. Tlaleho e supa hore Aforika Borwa e fana ka ditshebeletso tsa kalafo tse bitsang ka ho fetisisa ha e bapiswa le mafatshe a mang. Kabinete e tla emela qeto ya dipatlisiso pele e tshwaela tabeng ena.

2. Diqeto tse ka Sehloohong tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Lewa la Moralo bakeng sa Tshilafatso ya Moya Metseng e Teteaneng ya Badudi ba Lekeno le tlase ba Aforika Borwa bakeng sa hore setjhaba se tshwaele. Lewa lena le reretswe ho fana ka katamelo e inehetseng ho tobana le ho sebetsana le boemo bophahameng ba tshilafatso dibakeng tse ding tse teteaneng ka badudi ba lekeno le tlase. Le fana ka katamelo e hokahanetsweng ho taba ya ho kenngwa tshebetsong ha mekutu ya ho fokotsa mello e beswang malapeng. Boitshunyako bo reretswe ho netefatsa hore dibaka tsena di imatahanya le Maemo a Naha a Boleng ba Moya o Sebakeng. Lewa lena le tjhorileng le tla tshehetsa lewa le ntseng le le teng la naha ho shebana le tshilafatso ka hara naha.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa mmoho ha Khonferense ya bo-21 ya Matjhaba ya AIDS (AIDS 2016) pakeng tsa mmuso le Mokgatlo wa Matjhaba wa AIDS Setsheng sa Matjhaba sa Dikopano (ICC) Durban ho tloha ka la 18 ho isa ka la 22 Phupu 2016. Ho tshwarwa ha khonferense ho tla hodisa karabelo ya naha ya rona ho HIV le lefuba ha ka ho le leng e tla be e hahlamela hodima diphephetso tsa bohlokwa ka ho fetisisa ka hara Aforika Borwa, lebatowa le lefatshe.

Khonferense e tla fana ka lepatlelo bakeng sa bafuputsi ho tswa lefatsheng ka bophara ho arolelana ditswelopele tsa moraorao ntlheng ena, ho rutana botsebi le ho ntshetsapele mawa bakeng sa ho tswellisa mekgahlelo kaofela ya mekutu ya rona e kopanetsweng ya ho alafa le ho thibela HIV.

3. Dibili

3.1. Kabinete tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Naha ya Dipalangwang tsa Fatshe ya 2015 ho Palamente, e hlomathisang Molao wa Naha wa Dipalangwang tsa Fatshe, 2009 (Molao 5 wa 2009). Dihlomathiso ho Molao wa Naha wa Dipalangwang tsa Fatshe o tla tswellisa tsamaiso ya ho fetola le ho bopa botjha mokgwa wa dipalangwang tsa naha tsa fatshe. Sena se tla nyehela ho iseng ho tshebeletso ya dipalangwang tsa setjhaba e batlang e bolokehile, e fumaneha, e le hlwahlwa le ho ba kgabane.

Bili e fana ka sebaka bakeng sa dintshetsopele tse ntjha lekaleng la dipalangwang tsa setjhaba. Bili e fana ka tataiso ho, ha ra tse ding, dipalangwang tseo e seng tsa makoloi, ditshebeletso tsa dipalangwang tse hlophiswang ka inthanete le ho kenngwa dipapatso ho dipalangwang tsa setjhaba. E boela e fana ka tlhakisetso ka matla ao ho fannweng ka wona le melawana e mabapi le ho ntshuwa ha dilaesense tsa tshebetso tsa dipalangwang tsa setjhaba.

Bili ena hape e tla thusa ka phano ya Marangrang a Dipalangwang tsa Setjhaba a Kopanetsweng mme e bopa karolo ya Moralo wa Meralo ya Motheo ya Naha le Porojeke ya bo 7 ya Mawa a Kopanetsweng, o shebaneng le ho sebedisa ntshetsopele e hokahantsweng ya metse ya ditoropo le marangrang a dipalangwang a kopanetsweng bakeng sa ho theha metsemeholo jwaloka metjhini ya kgolo.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Zuma o tla nka Leeto la Puso ho etela Riphaboliki ya Bofederale ya Nigeria ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Hlakubele 2016. Leeto lena la Puso le tla matlafatsa dikamano tsa bobedi bona tse ntseng di le teng le ho hodisa kgwebisano e kopanetsweng ya lebatowa.

4.2. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho ka Hlakubele 2016 e tla ketekwa tlasa mookotaba: “Aforika Borwa e kopane kgahlanong le semorabe.” Lefapha la Bonono le Botjhaba le se le hlophisitse lenaneo la kgwedi kaofela le kenyeletsang lethathama la dipuisano tse mabapi le ho sebetsa mmoho ho aha setjhaba sa demokerasi se hlokang kgethollo ka morabe, ka bong le se lekalekanang.

Kabinete e mema maAforika Borwa ho tshwaela ka Lewa la Naha la Tshebetso ho lwantsha Bosemorabe, Kgethollo ya Morabe, Lehloyo la Melata le Ho hloka Mamellano bakeng sa (2016-2021) pele ho la 30 Phuptjane 2016. Moralo o fana ka motheo bakeng sa leano la setjhaba kgahlanong le kgethollo ka morabe o tla thusa ka ho fana ka kgahlamelo ho boitlamo ba rona ba matjhaba ba ditokelo tsa botho.

4.3. Puisano ya Russia-Africa e Kgahlanong le Dithethefatsi Durban ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Hlakubele 2016 e fana ka lepatlelo ho matlafatsa Moralo o ka Sehloohong wa Naha wa Dithethefatsi (2013-2017).

Ntwa kgahlanong le dithethefatsi tse seng molaong e tsamaelana le Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) mme dipuisano di tlasa tataiso ya AU ho tsitlallela boitlamo ho ya ka
Ditumellano tsa UN tsa Botlokotsebe bo Hlophisitsweng ba Dithethefatsi ho Phatlalla le Dinaha, Moralo wa AU wa Tshebetso hodima Taolo ya Dithethefatsi (2013-2017) le ditumellano tsa BRICS (Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa).

Khonferense ena e latelang ho dula ha Puisano ya Russia-Africa e Kgahlanong le Dithethefatsi, eo morero wa yona e leng ho fana ka boemo bo matlafaditsweng ba kamoo baetapele ba lefatshe ba ikemiseditseng ho sebetsana le bothata ba matjhaba ba dithethefatsi. Sena se tla tekwa ho Tulo e Ikgethang ya Kopano ya Kakaretso ya UN ka Mmesa 2016.

4.4. Mmuso – ka bomphato le Bongodi ba Mokgatlo wa Moruo o Tshwanang, Yunivesithi ya Aforika Borwa (UNISA) le Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha – o tshwara Khonferense ya bo-2 ya Mokgatlo wa Moruo o Tshwanang e mabapi le Mosebetsi wa Batjha khemphaseng ya UNISA Pretoria ho tloha ka la 8 ho isa ka la10 Hlakubele 2016.Khonferense e tshwarwa tlasa mookotaba: “Re kenyeletsa Batho ba Batjha ho Kaho ya Setjhaba: Karolo ya Mosebeletsi wa Batjha” mme e tla hlahloba botjha karolo ya  mosebetsi wa basebeletsi ba batjha le dirutehi bakeng sa ho kenyeletsa batho ba batjha ntshetsopeleng ya dinaha tsa bona.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Kabinete e boeletsa molaetsa wa Moporesidente Zuma mabapi le tlhokeho ya ho hlompha dikaho le ditsamaiso tse bopilweng ho ya ka Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996 le molao. Moporesidente Zuma o sebetsana le taba ya Mokhomishenara wa Tshebeletso ya Lekgetho ya Aforika Borwa le Letona la Ditjhelete ka metjha e nepahetseng ka ho sebedisa dipehelo tse nepahetseng tsa semolao.

Moporesidente o hlophisa mekgwa ya ho sebetsana le mabaka ana ka boikarabelo le ka kutlwano molemong wa bohle. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba nang le thahasello ho theola moya le ho itshwara, mme ba fane ka sebaka sa hore mabaka a rarollwe ka ho sebedisa metjha e nepahetseng.

5.2. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho ingodisa bakeng sa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa 2016 ka la 5 le la 6 Hlakubele 2016. Ho fapana le dikgetho tsa naha, dikgetho tsa mebuso ya lehae di batla hore o ingodise ka hara wate eo o dulang ho yona.

Ho bohlokwa ho ba le Tokomane ya Boitsebiso (ID) – ka bobedi ID e tala e nang le bakhoutu le Karata ya Boitsebiso ditla amohelwa – mme bakeng sa ho hlahloba maemo a boingodiso ba hao, nomoro ya wate le moo seteishene sa ho kgetha se leng teng. Dikantoro kaofela tsa Merero ya Lehae di tla bulwa ho tloha ka 08:00 ho ya ho 17:00 ka la 5 le la 6 Hlakubele 2016, e leng se tsamaelanang le dinako tsa tshebetso tsa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) matsatsing ao a mabedi.

Kabinete e ipiletsa ho batjha bohle le ba qalang ho vouta ho ingodisetsa dikgetho. Ka ho lahlela voutu ya hao o tla be o nkile mohato wa hore lentswe la hao le utlwahale diqetong tse amang wena le motse wa heno. Mmuso wa lehae o matsohong a hao!

5.3. Kabinete e tshwela ka mathe boipelaetso bo tletseng merusu ba baithuti, bo sitisitseng dithuto diyunivesithing tse ding le ho lebisa tshenyong ya thepa. Boipelaetso bona bo tima baithuti ba tshwanelehang monyetla wa ho ntshetsa dithuto tsa bona pele le ho ama tokelo ya bona ya thuto e phahameng. Mmuso o butse metjha ya dikgokahanyo le bankakarolo bohle ba thuto e phahameng bakeng sa ditherisano le dipuisano. Sena se bakile hore ho be le ho busetsa dintho madulong le ho hodisa momahano ya kahisano ka hara diyunivesithi tsa rona tse batlang ditharollo tsa diphephetso tsa nako e mahareng le nako e telele tse amanang le diphethoho ho lekala lena jwaloka ha ho hlalositswe ho ditumellano tsa Seboka sa Diphethoho tsa Thuto e Phahameng tsa 2015.

Kabinete e tshehetsa mekutu ya makala a ho kenngwa tshebetsong ha molao ho netefatsa hore tlwaelo ya ho ithuta e busetswa madulong, mme thepa le ditokelo tsa motho ka bo mong di a tshireletswa. Tshebediso ya molao ke sa bohlokwa mme e lokelwa ho hlomphuwa ka dinako tsohle. Botsitso le kgutso di lokela ho kgutlela ka hara diyunivesithi tsa rona hore mananeo a dithuto a tswelepele ha diphephetso tsa nako e mahareng le ho isa ho nako e telele di ntse di sekasekwa.

Kabinete e thoholetsa baithuti ba emeng kgahlano le bosemorabe le bonkwapo bo kgahlanong le ba basweu e leng se sebetsang jwaloka mohlala wa hore re ka sebetsa mmoho ho ahella hodima kgatelopele le dikuno tse entsweng lekaleng la thuto e phahameng e le boitukisetso ba selemo sena sa dithuto. Re lokela ho tshireletsa kgatelopele eo le ho dumella hore molao o busetswe le ho baballwa diyunivesithing tsa rona kaofela.

Kabinete hape e ipiletsa ho bankakarolo bohle ho sebetsa mmoho hore diyunivesithi tsa rona e be ketapele ya dipuisano tse kenyeletsang le ya diphethoho.

5.4. Kabinete e lemoha ho kopanngwa ha ditshebetso tse tharo tsa difeme tsa dinomaphodi tsa Khamphani ya Coca Cola ka hara Aforika Borwa. Kabinete e lemohile hore taba ena e tla tshohlwa ka pele ho Lekgotla la Diphehisano. Kabinete e hlahisa ngongoreho ya yona ka tahlehelo ya mesebetsi e lohothwang le phokotso ya kgiro ditumellanong tsa ho kopanngwa ha dikhamphani. Ka lebaka la maemo a hodimo a tlhokeho ya mesebetsi, Kabinete e ipiletsa ho dikhamphani ho netefatsa hore ha ho mesebetsi e lahlehang le hore maemo a palohare ya kgiro a ya baballwa.

5.5. Kabinete e thoholetsa Moambasatara wa Aforika Borwa ho Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebo (WTO), Monghadi Xavier Carim, ya kgethilweng ho ba Modulasetulo wa Lekala la Ditharollo tsa Dikgohlano la Lekgotla la Kakaretso la WTO. Lekgotla la Kakaretso ke lekala le phahameng ka ho fetisisa le nkang diqeto la WTO pakeng tsa Khonferense ya Matona. Thonyo ya Moambasatara Carim ke karolo ya kananelo ya karolo ya bohlokwa eo Aforika Borwa e e bapalang ka hara WTO mme ka ho le leng ke bopaki ba bokgoni ba mosebetsi o kgabane wa Moambasatara Carim.

5.6. Kabinete e lemohile tsebiso ya PLC ya Barclays mabapi le maikemisetso a yona a ho fokotsa 62.3% tsa diabo ho Barclay Africa Group Limited (BAGL) nakong ya dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo tse tlang. Barclays PLC, haholoholo Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO), e buisane ka bobedi le Lefapha la Naha la Matlotlo le Banka ya Risefe ya Aforika Borwa kopanong e bulehileng, mme re ananela boitlamo ba khamphani ba ho kenya tshebetsong lewa la yona le letjha ka tsela eo le tla fokotsa kgahlamelo ho meruo eo BAGL e sebetsang ka hara yona. Banka ya Risefe ya Aforika Borwa e tla sebetsa le Barclays PLC le BAGL ho netefatsa hore dikotsi dife kapa dife tse ka nnang tsa hlaha ho tswa ho tumellano ena di a fokotswa mme mekgwa e nepahetseng e tla nkuwa bakeng sa ho laola phallo ya ditjhelete le thepa tse tla bakwa ke tumellano ena.

5.7. Kabinete e thoholetsa ba kenetseng makgaolakgang le bahlodi ba Dikgau tsa Naha tsa Botitjhere tse etsahetseng ka la 27 Hlakola 2016. Matitjhere ana a itetseng a ntshetsa naha ya rona pele ka ho netefatsa hore diphaposi tsa ona tsa borutelo di hlahisa baithuti ba kgothetseng ba tla nyehela ntshetsopeleng ya Aforika Borwa.

5.8. Kabinete e thoholetsa Market Theatre ka hara Johannesburg bakeng sa ho keteka selemo sa yona sa bo- 40th e le teng. Nakong ya mmuso wa kgethollo theathara ena e ile ya ba letshwao la Boitseko ka ho bolela pale ya nnete ya Aforika Borwa.

5.9. Kabinete e thoholetsa titjhere ya mmino, Monghadi Chad Hendricks, ho tswa Retreat ho la Cape Flats bakeng sa ho hapa Phehisano ya Maemo ya Batsamaisi ba Dikhwaere ya Len van Zyl Motse Kapa. Moputso wa hae o kenyeletsa ho ya ithuta bakeng sa dikgwedi tse tharo ho la Amerika mme nakong eo Monghadi Hendricks o tla ithuta ho Philadelphia Orchestra mme o tla rupellwa ke Moporofesara ya tsebahalang Victor Yampolsky ho la Chicago.

5.10. Kabinete e thoholetsa mohlahisi wa difilimi, Monghadi Anant Singh, bakeng sa ho putswa ka maemo a boraro bakeng sa filimi ya Shepherds and Butchers Ho Dikgau tsa Babohi tsa Panorama bakeng sa Fiction Film ho Mokete wa Matjhaba wa Difilimi wa Berlin. Sena ke phihlello e kgolo kaha filimi eo e ne e phehisana le difilimi tse ding tse 51 ho tswa dinaheng tse 33.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumellano e amehang.

6.1. Katoloso ya konteraka bakeng sa Monghadi Lionel October jwaloka Molaodikakaretso (DG) ho Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri, bakeng sa nako ya dilemo tse hlano.

6.2. Thonyo ya Ngaka Mantlhake J Maboya jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso  (DDG): Leano la Kharikholamo le Bodisa ho Lefapha la Thuto ya Motheo.

6.3. Thonyo ya Mofumahadi Shamilla Chettiar jwaloka DDG: Ditshebeletso tsa Leano le Tsebo ho Lefapha la Bohahlaudi.

6.4. Thonyo ya Monghadi MbuleloTshangana jwaloka DG ho Lefapha la Bodulo ba Batho.

6.5. Ho thonngwa hape ha Monghadi Kutoane Obed Kutoane jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Koporasi ya Inshorense ya Mekitlane ya Thepa e Rekiswang ka Ntle ya SOC ya Aforika Borwa.

6.6. Thonyo ya Monghadi Vuyo Mafata jwaloka Mokomishenara wa Ditlhapiso: Letlole la Ditlhapiso ho Lefapha la Mesebetsi.

6.7. Thonyo ho Moifo wa Bolaodi ba Kgapo bakeng sa nako ya dilemo tse hlano:
a) Mofumahadi Neo Phakama Dongwana (Modulasetulo);
b) Moporofesara Stephanie Marie Luiz (Motlatsi wa Modulasetulo);
c) Moporofesara Shirley Zinn (setho sa moifo);
d) Moatefokate Rory Voller (setho se ikgethang);
e) Mofumahadi Wendy Ndlovu (setho se ikgethang);
f)  Mofumahadi Annalie de Bruyn (setho se ikgethang); le
g) Monghadi Nano Abram Matlala (setho sa moifo).

6.8. Thonyo ho Boto ya Koporasi ya Matla a Nyutleleya ya Aforika Borwa bakeng sa nako ya dilemo tse tharo:
a) Monghadi Nqaba Ngcobo;
b) Ngaka Namane Magau;
c) Ngaka Xolani Mkhwanazi;
d) Ngaka Alex SmangaTsela;
e) Mofumahadi Rosemary Mosia;
f)  Ngaka Kelvin Kemm (Modulasetulo);
g) Monghadi Zibusise Comfort Ngidi;
h) Mofumahadi Pamela Bosman; le
i) Kgosana Kennedy Tshivhase.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
(Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore