Tiiselletso Semolao (thathiselletso) ya ditokomane tsa molao

Haeba ditokomane tsa hao e le tsa Aforika Borwa mme di tla sebediswa naheng e nngwe di lokela ho"thathiselletswa" kapa ho "tiiselletswa Semolao." Ena ke tshebetso eo ka yona ho behwang ditempe tse fapafapaneng tokomaneng hore di tle di bonahale e le ditokomane tsa molao dinaheng tse ding.

Karolo ya Tiiselletso Semolao ho Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba e ka fana ka Setifikeiti se loketseng sa Bopaki kapa Setifikeiti sa Thathiselletso ho ya ka melawana e latelang:

  • Ditokomane di sale motjheng.
  • O lokela ho tsebisa Karolo ya Tiiselletso Semolao hore tokomane e tla sebediswa naheng efe ho etsetsa hore ba tle ba netefatse haeba Setifikeiti sa Bopaki kapa sa Thathiselletso se a batleha.
  • Ho itshetlehilwe hodima mofuta wa tokomane, o ka tshwanela hore ntho ya pele ditokomane di behwe setempe/di tekenwe ke lefapha kapa setsi se tshwanetseng; ke Maseterata, Maseterata wa tlatsetso kapa Motlatsi wa Maseterata; kapa Mongodisi kapa motlatsi wa Mongodisi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Aforika Borwa pele Karolo ya Tiiselletso Semolao e ka fana ka Setifikeiti se loketseng sa Bopaki kapa sa Thathiselletso.

Ditokomane tse latelang ha di amohelehe:

  • Ditokomane tse kgutsufaditsweng kapa tse hatisitsweng ka khompyuta.
  • Dikhopi tse netefaditsweng tsa mangolo a lenyalo, tlhaho, lefu kapa ditifikeiti tsa tlhakiso tsa sepolesa.
  • Dikhopi tse netefaditsweng tsa Ditifikeiti tsa boemo ba Lenyalo (tse se nang thibelo) kapa Bopaki ba Boahi.
  • Dikhopi tse netefaditsweng tsa ditokomane tsa ho eta kapa ditokomane tsa boitsebiso.
  • Ditokomane tse dumeletsweng ke Bakhomishenara ba Kano tseo e leng dikhopi tsa nnete tsa mantlha, di keke tsa amoheleha mme di lokela ho iswa ho Leqwetha la Setjhaba (Leqwetha le ngodisitsweng Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe).

Bala ka lesedi le fetang lena mabapi le ltiiselletso ya ditokomane tsa semmuso, ikopanye le Karolo ya Tiiselletso Semolao nomorong ya mohala ya 012 351 1726 kapa romela imeile ho legalisation@dirco.gov.za.

 

Share this page