Etsa kopo ya tshebeletso e ntjha ya ho tlisetswa mangolo

Dintlha ka
Seo o tshwanelang ho se etsa
Ho nka nako e kae
Ho bitsa bokae
Diforomo tse tlatsuwang
O ka ikopanya le mang

 

 

Dintlha mabapi le ho etsa kopo ya tshebeletso e ntjha ya ho tlisetswa mangolo

Ha o batla lebokose le letjha la mangolo, lebokoso la poso kapa lebokose la poraefete, etsa kopo ya tshebeletso ya ho tlisetswa mangolo Posong e haufi le wena. Tshebeletso ya ho tlisetswa mangolo e sebetsa ho tloha ka la 1 Pherekgong ho ya ho Tshitwe selemo le selemo mme e lefellwa pele ho Tshitwe.

Ela hloko: Dikopo tse fumanweng ka poso di ke ke tsa amohelwa.

  • Ke batho ba ngodisitsweng feela kapa ba hirileng bodulo moo ho leng boima ho tlisa mangolo ka ho sebedisa mebila, mohlala, dipolasing, dibakeng tsa temo, mahaeng le dibakeng tse tswellang pele ba nang le tokelo ya ho fumana lebokoso le le leng la poso mahala sebakeng se haufi moo ba ka latang mangolo a bona teng kapa posong ka ho ya ka meedi e behilweng ya poso, mme bopaki ba hore o dula moo kapa o monga thepa bo tshwanetse ho romellwa.
  • Poso e na le tokelo ya ho netefatsa tlhahisoleseding e kopong.
  • Maemo ka botlalo a fumaneha Posong efe kapa efe kapa websaeteng ya Poso.

Seo o tshwanelang ho se etsa

  1. E ya Posong e haufi le wena mme o kope thelara ho o fa foromo ya kopo.
  2. Tlatsa foromo ya kopo.
  3. Foromo ya kopo e fumaneha hape le websaeteng ya Poso.
  4. Momahanya khopi ya lengolo la boitsebiso kapa bopaki bofe kapa bofe ba boitsebiso bo kang phasepoto, laesense ya ho kganna foromong mme o di fe thelara posong e haufi le wena.

Ho nka nako e kae?

Ho nka metsotso e 10 ho isa ho e 15.

Ho bitsa bokae?

Mailbox renewal

Diforomo tse tlatsuwang

Diforomo tsa kopo di fumaneha diposong tsohle naheng ka bophara.

O ka ikopanya le mang?

 

E-mail: customer.services@postoffice.co.za
Tel: 0860 111 502 

Share this page