Ntjhafatsa laesense ya hao ya TV

O ka ntjhafatsa laesense ya hao ya TV ka marangranga inthanete, Kantorong ya Poso e haufi kapa dikantorong dife kapa dife tsa lebatowa tsa SABC le ditsi tsa tefello. Laesense ya TV e ntjhafatswa hang selemo ka seng. Mekgatlo, ho kenyeletswa dikgwebo, di hloka laesense yaTV bakeng sa sete ka nngwe eo ba nang le yona.  Malapa a hloka laesense e le nngwe feela bakeng sa disete tsohle tsa TV tse teng ka tlung, le teng haeba ke tsa motho a le mong.

Matsatsi a ntjhafatso a adilwe bakeng sa dikgwedi tse 12. Kgwedi ya ntjhafatso e itshetlehile hodima tlhaku e qalang ya fane sa hao kapa, ka ho le leng, ka kgwedi eo o rekileng sete ya hao ya thelevishene ka yona.

Thola lesedi le fetang lena mabapi lentjhafatso ya laesense ya TV ho Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC) kapa o ikopanye le SABC ho 011 330 9555.

E-mail: tvlic.info@sabc.co.za 

 

Share this page