Mokgwa wa ho etsa kopo ya Setifikeiti se pakang ho se be le Melato ya Ditlolo tsa Molao Sepoleseng (PCC)

Haeba o batla ho fallela kapa ho ya sebetsa dinaheng tse ding, o tlameha ho ya seteisheneng sa sepolesa sa Aforika Borwa se haufiufi, ho ya etsa kopo ya setifikeiti se pakang ho se be le melato ya ditlolo tsa molao sepoleseng.

Setifikeiti se a netefatsa hore na ebe o na le rekoto ya ditlolo tsa molao kapa tjhe.

O tlameha ho fana ka mabitso a hao ka botlalo, fane, letsatsi la tswalo le tokomane ya boitsebiso kapa pasa seteisheneng sa sepolesa moo dikgatiso tsa menwana ya hao di tla nkuwa teng.

Haeba o le kantle ho naha, o ka nna wa etsa kopo seteisheneng sefe kapa sefe sa sepolesa se naheng eo kapa Boqoseng ba Aforika Borwa.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka mokgwa oo o ka etsang kopo ya Setifikeite se Pakang ho se be le Melato ya Ditlolo tsa Molao Sepoleseng.

 

South African Criminal Record Centre
Tel 012 393 3928
E-mail crc-nameclear@saps.org.za
Physical address Sanlam Plaza West, CRC Client Service Centre, 1st Floor, 271 Schoeman Street, Pretoria
Postal address South African Criminal Record Centre, Private Bag X308, Pretoria 0001, South Africa
Web address https://www.saps.gov.za/

 

Share this page