Kopo ya paseporoto ya bohahlaudi

O hloka paseporoto haeba o batla ho etela mose.

Paseporoto ke tokomane eo ho fanwang ka yona ke mmuso wa naha bakeng sa ho etela matjhabeng mme e tiisetsa boitsebiso le naha ya motshwari wa yona.

O tshwanela ho ba le tokomane ya boitsebiso ya Aforika Borwa, kapa haeba o le ngwana, lengolo la tlhaho.

Haeba o eta ka lebaka la merero ya mmuso, o ka etsa kopo ya paseporoto ya mmuso.Badiplomate ba fumana dipaseporoto tsa bodiplomate.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le paseporoto kapa ditokomane tsa ho eta kapa ikopanye le Lefapha la Merero ya Lehae.

 

Share this page