Ditshebeletso tsa batshwaruwa ba Afrika Borwa

MaAforika Borwa a tshwerweng kapa a kwalletsweng mose a ka kopa ba ka sehloohong ho ba dumella ho ikopanya le moemedi wa Aforika Borwa naheng eo. Ka ho le leng, motho e mong a ka ikopanya le Moemedi wa Aforika Borwa naheng eo kapa Bolaodi bo ka Sehloohong ba Ditshebeletso tsa Bokhonsulara ba Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba ho la Pretoria boemong ba bona.

Bahlanka ba Bokhonsulara ba tla thusa ho netefatsa hore baahi ba Aforika Borwa ba tshwerweng mose ba tshwerwe hantle ha ba le tjhankaneng. Ba tla etela moahi eo ya tjhankaneng, ba fana ka tlhahisoleseding ka ha mokgwa wa semolao wa naha eo le ho ikopanya le ba lelapa kapa metswalle, haeba ba kopuwe ka mokgwa wa lengolo.

Bala ka lesedi le fetang lena mabapi lethuso ho maAforika Borwa a tshwerweng mose, kapa o ikopanye le moemedi wa Aforika Borwa ya haufi kapa le Bolaodi bo ka Sehloohong ba Ditshebeletso tsa Bokhonsulara ho la Pretoria.

 

Share this page