Ho etsa kopo ya phemiti ya kgwebo ya koloi le nomoro

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le phemiti ya kgwebo ya koloi le nomoro

Bakeng sa ho kganna koloi e sa ngodiswang mmileng wa setjhaba mona Afrika Borwa, o lokela ho etsa kopo ya phemiti ya kgwebo ya koloi le nomoro pele.

Tlhoko ena e sebetsa ho basebedisi bohle ba makoli, ho kenyelletswa le bahlahisi, ba tlisang makoloi ho tswa dinaheng tsa ka ntle, boradikonteraka, dutheo tsa ditjhelete kapa bahwebi ba batlang ho rekisa, ho fapanyetsana, ho lokisa kapa ho tlisa makoloi ho ditlelaente tsa ona.

O lokela ho etsang

Leba kantorong ya heno ya sephethephethe e haufinyana o tle le tse latelang:

  • khopi ya tokomane ya hao ya boitsebiso kapa lengolo la boemedi ha o emetse khampani
  • setifikeiti sa ngodiso ya kgwebo
  • tjhelete e hlokehang

Tlatsa foromo ya MTN 1 bolaoding ba sebakeng sa heno ba ngodiso.

Bolela hore ke ka baka lang o batlang dinomoro tsa kgwebo le palo ya dinomoro tsa kgwebo tseo o di batlang.

Nako ya tshebetso

Kopo e sebetswa ka lona letsatsi leo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo  ya Nomoro ya Kgwebo ya Koloi - MTN1 (Application and notice i.r.o motor trade number and blank temporary permits [Form MTN1])

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact the registration authority service centre at your local municipality

Share this page