Kopo ya ho ngodisa ho ba morupelli wa ho kganna

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ngodisa ho ba morupelli wa ho kganna

Ho ba morupelli wa ho kganna ya ka elwang hloko ka semolao mona Afrika Borwa, o lokela ho ingodisa Lefapheng la Dipalangwang. Barupelli ba ho kganna ba lokela ho ba le setifikeiti se bolelang tlelase ya koloi eo ba nang le tshwanelo ya ho rupella baithuti ho yona.

O tla sebetsana le tlelase ya makoloi ao o fuweng laesense ya ona. Setifikeiti sa morupelli wa ho kganna se sebetsa selemo se le seng feela.

O lokela ho etsang

  1. Leba setsing se haufi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna le foromo ya hao ya setefekeiti sa Bongaka (MC) ho beheletsa letsatsi la teko.
  2. Tlatsa foromo ya Kopo ya ho ingodisa jwaloka motho ya rutang ho kganna (RI).
  3. O tla supiswa seteisheneng sa sepolesa ho fumana setefekeiti sa hore ha o na molato.
  4. O tla ngola teko ka letsatsi leo o le filweng. Ebang o atleha, o tlameha ho lefa tjhelete e balletsweng.
  5. Setsi sa tlhahlobo se tla isa kopo ya hao ho MEC bakeng sa tumello kapa kganyetso. Ebang e filwe tumello, setsi sa tlhahlobo se tla ntsha phemiti.

Nako ya tshebetso

Phemiti e ka loka dibekeng tse tsheletseng ho isa ho tse robedi.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

  • Foromo ya RI, Kopo ya ho ngodisa ho ba morupelli wa ho kganna
  • Foromo ya MC, Setifikeiti sa Bongaka

Diforomo di fumaneha DLTC (ditsing sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna) / eNatis.

Dintlha tsa ho iteanya
 

 

Contact the licensing office at your local municipality

Share this page