Ditumello tsa ba kopang botshabelo le tsa baphaphathehi

Haeba o balehile naheng ya heno ya tswalo o tshaba ho tjhutjhiswa, mme o se na ditokomane tse molaong tse kang paseporoto kapa visa, o lokela ho etsa kopo ya tumello ya ho kopa botshabelo ho Kantoro e haufi ya Kamohelo ya Baphaphathehi (RRO).

Tumello ya bakopi ba botshabelo ke tumello ya nakwana eo o e nehwang ha ho ntse ho emetswe qeto ka kopo ya hao hore o fuwe boemo ba bophaphathehi kapa botshabelo.

Haeba kopo ya hao ya botshabelo e tjhaellwa monwana, o tla fuwa tumello ya Karolo ya 24 (e tsejwang hape e le “Tumello ya Bophaphathehi”) e o amohelang ka molao jwalokamophaphathehi mme e sebetsa bakeng sa dilemo tse pedi.

O ka etsa kopo ya tumello ya bodudi ba moshwelella haeba o phetse Aforika Borwa bakeng sa dilemo tse fetang tse hlano ka tumello ya boemo ba bophaphathehi.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho etsa kopo ya boemo ba bophaphathehi kapa botshabelo kapa ikopanye le Lefapha la Merero ya Lehae.

 

Share this page