Ho ingodisa bakeng sa ho ba motho ya lefang lekgetho

O lokela ho ingodisa jwaloka molefi wa lekgetho le ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) haeba o una tjhelete e fetang palo e itseng e behwang selemo ka seng. O lokela ho ingodisa matsatsing 60 a ho amohela lekeno.

Ingodise jwaloka molefi wa lekgetho, ka ho tlatsa foromo ya boingodiso ya IT 77 e fumanehang websaeteng ya SARS.

Mokgwa wa ho tlatsa ditokomane tsa lekgetho – ka bomong

Hang ha o se o ngodisitswe bakeng sa lekgetho le ho fuwa nomoro ya lekgetho, o ka ingodisa bakeng sa eFiling ho www.sarsefiling.co.za mme o kenye ditokomane tsa hao tsa lekgetho ka marangrang a inthanete ha sehla sa lekgetho se qala. Haeba o sa ingodise bakeng sa eFiling, SARS e tla o romella foromo eo o lokelang ho e tlatsa le ho e kgutlisa.

O lokela ho kenya ditokomane tsa lekgetho hoSARS bakeng sa hore SARS e sebetse dipalo tsa haeba o lokela ho lefa lekgetho le phahameng kapa haeba ba lokela ho o kgutlisetsa tjhelete.Lekgetho la lekeno ke lekgetho le tlwaelehileng le lefuwang tjheleteng ya hao ya lekeno e lefiswang lekgetho.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le kamoo o ka ingodisang o le molefi wa lekgetho le ka moo o ka kenyang ditokomane tsa hao kapa ikopanye le SARS bakeng sa dintlha tse batsi.

 

SARS Contact Centre: 0800 00 7277

Share this page