Krante ya tlhokomelo ya ngwana

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le krante ya tlhokomelo ya ngwana

Haeba o sotlehile, o ka fumana krante ho o thusa ho hodisa ngwana eo o mo hlokometseng.

O tseba jwang haeba o wa tshwaneleha?

O tlameha ho:

  • Ba mohlokomedi wa ngwana wa mantlha (mohlala, motswadi, nkgono kapa ntatemoholo kapa ngwana ya dilemo tse kahodimo ho 16 eo e leng hlooho ya lelapa). Hlokomela: Haeba o se motswadi wa ngwana, o tlameha ho fana ka bopaki ba hore o mohlokomedi wa mantlha wa ngwana ka afidafiti e tswang ho mosebeletsi wa sepolesa, tlaleho ya mosebeletsi wa setjhaba, afidafiti e tswang ho motswadi wa madi wa ngwana kapa lengolo le tswang ho mosuwehlooho wa sekolo seo ngwana a kenang ho sona.
  • Ba moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa nako yohle.
  • O seke wa kgola ho feta R52 800 ka selemo haeba o sa nyala/nyalwa. Haeba o nyetse/nyetswe, lekeno la lona le kopaneng le seke la feta R105 600 ka selemo.

Ngwana o tlameha ho:

  • ba ka tlase ho dilemo tse 18
  • re ebe ha a hlokomelwe ka nako tsohle setsing sa mmuso
  • dula le mohlokomedi wa mantlha ya sa lefellweng ho hlokomela ngwana.

Bobedi wena le ngwana le tlameha ho dula naheng ya Aforika Borwa.

Hlokomela: O ke ke wa fumana krante ena bakeng sa bana ba fetang ba tsheletseng bao eseng bana ba hao ba madi kapa ba hao ka adopshene ya molao.

O tla fumana bokae?
 
O tla fumana R530 ka kgwedi bakeng sa ngwana ka mong. (Top-up R530 + R260)

O tla lefuwa jwang?

Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) se tla o lefa krante ena ka e nngwe ya ditsela tse latelang:

  • kontane sebakeng se itseng sa tefo ka letsatsi le kgethilweng
  • dephositi ya elektroniki ho banka ya hao kapa akhaonte ya Postbank (banka e kanna ya o lefisa bakeng sa tshebeletso ena)
  • setsi se sebetsang jwalo ka motsamaisi wa krante.

Hlokomela: Haeba o sa kgone ho itatela tjhelete ka bowena, o ka kgetha moemedi dikantorong tsa SASSA, kapa o fe motho e mong matla a ho o sebeletsa hore a o latele krante.

Krante ya ngwana e ka lekolwa botjha neng?

SASSA e ka nka qeto ya hore na krante ya hao e tlameha ho lekolwa botjha. Mokgolo wa hao oo o o boletseng ha o etsa kopo ya thuso e tla ba ona wa bohlokwa qetong ena. O tla tsebiswa dikgwedi tse tharo pele ho letsatsi leo ka lona tekolo botjha e tla etswa kapa letsatsi leo ka lona lengolo la bophelo (tokomane e pakang hore o ntse o phela) le hlokwang. Haeba o fumana tjhelete ya hao ka banka, setsi kapa moemedi, ho hlokwa hore o tlatse lengolo la bophelo dikantorong tsa SASSA selemo le selemo.

Krante ya ngwana e ka fanyehwa neng?

Dintho tse latelang di ka lebisa ho ho fanyehwa hwa krante ya ngwana:

  • haa maemo a hao a fetoha
  • sephetho sa tekolo botjha
  • haeba o hana ho sebedisana mmoho ha krante ya ngwana e lekolwa botjha
  • ha o ka etsa boqhekanyetsi kapa o bua dintho tse seng nnete ka ngwana
  • haeba ho bile le phoso ha krante ya ngwana e amohelwa
  • haeba ngwana a se a se tlhokomelong ya hao.

Krante e ka fela neng?

Krante e ka fela ha:

  • ngwana a hlokahala
  • ngwana a ka amohelwa setsing sa mmuso
  • mohlokomedi a sa late krante bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latellanang
  • ngwana a le siko kahare ho naha
  • qetellong ya kgwedi eo ngwana a tshwarang dilemo tse 18 ka yona.

Seo o lokelang ho se etsa

  1. Eya kantorong e haufi le moo o dulang ya Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) mme o tle le dintho tse latelang:
    • Tokomane ya hao ya boitsebiso e dinomoro tse 13 e nang le khoutu ya bara (ID) le lengolo la tlhaho la ngwana. Haeba o sena ID kapa lengolo la tlhaho la ngwana:
      • tlatsa afidafiti foromong e tlwaelehileng ya SASSA botenng ba Mohlapantshi ya sa sebeletseng SASSA.
      • Tloho le ditokomane tse latelang:
        • polelo e hlapantshitsweng e tekenweng ke motho ya hlomphehang (jwalo ka mokhanselara, moetapele wa setso, mosebeletsi wa setjhaba, moruti wa bodumedi) ya tsebang mokopi le ngwana 
        • bopaki ba hore o entse kopo ya ID le/kapa lengolo la tlhaho Lefapheng la Merero ya Lehae
        • ID ya nakwana e fanweng ke Lefapha la Merero ya Lehae (haeba ho hlokeha)
        • lengolo la kolobetso haeba le le teng
        • karete ya tleliniki haeba e le teng
        • raporoto ya sekolo haeba e le teng.
    • Bopaki ba tjhelete efe kapa efe ya tlhokomelo ya ngwana eo o e fumanang bakeng sa ngwana.
    • Bopaki ba lekeno la hao.
    • Lengolo la hao la lenyalo (haeba le hlokeha).
    • Haeba o hladile, taelo ya lekgotla e reng ngwana o fuwe wena.
    • Haeba e mong kapa bobedi ba batswadi ba hlokahetse kapa ba sa fumanehe, setifikeiti sa lefu kapa bopaki ba hore motswadi o nyametse, j.k. tlaleho ya motho ya nyametseng ho tswa sepoleseng.
  2. Tlatsa foromo ya kopo botenng ba mosebeletsi wa SASSA (hlokomela hore ke wena feela jwalo ka mokopi kapa mosebeletsi wa SASSA ya ka tlatsang foromo ya kopo).
  3. O tla fuwa rasiti. E boloke jwalo ka bopaki ba hore o entse kopo.

Haeba kopo ya hao e sa amohelwe teng?

Haeba kopo ya hao e sa amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka lengolo hore na hobaneng e sa atleha.

Haeba o hanana le qeto, o ka ipiletsa ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kantorong ya naha ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o hlalosa hore na hobaneng ha o hanana le qeto. O tlameha ho ipiletsa nakong ya matsatsi a 90 a ho tsebiswa hore kopo ya hao ha e ya atleha.

Ho nka nako e kae

  • Ho ka nka ho fihla ho dikgwedi tse tharo ho sebetsa kopo ya hao.
  • Haeba kopo ya hao e amohelwa, o tla lefuwa ho tloha ka mohla oo o entseng kopo ka ona.

Ho bitsa bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse lokelang ho tlatswa

Foromo ya kopo ha e fumanehe inthaneteng, empa o ka e fumana kantorong e haufi le wena ya (SASSA).

O ka iteanya le mang

Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA)

SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email: GrantEnquiries@sassa.gov.za  

Published Date

Share this page