Tshebeletso ya kahisano ya matjhaba ya International Social Service (ISS)

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona  

 

 

Tlhaloso ya tshebeletso ya kahisano ya matjhaba ya International Social Service (ISS)

Tshebeletso ya matjhaba ya kahisano, International Social Service (ISS), ke mokgatlo wa matjhaba oo eseng wa mmuso, o sa sekamelang lehlakoreng lefe kapa lefe la dipolotiki, morabe, tumelo kapa naha e itseng, oo ofisi ya bongodi ka kakaretso e leng Geneva, Switzerland. Tshebeletso ena e na le marangrang a potolohang lefatshe ka bophara, a basebeletsi ba kahisano, di-social worker, ba rupeletsweng ka botlalo, ba nang le tsebo e batsi ya tshebetso ya naha tsa bo bona.

ISS e thusa batho kapa malapa a nang le mathata a itseng a botho kapa a kahisano, a hlokang tshebedisano-mmoho ya naha tse ding. Ke tshebeletso e fumanehang bakeng sa mang kapa mang ya naheng ya Afrika Borwa kapa mose ho mawatle.

Mehato e latelwang

  1. Kopo tsa batho ba phelang Afrika Borwa:
    • Etsa kopo kantorong e haufi le wena ya di-social worker.

    • Hlalosa mathata le kopo ya hao ka bokgutshwane ka tsela e behilweng ke ISS. Kgutsufatso ena e tla totobatsa mathata a hao le tshebeletso eo o e hlokang naheng e nngwe.

    • Fetisetsa kgutsufatso ya hao moemeding wa profinsi wa ISS ofising ya ntlokgolo ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba (Department of Social Deelopment) ya profinsi.

    • Moemedi wa profinsi o tla fetisetsa kopo ya hao ofising ya tshebeletso ya kahisano ya matjhaba (ISS) ya Afrika Borwa, e Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba, Department of Social Development.

  2. Kopo tsa batho ba sa duleng Afrika Borwa:
    • Etsa kopo ofisisng tsa lekala la ISS le naheng eo kapa ho moemedi wa lona.

    • Moemedi yeo o tla romela kopo ya hao ofising tsa ISS tsa Afrika Borwa.

Molao o sebediswang

Tshebeletso ya matjhaba ya kahisano e fumaneha ho ya ka tumellano ya tshebetso-mmoho, Affiliation Contract, e mahareng a Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ISS, ofising ya bongodi ka kakaretso ba General Secretariat.

Maemo a tshebeletso

  • Kopo di shejwa hanghang feela ha di fihla. Ha ofisi ya ISS ya Afrika Borwa e amohela kopo e tswang lefapheng la profinsi, e tla e fetisetsa lekaleng kapa moemeding wa ISS wa naha eo kopo e lebesitsweng ho yona. Karabo ya bona e tla itshetleha maemong a naha eo.
  • Ha ofisi ya ISS ya Afrika Borwa e fumana kopo e tswang naheng e nngwe, e e fitisetsa moemeding wa tikoloho wa profinsi, mme moemedi yeo o tla hlophisa hore ho be le social worker ya tikoloho e fuputsang kopo eo, mme e fane ka ripoto ho lefapha la porofinsi yeo. Ha ripoto eo e se e amohetswe, e tla lebiswa kantorong ya ISS ya Afrika Borwa, mme moo e tla hlahlojwa, ebe e fetisetswa ho bohle bao e ba amang, mme bona ba e bale, ba fane ka maikutlo a bona ba botse le dipotso kapa tlhakisetso.
  • Maemo kapa bolelng ba tsela eo ho thuswang mokopi ka teng ho netefatswa ke di-social worker tsa tikoloho le tsa profinsi, tse ikarabelang lebakeng leo ho shebanweng le lona, tse ofising ya ISS. Basebetsi ba mmuso ba tlameha ho latela tsela ya sthebetso e behilweng ke kantoro ya bongodi ka kakaretso ya ISS: General Secretariat.

Ditjeo

Tshebeletso ena ha e lefellwe Afrika Borwa. Ho ka nna ha eba le tjhelete e lokelang ho lefshwa bakeng sa tshebeletso tse itseng, naheng tse ding. Ditshenyehelo tsena di fapana ho ya ka dinaha.

Diforomo tse tlatsuwang

Ha ho na foromo tse lokelang ho tlatswa.

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Lenane la boiteanyo la diofisi tsa provense tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano

 

International Social Services of South Africa
Tel 012 312 7790/ 012 312 7591
Fax 012 323 3733
City/town Pretoria
Province Gauteng
Physical address 7th Floor, HSRC Building, 134 Pretorius Street, Pretoria, 0001
Postal address The Director, International Social Services of South Africa, Private Bag X901, 0001
Web address https://www.dsd.gov.za/

 

Share this page