Kopo ya thuso ya mokaubere wa ntwa

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka thuso ya ditjhelete tsa mekaubere ya ntwa

Haebe o le lesole la mehleng le lwanneng Ntweng ya Pele ya Lefatshe (1904-1918), Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe (1939-1945), merusu ya Zulu (1906) kapa Ntweng ya Makoreya mme o sa kgone ho itshehetsa, o ka etsa kopo ya thuso ya ditjhelete tsa mekaubere ya ntwa.

O tseba jwang hore o tshwanela ho fumana thuso?

O tlamehile ho:

  • ba moahi wa Aforika Borwa kapa moahi wa dinako tsohle
  • dula Aforika Borwa
  • ba dilemo tse 60 kapa ho feta kapa o be seqhwala.
  • o be o lwanne Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe kapa Ntweng ya Korea
  • se amohele thuso efe kapa efe e nngwe ya setjhaba e tlang ho wena  
  • o se be tlasa tlhokomelo ya mokgatlo wa mmuso
  • o se be le lekeno le fetang R 86 280 ka selemo kapa letlotlo la hao le se fete R172 560 haebe o sa nyala.
  • Haebe o nyetse, lekeno la lona le kopanetsweng le se fete  R 1 227 600 ka selemo mme wena le molekane wa hao ha le a tlameha ho ba le letlotlo le fetang R 2 455 200.

Ela hloko: Haebe o dula ka ntlong eo e leng ya hao le molekane wa hao, ha ho lekolwe boleng ba yona bakeng sa teko ya boiphediso.

O tla fumana bokae?

Tjhelete e hodimo eo o tla e fumana ke R 2 200 ka kgwedi.

O tla lefuwa jwang?

Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba ba Aforika Borwa (SASSA) bo tla o lefa thuso ya ditjhelete ka mokgwa o mong wa e latelang:

  • tjhelete letsohong setsing sa ditefello ka letsatsi le hlwauweng
  • ho kenya tjhelete bankeng ya hao ka eleketeroniki kapa akhaontong ya banka posong (banka e ka o lefisa bakeng sa tshebeletso)
  • mokgatlo o sebetseng jwaloka bolaodi ba dithuso, mohlala, mokgatlo wa thekolohelo.

Ela hloko: Haebe o sa kgone ho itatela tjhelete eo ka bowena, o ka thonya moemedi ofising ya SASSA kapa wa fa motho e mong matla a boqwetha hore a late thuso boemong ba hao.

Na thuso ya hao ya ditjhelete e ka lekolwa botjha neng?

SASSA e tla etsa qeto haebe thuso ya hao ya tjhelete e tlamehile ho lekolwa botjha. Lekeno la hao le o le hlahisitseng ha o ne o etsa kopo ya thuso le tla sebediswa e le motheo wa qeto. O tla tsebiswa dikgweding tse tharo tse pele ka letsatsi la ho lekola botjha kapa mohla setefikeite sa bophelo se lokelang ho romelwa. Haebe o fumanela tjhelete ya hao bankeng, mokgatlong kapa boemeding ba hao, o lokela ho tlatsa setefikeite sa bophelo diofising tsa SASSA selemo se seng le se seng.  

Na thuso ya hao ya tjhelete e ka fanyehwa neng?

Dintlha tse latelang di ka baka hore thuso ya hao e fanyehwe:

  • ha maemo a hao a fetoha
  • sephetho sa ho lekolwa botjha
  • haebe o hloleha ho sebedisana le ofisi ha ho lekolwa botjha thuso ya hao
  • ha o kenela bothetsi kapa o fana ka dintlha tse fosahetseng ka wena
  • haebe ho entswe phoso ha ho ne ho amohelwa kopo ya hao ya thuso.

Na thuso ya hao ya tjhelete e tla emiswa neng?

Thuso e emiswa ha:

  • o hlokahetse
  • o amohetswe mokgatlong wa mmuso
  • haebe o sa late tjhelete ya thuso bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latelanang
  • ha o le siyo naheng.

Ha motho ya amohelang thuso a ka amohelwa institjhusheneng e nang le konteraka le mmuso bakeng sa tlhokomelo le ho fetjwa, thuso ya setjhaba e tla fokotswa ho ya ho 25% ya boholo ba palo ya thuso ya setjhaba ho tloha kgweding ya bo-4 ka mora ho ba motho eo ya amohelang thuso a kene institjhusheneng eo. Thuso eo e fokoditsweng e tla boela palong e felletseng hape ka potlako ho tloha letsatsing leo motho eo ya amohelang thuso a ntshwa institjhusheneng.

O lokela ho etsang

  • Leba Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba Aforika Borwa (SASSA) bo haufinyana le moo o dulang mme o tle le tse latelang:
    • Tokomane ya boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13. Haebe o hloka ID:
      • o tlamehile ho tlatsa afidafiti ka mokgwa o hlakisitsweng ke SASSA pontsheng ya Khomishenara ya Dikano eo e seng mohlanka wa SASSA
      • o tlamehile ho tla le seteitemente sa kano se saenetsweng ke motho ya nang le boikarabelo (jwaloka mokhanselara, moetapele wa setho, moruti kapa mosuwehloho wa sekolo) ya ka netefatsang hore e fela e le lebitso le dilemo tsa hao
      • bopaki ba hore o entse kopo ya ID kapa setefikeite sa tlhaho Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha
    • ID ya nakwana e ntshitsweng ke Lefapha la Ditaba tsa Ka Hara Naha (haebe e le teng)
    • bopaki ba tshebeletso eo o faneng ka yona ntweng, mohlala, setefikeite sa tshebeletso
    • haebe o le ka tlase ho dilemo tse 60, dihlahlobo tsa bongaka kapa peho e hlalosang hore ha o kgone ho sebetsa
    • Popaki ba maemo a hao a lenyalo. Haebe:
      • ha o a nyala, afidafiti e hlalosang hore ha o a nyala
      • o nyetse, setefikeite sa hao sa lenyalo le tokomane ya boitsebiso ya molekane wa hao
      • o hladile, taelo ya tlhalano ya hao
      • o molekane wa hao a hlokahetse, setefikeite sa lefu la molekane wa hao.
    • haebe wena kapa molekane wa hao o a sebetsa, ditlankana tsa moputso
    • haebe ha o sebetse, Letlole la Inshorense ya ba sa Sebetseng ‘bukana e bolou’ kapa setefikeite sa ho lokollwa mosebetsing ho hlaha ho ramosebetsi wa hao wa mehleng
    • haebe o na le akhaonto ya banka, setatemente sa bankeng sa dikgwedi tse tharo tse fetileng
    • haebe o na le matsete, ditsebiso tsa phaello le dikarolelano tseo o di amohelang.

Ela hloko: Haebe o tsofetse haholo kapa o kula haholo ho itlisa ofising ho etsa kopo, setho sa lelapa kapa motswalle a ka etsa kopo boemong ba hao. Motho eo o lokela ho tla le lengolo le hlahang ho wena le/kapa lengolo la ngaka le hlakisang hore hobaneng o sa kgone ho etela ofising.

  • Tlatsa foromo ya kopo pontsheng ya mohlanka wa SASSA (hlokomela hore ke wena fela jwaloka motho ya etsang kopo kapa mohlanka wa SASSA ya lokelang ho tlatsa foromo ya kopo).
  • O tla fuwa setlankana sa bopaki. Se behe hobane ke bona bopaki ba hore o kentse kopo.
  • Haebe o batla ho ingodisa bakeng sa ditefo tsa tjhelete letsohong, mohlanka wa SASSA o tla o fa letsatsi leo o hlokang ho kgotla ka lona le seo o hlokang ho tla le sona.

Ho etsahalang haebe kopo ya hao ha e amohelwe?

Haebe kopo ya hao ha e amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka ho o ngolla hore hobaneng kopo ya hao e sa atleha.

Haebe ha o dumellwane le qeto eo, o ka ipelaetsa Letoneng la Ntshetsopele ya Setjhaba ofising ya naha ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba. O tlamehile ho ipelaetsa matsatsing a 90 kamora hore o tsebiswe hore kopo ya hao ha e a atleha.

Nako ya tshebetso

  • Ho ka nka nako e fihlang dikgweding tse tharo ho sebetsanwa le kopo ya hao.
  • Haebe kopo ya hao e amohetswe, o tla lefuwa ho tloha mohla o neng o kenya kopo.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).

Dintlha tsa ho iteanya

 

SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email:  GrantEnquiries@sassa.gov.za  

Share this page