Etsa kopo ya penshene ya maqheku

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka dithuso tsa ditjhelete tsa batsofe

O ka fumana thuso ya ditjhelete ho o thusa dilemong tsa hao tsa botsofadi. Thuso ya ditjhelete tsa batsofe e lefuwa basadi ba dilemo tse 60 kapa ho feta hammoho le banna ba dilemo tse 60 kapa ho feta. Thuso ena ya tjhelete e bitswa Thuso ya ditjhelete tsa batsofe.

O tseba jwang hore o tshwanelwa ke thuso ena?

O tlamehile hore o:

  • be moahi wa Aforika Borwa kapa wa dinako tsohle
  • dule Aforika Borwa
  • se fumane thuso efe kapa efe e nngwe e lebang ho wena
  • se be tlasa tlhokomelo mokgatlong wa mmuso
  • se amohele ho feta R86 280 ka selemo kapa letlotlo la hao le se fete R 172 560 haebe o sa nyala.
  • Haebe o nyetse, lekeno la lona ka kopanelo ha le a tlameha ho feta R1 227 600 ka selemo mme wena le molekane wa hao ha le a tlameha ho ba le letlotlo le fetang R R2 455 200.

Na o tla fumana bokae?

O tla fumana tjhelete e fellang ho R 2 080 ka kgwedi. Haeba o na le dilemo tse fetang 75, o tla fumana R2 100.

O tla lefuwa jwang?

Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba ba Aforika Borwa (SASSA) bo tla lefa thuso ya hao ka o mong wa mokgwa o latelang:

  • tjhelete letsohong setsing sa ditefello se hlwauweng ka letsatsi le hlwauweng
  • ho kenya tjhelete bankeng ya hao ka mokgwa wa eleketeroniki kapa akhaontong ya banka posong (banka e ka o lefisa bakeng sa tshebeletso)
  • mokgatlong (mohlala, lehaeng la batsofe).

Ela hloko: Haebe o sa kgone ho itatela tjhelete ya hao, o ka thonya moemedi ofising ya SASSA kapa o fe motho e mong matla a boqwetha hore a o late tjhelete boemong ba hao.

Na thuso ya hao e ka lekolwa botjha neng?

SASSA e ka etsa qeto haebe thuso ya hao e tlamehile ho lekolwa botjha. Lekeno la hao le o le hlahisitseng ha o ne o etsa kopo bakeng sa thuso e tla ba lona motheo wa qeto ena. O tla tsebiswa dikgwedi tse tharo pele ho letsatsi la ho lekola botjha kapa mohla ho lokelwang ho tliswa setefikeite sa bophelo. Haebe o fumanela tjhelete ya hao bankeng, mokgatlong kapa boemeding, o ka nna wa kopuwa ho tlatsa setefikeite sa bophelo ofising ya SASSA selemo se seng le se seng.  

Na thuso ya hao e ka fanyehwa neng?

Dintlha tse latelang di ka baka hore thuso ya hao e fanyehwe:

  • ha maemo a hao a fetoha
  • sephetho sa ho lekolwa botjha
  • haebe o hloleha ho sebedisana le ofisi nakong eo thuso ya hao e lekolwang botjha
  • ha o kenela bothetsi kapa o fana ka dintlha tse fosahetseng ka wena
  • haebe ho etsahetse phoso nakong eo ho neng ho amohelwa thuso ya hao.

Na thuso ya hao e ka emiswa neng?

Thuso e tla emiswa ha:

  • o hlokahetse
  • o amohetswe mokgatlong wa mmuso
  • o sa late thuso ya hao dikgwedi tse tharo tse latelanang
  • o le siyo naheng.

Ha motho ya amohelang thuso a ka amohelwa institjhusheneng e nang le konteraka le mmuso bakeng sa tlhokomelo le ho fetjwa, thuso ya setjhaba e tla fokotswa ho ya ho 25% ya boholo ba palo ya thuso ya setjhaba ho tloha kgweding ya bo-4 ka mora ho ba motho eo ya amohelang thuso a kene institjhusheneng eo. Thuso eo e fokoditsweng e tla boela palong e felletseng hape ka potlako ho tloha letsatsing leo motho eo ya amohelang thuso a ntshwa institjhusheneng.

Dithuso tsa ditjhelete tsa batsofe

O lokela ho etsang

Tshebeletso ena ke mahala.

Nako ya tshebetso

Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).

Dintlha tsa ho iteanya

 

SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email:  GrantEnquiries@sassa.gov.za  

Share this page