Ho amohelwa ha maqheku dibakeng tsa bodulo

Dintlha ka | O lokela ho etsang | Nako ya tshebetso | Ditjeo ke bokae | Diforomo tse tlatswang | Dintlha tsa ho iteanya

Dintlha ka ho ngodisa jwalo ka mohlokomedi ya theilweng setjhabeng

Ha o batla ho fana ka tlhokomelo e theilweng setjhabeng mmoho le tshebeletso ya tshehetso maqhekung, o lokela ho etsa kopo Ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba foromong e tshwanang le Foromo ya 2.

Lefapha le fana nka thuso ya ditjhelete le tshehetso mekgatlong e fanang ka ditshebeletso bathong le ho ba malapa ba tshwaeditsweng le ho angwa ke HIV le AIDS. Mekgatlo ena e fana ka ditshebeletso tsa tlhokomelo e theilweng Lapeng/Setjhabeng ho etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa motheo tsa batho ba phelang ba na le HIV le AIDS (PLWHAs) di a fihlelwa.

O lokela ho etsang

  1. Ha o sa tsebe dibaka dife kapa dife tsa bodulo, e ya ofising ya Lefapha la Ntshetsopele ya setjhaba ho ya botsa ka sebaka se haufi sa bodulo.
  2. Tlatsa mme o kgutlisetse diforomo tsa kopo sebakeng sa bodulo.
  3. Romela ho latelang:
    • Tokomane ya boitsebiso ya Afrika Borwa.
    • Raporoto ya bongaka.
  4. O tla feta hlahlobong ya tekolo ho bona hore na o a tshwaneleha hore o ka kena le bakeng sa saposidi.
  5. Ha o se o tsofetse haholo kapa o kula hoo o ke keng wa kgona ho ya etsa kopo ofising, kopa wa lelapa kapa motswalle ho ya etsa kopo lebitsong la hao
  6. Ketelo ya lapeng ho tla lekola boemo ba ha jwale ba bophelo e tla hlophiswa ke mosebeletsi wa setjhaba
  7. Ha kopo ya hao e sa dumellwa o lokelwa ho fuwa mabaka a ngotsweng fatshe, mme o ka etsa boipiletso ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba

Re kopa hore o ele hloko: Ho amohelwa sebakeng sa bodulo sa maqheku ho tla ya ka hore na ho na le dibethe na.

Nako ya tshebetso

Kopo ya hao e tla sebetswa matsatsing a 14 mme o tla fumana karabo ya kamohelo ya hao matsatsing a 30 ka mora ho kenya kopo ya hao.

Ditjeo ke bokae

Dibopeho le ditlhoko di a fapana.

Diforomo tse tlatswang

All forms are available at your nearest older persons residential facility.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page