Ho ngodisa tlhokomelo e theilweng baahing mmoho le tshebeletso ya tshehetso bakeng sa maqheku

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le bo ngodisa tlhokomelo e theilweng baahing mmoho le tshebeletso ya tshehetso bakeng sa maqheku

Ha o batla ho fana ka tlhokomelo e theilweng baahing mmoho le tshebeletso ya tshehetso maqhekung a haufi le moo o dulang, o ka etsa kopo ho Molaodi Kakaretso Ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Tlhokomelo e theilweng baahing e netefatsa hore maqheku a fumana tlhokomelo le tshehetso ka boiketlo malapeng a bona hara baahi ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang.

O lokela ho etsang

  1. E ya ofising e haufi ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
  2. Tlatsa Foromo ya 2
  3. Romela ho latelang:
    • morero wa kgwebo wa mokgatlo le lenane la ditshebeletso tseo mokgatlo wa hao o fanang ka tsona
    • mabitso le dikhopi tse tiiseditsweng tsa di-ID tsa ditho tsa mokgatlo
    • molao wa motheo wa mokgatlo
    • setifikeiti sa ngodiso ya Mokgatlo o sa Etseng Diprofiti (NPO), haebe o ngodisitse jwalo ka NPO
    • ditifikeiti kapa ditokomane dife kapa dife tse ding tsa ngodiso tse ka tshehetsang kopo
    • ditatemente tsa ditjhelete tse hlakisitsweng bakeng sa bonyane dikgwedi tse tsheletseng
    • mabitso le dintlha tsa moo o ka iteangwang le Bahlakisi ba dibuka tsa ditjhelete
    • tlhahisoleseding ya boitshetleho ha ho fumanwe dineelo tsa nakong e fetileng tsa ditjhelete
    • fana ka referense le dintlha tsa ho iteanya tsa batho/mokgatlo o tshehetsang kopo
    • bolela mehlodi yohle ya thuso tsa ditjhelete/kuno
    • ngodisa lenane la baamohedi. Ngodisa mabitso a ditho tsohle tse fanang ka ditshebeletso.
    • Mosebeletsi wa setjhaba o tla le etela ho tla etsa bonnete ba hore o kgotsofaditse ditebello tsa Molaodi Kakaretso tsa hore mokgatlo wa hao o tla tsamaiswa le ho tshwarwa ka ho latela melawana le maemo a amohelehileng
  4. Ha o tshwaneleha, o tla nehwa setifikeiti sa ngodiso – Foromo ya 3.
  5. Ha o ngodisitswe e be o hloleha ho latela melawana le maemo a amohelehileng a naha, Molaodi kakaretso a ka fedisa le ho ngololla mokgatlo wa hao nakong efe kapa efe ka mora tsebiso ya kgwedi e le nngwe e fuweng mokgatlo wa hao mmoho le baamohedi ba tshebeletso eo o fanang ka yona.

Re kopa hore o ele hloko: Tlhokomelo yohle e theilweng baahing mmoho le dtshebeletso tsa tshehetso di behwa leihlo le ho lekolwa selemo le selemo ho etsa bonnete ba hore ho laelwa melawana le maemo a amohelehileng a naha ka tsela e tswelang pele.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka matsatsi a mahlano ho sebetsa kopo ya hao.

Ditjeo ke bokae

Ha ho na tjeho.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsohle di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page