Ngodisa khampani e sa shebang phaello

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho ngodisa khampani e sa shebang phaello

Bakeng sa hore mokgatlo wa hao wa kahisano ya baahi o amohelwe jwalo ka setheo se molaong, o tlameha ho o ngodisa jwalo ka khampani e sa shebang phaello (non-profit company) (NPC) ho Khomishene ya Dikhampani le Thepa ya Mahlale (Companies and Intellectual Property Commission) (CIPC).

Di-NPC ke ditheo tse thehwang ho thusa batho, ho sireletsa tikoloho kapa ho kgothaletsa ketso e itseng e molemo. Di ka kenyeletsa mekgatlo ya kereke, mekgatlo ya lerato le mekgatlo ya setso. Sepheo se matla sa NPC ke ho tswela molemo setjhaba, e seng ho etsa phaello. Lekeno le thepa e ka abelwa ditho tsa kopanelo, ditho, balaodi kapa bahlanka ba khampani e sa shebang phaello, ntle le puseletso e tshwanelehileng ya ditshebeletso tse entsweng ke bona. Matlotlo ohle le lekeno la khampani e sa shebang phaello a tlameha ho sebedisetswa ho ntshetsa pele maikemisetso a yona, jwalo ka ha ho hlalositswe ho Memorandamo ya yona ya Ngodiso ya Kopanelo (MOI).

Bonyane ditho tse tharo tsa kopanelo di tlameha ho tlatsa le ho saena MOI. Bonyane balaodi ba bararo ba tlameha ho thonngwa.

Dikhampane tse sa shebang phaello di tlameha ka dinako tsohle ho ba le molaodi a le mong bonyane (ntle le ha MOI e bontsha bonyane ba palo e hodimo ya balaodi). Ho thonngwa ha mohlakisi wa dibuka le mongodi wa khampani ha se tlamo empa ke boikgethelo

O ka ngodisa Khampani e sa Shebang Phaello jwalo ka:

  • Khampani e sa Shebang Phaello e tlwaelehileng (e nang le ditho)
  • Khampani e sa Shebang Phaello e tlwaelehileng (e se nang ditho)
  • Khampani e sa Shebang Phaello e kgethehileng (e nang le ditho)
  • Khampani e sa Shebang Phaello e kgethehileng (e se nang ditho)

Lebitso la khampani e sa shebang phaello le tla fella ka “NPC”.

O lokela ho etsang

  1. Ngodisa ka inthanete jwalo ka  mosebedisi wa CIPC hore o kgone ho etsa dithekisetsano le CIPC kapa ngodisa ka mosebedisi ya teng,  mohl., kopa motshwaramatlotlo wa hao ho o ngodisa.
  2. Beeletsa lebitso la khampani ka ho tlatsa Foromo ya ho Beeletsa Lebitso, Form CoR 9.1. Peeletso ya lebitso e molaong nako ya dikgwedi tse tsheletseng. 
  3. Lefa tefo ya ho bulelwa faele ya R75 ha o lefa ka letsoho kapa ya R50 ha o romela ka elektroniki.    
  4. Romela ditokomane tse latelang tse tshehetsang mmoho le kopo ya hao:
    • dikopi tse tiiseditsweng tsa phasepoto (ha e le moahi wa kantle ho naha) kapa dikopi tse tiiseditsweng tsa Tokomane ya Boitsebiso (ID) (ha e le moahi wa Afrika Borwa) bakeng sa balaodi bohle ba boletsweng ba ho qala le ditho tsa kopanelo 
    • kopi e tiiseditsweng ya ID ya mokopi ha kopo e sa etswe ke e mong wa balaodi ba ho qala ba boletsweng kapa ditho tsa kopanelo
    • ha setho sa kopanelo e le motho wa semolao, ka hoo matla a boemedi bakeng sa moemedi ya filweng matla ke motho eo wa semolao ho ngodisa khampani le ho saena ditokomane tsohle tse amehang
    • ha motho e mong a ngodisa khampani ya kopanelo mme a saena ditokomane tsohle tse amanang le kopanelo lebitsong la ditho tsa kopanelo le balaodi ba ho qala, matla a boemedi le kopi e tiiseditsweng ya ID ya motho ya jwalo e a batleha
    • ha lebitso le ne le beeleditswe pele ho ho faela ditokomane tsa kopanelo, ka mora moo tokomane e molaong ya peeletso ya lebitso e a hlokeha.
  5. Ha o ngodisa Khampani e sa Shebang Phaello (e se nang ditho) e tlwaelehileng, romela dintho tse latelang:
    • CoR15.1C 
    • CoR 14.1 
    • Ditokomane tse tshehetsang
    • Ditokomane tse latelang di ka kenngwa mmoho le CoR15.1C:
      • CoR14.1 Sehlomathiso A 
      • CoR14.1 Sehlomathiso B  ha lebitso le beeletswa nakong ya ngodiso ya kopanelo
  6. Ha mohlakisi, komiti ya mohlakisi le/ kapa mongodi wa khampani a thontswe ha o ngodisa Khampani e sa Shebang Phaello e kgethehileng (e se nang ditho), romela tse latelang:
    • CoR15.1D 
    • CoR 14.1 
    • Ditokomane tse tshehetsang
    • Ditokomane tse latelang di ka kenngwa mmoho le CoR15.1D:
      • CoR14.1 Sehlomathiso A 
      • CoR14.1 Sehlomathiso B  ha lebitso le beeletswa nakong ya ngodiso ya kopanelo
      • CoR14.1 Sehlomathiso C  ha ho sireletswa
      • CoR14.1 Sehlomathiso D ha mohlakisi, ditho tsa komiti ya mohlakisi le/ kapa mongodi wa khampani a thonngwa
  7. Ha o ngodisa Khampani e sa Shebang Phaello (e se nang ditho) e kgethehileng, romela dintho tse latelang:
    • CoR15.1E 
    • CoR 14.1 
    • Ditokomane tse tshehetsang
    • Ditokomane tse latelang di ka kenngwa mmoho le CoR15.1E:
      • CoR14.1 Sehlomathiso A 
      • CoR14.1 Sehlomathiso B  ha lebitso le beeletswa nakong ya ngodiso ya kopanelo
      • CoR14.1 Sehlomathiso C  ha ho sireletswa
      • CoR14.1 Sehlomathiso D ha mohlakisi, ditho tsa komiti ya mohlakisi le/ kapa mongodi wa khampani a thonngwa 
  8. Ha o ngodisa Khampani e sa Shebang Phaello (e se nang ditho) e kgethehileng, romela dintho tse latelang:
    • CoR15.1D 
    • CoR 14.1 
    • Ditokomane tse tshehetsang
    • Ditokomane tse latelang di ka kenngwa mmoho le CoR15.1E:
      • CoR14.1 Sehlomathiso A 
      • CoR14.1 Sehlomathiso B  ha lebitso le beeletswa nakong ya ngodiso ya kopanelo
      • CoR14.1 Sehlomathiso C  ha ho sireletswa
      • CoR14.1 Sehlomathiso D ha mohlakisi, ditho tsa komiti ya mohlakisi le/ kapa mongodi wa khampani a thonngwa

   
Thusa o hlokomele: Ha lebitso le hlahisitsweng le latolwa, khampani e ka nna ya ngodiswa mme nomoro ya ngodiso ka hoo e tla ba  lebitso la khampani ya hao nakong ya ngodiso, ho fihlela nako eo lebitso le tshwanelehileng le beeletswa/ le amohelwa.

Nako ya tshebetso

  • Ho nka matsatsi a pakeng tsa a 5 ho ya ho a 10 a mosebetsi ho beeletsa lebitso la khampani.
  • Ho ka nka matsatsi a 5 ho ya ho a leshome a mosebetsi ho ngodisa khampani e sa shebang phaello.

Ditjeo ke bokae

  • R175 – Memorandamo ya Ngodiso ya Kopanelo (Ka ho laolwa ke phokoletso e dumelletsweng) bakeng sa khampani e sa shebang phaello e tlwaelehileng (CoR 15.1C).  
  • R475 – Memorandamo ya Ngodiso ya Kopanelo (Ka ho laolwa ke phokoletso e dumelletsweng) bakeng sa khampani e sa shebang phaello e kgethehileng e nang le ditho (CoR 15.1D)  kapa e se nang ditho (CoR 15.1E).  
  • R50 – bakeng sa ho beeletsa lebitso ka elektroniki. 
  • R75 – bakeng sa ho romela peeletso ya lebitso ka letsoho.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo di fumaneha ofising e haufi le wena ya Ntshetsopele ya Setjhaba e leng Companies and Intellectual Property Commission / www.cipc.co.za.
 

Dintlha tsa ho iteanya

 

Tel: 086 100 2472
Physical address: 77 Meintjies Street, Block F, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address: Companies and Intellectual Property Commission, P.O. Box 429, Pretoria, 0001

Offices with self-service terminals

Share this page