Ngodisa kgwebisanommoho ya hao

Hore kgwebisanommoho ya hao a tsebisahale semolao, o lokela ho mo ngodisa ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC). Ho ingodisa le Mongodisi wa Basebetsimmoho ho CIPC, sehlopha sa hao se lokela ho ba le maloko a mahlano kapa ho feta.

Kgwebisanommoho ya ke karolo ya kgwebo e ikgethileng, mme e fanang ka ditshebeletso le/kapa dihlahiswa ho maloko a yona. Diphaello, tse tsejwang ka hore ke masalla tshebedisanong mmoho, di a arolelanwa pakeng tsa maloko ho ya ka boholo ba kgwebo e entsweng ke leloko ka leng. Leloko ka leng le tla fumana karolo ya phaello kapa masalla, ho itshetlehile ho boholo ba kgwebo bo leloko le bo entseng tshebedisanong mmoho.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le basebetsimmoho le boingodiso ba teng ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) kapa letsetsa CIPC ho 086 100 2472.

 

 

 

Share this page