Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha ka ho ingodisa jwaloka moetsi kapa moreki wa dikoloi dinaheng tsa kantle
Ha o ka batla ho etsa, ho reka dinaheng tsa kantle kapa ho aha dikoloi Aforika Borwa bakeng sa phaello, o tlameha ho qala ka ho ngodisa le lefapha la dipalangwang la porovense.
Hang ha lefapha le amohela kopo ya hao, le tla romela mohlahlobi ho fumana hore na o phethahatsa ho ya ka melawana e amehang. Kgwebo ya hao le yona e tla itshetleha tumellong ya Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS).
O lokela ho etsang
- Leba lefapheng la dipalangwang la porovense mme o ise tse latelang:
- kopo e tlatsitsweng le tsebiso e mabapi le foromo ya moetsi/moreki wa dinaheng tsa kantle/moahi wa dikolo (MIB)
- khopi e netefaditsweng ya bukana ya boitsebiso ya mokopi (ID)
- khopi e netefaditsweng ya ID ya moemedi (ebang mokopi ke mokgatlo wa batho)
- khopi e netefaditsweng ya setefekeiti sa kgwebo (ebang mokopi ke mokgatlo wa batho)
- lengolo la boemedi ebang o emetse khamphani
- nomoro ya khoutu ya lekgetho e tswang Tshebeletsong ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) (ebang o le moreki wa dinaheng tsa kantle)
- bopaki ba boingodiso ba VAT bo tswang SARS
Nako ya tshebetso
Boingodiso bo itshetlehile kamohelong ya MEC ya amehang mme setefekeiti sa boingodiso se ntshwa kamohelong e jwalo.
Ditjeo ke bokae
Iteanye le lefapha la dipalangwang la lehae la heno bakeng sa ditjeho.
Diforomo tse tlatswang
Kopo le tsebiso mabapi le foromo ya moetsi/moreki wa dinaheng tsa kantle/moahi wa dikoloi (MIB) (Application and notice i.r.o registration of a manufacturer/importer/builder of vehicles [Form MIB])
Dintlha tsa ho iteanya
Contact your local department of transport