Mokgwa wa ho rarolla qaka ya ho nkuwa ha mobu

Mobu wa mmuso (mobu o taolong ya mmuso wa naha kapa wa profense kapa wa masepala) le mobu oo e leng wa poraefete o ka nna wa nkuwa ka tsela e seng molaong.

Mmuso o na le mosebetsi o molaotheong wa ho netefatsa – moo ho hlokehang ka disebediswa tse teng – hore baahi bohle ba ka kgotsofalla ditokelo tsa bona tsa mantlha tsa ho ba le mobu le matlo. Moo ho nkuwang sebaka se seholohadi sa mobu, mmuso o ntse o na le mosebetsi o tshwanang wa ho thusa beng ba mobu wa poraefete ho tshireletsa mobu wa bona.

Moo ho nang le baipei ba tshwanelang ho lelekwa bao ditokelo tsa bona tsa mantlha di seng kotsing, monga mobu, ntle le tikatiko, o tlameha ho ya kgotla ho ya batla taelo ya teleko ho ya ka Molao wa Thibelo ya Teleko e seng Molaong le ho Ipea Setsheng ho seng Molaong (Molao 19 wa 1998). Hajwale molao ona o tsamaiswa ke Lefapha la Bodulo ba Batho mme kgabareng o tla fetisetswa Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha (DRDLR).

Haeba mobu wa hao wa poraefete o nkilwe ka mahahapa, o ka nna wa ya:

  • kgotla ntle le tikatiko bakeng sa taelo ya teleko ho ya ka Molao wa Thibelo ya Teleko e seng Molaong le ho Ipea Setsheng ho seng Molaong, 1998.
  • kantorong efe kapa efe ya DRDLR ho thuswa haeba boipei bo entswe ka lebaka la hobane baipei ba hloka mobu wa temo.
  • masepaleng wa sebaka seo kapa, haeba ho hlokeha, Lefapha la Bodulo ba Batho la Profense kapa la Naha bakeng sa thuso haeba baipei ba hloka matlo.

DRDLR e tla:

  • thusa baipei mobung ofe kapa ofe wa mmuso kapa wa poraefete ba hlokang mme ba se na mobu wa temo ho fumana mobu o tshwanetseng temo
  • thusa makala a mang a mmuso ho fumana mobu o mong o tshwanelehileng bakeng sa baipei ba hlokang matlo
  • moo ho hlokehang le moo maemo a kgethehileng a leng teng, e tla thusa beng ba mobu wa poraefete bao mobu wa bona o dutsweng ntle le molao ho fallisa baipei ba hlokang mobu wa temo ho ya mobung o tshwanelehileng.

Batho ba se nang mobu wa temo ba ka buisana le DRDLR bakeng sa thuso ya ho fumana mobu o tshwanelehileng wa temo.

Batho ba hlokang matlo ba ka buisana le masepala wa sebaka kapa, ha ho hlokeha, Lefapha la Bodulo ba Batho la profense kapa la naha bakeng sa thuso.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le mokgwa wa ho rarolla qaka ya ho dulwa ha mobu, ikopanye le DRDLR.

 

Share this page